Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/03 leq. 1
  • Jehova o Lokela ho Rorisoa Haholo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Lokela ho Rorisoa Haholo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Le ’ne le Etse Sena ho Nkhopola” Sehopotso sa Lefu la Jesu se Tla ba ka la 2 April
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba Teng Libokeng Kamehla?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Thusa ba Bang ho Rua Molemo Thekollong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Chesehela se Molemo!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 3/03 leq. 1

Jehova o Lokela ho Rorisoa Haholo

Mokete oa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena o Tla ba ka la 16 April

1 Re ba le tebello e eketsehileng ha re atamela la 16 April, 2003. Bosiung boo re tla ikhopotsa lefu la Jesu, re kopane le barapeli-’moho le rōna ba limilione ho roriseng lebitso la Jehova. Jehova o tšoaneloa ke thoriso eohle ea rōna ka lebaka la tokisetso e babatsehang ea thekollo. Ka eona, o tla tlisetsa moloko oa batho o mamelang litlhohonolofatso. Ho tloha botebong ba lipelo tsa rōna re kopanela le mopesaleme ha a hooa a re: “Jehova o moholo ’me o lokela ho rorisoa haholo.”—Pes. 145:3.

2 Ena ke nako ea ho nahanisisa ka molemo oa Molimo le teboho eo re lokelang ho e lebisa ho Jehova ha a rometse “Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena.” (1 Joh. 4:9, 10) Ho ba moketeng oa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ho re tiisetsa hore “Jehova o mosa ’me o mohau . . . ’me o na le mosa o lerato o moholo.” (Pes. 145:8) Ka sebele, thekollo ke pontšo e khōlō ka ho fetisisa ea lerato la Jehova bakeng sa moloko oohle oa batho. (Joh. 3:16) Ha re nahana ka lerato la Molimo le ka tsela ea Jesu ea botšepehi, re susumelletseha ho rorisa Jehova. Re tla mo rorisa ka ho sa feleng ka lebaka la lerato la hae le se nang moeli leo a le bontšitseng ka ho etsa hore re khone ho phela ka ho sa feleng.—Pes. 145:1, 2.

3 Thusa ba Bang ho Rorisa Jehova: Ho ananela mpho ea Molimo e fetisisang ea thekollo ho re susumelletsa ho mema ba bang hore ba ikopanye le rōna ho roriseng Jehova. Mopesaleme o ile a bululeloa ho ngola: “Ba tla bua ba sa khaotse ka molemo oa hao o mongata, ba tla hoeletsa ka thabo ka lebaka la ho loka ha hao.” (Pes. 145:7) Selemong se fetileng feela, Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara li ile tsa qeta lihora tse fetang bilione mosebetsing oa boboleli. Phello ea boiteko ba tsona e bile efe? Ka karolelano, beke e ’ngoe le e ’ngoe ho kolobelitsoe batho ba fetang 5 100 tšoantšetsong ea boinehelo ba bona ho Jehova. Ka kakaretso ea batho ba 15 597 746 ba neng ba le teng Sehopotsong, ho akarelletsa le ba limilione tse 9 ba e-song ho qale ho rorisa Jehova e le bahoeletsi ba litaba tse molemo, ho na le monyetla o moholo oa keketseho! Re le baboleli ba ’Muso, re ananela tokelo ea rōna ea ho bolela litaba tse molemo le ho tataisetsa lipelo tsa ba bang ho Jehova, ho Mora oa hae le ’Musong.

4 Tsela e molemo ea ho khothatsa ba bang hore ba tlotlise Jehova ke ka ho ba mema hore ba ikopanye le rōna ho ketekeng Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. Na u ngotse lethathamo la bohle bao u batlang ho ba mema hammoho le ba bang ba ka hlokang ho hopotsoa letsatsi le nako? Na u memme bohle ba lethathamong la hao? Haeba ha ho joalo, ikitlaelletse ho ba mema ka nako e setseng. Ba thuse ho utloisisa morero oa mokete ona. Sehopotsong, falimehela ho lumelisa baeti. Etsa hore ba ikutloe ba phutholohile, ba tsebise ba bang, ’me u ba babatse ka ho ba teng.

5 Ho ba teng Sehopotsong ho ka susumelletsa ba bacha ho tsoela pele moeeng. Seithuti sa Bibele se ileng sa ferekana kelellong ka mor’a koluoa, ’me ka lebaka leo se thatafalloa ho ba har’a batho, se ile sa tla Sehopotsong. Ha se botsoa hore na se ikutloa joang ka seboka sena se ile sa re: “E ne e le bosiu bo halalelang ka ho fetisisa, ’me le ’na ke ne ke le teng.” Ho tloha ka nako eo, sa qala ho ba teng libokeng.

6 Ka Mor’a Sehopotso: Ke eng se ka etsoang ho thusa bana ba thahasellang hore e be barorisi ba Jehova? Baholo ba tla hlokomela ba bacha ba bang teng Sehopotsong ’me ba etse litokisetso tsa hore bahoeletsi ba tšoanelehang ba ba etele hang ka mor’a moo ho hlahloba lintho tse khathollang tseo ba ithutileng tsona le tseo ba li boneng. Ba bang ba ka ’na ba lakatsa ho ba le thuto ea lehae ea Bibele. Hape ba lokela ho memeloa ho ba teng libokeng tsohle tsa phutheho tsa beke le beke, kaha ho ba teng kamehla ho ka eketsa tsebo ea bona ea Bibele.

7 Ho etsoa litokisetso tsa ho khothatsa bohle ba sa tsoeng kamehla le ba sa kopaneleng tšebeletsong hore ba be teng libokeng kamehla. Haeba baholo ba u kōpa hore u thuse motho ea sa kopaneleng tšebeletsong hore a qalise ho ea tšimong, ikemisetse ho arabela. Ho ba le kameho e lerato joalo ka barab’abo rōna ho tumellanong le khothatso ea moapostola Pauluse e reng: “Hafeela re sa na le nako e loketseng, a re sebetseng se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.”—Bagal. 6:10.

8 E se eka kaofela re ka etsa boiteko bo khethehileng ba ho ba teng Sehopotsong ka la 16 April. Ha rea lokela ho fosoa ke ketsahalo ena e halalelang ea ho rorisa Jehova. E, hona joale le ka ho sa feleng, a re roriseng Jehova bakeng sa mesebetsi ea hae e meholo!—Pes. 145:21.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela