Chesehela se Molemo!
1 Ha re kena nakong ea Sehopotso sa 2003, re na le mabaka a mangata a ho “chesehela se molemo.” (1 Pet. 3:13) Lebaka le ka sehloohong ke sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste. (Mat. 20:28; Joh. 3:16) Ha a bua ka sena, moapostola Petrose o ile a ngola: “Ha lea ka la lopolloa ka lintho tse ka bolang, ka silevera kapa khauta, mokhoeng oa lōna oa boitšoaro o sa beheng litholoana. . . . Empa e bile ka mali a bohlokoa, a joaloka a konyana e se nang sekoli le e se nang letheba, ’ona a Kreste.” (1 Pet. 1:18, 19) Kananelo bakeng sa pontšo ena e ikhethang ea lerato e re qobella ho tšoareha mesebetsing e metle, re hlokomele hore Jesu o ile a “inehela bakeng sa rōna e le hore a ka re lopolla tlōlong ea molao ea mofuta o mong le o mong le ho itlhoekisetsa sechaba seo ka ho khethehileng e leng sa hae, se chesehelang mesebetsi e metle.”—Tite 2:14; 2 Bakor. 5:14, 15.
2 Haeba re etsa se khahlisang mahlong a Molimo, re thabela kamano e haufi le eena ’me re fumana tlhokomelo ea hae e lerato. Petrose o ile a boela a re: “Ea ratang bophelo le ho bona matsatsi a molemo, . . . a furalle se sebe ’me a etse se molemo; a batle khotso ’me a e phehelle. Etsoe mahlo a Jehova a talimile ba lokileng, ’me o sekehela thapeli ea bona tsebe.” (1 Pet. 3:10-12) Linakong tsena tse mahlonoko, ke tlhohonolofatso e kaakang ho tseba hore Jehova oa re hlokomela ’me o lula a loketse ho re thusa, ho re “sireletsa joaloka thaka ea leihlo la hae.”—Deut. 32:10; 2 Likron. 16:9.
3 Ho sa tsotellehe liteko tseo ba neng ba tobana le tsona, Bakreste ba pele bao Petrose a ileng a ba ngolla ba ne ba e-na le cheseho e tukang e neng e ke ke ea felisoa, ’me ba ile ba phatlalatsa litaba tse molemo ka ho pharaletseng. (1 Pet. 1:6; 4:12) Ho joalo le ka batho ba Molimo kajeno. Le hoja re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ ho ananela molemo oa Jehova ho re susumelletsa ho etsa thato ea Molimo ka cheseho. (2 Tim. 3:1; Pes. 145:7) A re hlahlobeng e meng ea mesebetsi e molemo eo re tla tšoareha ka eona nakong ena ea Sehopotso.
4 Memela ba Bang Sehopotsong: Tsela e ’ngoe eo re ka bontšang ka eona hore re ananela mpho e ikhethang ea thekollo ke ho ba teng moketeng oa selemo le selemo oa sehopotso sa lefu la Jesu, o tla ba ka Laboraro la la 16 April selemong sena, ka mor’a hore letsatsi le likele. (Luka 22:19, 20) Kaha selemong se fetileng ho tlalehile liphutheho tse 94 600 lefatšeng ka bophara, re bile le palo-kakaretso ea ba bileng teng ba 15 597 746! Ho bile le batho ba 220 000 ho feta ba bileng teng selemong se ka pele ho seo.
5 Ke ba bakae ba tla ba teng selemong see? Ho tla itšetleha haholo ka hore na re etsa boiteko bo matla hakae ho khothalletsa ba bang ho bokana hammoho le rōna. Qala ka ho ngola lethathamo la bao u batlang ho ba mema. Batho ba pele lethathamong la hao e lokela ho ba litho tsa lelapa la hao. Haeba molekane oa hao a sa lumela, mo bolelle hore u lakatsa hore a tsamaee le uena. Monna e mong ea sa lumelang o ile a re o bile teng Sehopotsong selemong se fetileng kahobane o ile a bona hore ho ba teng ha hae ke habohlokoa ho mosali oa hae. Lethathamong la hao ho ka latela beng ka uena, baahelani, basebetsi-’moho kapa liithuti-’moho. Tiiseha hore u mema bao u ithutang Bibele le bona.
