Lithuto Mangolong a Bululetsoeng le Boitsebiso bo Thusang ho a Utloisisa
Thuto ea 6—Taba e Ngotsoeng ka Segerike ea Bokreste ea Mangolo a Halalelang
Ho kopitsoa ha taba e ngotsoeng ea Mangolo a Segerike; ho fetisoa ha eona ka Segerike le ka lipuo tse ling ho tla fihlela kajeno; ho tšepahala ha taba e ngotsoeng ea kajeno.
1. Lenaneo la thuto la Bokreste le ile la qaleha joang?
BAKRESTE ba pele e ne e le barupeli le baphatlalatsi ba lefatše ka bophara ba ‘lentsoe la Jehova.’ Ba ile ba nka ka botebo mantsoe a Jesu a pelenyana a nyoloha: “Le tla fuoa matla mohla Moea o Halalelang o tlang ho lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Esa. 40:8; Lik. 1:8) Joalokaha Jesu a ile a bolela esale pele, barutuoa ba pele ba 120 ba ile ba amohela moea o halalelang, ka matla a oona a susumelletsang ketsong. Hoo ho etsahetse ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E. Ka letsatsi lona leo, Petrose o ile a etella pele lenaneo la thuto le lecha ka hore a fane ka bopaki bo phethahetseng, hoo ba bangata ba ileng ba amohela molaetsa ka pelo eohle ’me phutheho e sa tsoa theoa ea Bokreste e ile ea eketsoa ka ba ka bang 3 000.—Lik. 2:14-42.
2. Ho ile ha phatlalatsoa litaba life tse molemo joale, ’me mosebetsi ona oa ho paka e ne e le pontšo ea eng?
2 Barutuoa bana ba Jesu Kreste, ba susumelitsoe ho feta sehlopha leha e le sefe historing eohle, ba ile ba qala lenaneo le lecha la thuto le ileng la qetella le fetetse ka bongata sekhutlong se seng le se seng sa lefatše le neng le tsejoa mehleng eo. (Ba-Kol. 1:23) E, lipaki tsena tse inehetseng tsa Jehova li ne li chesehela hore li sebelise maoto a tsona, li tsamaea ka ntlo le ntlo, motse le motse, le naha le naha, li bolela “litaba tse molemo tsa lintho tse molemo.” (Ba-Roma 10:15, NW) Litaba tsena tse molemo li ne li bolela ka tokisetso ea topollo ka Kreste, tšepo ea tsoho, le ’Muso oo Molimo o o tšepisitseng. (1 Ba-Kor. 15:1-3, 20-22, 50; Jak. 2:5) Ho ne ho se mohla batho ba kileng ba beheloa bopaki bo bokaalo bo amanang le lintho tse sa bonoeng. Bo ile ba fetoha “pontšo e kholisang ea tse sa bonoeng,” ponahatso ea tumelo, ho ba bangata bao ka lebaka la sehlabelo sa Jesu ba ileng ba amohela Jehova e le ’Musi ea Phahameng.—Ba-Heb. 11:1; Lik. 4:24; 1 Tim. 1:14-17.
3. Ke eng se ileng sa khetholla basebeletsi ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo C.E.?
3 Basebeletsi bana ba Bakreste, banna le basali, e ne e le basebeletsi ba Molimo ba nang le tsebo. Ba ne ba tseba ho bala le ho ngola. Ba ne ba rutiloe Mangolo a Halalelang. E ne e le batho ba nang le tsebo ea liketsahalo tsa lefatše. Ba ne ba tloaetse ho tsamaea. Ba ne ba tšoana le tsie ka hore ho ne ho se tšitiso eo ba neng ba e lumella hore e ba eme pele ha ba tsoela pele ba hasa litaba tse molemo. (Lik. 2:7-11, 41; Joele 2:7-11, 25) Lekholong leo la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng, ba ne ba sebetsa har’a batho bao ka litsela tse ngata ba neng ba tšoana haholo le batho ba mehleng ea kajeno.
