MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | PESALEME EA 142-150
“Jehova o Moholo ’me o Lokela ho Rorisoa Haholo”
Ha Davida a hlokomela hore boholo ba Jehova ha bo na moeli, o ile a susumelletseha ho mo rorisa ka ho sa feleng
Joaloka Davida, bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba susumelletseha ho bua haholo ka liketso tsa hae moqoqong oa bona
Davida o ne a kholisehile hore Jehova o lakatsa ho thusa bahlanka bohle ba hae le hore o khona ho ba thusa