Lithuto Mangolong a Bululetsoeng le Boitsebiso bo Thusang ho a Utloisisa
Thuto ea 7—Bibele Mehleng ea Kajeno
Histori ea mekhatlo ea Bibele; mosebetsi oa Mokhatlo oa Watch Tower ho hatiseng le ho phatlalatseng Libibele; ho phatlalatsoa ha New World Translation.
1. (a) Melaetsa ea bomolimo e ile ea fanoa ka merero efe, hona ke hobane’ng ha e meng ka lebaka leo e sa ka ea ngoloa? (b) Ke litaelo life tse tobileng tseo Jehova a ileng a li neha baprofeta ba bangata, hona e le ka molemo ofe bakeng sa rōna “mehleng ea morao”?
MANGOLO a Halalelang, libuka tse 66 tse bululetsoeng tseo kajeno re li tsebang e le Bibele, a na le “lentsoe la Jehova” le ngotsoeng. (Esa. 66:5) Ka makholo-kholo a lilemo “lentsoe” lena le ile la phalla ka bolokolohi ho tsoa ho Jehova ho ea ho baprofeta le bahlanka ba hae ba lefatšeng. Melaetsa ena ea bomolimo e ile ea finyella morero oa eona o potlakileng ’me hape ea fana ka mahlaseli a matla a liketsahalo tse itseng tseo nakong eo li neng li tla etsahala khale nakong e tlang. Hase ka mehla baprofeta ba Molimo ba neng ba hlokoa hore ba ngole “lentsoe la Jehova” leo ba neng ba le bolelloa. Ka mohlala, lipolelo tse ling tsa Elia le Elisha tse ileng tsa etsetsoa moloko oa mehleng ea bona ha lia bolokoa ka ho ngoloa. Ka lehlakoreng le leng, baprofeta Moshe, Esaia, Jeremia, Habakuke, le ba bang ba ile ba amohela litaelo tse tobileng tsa hore “lentsoe la Jehova” leo ba neng ba le senoleloa ba le ‘ngole’ ‘bukeng kapa moqolong.’ (Ex. 17:14; Esa. 30:8; Jer. 30:2; Hab. 2:2; Tšen. 1:11b) “Litaba tse boletsoeng pele ke baprofeta ba halalelang,” hammoho le mangolo a mang a halalelang, li ile tsa bolokeha ka tsela eo, ho tsosa matla a ho nahana a hlakileng a bahlanka ba Jehova ’me haholo-holo ho fana ka tataiso mabapi le ‘mehla ea morao.’—2 Pet. 3:1-3.
2. Ke linako life tsa histori tse ’nileng tsa hlokomeleha ka mosebetsi o eketsehileng oa ho kopitsa le ho fetolela Bibele?
2 Ho kopitsoa ho hongata ha Mangolo a Seheberu a bululetsoeng ho ile ha etsoa ho tloha mehleng ea Esdrase ho ea pele. Ho tloha qalong ea lekholo la bobeli la lilemo la Mehla e Tloaelehileng, Bibele e ’nile ea kopitsoa hangata ke Bakreste ba pele le ho sebelisoa bopaking bo amanang le merero ea Jehova mabapi le Kreste oa Hae lefatšeng lohle le neng le tsejoa la mehleng eo. Ha khatiso e etsoang ka mechine e ata (ho tloha lekholong la bo15 la lilemo ho ea pele), matla a ho atisa le ho aba Bibele a ile a eketsoa. Ho fetolela le ho hatisa ho hongata ho ile ha etsoa ke lihlopha tse ikemetseng lekholong la bo16 le la bo17 a lilemo. Esale qalong ka 1800, Bibele kaofela kapa karolo feela ea eona e ne e le teng ka lipuo tse 71.
MEKHATLO EA BIBELE
3. Ke ntlha efe e tlatselitseng haholo kabong ea Bibele ho tloha qalong ea lekholo la bo19 la lilemo?
3 Mosebetsi ona o ile oa matlafala haholo lekholong la bo19 le la bo20 a lilemo, ha mekhatlo e sa tsoa theoa ea Bibele e qala ho kenya letsoho mosebetsing o moholo oa ho aba Bibele. O mong oa pele mekhatlong ena ea Bibele e bile British and Foreign Bible Society, o ileng oa hlophisoa London ka 1804. Ho hlophisoa ha mokhatlo ona oa Bibele ho ile ha tsosa thahasello ea hore ho theoe mekhatlo e meng e mengata haholo e joalo.a
4. (a) Ke lipalo life tse pakang hore lentsoe la bophelo ka sebele le aparetse lefatše? (b) Ke boitsebiso bofe ba bohlokoa bo fanoeng chateng e leqepheng la 322 ka liphetolelo tse sa tšoaneng tsa Bibele tse thathamisitsoeng? Bontša sena ka phetolelo e ’ngoe e tobileng.
4 Ka mekhatlo e mengata hakaalo ea Bibele e sebetsa, mosebetsi oa ho jala Bibele o ile oa atleha. Ka selemo sa 1900, Bibele kaofela kapa karolo feela ea eona e ne e se e le teng ka lipuo tse 567, ’me ka 1928, ka lipuo tse 856. Ka 1938 pakane ea tse sekete e ne e tlōtsoe, ’me hona joale Bibele e fumaneha ka lipuo tse fetang 1 900. Lentsoe la bophelo le hlabollang la Jehova le aparetse lefatše! Kahoo, hoa khoneha hore batho ba lichaba tsohle ba arabele pitso: “Lōna lichaba tsohle, bokang Morena; mo roriseng, lōna batho bohle.” (Ba-Roma 15:11) Chate e leqepheng la 322, “Tse Ling tsa Liphetolelo tsa Bibele tsa Sehlooho ka Lipuo tse Khōlō tse Supileng,” e fana ka boitsebiso bo eketsehileng ka ho saballa ha Bibele mehleng ea kajeno.
5. Ke eng seo e leng sa bohlokoa haholoanyane ho feta ho aba Bibele, empa Lipaki tsa Jehova li leboha eng?
5 Le hoja ho abela matšoele a lefatše Bibele e le mosebetsi o babatsehang, ho sebelisa Libibele tsena hore batho ba fumane kutloisiso ea Bibele ke mosebetsi oa bohlokoa ho feta. Mehleng ea Sejode le ea Bokreste ba pele, ha ho ne ho e-na le Libibele tse fokolang, e ne e le habohlokoa ho fana ka ‘kutloisiso’ ea lentsoe, ’me e sa ntsane e le ntho ea bohlokoahali. (Matt. 13:23; Neh. 8:8) Leha ho le joalo, mosebetsi ona oa ho ruta Lentsoe la Molimo ho batho ba lefatše lohle o potlakisitsoe ke ho abjoa ha Bibele lefatšeng lohle. Ha Lipaki tsa Jehova li hatela pele kajeno ka mosebetsi oa tsona o akaretsang lefatše oa ho ruta Bibele, li leboha hore hajoale Libibele tse limillione lia fumaneha linaheng tse ngata ’me e le ka lipuo tse ngata.