4. Tlas’a pululelo ea Jehova le ketello-pele ea hae, ke ho ngola hofe ho ileng ha etsoa phuthehong ea Bokreste ea pele?
4 Bakreste ba pele, e le baboleli ba tsoelang pele ba “lentsoe la bophelo,” ba ile ba sebelisa hamolemo haholo meqolo leha e le efe e harolloang ea Bibele eo ba neng ba ka e fumana. (Ba-Fil. 2:15, 16; 2 Tim. 4:13) Ba bane ho bona, e leng Mattheu, Mareka, Luka le Johanne, ba ile ba bululeloa ke Jehova hore ba ngole “litaba tse molemo mabapi le Jesu Kreste.” (Mar. 1:1, NW; Matt. 1:1) Ba bang ho bona, ba kang Petrose, Pauluse, Johanne, Jakobo, le Juda, ba ile ba ngola mangolo tlas’a pululelo. (2 Pet. 3:15, 16) Ba bang e bile bakopitsi ba melaetsa ena e bululetsoeng, e neng e fetisetsoa habonolo ho ba bang har’a liphutheho tse ntseng li eketseha. (Ba-Kol. 4:16) Ho feta moo, “baapostola le baholo ba Jerusalema” ba ile ba etsa liqeto tse amang thuto tlas’a tataiso ea moea oa Molimo, ’me liqeto tsena li ile tsa ngoloa hore li tle li sebelisoe hamorao. Sehlopha sena se busang se ikarabellang se ile sa boetse sa romella mangolo a taeo ho liphutheho tse libakeng tse hōle haholo. (Lik. 5:29-32; 15:2, 6, 22-29; 16:4) Hore se finyelle sena, se ile sa itokisetsa mokhoa oa ho tsamaisa poso.
5. (a) Codex ke eng? (b) Bakreste ba pele ba ile ba sebelisa codex haholo hakae, ’me melemo ea eona e ne e le efe?
5 Hore Bakreste ba pele ba potlakise kabo ea Mangolo, hammoho le ho fana ka ’ona a le boemong bo loketseng hore a ka qotsoa habonolo, ba ile ba potlakela ho sebelisa mofuta oa libuka tsa codex ho e-na le tsa meqolo. Codex e tšoana le libuka tsa kajeno, tse nang le maqephe a ka phetloang habonolo ha ho etsoa litšupiso tse itseng, ho e-na le ho harolla ntho e ngata ho neng ho hlokahala hangata tabeng ea meqolo e harolloang. Ho feta moo, codex e ne e etsa hore ho khonehe hore mangolo a halalelang a tlangoe hammoho, ha libuka tsa meqolo e harolloang li ne li atisa ho bolokoa li le meqolong e arohaneng. Bakreste ba pele e bile bona bo-pula-maliboho tšebelisong ea codex. E ka ’na eaba ke bona ba e qapileng. Le hoja codex e ile ea amoheloa ka mokhoa o butle ke bangoli bao e seng Bakreste, palo e khōlō ea libuka tsa loli tsa Bokreste tsa lekholong la bobeli le la boraro a lilemo li entsoe codex.a
6. (a) Nako ea bongoli ba Libuka ka Segerike e ne e le neng, e ne e akarelletsa eng, ’me Koine, kapa Segerike se tloaelehileng, se ile sa hōla neng? (b) Koine e ile ea sebelisoa ka mokhoa o akaretsang joang, hona hakae?
