Bontša Batho “Leseli la Lefatše”
1. Lentsoe la Molimo le ile la bua esale pele ka leseli lefe le leholo, hona ke ketsahalo efe eo ka ho khetheha e thusang batho ho bona leseli lee?
1 Jehova o ile a sebelisa moprofeta Esaia hore a bue mantsoe ana esale pele: “Batho ba neng ba tsamaea lefifing ba bone leseli le leholo. Ha e le ba lulang naheng ea moriti o lefifi, ba chabetsoe ke leseli.” (Esa. 9:2) ‘Leseli leo le leholo’ le ile la bonahala mesebetsing ea Jesu Kreste, e leng Mora oa Molimo ka sebele. Mosebetsi oo a neng a o etsa ha a le lefatšeng le melemo ea sehlabelo sa hae e entse hore batho ba neng ba le lefifing la moea ba hlasimolohe. Leseli leo ke lona leo batho ba le hlokang mehleng ena e lefifi. Nako ea Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ke monyetla o ikhethang oa hore re bontše ba bang “leseli la lefatše.” (Joh. 8:12) Selemong se fetileng, batho ba limilione ba ile ba bontša tumelo e itseng ka ho ba le rōna ha re ne re bontša hore re mamela taelo ea Jesu e reng: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:19) Joalokaha mokete oa Sehopotso oa selemong sena o ntse o atamela, ke joang re ka bontšang batho leseli le leholo leo Jehova a le khantšitseng?—Bafil. 2:15.
2. Re ka etsa joang ho hōlisa kananelo ea rōna e tlohang pelong bakeng sa sehlabelo sa thekollo, hona ho etsa joalo ho tla fella ka eng?
2 E-ba le Kananelo e Khōloanyane: Nako ea Sehopotso ke monyetla o motle oa ho nahanisisa ka lerato le leholo leo Jehova le Jesu ba le bontšitseng ka ho lokisetsa moloko oa batho sehlabelo sa thekollo. (Joh. 3:16; 2 Bakor. 5:14, 15) Ha ho pelaelo hore ho etsa joalo ho tla etsa hore re ananele haholoanyane ketsahalo ena e halalelang. Batho bohle ba Molimo ba ka rata ho behella ka thōko nako ea ho bala le ho nahanisisa ka ’malo o khethehileng oa Bibele nakong ea Sehopotso o bontšitsoeng libukaneng tsa Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla. Ho nahana ka litšobotsi tsa Jehova tse ke keng tsa lekanngoa, tse bonahalang ka bokhabane bo babatsehang tokisetsong ea hae ea sehlabelo, ho etsa hore re be motlotlo hore ebe ke Molimo oa rōna. Ha ka bomong re nahanisisa ka hore na thekollo ke ea bohlokoa hakae ho rōna, lerato la rōna le tlohang botebong ba pelo ho Molimo le ho Mora oa hae le tla tota le be le re susumelletse ho ikitlaelletsa ho etsa thato ea Molimo.—Bagal. 2:20.
3. Re ka bontša joang hore re ananela Sehopotso?
3 Haeba re totisa kananelo ea rōna ea tokisetso ea Jehova ea poloko, tsela eo re chesehelang Sehopotso ka eona e tla susumetsa le liithuti tsa Bibele, batho bao re etsang maeto a ho boela ho bona, beng ka rōna, baahelani ba rōna, bao re kenang sekolo le bona, basebetsi-’moho le rōna le ba bang bao re ba memelang ketsahalong ena e khethehileng. (Luka 6:45) Ka hona, etsa boiteko bo khethehileng ba ho mema batho ba joalo kaofela, u ba fe limemo tsa Sehopotso tse hatisitsoeng tse tla ba hopotsa ketsahalo ena. E le hore ba se ke ba lebala leha e le mang, batho ba bangata ba fumane ho le molemo ho ba le lethathamo la bao ba ba memelang Sehopotsong kamehla, ’me selemo le selemo ba kenya ba bacha lethathamong leo. Ho etsa joalo ka tsela e hlophisehileng le ho khothalla ho mema ba thahasellang e ka ba tsela e molemo ea ho bontša hore re leboha Jehova Molimo “bakeng sa mpho ea hae e ke keng ea hlalosoa e sa lefelloeng.”—2 Bakor. 9:15.
4. Ke eng e ka re thusang ho qeta nako e ngata tšebeletsong ka March le ka April?
4 Qeta Nako e Eketsehileng Tšebeletsong: Na u ka eketsa nako eo u e qetang tšebeletsong ka March le ka April? Ka la 1 April re tla thabela ho ba mosebetsing oa limakasine kaha e tla be e le Letsatsi le khethehileng la Limakasine. Ka sebele Molimo o tla hlohonolofatsa boikitlaetso ba ho bolella ba bang “litaba tse molemo tse khanyang tse mabapi le Kreste.” Kaha Jehova ke eena Mohloli oa leseli lohle la moea, o fane ka taelo ena: “Leseli le ke le khanye lefifing.” (2 Bakor. 4:4-6) Neng kapa neng ha ho hlokahala, baholo ba tla lokisetsa hore ho tšoaroe liboka tsa tšebeletso ea tšimo ka linako tse eketsehileng le libakeng tse eketsehileng, ba etelle pele ho tšehetsa bahoeletsi ba batlang ho qeta nako e eketsehileng tšebeletsong. Mohlomong sena se ka akarelletsa bopaki ba seterateng ba hoseng kapa ho lokisetsa ho etsa tšimo ea khoebo kapa ho paka ka thelefono motšehare oa mantsiboea kapa ha tsatsi le ea malikelong. Ntho e tla u thusa hore u eketse nako eo u e qetang tšebeletsong ke ho ipehela pakane ea lihora tse lekaneng ’me u ikitlaelletse ho e finyella. Ho ba bangata, ho fa Jehova se molemohali seo ba nang le sona ho akarelletsa tokelo ea ho ba pula-maliboho ea thusang.—Bakol. 3:23, 24.