LIPAKI TSA JEHOVA E LE BAPHATLALATSI BA BIBELE
6. Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa khetholloa ka mosebetsi ofe kajeno haesita le linakong tsa boholo-holo?
6 Lipaki tsa Jehova ke batho ba phatlalatsang Bibele. Ho bile joalo mehleng ea Esdrase. Ho bile joalo mehleng ea barutuoa ba pele ba Jesu Kreste, ba ileng ba tlatsa lefatše la boholo-holo ka likopi tsa bona tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele hoo lefa le lengata leo re le fumaneng la libuka tsa bona tse ngotsoeng ka letsoho le fetang la lingoliloeng leha e le life tsa boholo-holo. Joale, mehleng ena ea morao, Lipaki tsa Jehova li khetholloa ka mosebetsi o tšoanang o sehlahlo oa ho phatlalatsa Bibele.
7. Lipaki tsa Jehova li ile tsa thea mokhatlo ofe oa molao? neng? ’me li ile tsa qala ho hōlisa tšebeletso ea tsona joang ka nako eo?
7 Ka 1884 Lipaki tsa Jehova li ile tsa thea mokhatlo oa molao bakeng sa ho ntšetsa pele mosebetsi oa tsona oa ho phatlalatsa Bibele, mokhatlo ona oa molao hona joale o tsejoa e le Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania. Qalong Libibele li ne li rekoa ho mekhatlo e meng ea Bibele bakeng sa hore Lipaki tsena li li abe hape le hoja ka nako eo e ne e le hona li hōlisang tšebeletso ea tsona e li khethollang ea ntlo le ntlo. King James Version ea 1611 ea Senyesemane e ile ea sebelisoa e le phetolelo ea tsona ea motheo bakeng sa ho ithuta Bibele.
8. (a) Watch Tower Bible and Tract Society e ile ea etsa joang ho netefatsa lebitso la eona? (b) Mokhatlo o sebelisitse liphetolelo tse ngata tsa Bibele joang, hona ka phello efe?
8 Ho netefatsa se boleloang ke lebitso la eona, Watch Tower Bible and Tract Society e kene kabong ea Libibele, hammoho le ho phatlalatsa libuka, lipampitšana, le lingoloa tse ling tsa Bokreste. Sena se entsoe ka morero oa ho ruta lithuto tse nepahetseng tsa Lentsoe la Molimo. Thuto ea oona ea Bibele e thusitse ba ratang ho loka hore ba lokolohe neanong ea bolumeli ba bohata le filosofi ea lefatše le hore ba khutlele tokolohong ea ’nete e fumanoang ka Bibeleng joalokaha e senotsoe ka Jesu le liboholi tse ling tse inehetseng tsa Jehova. (Joh. 8:31, 32) Ho tloha nakong eo ka eona makasine oa Molula-Qhooa (ka Senyesemane) o ileng oa qala ho phatlalatsoa ka 1879, likhatiso tsa Mokhatlo oa Watch Tower li ’nile tsa qotsa, tsa bolela, le ho supa liphetolelong tse ngata haholo tse sa tšoaneng tsa Bibele. Kahoo, Mokhatlo o hlokometse bohlokoa ba tsona kaofela ’me o sebelisitse molemo o ho tsona tsohle e le oa bohlokoa ho hlakiseng pherekano ea bolumeli le ho phatlalatsa molaetsa oa Molimo.
9. Mokhatlo o ile oa kena joang mosebetsing oa phatlalatso ea Bibele?
9 Libibele tsa Rotherham le Holman. Ka 1896 Lipaki tsa Jehova, li sebelisa Mokhatlo oa Watch Tower, li ile tsa kena ka ho toba mosebetsing ona e le baphatlalatsi le baabi ba Bibele. Ka selemo seo ho ile ha fumanoa litokelo tsa ho hatisa ho mofetoleli oa Bibele oa Lenyesemane Joseph B. Rotherham hore ho phatlalatsoe khatiso e ntlafalitsoeng ea leshome le metso e ’meli ea New Testament ea hae United States. Leqepheng la sehlooho la likopi tsena tse hatisitsoeng, ho ne ho hlaha lebitso Watch Tower Bible and Tract Society, Allegheny, Pennsylvania, moo ntlo-khōlō ea Mokhatlo e neng e le teng ka nako eo. Ka 1901 ho ile ha etsoa litokisetso tsa khatiso e khethehileng ea Holman Linear Bible, e nang le litlhaloso ka thōko ho leqephe tse tsoang likhatisong tsa Mokhatlo tsa 1895 ho ea ho 1901. Taba e ngotsoeng ea Bibele ka boeona e ne e ngotse se ho King James Version le Revised Version tsa Mangolo a Seheberu le a Segerike. Khatiso eo eohle ea likopi tse 5 000 e ne e abiloe ka selemo sa 1903.
10. Ke phetolelo efe ea Mangolo a Segerike eo Mokhatlo o ileng oa fetoha baphatlalatsi ba eona ka 1902?
10 The Emphatic Diaglott. Ka 1902 Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa ba le tokelo ea hore e be oona feela o hatisang, o phatlalatsang, le ho aba The Emphatic Diaglott. Phetolelo ena ea Mangolo a Segerike a Bokreste e ne e hlophisitsoe ke mofetoleli oa Bibele oa Lenyesemane, Benjamin Wilson, oa Geneva, Illinois. E ile ea phethoa ka 1864. E ne e sebelisitse taba e ngotsoeng ka Segerike ea J. J. Griesbach, ka phetolelo ea Senyesemane ea lentsoe ka lentsoe ’me ka letsohong le letona e e-na le phetolelo ea Wilson ka boeena moo a sebelisitseng matšoao a khethehileng a hae a ho hatisa taba.
11. Ke neng ha Mokhatlo o phatlalatsa “Bible Students Edition,” ’me e ne e e-na le eng?
11 Bible Students Edition. Ka 1907 Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa hatisa Bibele ea “Bible Students Edition.” Moqolo ona o ne o e-na le phetolelo e hlakileng ea Bibele ea King James Version ’me o akarelletsa litlhaloso tse ntle haholo ka thōko ho leqephe, hammoho le sehlomathiso sa bohlokoa se lokiselitsoeng ke Lipaki tsa Jehova. Sehlomathiso sena, seo hamorao se ileng sa hōlisoa hore se be maqephe a fetang 550, se ne se bitsoa “Berean Bible Teachers Manual” ’me hamorao se ile sa hatisoa e le bukana e ka thōko. Se ne se e-na le litlhaloso tse khutšoanyane tsa litemana tse ngata tsa Bibele, ka litšupiso ho Molula-Qhooa le libukeng tsa ho ithuta tsa Mokhatlo, le polelo e khutšoaane ea lihlooho tsa thuto tse nang le litemana tse ka sehloohong ho thusa ha li buelloa ho ba bang. E ne e tšoana ka sebopeho le khatiso ea Mokhatlo e ileng ea latela hamorao, “Make Sure of All Things.” E ne e akarelletsa hape index ea lihlooho tsa puisano, litlhaloso tsa litemana tse thata, lethathamo la lirapa tse kentsoeng ka bolotsana, index ea Mangolo, tatelano ea liketsahalo e bapisang, le limmapa tse 12. Bibele ena e ntle e ile ea sebeletsa Lipaki tsa Jehova ka mashome a lilemo mosebetsing oa tsona oa ho bolela phatlalatsa.
MOKHATLO OA KHATISO EA BIBELE
12. Ke neng ha Mokhatlo o qala ho kena lefapheng la ho hatisa Bibele?
12 Ka lilemo tse 30 Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa sebelisa lifeme tseo eseng tsa oona ho hatisa Libibele tsa oona. Leha ho le joalo, ka Tšitoe 1926, The Emphatic Diaglott e bile phetolelo ea pele ea Bibele e ileng ea hatisoa mechineng e hatisang ea Mokhatlo Brooklyn, New York. Ho hatisoa ha phetolelo ena ea Mangolo a Segerike a Bokreste ho ile ha tsosa tšepo ea hore ka letsatsi le leng ho ne ho tla hatisoa Bibele e felletseng likhatisong tsa Mokhatlo.
13. (a) Bibele ea pele e felletseng e ileng ea hatisoa ke Mokhatlo ke efe, ’me e ile ea lokolloa neng? (b) E ne e e-na le lithuso life?
13 King James Version. Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea hatisa bohlokoa ba ho ikemela khatisong ea Bibele. Ha khohlano ea lefatše e ne e le tlhōrōng ea eona, Mokhatlo o ile oa atleha ho reka lipleiti tse felletseng tsa Bibele ea King James Version. E ne e le ka la 18 Loetse, 1942, Kopanong ea Lefatše le Lecha ea Puso ea Molimo ea Lipaki tsa Jehova, motse-moholo oa kopano e le Cleveland, Ohio, moo mookameli oa Mokhatlo a ileng a bua ka taba, “Ho Nehelana ka ‘Lerumo la Moea.’” Tlhōrō ea puo ena e bile hore a lokolle Bibele ena ea pele e felletseng e hatisitsoeng fekthering ea Mokhatlo oa Watch Tower e Brooklyn. Sehlomathisong sa eona ho ne ho lokiselitsoe lethathamo la mabitso le seo a se bolelang, “Tlhahlamano ea Mantsoe a Sehlooho a Bibele le Lipolelo” e entsoeng ka ho khetheha le lithuso tse ling. Ho ne ho lokiselitsoe sehlooho se hlahang ka holimo leqepheng le leng le le leng. Ka mohlala, sehlooho “kano e entsoeng ka tieo ea Jafeta” se ile sa nka sebaka sa se tloaelehileng sa “kano ea Jafeta e entsoeng ka lepotla-potla” ho Baahloli 11, ’me sehlooho “Bophelo ba pele e e-ba motho oa nama le ho tsoaloa e le motho oa nama ha Lentsoe la Molimo” se ne se hlaha ho Johanne khaolo 1.
14. Ke phetolelo efe e ntlafalitsoeng ea Bibele e ileng ea hatisoa ke Mokhatlo ka 1944, hona ke litšobotsi life tseo Bibele ee e nang le tsona?
14 The American Standard Version. Phetolelo e ’ngoe ea bohlokoa ea Bibele ke American Standard Version ea 1901. E na le tšobotsi e babatsehang ka ho fetisisa ea ho ngola lebitso la Molimo e le “Jehova” ka makhetlo a ka bang 7 000 ka Mangolong a Seheberu. Ka morao ho lipuisano tse telele, ka 1944 Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa khona ho reka tokelo ea ho sebelisa lipleiti tse felletseng tsa Bibele ea American Standard Version bakeng sa ho e hatisa mechineng ea oona e hatisang. Ka la 10 Phato, 1944, Buffalo, New York, motse-moholo oa likopano tsa Lipaki tsa Jehova tse 17 tse neng li tšoeroe ka nako e tšoanang ’me li hokahantsoe ka mehala ea thelefono e lefelletsoeng ka ho khetheha, mookameli oa Mokhatlo o ile a thabisa bamameli ba hae ba bangata ka ho lokolla khatiso ea Watch Tower ea American Standard Version. Sehlomathiso se akarelletsa “Concordance of Bible Words, Names, and Expressions” e atolositsoeng e thusang ka ho fetisisa. Khatiso e fellang ka pokothong ea Bibele eona eo e ile ea phatlalatsoa ka 1958.
15. Ke phetolelo efe e ileng ea phatlalatsoa ke Mokhatlo ka 1972?
15 The Bible in Living English. Ka 1972 Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa hlahisa The Bible in Living English, ea mofu Steven T. Byington. E ngola lebitso la Molimo e le “Jehova” ka mokhoa o sa fetoheng.
16. Kahoo Lipaki tsa Jehova li kene mosebetsing ofe o habeli?
16 Kahoo, hase feela hore Lipaki tsa Jehova li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso o hlomiloeng oa Molimo linaheng tse fetang 200 le lihleke-hleke lefatšeng lohle empa hape li fetohile bahatisi le baphatlalatsi ba baholo ba Buka ea bohlokoahali e nang le molaetsa oa ’Muso, Mangolo a Halalelang a bululetsoeng ke Jehova Molimo.
NEW WORLD TRANSLATION OF THE HOLY SCRIPTURES
17. (a) Ke joang liphetolelo tse ngata tsa Bibele li bileng molemo, empa li na le liphoso life? (b) Ho tloha ka 1946, mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower o ne a ’nile a batla eng?
