Ho Nehelana ka Buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
1 Tšebeletsong ea rōna ea tšimo ka December, re tla tsamaisa buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. U tla re’ng ho qalisa puisano ea Bibele e leng nakong, hona u tla kenyelletsa buka ena e babatsehang joang?
2 Ka mor’a ho lumelisa mong’a ntlo, u ka ’na ua re:
◼ “Kajeno re botsa baahisani ba rōna hore ba nahana’ng ha ba bala Libibeleng tsa bona ka ho phela ka ho sa feleng. [Emela karabo.] Ke ho thahasellisang ka ho khethehileng hobane Bibele e sebelisa polelo ‘bophelo bo sa feleng’ ka makhetlo a ka bang 40. Bophelo bo joalo bo ka bolela eng ho rōna? Hlokomela seo Tšenolo 21:4 e se bolelang. [E bale.] Na u hlokometse seo e se tšepisang? [Emela karabo.] Re ka fumana bophelo bo sa feleng joang?” Bala Johanne 17:3, ’me u bontše bohlokoa ba ho fumana tsebo ka Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste. Phetla buka ea Motho e Moholo, ’me u bontše mong’a ntlo tse ling tsa litšoantšo. Joale phetla kenyelletso, ’me u sebelise lihloohoana ho tsosa thahasello ea hae e eketsehileng. Tsamaisa buka ka R10,50.
3 Ka mor’a tumeliso e loketseng, u ka ’na ua re:
◼ “Re ntse re botsa batho haeba ba ka lumela hore Jesu Kreste e ne e le motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela. [Mo fe nako ea ho araba.] Ha e le hantle, batho ba bangata ba bile le tšusumetso litabeng tsa batho, ’me ba bang ba tlatselitse haholo tsoelo-peleng ea moloko oa batho, empa hlokomela se etsang hore Jesu Kreste e be ea fapaneng le bona kaofela. [Bala Johanne 17:3.] Ha ho motho ea nang le matla a ho neha moloko oa batho bophelo bo sa feleng. [Phetla khaolo ea 111 ea buka ea Motho e Moholo.] Ha Jesu a ne a le mona lefatšeng, o ile a hlalosa liketsahalo tse neng li tla etsahala pele ho bofelo ba lefatše.” Ka mor’a ho bua ka bokhutšoaane ka tse ling tsa litšobotsi tsa pontšo ea ho ba teng ha Kreste, bontša tse ling tsa lintlha tsa sehlooho tsa buka.
4 Katamelo e ’ngoe, ka mor’a tumeliso ea sebakeng sa heno, e ka ba ho re:
◼ “Nakong ea December batho ba bangata ba nahana le ho bua haholo ka Jesu. Ke ka tsela efe re ka etsisang mohlala o behiloeng ke Jesu, motho e moholo ka ho fetisisa lefatšeng? [Emela karabo, ebe joale u lebisa tlhokomelo ho 1 Petrose 2:21.] O rutile balateli ba hae ho rata baahisani ba bona, ho ipoloka ba hloekile boitšoarong le ho rapella ho tla ha ’Muso oa Molimo. Poloko ea rōna e itšetlehile ka ho hlokomela le ho mamela Jesu joaloka ’Moloki oa rōna. [Bala Johanne 14:6.] Jesu e ne e se motho feela ea tloaelehileng. Buka ena e mo hlalosa e le motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela. Khaolo ea 59 e tiisa sena ha e mo bitsa ‘Kreste, Mor’a Molimo o phelang.’ Kaha re itšetlehile ka eena bakeng sa poloko, na ha u ikutloe ho hlokahala hore re ithute ho eketsehileng kamoo ho ka khonehang ka mosebetsi oa hae le seo a se rutileng? Buka ena e lokiselitsoe ka ho khethehileng bakeng sa morero oo, ’me ke thabela ho u siela kopi ena ka monehelo oa R10,50.”
5 Ha u buisana le mocha mohlomong u ka rata ho leka katamelo ena:
◼ “Bacha ba bangata ba batla mehlala eo ba ka e etsisang, empa ho thata ho fumana e metle. Jesu Kreste o behile mohlala o phethahetseng bakeng sa e mong le e mong. [Bala 1 Petrose 2:21.] Bophelo ba hae bohle bo ne bo likoloha borapeling ba Ntate oa hae oa leholimo. U nahana hore ho ne ho tla ba joang haeba batho ba bangata ba ne ba ka leka ho mo etsisa?” Emela karabo. Bua ka serapa sa boraro leqepheng le etellang la ho qetela pele le hlalosang litšobotsi tsa hae tse khethehileng. Hlalosa kamoo buka ea Motho e Moholo e ka re thusang kaofela ho ba Bakreste ba molemo haholoanyane.
6 Haeba re lokiselitse hantle, re ka nolofalloa ho sebelisa buka ena ho ‘senolela ba bang Mangolo’ ka tsela e tla ba tlisetsa thabo e khōlō!—Luka 24:32, NW.