Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/96 leq. 2
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tšehetsa Mosebetsi oa ’Muso Lefatšeng Lohle
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Ho Finyella Litlhokahalo Tsa Batho ba Rōna ba Hōlileng—Phephetso ea Bokreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Na U ka Thusa?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Ho Fumana Tharollo e Phethahetseng
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 3/96 leq. 2

Lebokose la Lipotso

◼ Na ho loketse ho ntša monehelo bakeng sa thuso ea lipalangoang e fanoang ke ba bang?

Ba bang ho rōna re na le maemo a re hlokang hore re itšetlehe ka thuso eo ba bang ba re etsetsang eona bakeng sa ho ba teng kamehla libokeng le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Barab’abo rōna ba bangata le baralib’abo rōna ka mosa ba etsa boiteko bo khethehileng ’me ka lerato ba sebelisa nako ea bona, likoloi tsa bona le mehloli e meng ho lokisetsa lipalangoang molemong oa rōna. Le hoja ba lokela ho itokisa esale pele ho feta kamoo ba neng ba ka etsa le ho tšoarelleha bakeng sa ho khutlela lapeng ka nako, ba lokisetsa lipalangoang ka moea oa boithatelo.

Joaloka litšobotsing tsohle tsa tšebeletso ea rōna ea Bokreste, molao-motheo o fumanoang ho Bagalata 6:5 oa sebetsa: “E mong le e mong o tla jara mojaro oa hae.” Ka hona, haeba motho ea itseng kamehla a re lokisetsa sepalangoang, re lokela ho bontša kananelo ea rōna e seng ka molomo feela empa haeba ho khoneha, mohlomong hape ka monehelo o loketseng ho thusa ho koahela litšenyehelo tse amehang.—Mat. 7:12; 1 Bakor. 10:24.

Esita le haeba motho ea sebelisang koloi ea hae a sa kōpe thuso ea chelete ’me ho bonahala a sa e hloke, ka linako tsohle ho etsa monehelo ka botšepehi hoa ananeloa. Mokhanni a ka ’na a hana ho amohela leha e le eng; empa leha ho le joalo ke eena ea etsang qeto. Empa ho etsa monehelo hona ho loketse. Haeba u hlōleha ho etsa monehelo o itseng nakong eo, u ka lula u ntse u hopotse; mohlomong u ka etsa monehelo o eketsehileng nakong e tlang ha a u palamisa.—Luka 6:38.

Ke ho bontša lerato ho ba nang le likoloi ho lokisetsa lipalangoang bakeng sa ba bang bao mohlomong ba neng ba ke ke ba khona ho ba teng libokeng kapa ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. (Liprov. 3:27) Ka nako e tšoanang, ke pontšo ea lerato ho ba ruang molemo ka mosa o joalo ho bontša teboho ea bona ka ho etsa monehelo tumellanong le maemo a bona.—Bakol. 3:15.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela