Jehova o Lokeloa ke Thoriso e sa Feleng
“Ke tla u boka letsatsi lohle, ’me ke tla rorisa lebitso la hao ho isa nakong e ke keng ea lekanngoa, esita le ka ho sa feleng.”—PESALEME EA 145:2, “NW.”
1. Ke hobane’ng ha Davida a ne a e-na le mabaka a mangata a ho rorisa Jehova?
MOHLANKA ea tšepahalang oa Jehova, Davida, o ne a e-na le mabaka a mangata a ho rorisa Molimo. Morena enoa ea tsebahalang oa Iseraele ea boholo-holo o ne a tseba ka boholo ba Jehova le molemo oa hae ’me o ne a hlokomela hore borena ba Hae ke bo sa feleng. Ea Holimo-limo o ne a lokeloa ke thoriso ka lebaka la ho khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang le ka lebaka la ho atolosetsa mohau oa hae ho bahlanka ba hae ba tšepahalang.
2. (a) Pesaleme ea 145 e hlophisitsoe joang? (b) Re tla hlahloba lipotso life?
2 Davida o ile a fa Molimo thoriso e joalo Pesalemeng ea 145. Temana ka ’ngoe ea pesaleme ena e qala ka tlhaku ka ’ngoe ea alfabeta ea Seheberu ho ea ka tatellano ea tsona, le hoja tlhaku e ’ngoe (nun) e ne e siiloe ka thōko. E ka ’na eaba tlhophiso ea litlhaku tse qalang mantsoe tseo ha li kopana li etsang alfabeta e ne e sebeletsa e le thuso ea ho hopola mantsoe. Pesaleme ea 145 e tlotlisa Jehova, joaloka mantsoeng ana: “Ke tla u boka letsatsi lohle, ’me ke tla rorisa lebitso la hao ho isa nakong e ke keng ea lekanngoa, esita le ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 145:2, NW) Empa pesaleme ee e ka re ama joang? E ka etsa eng molemong oa kamano ea rōna le Molimo? Ho fumana likarabelo, pele a re ke re hlahlobeng litemana 1 ho ea ho 10.
Boholo ba Jehova bo ke ke ba Fihleloa
3. Joaloka Davida, re kolota ‘Molimo le Morena oa rōna’ eng, hona hobane’ng?
3 Davida e ne e le morena, empa o ile a lumela hore Jehova ke ’musi oa hae, a re: “Ke tla u holisa, Molimo oa ka, Morena oa ka! ke tla boka lebitso la hao ka mehla le ka ho sa eeng kae.” (Pesaleme ea 145:1) Ka tlhompho e tšoanang ea borapeli, Lipaki tsa Jehova li phahamisa lebitso la Molimo li bile li o rorisa lefatšeng ka bophara. Bophelo ba rōna e ba bo enneng ha re kopanela mosebetsing o joalo. Joaloka Davida, re lokela ho utloa Jehova le ho ikokobeletsa eena joaloka ‘Molimo le Morena oa rōna.’ Hobane’ng? Ke “Morena oa bosafeleng.” (Tšenolo 15:3, NW) Ho feta moo, Davida e Moholoanyane, Jesu Kreste, ea ’nileng a busa a le Thabeng ea Sione ea leholimo ho tloha ka 1914, o re fa mohlala o babatsehang oa ho ikokobeletsa Jehova, Morena ea sa Feleng.
4. Re ka ‘boka lebitso la Molimo’ joang?
4 Davida o ile a re o tla ‘boka lebitso la Molimo.’ Motho feela tjee a ka khona ho etsa see joang? Har’a lintho tse ling, ho boka motho ho bolela ho bua hantle ka eena. Ho boka lebitso la Molimo ho bontša hore re na le lerato le matla ho oona le lebitso la oona le halalelang, Jehova. Ha ho mohla re tletlebang ka Molimo, ha ho mohla re o tšoaeang phoso, ha ho mohla re belaellang molemo oa oona. Ke feela haeba re e-na le boikutlo boo, re inehetse ho Jehova, ’me re boloka botšepehi joaloka Lipaki tsa hae tse kolobelitsoeng re ka bolelang joaloka Davida hore re ‘tla boka lebitso la Molimo ka ho sa feleng.’ Haeba re ipoloka leratong la Molimo, re tla amohela mpho ea bophelo bo sa feleng ’me ka tsela eo re tla khona ho boka Jehova ka ho sa feleng.—Juda 20, 21.
5. Takatso ea ho boka Jehova “letsatsi lohle” e lokela ho ba le phello efe ho rōna?
5 Haeba kannete re rata Monei-Bophelo oa rōna, re tla ikopanya le Davida ha a re: “Ke tla u boka letsatsi lohle, ’me ke tla rorisa lebitso la hao ho isa nakong e ke keng ea lekanngoa, esita le ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 145:2, NW) Letsatsi le ne le tla ba bosula hakaakang haeba re ne re ke ke ra boka Molimo! E se eka le ka mohla re ke ke ra tšoareha haholo kapa ra tšoenyeha ka lintho tse bonahalang hoo re ka hlōlehang ho bua hantle ka Ntat’a rōna oa leholimo kapa ho mo rapela letsatsi le leng le le leng. Jesu o ile a bontša hore re lokela ho rapela letsatsi le leng le le leng ha a re thapelong ea mohlala: “U re fe bohobe ba rōna bakeng sa letsatsi ho latela tlhokahalo ea letsatsi.” (Luka 11:3, NW) Ba bangata ba tšebeletsong ea nako e tletseng ba rorisa Molimo letsatsi le leng le le leng ha ba kopanela tšebeletsong ea Bokreste. Empa ho sa tsotellehe maemo a rōna, lipelo tsa rōna li lokela ho re susumelletsa ho rorisa Molimo ka tsela e ’ngoe e itseng letsatsi ka leng. Ak’u nahane! Joaloka Lipaki tsa Jehova tse inehetseng tse nang le tšepo ea bophelo bo sa feleng, re na le tebello e hlollang ea ho rorisa lebitso la hae ka ho sa feleng.—Johanne 17:3.
6. Ke hobane’ng ha Jehova a “lokela ho rorisoa haholo”?
6 Ruri re na le lebaka la ho rorisa Molimo letsatsi lohle, hobane Davida o ile a phaella: “Jehova o moholo ’me o lokela ho rorisoa haholo, ’me boholo ba hae bo ke ke ba fihleloa.” (Pesaleme ea 145:3, NW) Jehova o moholo hoo ho seng ea ka bapisoang le eena, ’me borena ba hae ha bo na moeli. Morena Nebukadnezare oa Babylona o ile a lokela ho lumela: “Ha ho e mong ea ka thibelang letsoho la [Molimo], a re ho eena: U etsa’ng na?” (Daniele 4:34, 35) Jehova “o tšabeha ho fetisa melimo kaofela.” (Pesaleme ea 96:4) Ha ho makatse hore o “lokela ho rorisoa haholo.” Ha ho mantsoe a thoriso ao ho ka thoeng a phahame haholo ha ho rokoa Jehova! O lokeloa ke thoriso e sa lekanyetsoang, e sa feleng.
7. Ke eng e pakang ‘boholo ba Molimo bo ke keng ba fihleloa’?
7 ‘Boholo ba Jehova bo ke ke ba fihleloa.’ Ho sa tsotellehe hore na o moholo hakae ’meleng, boholo ba hae bo tabeng ea hore na ke Molimo oa mofuta ofe. E, lintho tseo a li bōpileng ke tse hlollang haholo hoo re ke keng ra li utloisisa, ’me rōna ka borōna re “entsoe ka mokhoa o hlollang.” (Pesaleme ea 139:14, NW; Jobo 9:10; 37:5) Ho feta moo, Jehova Molimo o etsa lintho ka mokhoa o hlollang hakaakang! Ka botšepehi o boloka litšepiso tsa hae ’me ka lerato o senola merero ea hae. Leha ho le joalo, ha ho mohla re tla tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka Molimo. Ho isa nakong e sa feleng, re tla khona ho hōla tsebong ea oona, ea pōpo ea oona, le ea merero ea oona.—Ba-Roma 11:33-36.
Babatsa Mesebetsi ea Jehova
8. (a) “Moloko o mong ka mor’a moloko o mong” o ’nile oa babatsa mesebetsi ea Jehova joang? (b) Haeba re ruta bana ba rōna ka mesebetsi le liketso tsa Jehova, ho ka ’na ha etsahala hore ba talime borapeli ba hae joang? (c) Joaloka “moloko” o thabileng, masala a tlotsitsoeng a entse’ng?