17 Lipaki tsa Jehova lia lumela hore li tšoanela ho leboha liphetolelo tsohle tse ngata tsa Bibele tseo li ’nileng tsa li sebelisa ho ithuta ’nete ea Lentsoe la Molimo. Leha ho le joalo, liphetolelo tsena tsohle, haesita le tsa morao-rao tjena, li na le liphoso tsa tsona. Ho na le moo mantsoe a fetoletsoeng ka mokhoa o sa tšoaneng kapa o sa khotsofatseng, a silafalitsoe ka lineano tsa lihlopha tsa bokhelohi kapa ka lifilosofi tsa lefatše ’me ka hona a se tumellanong e felletseng le linnete tse halalelang tseo Jehova a entseng hore li tlalehoe ka Lentsoeng la hae. Haholo-holo ho tloha ka 1946, mookameli oa Watch Tower Bible and Tract Society o ne a ntse a batla phetolelo e tšepahalang ea Mangolo ho tsoa lipuong tsa pele—phetolelo e neng e tla utloahala ho babali ba kajeno joalokaha Mangolo a pele a ne a utloahala ho batho ba bohlale, ba sa rutehang ba mehleng ea ho ngoloa ha Bibele.
18. Ho tlile joang hore Mokhatlo o fetohe baphatlalatsi le bahatisi ba New World Translation?
18 Ka la 3 Loetse, 1949, ntlo-khōlō ea Brooklyn ea Mokhatlo, mookameli o ile a phatlalletsa Lekhotla la Batsamaisi ka ho ba teng ha Komiti ea New World Bible Translation le hore e qetile phetolelo ea kajeno ea Mangolo a Segerike a Bokreste. Ho ile ha baloa tokomane ea komiti, eo ka eona komiti e neng e nehelana ho Mokhatlo ka poloko, taolo, le khatiso ea maqephe a thaepuoeng ao e fetoletseng ho ’ona, kaha e ne e bona mosebetsi o pharalletseng oa Mokhatlo oa ho ntšetsa pele thuto ea Bibele lefatšeng lohle. Likarolo tse ling tsa maqephe ana a thaepuoeng le tsona li ile tsa baloa, e le mehlala ea hore na phetolelo ena ke ea mofuta ofe le ea boleng bofe. Batsamaisi ba bile ntsoe-leng ha ba amohela phetolelo ena e neng e fanoa e le mpho, ’me ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore e hatisoe hang-hang. Khatiso e ile ea qala ka la 29 Loetse, 1949, ’me mathoasong a lehlabula ka 1950, likopi tse mashome a likete li ne li tlanngoe e le libuka.
19. (a) New World Translation e hlahile joang ka likarolo tsa eona? (b) Ho ne ho entsoe boiteko bofe ha ho lokisetsoa meqolo ee?
19 Ho Lokolla New World Translation ka Likarolo tsa Eona. E ne e le ka Laboraro, la 2 Phato, 1950, ka letsatsi la bone la kopano ea tsona ea machaba Yankee Stadium, New York, moo bamameli ba neng ba sa lebella ho hang ba 82 075 ba Lipaki tsa Jehova ba ileng ba amohela ka lipelo tsa bona tsohle ho lokolloa ha New World Translation of the Christian Greek Scriptures. Komiti e khothalitsoe ke kamohelo eo e mofuthu ea pele, hammoho le litlhaloso tse ileng tsa etsoa hamorao tsa kananelo bakeng sa melemo ea phetolelo ena, e ile ea kena mosebetsing o moholo oa ho fetolela Mangolo a Seheberu. Ana a ile a hlaha ka meqolo e meng e mehlano, e ileng ea lokolloa ka ho latellana ho tloha ka 1953 ho ea ho 1960. Sete ea meqolo e tšeletseng ea e-ba pokello ea Bibele eohle ea Senyesemane sa kajeno. Moqolo ka mong o ne o boetse o e-na le lithuso tsa bohlokoa tsa ho ithuta Bibele. Ka tsela eo ho ile ha etsoa hore liithuti tsa Bibele tsa kajeno li fumane letlotlo le leholo la boitsebiso ba Mangolo. Ho ne ho entsoe boiteko bo masene hore ho nkoe litaba mohloling o mong le o mong o tšepahalang oa boitsebiso ba taba e ngotsoeng e le hore New World Translation e ka hlalosa ka ho hlaka le ka ho nepahetseng molaetsa o matla oa Mangolo a pele a bululetsoeng.
20. Ke lithuso life tsa bohlokoa tseo khatiso ea pele ea New World Translation e neng e e-na le tsona (a) litabeng tse ngotsoeng botlaaseng ba leqephe, (b) litšupisong tsa ka thōko ho leqephe, le (c) lilelekeleng le lihlomathisong?
20 Har’a lithuso tsa ho ithuta Bibele tse teng khatisong ea pele ea likarolo tse tšeletseng ea New World Translation ke pokello ea bohlokoa ea litaba tse ngotsoeng botlaaseng ba leqephe, e fanang ka pale ea hore na ke hobane’ng ha phetolelo e le joalo. Litlhalosong tsena ho fanoe ka mabaka a matla a emelang Mangolo. Hape ho ile ha akarelletsoa mokhoa oa letoto la litšupiso. Matoto ana a mantsoe a bohlokoa thutong a ile a lokisetsoa ho tobisa seithuti letotong la litemana tsa bohlokoa tse buang ka litaba tsena. Ka thōko ho maqephe ho ne ho e-na le litšupiso tse ngata tse lebisang litemaneng tse ling. Tsena li ne li lebisa ’mali ho (a) mantsoe a tšoanang, (b) likhopolo, maikutlo, le liketsahalo tse tšoanang, (c) boitsebiso bo fanang ka histori ea bophelo ba batho, (d) boitsebiso bo amang libōpeho tsa libaka, (e) phethahatso ea boprofeta, le (f) mantsoe a tobileng a sebui ka Bibeleng kapa ao se a qotsitseng likarolong tse ling tsa eona. Meqolong ena hape e ne e le lilelekela, lipapiso tsa libuka tse ling tse ngotsoeng ka letsoho, lihlomathiso tse thusang le li-index, le limmapa tsa bohlokoa tsa linaha le libaka tsa Bibele. Khatiso ena ea pele ea New World Translation e ile ea lokisetsa mohloli oa bohlokoa oa se neng se hlokoa bakeng sa hore Lipaki tsa Jehova li be le thuto ea botho ea Bibele e molemo le bakeng sa hore li rute hamolemo batho ba lipelo li tšepehang. Khatiso e khethehileng ea ho ithuta, e phatlalalitsoeng e le moqolo o le mong eo ho eona ho ileng ha hatisoa likopi tse 150 000, e ile ea lokolloa hamorao ka la 30 Phuptjane, 1963, Kopanong ea Lipaki tsa Jehova ea “Litaba tse Molemo tsa ka ho sa Feleng,” ea pele e neng e le Milwaukee, Wisconsin, U.S.A.
