Liboka Tsa Tšebeletso Tsa March
Beke e Qalang ka la 4 March
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.
15 mets: “Rorisa Jehova ‘Letsatsi le Leng le le Leng.’” Lipotso le likarabo. Bala lirapa 2-5 haeba nako e lumela. Fana ka khothatso e ntle bakeng sa mosebetsi oa bopula-maliboho bo thusang le ba kamehla.
20 mets: “Tsebo ea Molimo oa ’Nete e Isa Bophelong.” Hlahloba linehelano tseo ho entsoeng litlhahiso ka tsona. Etsa pontšo e le ’ngoe kapa tse peli.
Pina 78 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 11 March
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.
20 mets: “Rua Molemo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ka 1996—Karolo 3.” Puo ka molebeli oa sekolo. Khothalletsa bohle ba khonang ho ngolisa ’me ka botšepehi ba phethahatse likabelo tsa bona. Ka ho hlakileng hlalosa melao e sebetsang tabeng ea ho bitsoa ha mabitso a Bibele, joalokaha a fumanoa bukeng ea “Lengolo Lohle” maqepheng a 325-6, lirapeng tsa 27-8.
15 mets: Ho Etsa Lintho Hammoho le le Lelapa. Ntate o buisana le lelapa la hae ka mokhoa o sa reroang ka bohlokoa ba bonngoe, sehloohong se theiloeng ho Molula-Qhooa oa September 1, 1993, maqepheng a 16-19. Lebisa tlhokomelo thutong ea lelapa le mosebetsing oa ho bolela evangeli. Bontša kamoo malapa a mehleng ea joale a arohanang litsekana kateng hobane a qeta nako e fokolang haholo a le hammoho ’me a se na lithahasello tse tšoanang. Ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho kopanela hammoho tšebeletsong ke tlhohonolofatso lelapeng la Bokreste. Hatella bohlokoa ba hore ntate a hlophise lintho tsena hantle le hore ’mè a be le tšebelisano-’moho. Bana ba lokela ho thahasella mesebetsi ea moea, ba sebetse haufi-ufi le batsoali. Lelapa e tla ba le kopaneng ’me le tla matlafaletsoa ho sebetsana ka katleho le likhatello tse eketsehang tse isang motho linthong tsa lefatše.
Pina 211 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 18 March
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Ba khannang lithuto ba lokela ho khothalletsa ba bacha ’neteng ba hatelang pele thutong ea bona ea Bibele ho hahamalla pakane ea ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Batsoali ba ka boela ba thusa bana ba bona ho ba bahoeletsi. Hlahloba tsela e buelloang bukeng ea Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna, maqepheng a 97-100.
15 mets: Lebokose la Lipotso. Puo ka moholo. Bua ka mabaka a re susumeletsang ho fana ka seatla se bulehileng joalokaha ho bontšitsoe ho Molula-Qhooa oa January 15, 1992, maqepheng a 16-17.
20 mets: “Thusa ba Bang ho Fumana Tsebo e Isang Bophelong.” Hlahloba linehelano tseo ho entsoeng litlhahiso ka tsona tse ka sebelisoang maetong a ho boela. Akareletsa pontšo e le ’ngoe kapa tse peli. Hatella pakane ea ho qalisa lithuto.
Pina 130 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 25 March
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba “Likhopotso Tsa Sehopotso.” Hlalosa hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re be teng. (Bona Molula-Qhooa oa February 15, 1985, maqepheng a 16-18.) Hlahloba litokisetso tsa ho thusa ba hōlileng, ba kulang le ba bacha hore ba be teng. Bua ka litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo tse eketsehileng bekeng ena e tlang. Hape, hlahloba sehlooho, “Moo Basele ba Bontšoang Kamohelo,” leqepheng la 32 la tokollo ea Awake! ea September 22, 1995.
15 mets: Hlahloba Lintlha tse Khōlō tsa 1996 Yearbook of Jehovah’s Witnesses. Sehlopha sa lelapa se buisana ka tse ling tsa litšobotsi tse thahasellisang tsa tšebetso ea rōna ea lefatšeng ka bophara e akarelitsoeng maqepheng a 3-5 le 33. Lelapa le ntsoe-leng hore letsatsi ka leng le tla leka ho bala maqephe a seng makae a Yearbook hoba le hlahlobe temana e bontšitsoeng ea Bibele ho Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla.
15 mets: “Tokisetso—Senotlolo sa Katleho.” Lipotso le likarabo. Tsebisa hore re tla tsamaisa peeletso ea Molula-Qhooa ka April le May. Etsang litokisetso hona joale ka ho odora limakasine tse eketsehileng, le fumane maqetšoana a peeletso, ’me le lokisetse ho tšehetsa litokisetso tsa phutheho tsa mosebetsi oa Letsatsi la Limakasine.
Pina 7 le thapelo e koalang.