6 Ha u qeta ho etsa lethathamo lena, beha nako ea ho mema e mong le e mong ka seqo. Sebelisa limemo tsa Sehopotso. Ho thusa batho ho hopola sebaka le nako ea ketsahalo ena, thaepa kapa u ngole ka ho hlaka nako le sebaka sa Sehopotso botlaaseng ba sememo. Ha la 16 April le ntse le atamela, hopotsa ba lethathamong la hao, ka ho ba etela kapa ho ba letsetsa. A re thuseng ba bangata kamoo re ka khonang ho ba teng ketsahalong ena e halalelang ka ho fetisisa.
7 Thusa ba Bang Teng Sehopotsong: Kamehla Sehopotso ke ketsahalo e thabisang. Re ba le monyetla oa ho amohela batho ba sa atiseng ho ba teng libokeng tsa rōna. Etsa litokisetso tsa ho fihla nako e sa le teng u itšetlehile ka maemo a sebakeng sa lōna ’me u liehe ho tsamaea. Sebelisa monyetla oa ho tsebana le ba bacha ba leng teng. E-ba mofuthu ’me u be le moea oa ho amohela baeti.—Bar. 12:13.
8 Na ba bang ba tlileng Sehopotsong ba ka thusoa ho hatela pele haholoanyane moeeng ka thuto ea lehae ea Bibele? Leka ka matla ho fumana mabitso le liaterese tsa batho leha e le bafe ba neng ba etile bao hona joale ba sa eteloeng e le hore u ka latella thahasello ea bona. Ka thuso e lerato, ba bang ba bona ba ka ’na ba hatela pele ho ea bohōleng ba ho tšoanelehela ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang pele ho Sehopotso sa selemo se tlang. Ha u etela ba bileng teng Sehopotsong, ba memele puong e khethehileng e tla ba ka la 27 April.
9 Na U ka ba Pula-maliboho ea Thusang Selemong See? Selemo se seng le se seng cheseho ea rōna ho Jehova e re susumelletsa ho ikitlaetsa ka botlalo tšebeletsong likhoeling tsa mosebetsi o khethehileng oa puso ea Molimo. Ka March le April 2002, ba 14 186 ba ile ba kopanela bopula-malibohong bo thusang Afrika Boroa le linaheng tse tlas’a lekala la rōna. Palo ena hase tlhōrō feela empa e bontša boiteko bo kopaneng ba bahoeletsi bohle ba liphutheho ba ho bolela litaba tse molemo ka cheseho nakong ea Sehopotso.
10 Phutheho e ’ngoe ea bahoeletsi ba 107 le bo-pula-maliboho ba kamehla ba 9 e ile ea tlaleha hore e bile le “khoeli e ikhethang” selemong se fetileng ka April, ba 53 ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang, ho akarelletsa le baholo le bahlanka ba sebeletsang. Baholo ba ile ba khothalletsa cheseho joang bakeng sa bopula-maliboho bo thusang khoeling eo? Ba ile ba qala nako e sa le teng ho khothalletsa ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng hore ba ngolise. Ho ile ha tšoaroa liboka tsa tšebeletso ea tšimo ka linako tse sa tšoaneng motšehare ho lumellana le maemo a bohle ka phuthehong. Ho ile ha lebisoa tlhokomelo e khethehileng ho pakeng ka thelefono, haholo-holo bakeng sa ba kulang.
11 Morali e mong oabo rōna ea lilemo li 86, ea sa khoneng ho tsamaea ka lebaka la mathata a bophelo, o ile a ngolisetsa bopula-maliboho bo thusang. O ne a qala esale hoseng, a paka ka thelefono ka lihora tse seng kae a lutse tafoleng ka kichineng, a phomola ka lihora tse seng kae, ebe oa khutla u tlil’o paka hape ka thelefono. E mong oa batho bao a ileng a buisana le bona o ne a hlokahalletsoe ke monna le bara ba babeli ba lilemong tsa bocha ’me a sa utloisise hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella lintho tse bohloko hakaalo hore li etsahale. Ho ile ha fanoa ka bopaki bo botle, ’me ha qalisoa thuto ea Bibele. Ho paka ka thelefono mantsiboea le linakong tse ling ke mokhoa o atlehang oa ho buisana le batho ba lulang mehahong kapa libakeng tseo ho leng thata ho kena ho tsona. Ho boetse ho nolofalletsa bahoeletsi ho buisana le batho ba leng sieo lapeng motšehare.