21. (a) Maemo ao New World Translation e lokisitsoeng e ileng ea lokolloa tlas’a ’ona e ne e le afe? (b) Litšobotsi tse ling tsa eona e ne e le life?
21 Khatiso ea Moqolo o le Mong o Lokisitsoeng. Lehlabula ka 1961, letotong la likopano tsa Lipaki tsa Jehova tse neng li tšoaretsoe United States le Europe, ho ile ha lokolloa khatiso e lokisitsoeng e felletseng moqolong o le mong o tšoarehang habonolo ea New World Translation of the Holy Scriptures hore e abjoe. E ile ea amoheloa ka thabo ke ba makholo a likete ba neng ba le teng likopanong tsena. Ka hare ho sekoahelo se setala, e ne e e-na le maqephe a 1 472 ’me e e-na le tlhahlamano ea mantsoe a sehlooho, sehlomathiso sa lihlooho tsa Bibele, le limmapa.
22, 23. Ke likhatiso life tse ling tse ’nileng tsa lokolloa, ’me tse ling tsa litšobotsi tsa tsona ke life?
22 Likhatiso tse Eketsehileng. Ka 1969 The Kingdom Interlinear Translation of the Greek Scriptures e ile ea lokolloa, ’me khatiso ea eona ea bobeli e ile ea lokolloa ka 1985. Moqolo ona ke phetolelo ea lentsoe ka lentsoe ea Senyesemane ea taba e ngotsoeng ka Segerike e hlophisitsoeng ke Westcott le Hort hammoho le phetolelo ea Senyesemane sa kajeno ea khatiso ea 1984 ea New World Translation. Kahoo e tekela seithuti sa Bibele se nkang litaba ka botebo seo Segerike sa pele se hlileng se se bolelang.
23 Phetolelo ea bobeli e lokisitsoeng ea New World Translation e ile ea lokolloa ka 1970, ’me phetolelo e lokisitsoeng ea boraro e nang le litaba tse ngotsoeng botlaaseng ba leqephe ea e latela ka 1971. Likopanong tsa Setereke tsa Lipaki tsa Jehova tsa “Keketseho ea ’Muso,” tse neng li tšoeroe ka 1984, phetolelo e lokisitsoeng e nang le litšupiso e ile ea lokolloa ka Senyesemane. E akarelletsa tokiso e felletseng le phetolo ea litšupiso tse ngotsoeng bohareng ba leqephe (tse supisang tabeng e tšoanang) tse neng li ngotsoe pele ka Senyesemane ka thōko ho leqephe ho tloha ka 1950 ho ea ho 1960. E lokiselitsoe seithuti sa Bibele se nkang litaba ka botebo, e na le litšupiso tse bohareng ba leqephe tse fetang 125 000, litaba tse ngotsoeng botlaaseng ba leqephe tse fetang 11 000, tlhahlamano ea mantsoe a sehlooho e batsi, limmapa, le sehlomathiso se nang le lihlooho tse 43. Hape ka 1984, khatiso ea boholo bo tloaelehileng ea khatiso e lokisitsoeng ea 1984, e nang le litšupiso tse bohareng ba leqephe empa e se na taba e ngotsoeng botlaaseng ba leqephe, e ile ea qala ho fumaneha.
24. (a) Melemo e meng ea khatiso ea boholo bo tloaelehileng le khatiso ea litšupiso ke efe? (b) Bontša kamoo lihlooho tse ka holimo maqepheng li sebelisoang ka teng.
24 Melemo E Meng. Ho thusa ’mali hore a fumane kapele taba leha e le efe eo a e batlang, khatiso ea boholo bo tloaelehileng le ea litšupiso li na le lihlooho tse lokiselitsoeng ka hloko holimo leqepheng le leng le le leng. Lihlooho tsena li hlalosa taba e ka tlaase, ’me li lokiselitsoe ka ho khetheha ho thusa mohoeletsi oa ’Muso hore a fumane ka potlako litemana tse arabelang lipotso tseo a ka ’nang a li botsoa. Ka mohlala, e ka ’na eaba o leka ho fumana keletso e buang ka ho koetlisa bana. Ha a fihla leqepheng la 860 (khatisong ea boholo bo tloaelehileng) ho Liproverbia, o bona polelo ea ho qetela ea sehlooho, “A good name.” Kaha ena ke polelo ea ho qetela ea sehlooho, e bontša hore taba eo e tla hlaha hamorao leqepheng leo, ’me ke hona moo a tla e fumana teng, ho Liproveria 22:1. Lengolo le khethollotsoeng ka karolo e qalang ea sehlooho se leqepheng la 861, “Train up a boy,” o le fumana pejana leqepheng, hotemana ea 6. Karolo e latelang ea sehlooho e re, “Not spare the rod.” Taba ena e fumanoa ho ea botlaaseng ba karolo ea pele ho temana ea 15. Lihlooho tsena tse holimo ho leqephe le leng le le leng e ka ba thuso e khōlō ho mohoeletsi oa ’Muso ea nang le tsebo e akaretsang ea hore na litemana tseo a li batlang li sebakeng sefe. Li ka bula monyetla oa hore Bibele e sebelisoe ka potlako.
25. Ho lokiselitsoe thuso efe ea tlhahlamano ea mantsoe a sehlooho, ’me e ka sebelisoa joang ka mokhoa o thusang?
25 Likarolong tse ka qetellong tsa khatiso ea boholo bo tloaelehileng le ea litšupiso Bibeleng ena, ho na le karolo e bitsoang “Bible Words Indexed.” Mona u fumana mantsoe a likete-kete a bohlokoa a Bibele hammoho le mela e ngotsoeng moelelo oa taba. Ka tsela e joalo ho entsoe hore ho fumanehe thuso ea tlhahlamano ea mantsoe a sehlooho, ho akarelletsa letoto le batsi la mantsoe a macha, le a hlalosang a sebelisitsoeng tabeng e ngotsoeng. Ho ba tloaelaneng le mantsoe a King James Version, ho fanoe ka thuso ea liphetoho ho tloha mantsoeng a Bibele a Senyesemane sa khale ho ea mantsoeng a Bibele a batlang a sebelisoa haholo kajeno. Ka mohlala, nka lentsoe “grace” ho King James Version. Le thathamisitsoe ho index, le supisa seithuti ho “undeserved kindness,” polelo e ntlafalitsoeng e sebelisitsoeng phetolelong e ncha. Index ea mantsoe e nolofatsa ho fumana litemana tsa Mangolo litabeng tsa bohlokoa tsa thuto, tse kang “soul [sephefumolohi]” kapa “ransom [topollo],” tse tšehetsang boithuto bo qaqileng bo tsoang ka ho toba litemaneng tsa Bibele. Mohoeletsi oa ’Muso ea hlokoang ka ho toba hore a bolele ka taba leha e le efe ho tsena tse hlahelletseng a ka sebelisa ka potlako likarolo tse khutšoaane tsa moelelo tse fanoeng tlhahlamanong ena ea mantsoe a sehlooho. Ho phaella moo, ho thathamisitsoe le mabitso a hlahelletseng, ho akarelletsa libaka hammoho le batho ba tsebisahalang ba Bibele. Ka tsela eo liithuti tsohle tsa Bibele tse sebelisang phetolelo ena li fuoe thuso ea bohlokoahali.