8 Ho na le ho hongata haholo ho ka boleloang ho roriseng Molimo oa rōna o moholo hoo Davida a ileng a susumelletseha ho re: “Moloko o mong ka mor’a moloko o mong o tla babatsa mesebetsi ea hao, ’me e tla bolela liketso tsa hao tse matla.” (Pesaleme ea 145:4, NW) Meloko ea batho ka ho latellana e ’nile ea babatsa mesebetsi ea Jehova ’me ea pheta liketso tsa hae tse matla. Ke tokelo e khōlō hakaakang ho bolella bao re ba khannelang lithuto tsa mahae tsa Bibele lintho tsee! Ka mohlala, re ka ba bolella hore Molimo o bōpile lintho tsohle. (Genese 1:1–2:25; Tšenolo 4:11) Re ka bua ka liketso tsa oona tse matla nakong ea ha o lopolla Baiseraele bokhobeng Egepeta, o ba thusa ho hlōla lira tsa Bakanana, o ba pholosa thipitlong Persia ea boholo-holo, le tse ling tse ngata. (Exoda 13:8-10; Baahloli 4:15; Esthere 9:15-17) Hape na ha re susumelletsehe ho bolella bana ba rōna ka mesebetsi le liketso tsa Jehova? Haeba re fa bana ba rōna thuto e joalo ’me ba bona re sebeletsa Molimo ka thabo, ho ka ’na ha etsahala hore le bona ba talime borapeli ba oona e le bo thabisang ’me ba hōle ‘thabo ea Jehova e le matla a bona.’ (Nehemia 8:10; Pesaleme ea 78:1-4) Masala a tlotsitsoeng a bōpa “moloko” o mong o thabileng oa Lipaki tsa Jehova o babatsang mesebetsi ea Molimo ho “bongata bo boholo ba batho,” karolo ea moloko o tla aha lefatšeng la Paradeise.—Tšenolo 7:9.
9. Ha re nahanisisa ka mesebetsi ea Molimo le liketso tsa oona tse matla, re ka kholiseha ka eng?
9 Ha re nahanisisa ka mesebetsi ea Molimo le liketso tsa oona tse matla, re kholiseha ka ho eketsehileng hore “Jehova a ke ke a lahla sechaba sa hae, ka baka la lebitso la hae le leholo.” (1 Samuele 12:22; Pesaleme ea 94:14) Ha re talimane le liteko, mathata, le mahloriso, re ka ba le khutso ea kelello ’me ra kholiseha hore “khotso ea Molimo” e tla lebela lipelo tsa rōna le matla a rōna a kelello. (Ba-Filippi 4:6, 7) Kahoo ke ho loketseng hakaakang hore re bolelle ba bang ka Ntat’a rōna oa leholimo ea lerato, ea sireletsang!
10. ‘Mesebetsi ea Jehova e hlollang’ e akarelletsa eng, ’me ho thuisa ka eona ho re ruisa molemo joang?
10 Re lokela ho ipha nako ea ho thuisa ka boholo ba Jehova le mesebetsi ea hae, hobane Davida o ile a phaella: “Ke tla nahanisisa ka phatsimo e khanyang ea ho hlompheha ha hao le litaba tsa mesebetsi ea hao e hlollang.” (Pesaleme ea 145:5, NW) Ho hlompheha ha Molimo hoa tšabeha ’me ha ho se ka bapisoang le hona. (Jobo 37:22, NW; Pesaleme ea 148:13, NW) Ka hona, Davida o ile a nahanisisa ka phatsimo e khanyang ea ho hlompheha ha Jehova. Mopesaleme o ile a boela a nahanisisa ka litaba tsa ‘mesebetsi ea Molimo e hlollang.’ Mesebetsi ena e akarelletsa ho sebelisa toka ea bomolimo bakeng sa ho felisa baetsalibe le ho pholosa ba tšabang Molimo, joaloka Moroallong oa Metsi. (Genese 7:20-24; 2 Petrose 2:9, NW) Ho thuisa ka litaba tse joalo ho matlafatsa kamano ea rōna le Jehova ’me ho etsa hore re khone ho bolella ba bang ka ho hlompheha ha hae le mesebetsi ea hae e babatsehang. Nakong ea matsatsi a 40 ha Jesu a le feelleng, ho thuisa ka lintho tseo maholimo a phetliloeng a neng a mo hlokomelisitse tsona ho ile ha mo matlafatsa bakeng sa teko. (Mattheu 3:13–4:11) Ka mor’a moo o ile a buisana le ba bang ka ho hlompheha ha Jehova le mesebetsi ea hae e hlollang.
11. (a) Ke hobane’ng ha baahi ba Jeriko ba ile ba oeloa ke tšabo? (b) Lipaki tsa Jehova li bua ka ‘liketso tse tšabehang’ tsa Molimo le “boholo” ba oona ka moea o joang?
11 Ha re bua ka ho hlompheha ha Molimo le mesebetsi ea oona, re susumelletsa ba bang ho bua ka eona. Davida o ile a re: “Ba tla bolela matla a ketso tsa hao tse tšabehang, ’na ke phete tsa boholo ba hao.” (Pesaleme ea 145:6, BPN) Rahaba o ile a bua ka tšabo e ileng ea oela baahi ba Jeriko ha ba utloa kamoo Jehova a neng a lopollotse Baiseraele ka teng Leoatleng le Lefubelu a ba a etsa hore ba hlōle marena a mabeli a Baamore. E tlameha e be ho ile ha buuoa haholo ka ‘liketso tse joalo tse tšabehang’ Jeriko. (Joshua 2:9-11) Ka sebele ‘mahlomola a maholo’ a atamelang e tla ba a tšabehang. (Mattheu 24:21) Empa lintho tse tšosang batho ba ikarotseng ho Molimo li susumetsa “tšabo ea Jehova,” thothomelo e ntle ho eena, ka lipelong tse lokileng. (Liproverbia 1:7, NW) Ka moea o tletseng tlhompho e joalo ea borapeli, Lipaki tsa Jehova li bua ka lipontšo tsa matla a Molimo. Moetsi e moholo oa Mehlolo ke eena eo batlotsuoa le metsoalle ea bona ea lefatšeng ba buisanang ka eena haholo! Esita le mahloriso ha a ba thibele ho bolella ba bang ka lintho tsena le ka “boholo” ba Jehova.—Liketso 4:18-31; 5:29.
Rorisa Jehova ka Baka la Molemo oa Hae
12. Ke joang molemo oa Jehova o etsang hore re ‘khaphatse’ lipolelo tsa thoriso?
12 Molimo ha o lokeloe ke thoriso ka baka la boholo ba oona feela empa hape ka baka la molemo le ho loka ha oona. Kahoo Davida o boletse: “Ba tla khaphatsa lipolelo tsa boholo ba molemo oa hao, ’me ba tla tlerola ka thabo ka baka la ho loka ha hao.” (Pesaleme ea 145:7, NW) Molemo oa Jehova o moholo hoo re ‘khaphatsang’ lipolelo tsa nyakallo tse buang ka oona. Ka Seheberu, khopolo ke ea metsi a tšikhunyang mohloling. Kahoo e se eka re ka khaphatsa thoriso e bontšang teboho ho Molimo, feela joaloka molapo. (Liproverbia 18:4, NW) Iseraele e ile ea lebala molemo oa Jehova ’me ka ho etsa joalo ea intša kotsi e khōlō moeeng. (Pesaleme ea 106:13-43) Empa lipelo tsa rōna a li ke li tšolohe teboho e joalo e le hore ba bang ba bake ka mor’a hore ba ithute hore na Jehova o molemo hakaakang ho Lipaki tsa hae tse inehetseng.—Ba-Roma 2:4.
13. Lipontšo tsa toka ea Molimo le ho loka ha oona li lokela ho ba le phello efe ho rōna?
13 E se eka lipontšo tsa toka le ho loka ha Molimo li ka boela tsa re susumelletsa ho tlerola ka thabo. Haeba re ikutloa ka tsela ena, ha re na ho batla ’Muso oa Molimo pele feela empa hape re tla batla le ho loka ha oona pele. Ka mehla re tla batla hore boitšoaro ba rōna bo rorise Jehova. E, re tla ba baboleli ba ’Muso ba tsoang ka mehla ba nang le ho hongata hoo ba ka ho etsang tšebeletsong ea Molimo. Le ka mohla thoriso ea rōna e lebang ho Jehova e ke ke ea patoa lebitleng la khutso.—Mattheu 6:33; 1 Ba-Korinthe 15:58, NW; Ba-Heberu 10:23.
