Rorisa Jehova “Letsatsi le Leng le le Leng”
1 Pesaleme ea 145:2 (BPN) e na le tšepiso eo Morena Davida a ileng a e etsa ho Jehova: “Ke tla u boka ka letsatsi le leng le le leng, ke rorise lebitso la hao kamehla le mehla.” Le rōna re na le lebaka la ho boka le ho rorisa Ntate oa rōna oa leholimo! Empa re ka etsisa mohlala oa Davida joang mabapi le ho phahamisa borena ba Jehova “letsatsi le leng le le leng”?
2 Ho Tlatsa Lipelo Tsa Rōna ka Kananelo ho Jehova: Ho ithuta Lentsoe la Molimo kamehla ho tebisa teboho ea rōna ka seo Jehova a se entseng, seo a se etsang le seo a tlang ho re etsetsa sona. Ha kananelo ea rōna e ntse e eketseha bakeng sa liketso tsa hae tse babatsehang, re tla iphumana re bua ka ho eketsehileng ka molemo oa hae. (Pes. 145:7) Re tla rorisa Jehova ka cheseho ka nako e ’ngoe le e ’ngoe e loketseng.
3 Rorisa Jehova Moqoqong oa Letsatsi le Leng le le Leng: Ha re qoqa le baahisani, bao re kenang sekolo le bona, basebetsi-’moho le ba bang bao re kopanang le bona letsatsi le leng le le leng, re ka ’na ra fumana menyetla ea ho arolelana tšepo ea rōna le bona. Moahisani a ka bontša ho tšoenyeha ka tlōlo ea molao e leng teng tikolohong eo a leng ho eona; eo u kenang sekolo le eena a ka khathatseha ka tšebeliso e mpe ea lithethefatsi kapa boitšoaro bo bobe; mosebetsi-’moho a ka hlahisa maikutlo ka taba e itseng ea lipolotiki. Re ka supa melao-motheong le litšepisong tse ka Lentsoeng la Molimo tse bontšang tsela e loketseng e ka lateloang hona joale le hore na qetellong pheko e tla ba efe mathateng ana. Mantsoe a joalo a builoeng “ka nako e nepahetseng” e ka ba tlhohonolofatso!—Liprov. 15:23, NW.
4 Bua ka Jehova ka Linako Tsohle: Motho ea nang le kananelo e tebileng ka Jehova o batla ho arolelana litaba tse molemo le batho ba bangata kamoo ho ka khonehang. (Pes. 40:8-10) Tabeng ena re lokela ho ipotsa, ‘Na ke etsa sohle seo maemo a ka a ntumellang ho se etsa?’ Ba bang ba fumane hore ka ho etsa liphetoho tse loketseng, ba khonne ho ba bo-pula-maliboho ba kamehla. Haeba maemo a joale a sa u lumelle ho etsa joalo, na re ka ngolisa re le bo-pula-maliboho ba thusang? Kaha nako e tlang ea Sehopotso ke nako ea tšebeletso e eketsehileng, khoeli ea March le ea April e tla ba nako e loketseng ea ho eketsa tšebeletso ea rōna ka ho ba bo-pula-maliboho ba thusang.
5 Thusa ba Bacha ho Kopanela le Rōna ho Roriseng Jehova: Kamehla ho ketekoa ha Sehopotso sa lefu la Jesu ho re hopotsa ka mabaka a ho leboha Jehova le ho rorisa lebitso la Hae. Ena ke nako e loketseng ka ho khethehileng ho khothaletsa liithuti tsa rōna tsa Bibele ho kopanela le rōna ho bua ka borena ba Jehova phatlalatsa. Li khothaletse ho nahana ka thapelo ka se boletsoeng lirapeng tsa 7-9 maqepheng a 173-5 bukeng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Haeba li tšoaneleha, ha li na lebaka la ho ikhula hobane feela li haelloa ke phihlelo. Bahoeletsi ba nang le tsebo ba teng ho ba bontša kamoo mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o etsoang kateng. Haeba bahoeletsi ba bacha ’neteng ba ka ba le sebete sa ho bolela litaba tse molemo, ba ka kholiseha hore Jehova o tla ba thusa.—Lik. 4:31; 1 Bathes. 2:2.
6 Ha re batla ho rorisa Jehova letsatsi le leng le le leng, re ithuisa melemo e sa feleng hammoho le ba bang.