26. Bontša tsela e ’ngoe eo ka eona sehlomathiso se ho New World Translation se thusang.
26 Sehlomathiso se tsoetseng pele se boetse se fana ka boitsebiso bo eketsehileng bo nepahetseng le bo molemo bakeng sa ho ruta. Lihlooho tsa sehlomathiso li lokisitsoe ka tsela eo li ka sebelisoang e le thuso ho hlalosa lithuto tsa motheo tsa Bibele le litaba tse amanang le tsona. Ka mohlala, ha ho sebetsanoa le taba “soul,” tlas’a lihlooho tse sa tšoaneng tse robeli, sehlomathiso sena se thathamisitse litemana tsa Mangolo tse bontšang litsela tse sa tšoaneng tseo ka tsona lentsoe “soul” (neʹphesh, ka Seheberu) le sebelisoang ka tsona. Ho entsoe litšoantšo le limmapa lihloohong tsa sehlomathiso. Reference Bible e na le sehlomathiso se batsi hammoho le litaba tse ngotsoeng botlaaseng ba leqephe tse nang le thuso tse fanang ka tsela e bonolo ka boitsebiso ba bohlokoa ba taba e ngotsoeng. Kahoo, New World Translation ea babatseha ka lithuso tseo e fanang ka tsona bakeng sa ho beha tsebo e nepahetseng ka potlako moo babali ba eona ba ka e sebelisang habonolo.
27, 28. Hlalosa u be u bontše kamoo New World Translation e bontšang ho bitsoa ha mabitso.
27 Thuso Bakeng sa ho Bitsa Mabitso a Bibele. Koping ea Senyesemane ka boeona, likhatiso tsohle tsa New World Translation li fana ka thuso ea ho bitsa mabitso. Mokhoa o tšoana le o lokiselitsoeng ke setsebi se seng ho Revised Standard Version ea 1952. Lebitso le arotsoe ka linōkō tse arotsoeng ka letheba kapa ka letšoao la ho hatisa molumo (ʹ). Letšoao lena la ho hatisa molumo oa lentsoe le latela senōkō sa lentsoe seo khatiso e matla e lokelang ho ba ho sona ha ho bitsoa lentsoe leo. Haeba senōkō sa lentsoe se nang le letšoao se felella ka selumi, selumi seo sea lelefatsoa ha ho bitsoa lentsoe leo. Haeba senōkō sa lentsoe se fella ka selumisoa, teng selumi se senōkōng seno sea khutsufatsoa ha ho bitsoa lentsoe leo.
28 E le mohlala, hlokomela Jobo 4:1 (NW). Mona e bua ka “Elʹiphaz the Teʹmanite.” Le hoja letšoao le hatisang molumo mabakeng ka bobeli le oela senōkōng sa pele, tlhaku ea Senyesemane “e” e lokela ho bitsoa ka mokhoa o fapaneng mabakeng ana a mabeli. Ho “Elʹiphaz” letšoao le hatisang molumo oa lentsoe le oela ka morao ho selumisoa sa Senyesemane “l” le etsa hore selumi sa Senyesemane “e” se khutsufatsoe, joaloka ho “end.” Ha ho “Teʹmanite” letšoao la ho hatisa molumo le oela ka ho toba ka morao ho selumi sa Senyesemane “e” le se tosa, joaloka “e” ea pele ho “Eden.” Ha lilumi tse peli tsa Senyesemane “a” le “i,” li latellana, joaloka ho “Morʹdecai” ho Esthere 2:5 (NW), le “Siʹnai” ho Exoda 19:1 (NW), “ai” e bitsoa e le “i” ea Senyesemane e tosoang.
29. Na New World Translation ke feela tokiso ea liphetolelo tsa pejana, ’me ke litšobotsi life tse tšehetsang karabo ea hao?
29 Phetolelo e Hlakileng. New World Translation ke phetolelo e hlakileng ho tsoa lipuong tsa pele tsa Bibele tsa Seheberu, Searamaike, le Segerike. Ho hang hase tokiso ea phetolelo leha e le efe e ’ngoe ea Bibele ea Senyesemane, kapa hona hore e etsisa phetolelo leha e le efe e ’ngoe ka mokhoa, mantsoe, kapa morethetho. Bakeng sa karolo ea Seheberu le Searamaike, ho sebelisitsoe taba e ngotsoeng e ntlafalitsoeng hantle le e amohelehang ka kakaretso ea Rudolf Kittel Biblia Hebraica, likhatiso tsa bo7, bo8, le bo9 (1951-55). Khatiso e ncha ea taba e ngotsoeng ka Seheberu e tsejoang e le Biblia Hebraica Stuttgartensia, ea 1977, e ile ea sebelisetsoa ho ntlafatsa boitsebiso bo ngotsoeng botlaaseng ba leqephe ho New World Translation—With References. Karolo ea Segerike e ile ea fetoleloa haholo-holo ho tsoa tabeng e ngotsoeng ea sehlooho ea Westcott le Hort, e phatlalalitsoeng ka 1881. Leha ho le joalo, Komiti ea New World Bible Translation e ile ea hloela le litaba tse ling tse ngotsoeng ka Segerike, ho akarelletsa le taba e ngotsoeng ka Segerike ea Nestle (1948). Tlhaloso ea litaba tsena tse ngotsoeng tsa sehlooho e fanoe ho Lithuto 5 le 6 tsa buka ena. Komiti ea phetolelo e entse phetolelo e matla le e nepahetseng ea Bibele, ’me sena se felletse ka taba e ngotsoeng e utloahalang le e phelang, e bulang tsela e isang kutloisisong e tebileng le e khotsofatsang haholoanyane ea Lentsoe la Molimo.
