Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R3,50. April le May: Peeletso ea selemo ea Molula-Qhooa e tlang ka poso ka monehelo oa R38,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo ea likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli kapa peeletso ea likhoeli tse tšeletseng ea likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ka selemo ke R19,00. Lipeeletso tsa club ke R24,00 le R12,00 ka ho latellana. Etsa boiteko bo khethehileng ba ho nehelana ka likopi tsa limakasine tsena ha mpho e hanoa. June: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R3,50.
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba tlaleho ea lichelete ea phutheho ka la 1 March kapa kapele-pele kamoo ho ka khonehang ka mor’a moo. Tsebisa phutheho ha sena se entsoe.
◼ Joalokaha ho tsebisitsoe tokollong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 1996, puo e khethehileng nakong ea Sehopotso selemong sena e tla fanoa liphuthehong tse ngata ka Sontaha, la 21 April. Sehlooho sa puo ke “Ho Lula U Hloka Molato Har’a Moloko o Khopo.” Ho lokela hore ho etsoe boiteko bo khethehileng ba ho mema ba tlang ho ba teng Sehopotsong ka la 2 April.
◼ Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:
Ho Bea Mabaka ka Mangolo (phutheho le batho bohle: R5,60; bo-pula-maliboho: R3,70)—Setsonga
◼ Lik’hasete tse Ncha tsa Video tse Fumanehang:
To the Ends of the Earth (Lintlha tsa sehlooho tsa histori ea lilemo tse 50 tsa Gileade; phutheho le batho bohle: R52,00; bo-pula-maliboho: R45,00)—Senyesemane
United by Divine Teaching (Lintlha tsa sehlooho tsa litšobotsi tse khethehileng tsa likopano tsa machaba tsa 1993/94, tse hatellang sehlooho sa kopano “Thuto ea Bomolimo”; phutheho le batho bohle: R52,00; bo-pula-maliboho: R45,00)—Sefora, Senyesemane, Sepotoketsi