12 Baholo ba ile ba phetha tlaleho ea bona ka ho re: “Ho bile monate haholo ’me re ananela litokelo le litlhohonolofatso tseo Jehova a entseng hore e mong le e mong oa rōna a li thabele.” Ha phutheho ea lōna e ka lokisetsa hantle le eona e ka thabela litlhohonolofatso tse tšoanang.
13 Loanelang Hore Bohle ba Kopanele Tšebeletsong: Lerato la rōna ho Molimo le moahelani le re susumelletsa ho reka nako ea ho bolella ba bang litaba tse molemo khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. (Mat. 22:37-39) Balebeli ba Thuto ea Buka ea Phutheho le bathusi ba bona ba lokela ho leka ka matla ho thusa ba leng sehlopheng sa bona hore ba kopanele tšebeletsong khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Tsela e molemo ea ho etsa sena ke ho lokisetsa esale pele ho ea tšebeletsong le batho ba itseng sehlopheng. Qalella nako e sa le teng ho e-na le ho emela ho etsa sena ha khoeli e fela. Sena se tla u fa menyetla e eketsehileng ea ho fana ka thuso e lerato.
14 Na sehlopheng sa hao sa thuto ea buka ho na le bahoeletsi ba kulang ba thatafalloang ho kopanela tšebeletsong? Haeba ba bang ba lula mahaeng a tlhokomelo kapa ba sa khone ho ea kae kapa kae, hoa utloahala hore ba tla ba le menyetla e fokolang ea hore ba pake. Empa ka ho sebelisa menyetla ea bona e fokolang ho khantša leseli la bona, ba ka susumelletsa ba bonang mesebetsi ea bona e metle hore ba be le thahasello ea sebele ’neteng. (Mat. 5:16) Balebeli ba thuto ea buka ba lokela ho tiiseha hore ba joalo baa tseba hore ba ka tlaleha tšebeletso ea tšimo ka likarolo tsa metsotso e 15. Bahoeletsi bana ba tšepahalang ba khothatsoa ke hore ba khona ho tlaleha nako eo ba e sebelitseng bopaking, ’me sena sea ba khotsofatsa le ho ba thabisa. Sena se boetse se tiisa hore tlaleho ea lefatše ka bophara ea tšebeletso ea batho ba Molimo e nepahetse.
15 Bacha ba Tšoarehileng ka ho Etsa se Molemo! Ho khatholla hakaakang ho bona bacha ba Bakreste ba sebelisa matla a bona tšebeletsong ea Jehova! (Liprov. 20:29) Haeba u mocha, u ka bontša joang hore u chesehela Jehova likhoeling tsee tse khethehileng tsa tšebeletso?
16 Haeba ha u e-s’o be mohoeletsi ea sa kolobetsoang ka phuthehong, na u ka hahamalla tokelo eo? Ipotse lipotso tse latelang: ‘Na ke na le tsebo ea motheo ea ’nete ea Bibele? Na ke batla ho kopanela tšebeletsong ea ’Muso? Na boitšoaro ba ka bo beha mohlala? Na ke khona ho hlalosa tumelo ea ka ka ho bolella ba bang litaba tse molemo? Na ke etsa see ka pelo eohle?’ Haeba u ka araba lipotso tseo ka e, joale bolella batsoali ba hao hore u lakatsa ho ba mohoeletsi. Batsoali ba hao ba ka atamela e mong oa baholo ba komiting ea tšebeletso.