Jehova o Mohau
14. Ho na le bopaki bofe ba hore “Jehova o mosa ’me o mohau”?
14 Ha a bolela litšoaneleho tsa Molimo tse eketsehileng tse lokeloang ke thoriso, Davida o ile a re: “Jehova o mosa ’me o mohau, o lieha ho halefa ’me o tletse mosa o lerato.” (Pesaleme ea 145:8, NW) Molimo o mosa kaha o molemo ebile seatla sa oona se bulehile ka ho felletseng. (Mattheu 19:17; Jakobo 1:5, NW) O etsetsa esita le ba sa o sebeletseng lintho tse molemo. (Liketso 14:14-17) Jehova o boetse o mohau, o na le kutloelo-bohloko, “o elelloa hoba re lerōle feela.” Ha a khese pelo e robehileng kapa hona ho sebetsana le rōna ho ea ka libe tsa rōna empa o mohau haholo ho feta ntate oa motho ea lerato ka ho fetisisa. (Pesaleme ea 51:17; 103:10-14) Pontšong e khōlō ka ho fetisisa ea lerato, o ile a romela Mora oa hae ea ratoang ho re shoela e le hore re ka boelanngoa le Molimo ’me kannete ra latsoa mosa oa oona!—Ba-Roma 5:6-11.
15. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore Jehova Molimo o “lieha ho halefa” ’me o “tletse mosa o lerato”?
15 Ntat’a rōna oa leholimo o lieha ho halefa. Ha a tšolle khalefo ea bofofu. Jehova o boetse o “tletse mosa o lerato.” Mona Seheberu se bontša mosa o hlahang leratong le o khomarelang ntho e itseng. O e khomarela joalo ho fihlela morero oa oona mabapi le ntho eo o phethahetse. Mokhoa o mong oa ho fetolela mantsoe ao ke “lerato le tšepahalang.” Har’a lintho tse ling, mosa o lerato oa Molimo, kapa lerato le tšepahalang, o bontšoa liketsong tsa topollo, poloko, tšireletso, ho ntšoa likhathatsong, le ho lokolloa sebeng ka topollo. (Pesaleme ea 6:4, NW; 25:7, NW; 31:16, 21, NW; 40:11, NW; 61:7, NW; 119:88, 159, NW; 143:12, NW; Johanne 3:16) ’Nete ea hore Jehova ha aa ka a tlisa Harmagedone hang-hang ka mor’a ‘ntoa ea leholimong’ e etsa hore matšoele a khone ho fumana poloko, e leng pontšo e khōlō ea mosa o lerato oa Molimo.—Tšenolo 12:7-12; 2 Petrose 3:15.
16. Jehova o ipakile a le “molemo ho bohle” joang?
16 Ka baka la mohau oa Molimo, ho ka ’na ha thoe o mosa ebile o fana haholo. Davida o ile a phatlalatsa: “Jehova o molemo ho bohle, mehauhelo ea hae e aparetse mesebetsi eohle ea hae.” (Pesaleme ea 145:9) E, Molimo o ne o le molemo ho Baiseraele. Etsoe, “o chabisetsa ba babe le ba batle letsatsi la hae, ’me o nesetsa ba lokileng le ba khopo.” (Mattheu 5:43-45) Edene, Jehova o ile a tšepisa ho fana ka “peō” eo e neng e tla ba tlhohonolofatso. Hamorao o ile a bolella Abrahama: “Ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō ea hao.” (Genese 3:15, NW; 22:18, NW) ’Me molemo oa Molimo o moholo haholo ‘nakong ena ea bofelo’ hoo mang kapa mang a ka ‘inkelang feela metsi a bophelo.’ (Daniele 12:4; Tšenolo 22:17) Jehova o ikemiselitse ho etsetsa libōpuoa tsohle tse bohlale se molemo, ’me molemo oa hae o lokela ho re atametsa haufi le eena ho feta leha e le neng pele.
17. Ke ka kutloisiso efe ‘mehauhelo ea Jehova e leng holim’a mesebetsi eohle ea hae’?
17 ‘Mehauhelo ea Jehova e aparetse mesebetsi eohle ea hae’ ka hore o hlokomela batho le liphoofolo ka lintho tse ngata. Ke eena “Ea fang libopuoa tsohle lijo.” (Pesaleme ea 136:25; 147:9) Molimo ha o tlotlise ba ruileng e be o eisa ba hatelloang, ha o phahamise ba ikakasang e be o khesa ba ikokobetsang, ha o phahamise maoatla e be o kokobetsa ba bohlale. Batho ba baetsalibe ba etsa hoo empa Ntat’a rōna ea mohau oa leholimo ha a etse hoo. (Pesaleme ea 102:17; Sofonia 3:11, 12; Moeklesia 10:5-7) Mohau oa Molimo, molemo oa oona, le mosa oa oona o lerato o moholo hakaakang ho etseng hore poloko e fumanehe ka sehlabelo sa topollo sa Mora oa oona ea ratoang!—1 Johanne 4:9, 10.
