Batlang ba Lumelang ho Rutoa
1 “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na, ha a sa huloe ke Ntate ea nthomileng.” (Joh. 6:44) Jehova, ea batlisisang lipelo, o tla putsa ba lumelang ho rutoa ’me ba nka khato ka seo ba ithutang sona. (Jer. 17:10; Joh. 6:45) Re na le tokelo ea ho ba basebetsi-’moho le eena ho batleng ba bonolo ba laba-labelang lefatše le lecha.—Pes. 37:11; 1 Ba-Kor. 3:9.
2 Jesu o ile a hlalosa hore barutuoa ba hae ke ‘batšoasi ba batho.’ (Matt. 4:19) Le hoja ka linako tse ling mosebetsi oa mofuta ona o le boima, ho fumana liphello tse ntle ho tlisa khotsofalo e khōlō. Ho e-na le hore ebe re sebeletsa ho ithuisa, ha e le hantle re pholosa “litlhapi” timetsong eo ho seng tika-tiko ea hore ea tla. Motšoasi ea hloahloa oa litlhapi o tlameha ho tseba seo a lokelang ho se etsa ho hohela litlhapi. Ka ho tšoanang, re tlameha ho fetisa molaetsa oa ’Muso ka tsela e ipiletsang e tla tsosa thahasello ea bamameli ba rōna. Ho lokela ho ba joalo haholo-holo ha re etsa maeto a ho boela. Re ka re’ng?
3 Haeba ho ne ho bontšitsoe thahasello lihloohong tsa “Molula-Qhooa” tse buang ka bolumeli, u ka ’na ua re:
◼ “Nakong e fetileng re ile ra bua ka lebaka la hore ebe batho ba bangata ha ba rate ho bua ka bolumeli. Na ha u nahane hore ho batla ho sa tloaeleha, kaha baahisane ba rōna ba bangata ba ipolela hore ke Bakreste? U ka ’na ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha bolumeli e le taba e bakang karohano le e tsosang khang hakana.” Emela karabo. Phetla leqepheng la 71 bukeng ea Ho Bea Mabaka, ’me u arolelane le eena likhopolo tse seng kae tlas’a sehlooho se reng “Ke Hobane’ng ha Malumeli a le Mangata Hakana?”
4 U ka ’na ua sebelisa katamelo e tšoanang bakeng sa ho qalisa puisano sehloohong sa bolumeli:
◼ “Na ho na le tsela eo re ka kholisehang ka eona hore re fumane bolumeli ba ’nete? [Emela karabo.] Kaha ho na le malumeli a mangata haholo a sa tšoaneng, batho ba bangata ba ikutloa ba ferekane ’me ba sa kholiseha.” Phetla bukeng ea Ho Bea Mabaka, maqepheng a 78-9, moo e tšohlang potso e reng “Motho a ka tseba joang hore na ke bolumeli bofe bo nepahetseng?” Bua hakhutšoanyane ka potso ea 5, “Na litho tsa bona li ratana kannete?” Hlalosa kamoo ho ka ithutoang ho eketsehileng ka thuto ea botho ea Bibele.
5 Haeba mong’a ntlo a ne a bonahala a amehile ka maemo a lefatše, u ka ’na ua batla ho bua mantsoe ana:
◼ “Ka ho totobetseng u amehile ka maemo a mabe ao re tlamehang ho tobana le ’ona bophelong le ho hōliseng bana ba rōna. Bibele e senola tšepiso e babatsehang eo Molimo a tla e phethahatsa nakong e tlang e leng haufi.” Bala Liproverbia 2:21, 22, ’me u hlalose kamoo Jehova a tšepisitseng lefatše le nang le khotso e sa feleng.
6 Ha u etsa maeto a ho boela ka mor’a phutuho ea pampitšana ea Litaba Tsa ’Muso, ka kōpo tiisa hore u siea kopi ea pampitšana ea Litaba Tsa ’Muso ho beng ba matlo ba se nang eona. Seo u ka se buang maetong a ho boela moo u ileng ua tsamaisa Litaba Tsa ’Muso se tla tšohloa tokollong ea May ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.
7 Kaha Lentsoe la Molimo le “matla,” re lokela ho leka ho le sebelisa linehelanong tsa rōna. (Ba-Heb. 4:12) Tiisa hore u khothalletsa mong’a ntlo ho ipalla Bibele. (Bapisa le Liketso 17:11.) Haeba re phetha karolo ea rōna ka mafolo-folo, Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rōna.