17 Haeba u se u le mohoeletsi oa litaba tse molemo, na u ka sebelisa nako ea phomolo sekolong hore u kopanele tšebeletsong haholoanyane? Ka ho ba le kemiso e ntle le ka thuso ea batsoali le ba bang, bacha ba bangata ba kolobelitsoeng ba ’nile ba khona ho ba bo-pula-maliboho ba thusang. Haeba u sa khone ho etsa seo, joale ikemisetse ho kopanela tšebeletsong ea tšimo haholoanyane. Ipehele pakane. Ho phaella pakaneng ea lihora, ipehele pakane e ’ngoe e amanang le boleng ba tšebeletso ea hao. Mohlomong u ka leka ho bala lengolo ntlong e ’ngoe le e ’ngoe, ho ntlafatsa boleng ba maeto a ho boela, ho qalisa thuto ea Bibele kapa ho atolosa tšebeletso ea hao hore e akarelletse ho paka ka thelefono kapa mofuta o mong oa tšebeletso. Ho thoe’ng ka pakane ea ho mema moahelani, seithuti-’moho kapa mong ka uena hore a ee le uena Sehopotsong selemong see? Ho kopanela ka botlalo mesebetsing ea puso ea Molimo e tla ba ho putsang ’me ho tla khothatsa ba bang ka phuthehong.—1 Bathes. 5:11.
18 Thusa ba Bacha ho Hatela Pele: Selemong se fetileng sa tšebeletso, ka karolelano ho khanniloe lithuto tsa lehae tsa Bibele tse ka bang 90 000 khoeli ka ’ngoe Afrika Boroa, Botswana, Lesotho, Namibia, St. Helena le Swaziland. Ka mor’a nako, bongata ba liithuti tsena bo tla hatela pele ho fihlela bo inehetse le ho kolobetsoa. Leha ho le joalo, pele li finyella pakane eo, ho hlokahala hore re li thuse ho tšoanelehela ho ba bahoeletsi ba litaba tse molemo. Bona ke bohato ba bohlokoa ba ho ruta ba bacha ho ba balateli ba Jesu Kreste. (Mat. 9:9; Luka 6:40) Na ho na le motho eo u ithutang Bibele le eena ea seng a loketse ho nka bohato boo?
19 Haeba u sa tiisehe ka khatelo-pele ea motho eo u ithutang le eena, kōpa thuso ho molebeli oa thuto ea buka kapa molebeli oa tšebeletso. Mohlomong u ka mo memela ho ba teng ha u khanna thuto. Bara bana babo rōna ba na le phihlelo e molemo e ka sebelisoang ho hlahloba khatelo-pele ea moea ea seithuti. Ba ka ’na ba e-ba le litlhahiso tse tla thusa seithuti hore se ’ne se hatele pele moeeng.
20 Haeba motho eo u ithutang le eena a bontša thahasello ea ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang ’me u ikutloa hore oa tšoaneleha, buisana le molebeli ea okamelang. O tla lokisetsa hore baholo ba babeli ba kopane le uena le motho eo u ithutang le eena ho bona hore na oa tšoaneleha, ba sebelisa boitsebiso bo leqepheng la 98-9 bukeng ea Tšebeletso ea Rōna. (Bona Molula-Qhooa, November 15, 1988, leqepheng la 17.) Haeba seithuti seo se lumelloa ho ba mohoeletsi, u lokela ho qala ho se koetlisa hang-hang. Hang ha se fana ka tlaleho ea sona ea tšebeletso ea tšimo, phutheho e tla tsebisoa hore seithuti seo ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Re tšepa hore bahoeletsi ba bacha ba likete, ba bacha lilemong le ba hōlileng, ba ka finyella bohato bona ba bohlokoa likhoeling tsena tse khethehileng tsa tšebeletso.
21 Tokisetso e Thusa ho Finyella Molemo o Moholo: Ho lokisetsa esale pele ho tla tlatsetsa katlehong ea mesebetsi ea puso ea Molimo nakong ena ea Sehopotso. (Liprov. 21:5) Ho na le lintho tse ngata tseo ho hlokahalang hore baholo ba li ele hloko.
22 Ho thusa phutheho ho finyella ho hongata tšebeletsong ea tšimo, baholo ba lokela ho etsa litokisetso tse atlehang tsa ho tšoara liboka tsa tšebeletso ea tšimo har’a beke le mafelo-beke. Molebeli oa tšebeletso o lokela ho etella pele ho etsa litokisetso tsena. Na ho ka lokisetsoa liboka tse ling hoseng, thapama kapa mantsiboea? Phutheho e lokela ho tsebisoa ka litokisetso tsena. Ho ka ba molemo ha kemiso ena e ka manehoa lematjaneng la litsebiso.