Ba Tšepahalang ba Boka Jehova
18. (a) Mesebetsi ea Molimo e o “roka” joang? (b) Re lokela ho susumelletseha ho roka Jehova neng?
18 Molimo o lokeloa ke thoriso e hlahang ka ’nģa tsohle. Ho joalokaha Davida a hlalositse: “Jehova, mesebetsi eohle ea hao e tla u roka, ’me batho ba hao ba tšepahalang ba tla u boka.” (Pesaleme ea 145:10, NW) Mesebetsi ea Molimo ea pōpo ea o “roka,” joalokaha le ntlo e hahiloeng hantle e tlisetsa sehahi sa eona tlotla ’me sejana se tšelang lipalesa se bohehang se tlisetsa ’mōpi oa setsebi tlotla. (Bapisa le Ba-Heberu 3:4; Esaia 29:16; 64:8.) Mesebetsi ea Jehova ea pōpo ke e hlollang hoo e ileng ea susumelletsa mangeloi le batho ho mo rorisa. Bara ba Molimo ba mangeloi ba ile ba tlerola litlatse tsa thabo ha o thea lefatše. (Jobo 38:4-7) Davida o ile a re ‘maholimo a bolela khanya ea Molimo, ’me sebaka sa leholimo se bonahatsa mosebetsi oa liatla tsa oona.’ (Pesaleme ea 19:1-6) Re ka roka Jehova ha re bona phakoe e fofa holimo kapa tšephe e lakōma leralleng le tletseng limela tse tala. (Jobo 39:26, BPN; Sefela sa Lifela 2:17) Ho loketse hore re fane ka thoriso ha re kotula lijalo kapa re thabela lijo le metsoalle. (Pesaleme ea 72:16; Liproverbia 15:17) ’Mele ea rōna e entsoeng ka tsela e tsotehang le eona e ka ’na ea re susumelletsa ho bua lipolelo tsa thoriso tse bontšang teboho ho Molimo.—Pesaleme ea 139:14-16.
19. ‘Batho ba tšepahalang’ ke bo-mang, hona ba etsa’ng?
19 Kajeno, ‘batho ba tšepahalang’ ba Jehova ba tlotsitsoeng ka moea baa mo boka lefatšeng. Ba bua hantle ka eena ’me ba laba-labela ho bona thato ea hae e etsoa lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong. (Mattheu 6:9, 10) Joalokaha batlotsuoa ba bolella ba bang ka mesebetsi ea Molimo e hlollang, bongata bo boholo ba batho bo arabela ka bongata bo ntseng bo eketseha. Ba kopane le batlotsuoa ba tšepahalang, ba sebeletsa ka cheseho e le baboleli ba ’Muso. Na teboho e u susumelletsa ho kopanela ka mehla mosebetsing oo ho tlotlisa Molimo?
20. (a) Lebitso la Jehova le tla halaletsoa joang? (b) Mabapi le Pesaleme ea 145, ho sala lipotso life tse lokelang ho hlahlobjoa?
20 Joaloka Lipaki tsa Jehova, re tšoana le Davida ka ho fa Molimo thoriso. Ho rōna ho halaletsoa ha lebitso la Jehova le halalelang le ho le rorisa ke litaba tseo re amehileng haholo ka tsona. Kaha lebitso la Molimo le tla halaletsoa ke ’Muso oa Molimo, thuto ena ea Bibele ea ’Muso ke tšobotsi e hlahelletseng ea litaba tse molemo tseo re li phatlalatsang. Na Pesaleme ea 145 e fana ka leseli la moea ntlheng ee? Puisano ea rōna ka karolo e setseng ea pesaleme ee e tla senola eng? Litsela tse ling tseo ka tsona e pakang hore Jehova o lokeloa ke thoriso e sa feleng ke life?
Litlhaloso Tsa Hao ke Life?
◻ Re ka boka lebitso la Jehova joang?
◻ E meng ea mesebetsi ea Molimo e babatsehang ke efe?
◻ Haeba re ananela molemo oa Jehova re tla itšoara joang?
◻ Mohau oa Molimo o bontšitsoe ka litsela life?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Na u ee u bolelle bana ba hao ka liketso tsa Jehova tse matla, joalokaha batsoali ba tšabang Molimo ba ne ba etsa Iseraeleng ea boholo-holo?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Joalokaha ntlo e hahiloeng hantle e tlisetsa sehahi sa eona tlotla, kahoo mesebetsi ea Jehova ea pōpo ea Mo rorisa