5. Batho ba bangata ba rua molemo joang ha lihora tse hlokahalang bakeng sa bo-pula-maliboho ba thusang li fokolitsoe?
5 Na U ka ba Pula-Maliboho ea Thusang? E se e le lilemo tse supileng haesale lihora tse hlokahalang bakeng sa bo-pula-maliboho ba thusang li fokolitsoe. Phetoho ena e entse hore ba bangata haholo ba thabele melemo e tlisoang ke tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang. Na u kile ua e leka? Ba bang ba entse sena mokhoa oa bona oa selemo le selemo. Liphuthehong tse ngata bahoeletsi ba bangata e ba bo-pula-maliboho ka nako e le ’ngoe, ’me ena e ba nako e ikhethang eo ka eona phutheho e finyellang ho hongata ka ho fetisisa har’a selemo. Na u ka hlophisa nako bakeng sa khoeli e thabisang ea ho ba pula-maliboho ea thusang nakong ea Sehopotso? Mohlomong April e ka ba khoeli e ntle bakeng sa ba bang, etsoe e na le Meqebelo e mehlano le Lisontaha tse hlano.
6. Ho entsoe litokisetso life tse thabisang?
6 Na ho lokiselitsoe hore phutheho ea heno e eteloe ke molebeli oa potoloho khoeling ea March kapa ea April? E ka ba monyetla o motle oa ho ba pula-maliboho ea thusang. Joalokaha ho ile ha tsebisoa pejana, selemong sa tšebeletso sa 2006, e mong le e mong eo e leng pula-maliboho ea thusang khoeling eo molebeli oa potoloho a etetseng phutheho ea lōna ka eona o tla memeloa karolong ea pele ea seboka seo molebeli oa potoloho a se tšoarang le bo-pula-maliboho bekeng ea ketelo. Ha ho potang hore boitsebiso bo matlafatsang moeeng bo fumanoang sebokeng sena bo tla thusa bo-pula-maliboho ba thusang ba bangata ho hahamalla ho ba bo-pula-maliboho ba kamehla.
7, 8. (a) Ke eng e ka re thusang ho etsa kemiso ea ho ba bo-pula-maliboho ba thusang? (b) Tšehetso ea lelapa e ka thusa joang, hona lelapa lohle le rua molemo joang?
7 Ha u ntse u nahana ka lihora tse 50 tse hlokahalang ho bo-pula-maliboho ba thusang, hlahloba hore na ke kemiso efe e tla u lumella ho khantša leseli la ’nete bonyane ka lihora tse 12 ka beke. Qoqa ka taba ena le ba kileng ba atleha ho etsa joalo, esita le ba bang. Sena se ka ’na sa ba susumelletsa ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ka nako e le ’ngoe le uena. Ka lebaka la ho hlophisa lintho tsa bona hantle, bahoeletsi ba kolobelitsoeng, ba banyenyane hammoho le ba baholo, ba fumane ho se thata ho finyella pakane ea lihora tse hlokahalang. Rapella taba ena. Joale ha ho khoneha, hlophisa lintho tsa hao, ’me u thabele ho ba pula-maliboho ea thusang!—Mal. 3:10.
8 Malapa a mangata a hlokometse hore ka tšehetso ea lelapa lohle, bonyane setho se le seng sa lelapa se ka khona ho finyella pakane ena. Lelapa le leng le ile la etsa qeto ea hore litho tsohle tse hlano tse kolobelitsoeng li ngolisetse bopula-maliboho bo thusang. Bana ba bang ba babeli ba neng ba e-s’o kolobetsoe ka nako eo ba ile ba etsa boiteko bo khethehileng ba eketsa mosebetsi oa bona. Lelapa lee le ile la rua molemo joang ka boikitlaetso boo le bo entseng? Le ile la ngola tjena: “E bile khoeli e monate ka ho fetisisa, ’me le rōna re ile ra utloa hore kannete likamano tsa lelapa la rōna li tiile. Re leboha Jehova ka tlhohonolofatso eo e babatsehang!”
9. Re ka khantša leseli la rōna joang nakong ee ea Sehopotso?
9 Na mosebetsi oa rōna o ikhethang ka March le ka April e tla ba o hlasimollang, o re atametsang ho Ntate oa rōna oa leholimo? Katleho ea rōna e tla itšetleha ka boiteko boo re tla bo etsa ka bomong ba ho matlafatsa lerato la rōna ho Molimo le ho Mora oa hae le ho qeta nako e eketsehileng tšebeletsong. E se eka re ka ba le boikemisetso bo tšoanang le ba mopesaleme ea ileng a bina: “Ke tla roka Jehova haholo ka molomo oa ka, ke tla mo rorisa har’a batho ba bangata.” (Pes. 109:30) Nakong ena ea Sehopotso, Jehova o tla hlohonolofatsa mosebetsi oa rōna oo re o etsang ka mafolofolo. Kahoo, e se eka re ka khantša leseli le leholo e le hore ba bangata ba ka tsoa lefifing eaba ba “ba le leseli la bophelo.”—Joh. 8:12.