30. Qeto ea mohlahlobisisi e mong ke efe ka phetolelo ee?
30 Hlokomela hore na qeto ea mohlahlobisisi e mong e bile efe ka phetolelo ena: “Liphetolelo tsa lentsoe ka lentsoe tsa Mangolo a Seheberu ka puo ea Senyesemane li fokola haholo ka palo. Ka baka leo ho re thabisa haholo ho amohela khatiso ea karolo ea pele ea ‘New World Translation’ [ea Mangolo a Seheberu], Genese ho ea ho Ruthe. . . . Phetolelo ena ho hlakile hore e entse boiteko bo khethehileng ba hore e balehe ka mokhoa o phethahetseng. Ha ho ea ka reng ha ea hlaka kapa ha ea ikemela. Mantsoe a eona ho hang ha aa theoa liphetolelong tsa pele ho eona.”b
31. Seithuti se seng sa Seheberu se bile le qeto efe ka New World Translation?
31 Seithuti sa Seheberu Moprofesa Dr. Benjamin Kedar oa Iseraele, ha a ne a buisana le moemeli oa Mokhatlo oa Watch Tower, o fane ka qeto e latelang ea hae ka New World Translation: “Lipatlisisong tsa ka tsa puo mabapi le Bibele ea Seheberu le liphetolelo tsa eona, ke atisa ho supa khatisong ea Senyesemane ea se tsejoang e le New World Translation. Ha ke etsa joalo, ke fumana boikutlo ba ka bo tiisoa nako le nako hore buka ena e bontša boiteko bo tšepahalang ba ho finyella haholo kamoo ho ka khonehang kutloisiso e nepahetseng ea taba e neng e ngotsoe pele. E fana ka bopaki ba tsebo e khōlō ea puo ea pele, e fetolella mantsoe a pele puong e ’ngoe ka ho utloahalang empa e sa khelohe ntle ho lebaka sebopehong se khethehileng sa Seheberu. . . . Polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea puo e lumella bolokolohi bo itseng ba ho hlalosa kapa ho fetolela. Ka hona tlhaloso ea puo nthong leha e le efe eo ho buuoang ka eona e ka buisanoa. Empa ha ho mohla nkileng ka fumana ho New World Translation boikemisetso leha e le bofe ba leeme ba ho rehella ho hong tabeng e neng e ngotsoe pele ntle le ho se ka ho eona.”c
32. New World Translation e fetolela mantsoe a neng a sebelisitsoe pele joalokaha a ne a le joalo haholo hakae, hona molemo ke ofe?
32 Phetolelo e Latelang Mantsoe a Neng a Sebelisitsoe Pele. Ho tšepahala phetolelong ho bonahala hape ka hore e fetoletsoe ho latela mantsoe a neng a sebelisitsoe pele. Hona ho hloka hoo e ka bang tumellano ea lentsoe ka lentsoe pakeng tsa phetolelo litabeng tse ngotsoeng ka Senyesemane le ka Seheberu le ka Segerike. Ha ho ngoloa taba ka puo eo e fetolelloang ka ho eona, tekanyo ea ho sebelisa hantle taba e ngotsoeng e sebelisitsoeng puong eo ho fetoleloang ho tsoa ho eona e lokela ho ba e phahameng ho fella moo maele a puo ea pele a lumellang. Ho feta moo, ho fetolela ka mantsoe a neng a sebelisitsoe pele ho hloka hore tatelano ea mantsoe ea se fetoletsoeng e tšoane haholo le ea Seheberu kapa ea Segerike, kahoo ho bolokoa matla a mangolo a pele. Ka ho fetolela ka mantsoe a neng a sebelisitsoe pele, ho ka fetisoa ka nepo monate, mokhoa, le morethetho tsa mangolo a pele.
33. Ho hlokomelisitsoe joang ka ho fapoha mantsoeng a neng a sebelisitsoe pele ho ileng ha etsoa ka linako tse ling?
33 Ho na le moo ka linako tse ling ho ileng ha fapohoa mantsoe a neng a sebelisitsoe pele, ka morero oa ho ngola maele a thata a Seheberu kapa a Segerike ka mantsoe a utloahalang. Leha ho le joalo, khatisong ea New World Translation e nang le litšupiso, ’mali o hlokomelisitsoe ka hona ka litaba tse ngotsoeng botlaaseng ba leqephe tse fanang ka phetolelo ea mantsoe a neng a sebelisitsoe pele.
34. (a) Phello e ba efe ha ho lahloa phetolelo ea lentsoe ka lentsoe? (b) Bontša.
34 Bafetoleli ba bangata ba Bibele ba tlohetse mantsoe a neng a sebelisitsoe pele bakeng sa seo ba nahanang hore ke bokhabane ba puo le mokhoa oa eona. Ba phea khang hore phetolelo ea lentsoe ka lentsoe e thata, ha e tenyetsehe, ebile ea qobella. Leha ho le joalo, ho lahla ha bona phetolelo ea lentsoe ka lentsoe, ka hore ba kenye mokhoa oa ho hlalosa le ho toloka mantsoe ka mokhoa o mong, ba bakile ho kheloha ho hoholo lipolelong tse nepahetseng tsa pele tsa ’nete. Ha e le hantle, ba kolobisitse likhopolo tsa Molimo ka metsi. Ka mohlala, eo e neng e le mookameli oa univesithi e ’ngoe e khōlō ea Amerika o kile a qosa Lipaki tsa Jehova ka ho senya botle le bokhabane ba Bibele. Ka Bibele o ne a bolela King James Version, eo e neng e le khale e hlompshoa joaloka tekanyetso ea Senyesemane se setle. A re: ‘Bonang seo le se entseng ka Pesaleme ea 23. Le sentse morethetho oa eona le botle ka hore le re “Je/ho/vah is/ my/ shep/herd.” Linōkō tse supileng ho e-na le tse tšeletseng. Hoa tšosa. Ha ho lumellane. Morethetho ha o eo. King James e e nepile ka linōkō tsa eona tse tšeletseng tse lumellanang—“The/ Lord/ is/ my/ shep/herd.”’ Ho ile ha etsoa boipelaetso ho moprofesa eo hore habohlokoa haholo ke ho e ngola ka tsela eo Davida, mongoli oa Bibele, a neng a e ngotse ka eona. Na Davida o ile a sebelisa lentsoe le akaretsang “Lord [Morena],” kapa na o ile a sebelisa lebitso la Molimo? Moprofesa eo o ile a lumela hore Davida o ile a sebelisa lebitso la Molimo, empa le teng a ’na a phea khang ea hore molemong oa botle le bokhabane, lentsoe “Lord” le ka buelloa. Ke boikemelo bo fokolang hakaakang bakeng sa ho tlosa lebitso le khanyang la Jehova pesalemeng ee e mo rorisang!
