Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/95 maq. 2-9
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 9/95 maq. 2-9

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka September: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo o khethehileng, o theotsoeng oa R8,00. Libuka tse nyenyane ke R4,00. (Bakeng sa phutuho ea tšimo e sa abuoang litheko tsena tse theotsoeng tsa buka ea Phela ka ho sa Feleng li sebetsa bakeng sa likhoeli tsohle tse tharo.) Ho lokela ho etsoe boiteko ba ho qala lithuto tsa mahae tsa Bibele. October: Lipeeletso tsa selemo se le seng ka poso tsa Tsoha! kapa Molula-Qhooa ka monehelo oa R33,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hang ka khoeli kapa peeletso ea likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R16,50. Lipeeletso tsa club ke R19,00 le R9,50 ka tatellano. Etsang boiteko bo khethehileng ba ho tsamaisa likopi tsa limakasine ha lipeeletso li hanoa. November: Nehelanang ka buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R5,30.

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba lichelete tsa phutheho ka la 1 September kapa kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a moo. Tsebisang phutheho ha sena se se se entsoe.

◼ Baholo ba hopotsoa hore ba latele keletso e fanoeng maqepheng a 21-3 a Molula-Qhooa oa April 15, 1991, mabapi le batho leha e le bafe ba khaotsoeng kapa ba ikarotseng ba ka ’nang ba batla ho khutlisetsoa.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odora Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 1996 hammoho le odoro ea tsona ea libuka ea September. Lialmanaka li tla fumaneha ka Seafrikanse, Sefora, Segerike, Sejeremane, Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Setaliana, Sexhosa le Sezulu. Tsena ke lintho tsa setoko se laoloang. Liphutheho tse se nang molato oa lichelete le Mokhatlo kapa tse nang le khaello ea chelete molatong oa tsona oa libuka li lokela ho romela chelete hammoho le liodoro tsa tsona.

◼ Ka Moqebelo oa la 14 October, 1995, lehae la Bethele le fektheri li tla koaloa bakeng sa tlhoekiso, kahoo ho ke ke ha e-ba le litokisetso tsa ho bontša batho mohaho.

◼ Sena ke ho hopotsa LIPHUTHEHO TSOHLE hore ka kōpo li odore likarete tsa Advance Medical Directive/Release le Identity Card kapele kamoo ho ka khonehang foromong ea Literature Order (S-AB-14). Liphutheho tse se nang account ho Mokhatlo kapa tse nang le khaello ea chelete ho account ea tsona ea libuka li lokela ho romela chelete hammoho le odoro ea tsona. Likarete tsa medical directive ke lisente tse leshome e le ’ngoe ’me Identity Card ke lisente tse robeli e le ’ngoe. Ka kōpo le li odore ka lihlopha tsa tse 20 haeba ho khoneha. Le se abe likarete tsena, empa le li boloke ho fihlela le fumana litaelo tse eketsehileng tse tsoang ho Mokhatlo.

◼ Libeche tsa kopano ea setereke ea 1995 li lokela ho odoroa ’me li tla lefisoa ho account ea phutheho ea libuka ka lisente tse robeli e le ’ngoe. Liphutheho tse se nang account le Mokhatlo, kapa tse nang le khaello ea chelete ho account ea tsona li lokela ho romella chelete hammoho le odoro ea tsona. Ka kōpo odorang ka lihlopha tsa libeche tse 20 haeba ho khoneha. Libeche li fumaneha ka Seafrikanse, Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Sexhosa le Sezulu. Ka kōpo romellang odoro ea lōna le sebelisa foromo e tloaelehileng ea Literature Order (S-AB-14). Liodoro tsena li lokela ho fihla ho Mokhatlo pele ho la 1 November, 1995. Ka mor’a mona re ke ke ra sebetsa liodoro tsa libeche.

◼ Re tla ananela haeba ba ngollang Mokhatlo ba ngola mabitso a bona le liaterese tse felletseng tsa poso holimo ka letsohong le letšehali, lehlakoreng le ka pele la enfelopo kapa lehlakoreng le kamorao la enfelopo. Ha liphutheho li ngolla Mokhatlo, ka kōpo li ngole lebitso le nomoro ea phutheho. Sena se bohlokoa haholo kaha se thusa Mokhatlo hore o sebetsane le mangolo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela