Karolo 3—Rua Molemo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ka 1996
1 Moapostola Pauluse o ne a batla hore barab’abo ba mo rapelle hore a fuoe bokhoni ba ho bua litaba tse molemo ka sebete. (Baef. 6:18-20) Le rōna re lakatsa ho hlaolela bokhoni bo tšoanang. E le hore re ka finyella bokhoni boo, re ananela thuso e fanoang ke Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, moo ba bang teng libokeng ba tšoanelehang ba khothaletsoang ho ngolisa.
2 Joaloka liithuti, re fumana keletso ea botho e re thusang ho ntlafatsa bokhoni ba rōna ba ho bua le ba ho ruta. (Liprov. 9:9) Re ka boela ra rua molemo ka ho mamela keletso eo liithuti tse ling li e fumanang, re itšebelisetse seo re ithutang sona. Ha re lokisetsa kabelo, re lokela ho ithuta mohloli oa boitsebiso ka hloko ho etsa bonnete ba hore tlhaloso ea rōna mabapi le bona e nepahetse. Lintlha tsa sehlooho le mangolo tseo re li sebelisang li lokela ho lumellana hantle le ho hōlisoa ha sehlooho sohle. Haeba kabelo e akareletsa motho e mong, ho lokela hore ho itlhakisoe hantle nako e sa le teng pele e fanoa sekolong. Ha re ntse re hatela pele, ho lokela hore ho etsoe boiteko ba ho bua ho sebelisoa lintlha tse ngotsoeng ho e-na le puo e baloang.
3 Bohle ba nang le likabelo sekolong ba lokela ho fihla pele, ba nehe molebeli oa sekolo maqetšoana a bona a Keletso ea Puo, ’me ba lule karolong e kapele ea holo. Baralib’abo rōna ba lokela ho tsebisa molebeli oa sekolo esale pele ka kemiso ea bona le hore na ba tla ema kapa ba lule bakeng sa kabelo ea bona. Ho sebelisana hammoho ka litsela tsena ho tlatsetsa lenaneong le phollatsi ’me ho thusa bahlokomeli ba sethala ho lokisa lintho tsohle esale pele.
4 Ho Lokisetsa Kabelo ea No. 2: Morero o mong oa ’malo oa Bibele ke ho thusa seithuti ho ntlafatsa tsebo ea sona ea ho bala. See se ka finyelloa hamolemo joang? Ho bala boitsebiso ka lentsoe le phahameng ka makhetlo a mangata ke tsela e molemo ea ho finyella sena. Ho ithuta tlhaloso ea mantsoe leha e le afe a sa tloaelehang, seithuti se lokela ho a sheba bukeng e hlalosang mantsoe. Haeba se sa kholisehe ka mokhoa oa ho bitsoa ha mantsoe a itseng, se ka botsa barab’abo rōna ba tsebang puo eo hantle.
5 New World Translation ea Senyesemane e fana ka thuso mabapi le mokhoa o nepahetseng oa ho bitsoa ha mabitso le mantsoe a sa tloaelehang a fumanoang ka Bibeleng. E etsa sena ka ho arola mantsoe ana ka linōkō le ho fana ka matšoao a hatisang molumo. (Bona “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo,” maqepheng a 325-6, lirapeng tsa 27-8.) E le molao, senōkō se tlang pele ho letšoao la ho hatisa molumo ke sona se hatelloang haholo. Haeba senōkō se nang le letšoao la ho hatisa molumo se qetella ka seluma-nosi, molumo oa ho bitsoa ha seluma-nosi o tla ba molelele. Haeba senōkō se qetella ka seluma-’moho, seluma-nosi senōkōng seo se sekhutšoane. (Bapisa Saʹlu le Salʹlu.) Barab’abo rōna ba bang ba mamela lik’hasete tsa Mokhatlo bakeng sa ho lokisetsa likabelo tsa bona tsa ’malo oa Bibele.
6 Batsoali ba ka thusa bana ba bona ba banyenyane ho lokisetsa kabelo ea ’malo. Sena se akareletsa ho mamela ha ngoana a ntse a itlhakisa le ho mo fa litlhahiso tse mo thusang hore a ntlafatse. Nako e fanoeng e lumella kenyelletso e khutšoaane le sephetho se loketseng se bontšang tšebeliso ea lintlha tsa sehlooho. Ka hona, seithuti se hōlisa bokhoni ba sona ba ho bua se sa talima kemiso e ngotsoeng.
7 Ka thapeli mopesaleme o ile a kōpa: “Morena, ahlamisa melomo ea ka, ’me molomo oa ka o tla tumisa lithoko tsa hao.” (Pes. 51:15) E se eka ho kopanela ha rōna Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ho ka re thusa ho khotsofatsa takatso e tšoanang.