35. Ke eng eo re ka lebohang Molimo ka eona, ’me tšepo ea rōna le thapelo ea rōna ke life?
35 Ho ’nile ha lahloa liphetolelo tse likete-kete ka tsela ena ka lebaka la maikutlo a motho a botle ba puo, ho fella ka liphoso liphetolelong tse ngata tsa Bibele. Re leboha Molimo hore e be o lokiselitse New World Translation, ka taba ea eona e nepahetseng ea Bibele! E se eka lebitso la hae le leholo, Jehova, le ka halaletsoa lipelong tsa bohle ba e balang!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Har’a mekhatlo e mengata ea Bibele e ileng ea theoa ho tloha ka 1804 ke American Bible Society (1816), o ileng oa etsoa ka mekhatlo ea moo e neng e se ntse e le teng, hammoho le Edinburgh Bible Society (1809) le Glasgow Bible Society (1812), ka bobeli hamorao e ile ea ikopanya (1861) ho ba National Bible Society of Scotland. Ka 1820 mekhatlo ea Bibele e ne e se e theiloe le Switzerland, Ireland, France, Finland, Sweden, Denmark, Norway, Netherlands, Iceland, Russia, le Jeremane.
b Alexander Thomson, The Differentiator, June 1954, leqephe 131.
c June 12, 1989, e fetoletsoeng ho tsoa Sejeremaneng.
[Chate e leqepheng la 322]
TSE LING TSA LIPHETOLELO TSA BIBELE TSA SEHLOOHO KA LIPUO TSE KHŌLŌ TSE SUPILENG
Lebitso la E Phatlalalitsoe Kopi ea Motheo Lebitso la Molimo Kopi ea Motheo
Phetolelo Qalong bakeng sa Le Fetoletsoe bakeng sa
Mangolo a Mangolo
Seberu Segerike
SENYESEMANE
Rheims-Douay* 1582-1610 Vulgate Morena Vulgate
(ADONAI, habeli)
King James
Version* 1611 M MORENA Kopi e
(Jehova, seoelo) Amohelehang
Young 1862-98 M Jehova Kopi e
Amohelehang
English Revised* 1881-95 M MORENA Westcott le Hort
(Jehova, seoelo)
Emphasised 1878-1902 M Yahweh Westcott le Hort,
Bible (Ginsburg) Tregelles
American 1901 M Jehova Westcott le Hort
Standard
An American 1923-39 M MORENA Westcott le Hort
Translation (Yahweh, seoelo)
(Smith-Goodspeed)*
Revised 1946-52 M MORENA Westcott le Hort,
Standard* Nestle
New English 1961-70 M (BHK) MORENA Kopi e ncha e tsoang
Bible* (Jehova, seoelo) mehloling e fapa-fapaneng
Today’s 1966-76 M (BHK) MORENA UBS
English Version
New King 1979-82 M (BHS) MORENA Majority Text
James (YAH, seoelo)
Bible/Revised
Authorised Version
New Jerusalem 1985 M Yahweh Segerike
Bible*
SPANISHE
Valera 1602 M Jehová Kopi e Amohelehang
Moderna 1893 M Jehová Scrivener
Nácar-Colunga* 1944 M Yavé Segerike
Evaristo 1964 M Yavé Segerike
Martín Nieto*
Serafín 1965 M (BHK) Yahvéh, Nestle-Aland
de Ausejo* Señor
Biblia 1967 M Yahveh Segerike
de Jerusalén*
Cantera-Iglesias* 1975 M (BHK) Yahveh Segerike
Nueva Biblia 1975 M Señor Segerike
Española*
SEPOTOKETSI
Almeida 1681, M Jehova Kopi e
1750 Amohelehang
Figueiredo* 1778-90 Vulgate Senhor Vulgate
Matos 1927-30 Vulgate Senhor Vulgate
Soares*
Pontifício 1967 M Javé Merk
Instituto
Bíblico*
Jerusalém* 1976, 1981 M Iahweh Segerike
SEJEREMANE
Luther* 1522, 1534 M HErr Erasmus
Zürcher 1531 M Herr, Jahwe Segerike
Elberfelder 1855, 1871 M Jehova Kopi e Amohelehang
Menge 1926 M HErr Segerike
Luther 1964, 1984 M HERR Segerike
(e ntlafalitsoeng)*
Bibel in heutigem 1967 M (BHS) Herr Nestle-Aland,
Deutsch UBS
(Gute
Nachricht)*
Einheitsübersetzung*
1972, M Herr, Segerike
1974 Jahwe
Revidierte 1975, 1985 M HERR, Segerike
Elberfelder Jahwe
SEFORA
Darby 1859, 1885 M Eternel Segerike
Crampon* 1894-1904 M Jéhovah Merk
Jérusalem* 1948-54 Vulgate, Yahvé Vulgate, Segerike
Hebrew
TOB 1971-75 M (BHS) Seigneur Nestle, UBS
Ecumenical Bible*
Osty* 1973 M Yahvé Segerike
Segond 1978 M (BHS) Eternel Nestle-Aland,
Revised Black, Metzger,
Wikgren
Français 1982 M (BHS) Seigneur Nestle, UBS
courant
SEDACHE (NETHERLANDS)
Statenvertaling 1637 M HEERE Kopi e
Amohelehang
Leidse 1899-1912 M Jahwe Nestle Vertaling
Petrus-Canisiusvertaling*
1929-39 M Jahweh Nestle
NBG-vertaling
1939-51 M HERE Nestle
Willibrordvertaling*
1961-75 M Jahwe Nestle
Groot Nieuws
Bijbel* 1972-83 M Heer Nestle
SETALIANA
Diodati 1607, 1641 M Signore Segerike
Riveduta 1921-30 M Eterno Segerike
Nardoni* 1960 M Signore, Segerike
(Luzzi) Jahweh
Pontificio 1923-58 M Signore, Merk
Istituto Biblico* Jahve
Garofalo* 1960 M Jahve, Segerike
Signore
Concordata* 1968 M (BHK) Signore, Iavè Nestle, Merk
CEI* 1971 M Signore Segerike
Parola 1976-85 M (BHS) Signore UBS
del Signore*
* Naletsana e bontša hore Mangolo a sa amoheloeng e le karolo ea Bibele a ne a akarellelitsoe empa mohlomong ha a hlahe likhatisong tsohle.
“M” e emela kopi e lokisitsoeng ea Limasora. Ha e le eona feela, ha ho khetholloe khatiso e tobileng ea Limasora.
“BHK” e emela Biblia Hebraica ea Kittel.
“UBS” e emela The Greek New Testament, ea United Bible Societies.
“BHS” e emela Biblia Hebraica Stuttgartensia.
“Segerike” e emela phetolelo e entsoeng ho tsoa Segerikeng, empa ha ho bontšoe kopi ka ho khetheha.