23 Baholo ba lokela ho tiisa hore litokisetso tsa Sehopotso li entsoe pele ho la 16 April. Sena se akarelletsa ho hokahanya tšebeliso ea Holo ea ’Muso le liphutheho tse ling tse e sebelisang, ho hloekisa Holo ea ’Muso, ho khetha bahlokomeli le ba tsamaisang litšoantšetso le ho fumana litšoantšetso. Phutheho e lokela ho tsebisoa nako le sebaka seo Sehopotso se tla tšoareloa ho sona le liphetoho leha e le life tse tla etsoa kemisong ea liboka bekeng eo. Ho hlokomela lintho tsena hantle ho tla etsa hore mokete ona “[o tsoele pele] ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.”—1 Bakor. 14:40.
24 Lihlooho tsa malapa li ka rata ho sebelisa karolo e ’ngoe ea thuto ea lelapa ho tšohla kamoo lelapa le ka kopanelang kateng tšebeletsong e eketsehileng nakong ea Sehopotso. Na lelapa lohle la hao e ka ba bo-pula-maliboho ba thusang? Kapa na lelapa le ka tšehetsa setho se le seng kapa tse eketsehileng hore e be bo-pula-maliboho? Haeba ho sa khonehe, ipeheleng pakane ea hore lelapa le qete nako e eketsehileng tšebeletsong. Na ka lapeng ho na le ngoana ea ka khothalletsoang le ho thusoa ho tšoanelehela ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang? Lelapa la hao le ka memela batho ba bakae Sehopotsong selemong see? Tokisetso e ntle e tla tlisetsa lelapa la hao litlhohonolofatso tse ngata le thabo.
25 Sebelisa Nako e Setseng Hamolemo: Ha moapostola Petrose a ngolla Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, o ile a ba hopotsa hore linako li potlakile kahobane bofelo ba tsamaiso ea lintho ea Sejuda bo ne bo atametse. (1 Pet. 4:7) Kajeno bopaki bohle bo bontša hore bofelo ba tsamaiso ena ea lintho ea lefatše lohle bo haufi. Letsatsi le letsatsi, tsela eo re phelang ka eona e lokela ho bontša hore re lumela seo. Re le bahlanka ba chesehang ba Jehova, re lokela ho lebisa tlhokomelo mosebetsing o potlakileng oa ho bolela litaba tse molemo.—Tite 2:13, 14.
26 Ena ke nako ea ho cheseha le ho nka bohato! Thuisa ka seo Jehova a u etselitseng sona, seo a se etselitseng lelapa la hao le seo a se etselitseng phutheho. Le hoja ho se mohla re ka buseletsang Jehova bakeng sa lintho tsohle tse molemo tseo a re etselitseng tsona, re ka mo rapela ka moea oohle. (Pes. 116:12-14) Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rōna bo tiileng. (Liprov. 10:22) Nakong ena e khethehileng ea tšebeletso e eketsehileng e se eka kaofela re ka “chesehela se molemo,” “e le hore linthong tsohle Molimo a ka tlotlisoa ka Jesu Kreste.”—1 Pet. 3:13; 4:11.
[Lebokose le leqepheng la 3]
Ba Bileng Teng Sehopotsong Lefatšeng ka Bophara
1999 14 088 751
2000 14 872 086
2001 15 374 986
2002 15 597 746
[Lebokose le leqepheng la 4]
Ke Bo-mang Bao U Tla ba Memela Sehopotsong?
□ Litho tsa lelapa le beng ka uena
□ Baahelani le metsoalle
□ Basebetsi-’moho le liithuti-’moho
□ Lipoelo le bao u ithutang Bibele le bona
[Lebokose le leqepheng la 5]
Thusa ba Bang Teng Sehopotsong
□ Ba amohele ka mofuthu
□ Ba etele ka mor’a Sehopotso
□ Ithaopele ho ithuta Bibele le bona
□ Ba memele puong e khethehileng
[Lebokose le leqepheng la 6]
Lipakane Tsa Hao ke Life Nakong ea Sehopotso?
□ Tiisa hore motho eo u mo memileng o tla Sehopotsong
□ Etsa hore u tšoanelehe u le mohoeletsi oa litaba tse molemo
□ Qeta lihora tse itseng tšebeletsong
□ Ntlafatsa tšobotsing e itseng ea tšebeletso
□ E-ba pula-maliboho ea thusang