6 Mocha oa Puisano oa Koine (Segerike se Tloaelehileng). Nako e bitsoang ka hore ke mehla ea boqapi ba libuka ka puo ea Segerike e ile ea qala ho tloha lekholong la borobong la lilemo B.C.E. ho ea lekholong la lilemo la bone B.C.E. Ena ke mehla ea maleme a Seathene le Seionike. Ke nakong ena, ’me haholo ho tloha lekholong la bohlano le la bone a lilemo B.C.E., moo bangoli ba litšoantšiso, bangoli ba lithoko, libui tsa phatlalatsa, bangoli ba histori, bo-rafilosofi, le bo-rasaense ba bangata ba Bagerike ba ileng ba atleha haholo, bao ho bona Homer, Herodotus, Socrates, Plato, le ba bang ba ileng ba tuma. Nako ea ho tloha hoo e ka bang lekholong la bone la lilemo B.C.E. ho isa ho hoo e ka bang lekholong la botšelela la lilemo C.E. e ne e le mehla ea se tsejoang e le Koine, kapa Segerike se tloaelehileng. Se ile sa hōlisoa haholo ke lintoa tse neng li loanoa ke Alexandere e Moholo, eo lebotho la hae le neng le entsoe ka masole a neng a e-tsoa likarolong tsohle tsa Greece. A ne a bua maleme a fapaneng a Segerike, ’me ha masole ana a ntse a kopa-kopana, ho ile ha hōla leleme le tloaelehileng, Koine, ’me la sebelisoa ka mokhoa o akaretsang. Ho hapa ha Alexandere Egepeta, le Asia ho ea fihla India, ho ile ha etsa hore Koine e ate har’a batho ba bangata, hoo e ileng ea fetoha puo ea machaba ’me ea lula joalo ka makholo a lilemo a mangata. Mantsoe a Segerike a Septuagint e ne e le Koine e neng e sebelisoa ka nako eo Alexandria, Egepeta, lekholong la lilemo la boraro le la bobeli B.C.E.
7. (a) Bibele e tiisa joang tšebeliso ea Koine mehleng ea Jesu le baapostola ba hae? (b) Ke hobane’ng ha Koine e ne e loketse hantle ho fetisa Lentsoe la Molimo?
7 Mehleng ea Jesu le baapostola ba hae, Koine e ne e le puo ea machaba libakeng tse neng li busoa ke Roma. Bibele ka boeona e paka ’nete ena. Ha Jesu a khokhotheloa thupeng, ho ile ha hlokahala hore tlhaloso e neng e ngotsoe ka holimo hloohong ea hae e se ke ea ngoloa ka Seheberu feela, puo ea Bajode, empa hape le ka Selatine, puo ea molao ea naha, le ka Segerike, se neng se buuoa haholo literateng tsa Jerusalema joaloka Roma, Alexandria, kapa Athene ka boeona. (Joh. 19:19, 20; Lik. 6:1) Liketso 9:29 e bontša hore Pauluse o ile a bolela litaba tse molemo Jerusalema ho Bajode ba neng ba bua puo ea Segerike. Ka nako eo Koine e ne e le leleme le matla, le phelang, le le hōlisitsoeng hantle—puo e neng e bueha habonolo le e neng e tšoanela hantle morero o phahameng oa Jehova oa ho fetisetsa pele Lentsoe la Molimo.
TABA E NGOTSOENG KA SEGERIKE LE HO FETISOA HA EONA
8. Ke hobane’ng ha joale re hlahloba pokello ea libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Mangolo a Segerike?
8 Thutong e fetileng re ithutile hore Jehova o ile a boloka metsi a hae a ’nete pokellong ea litokomane tse ngotsoeng—Mangolo a Seheberu a bululetsoeng. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka Mangolo a ngotsoeng ke baapostola le barutuoa ba bang ba Jesu Kreste? Na aa le ’ona re a boloketsoe ka hloko e tšoanang? Ho hlahloba pokello e khōlō ea libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse bolokiloeng ka Segerike, hammoho le ka lipuo tse ling, ho bontša hore ho joalo. Joalokaha ho se ho hlalositsoe, karolo ena ea lethathamo la Bibele e akarellelitse libuka tse 27. Nahana ka mokhoa o ileng oa ameha ha ho fetisoa taba e ngotsoeng ea libuka tsena tse 27, o bontšang kamoo taba e neng e ngotsoe pele ka Segerike e ’nileng ea bolokoa ho tla fihlela letsatsing lena la kajeno.
9. (a) Mangolo a Bokreste a ne a ngotsoe ka puo efe? (b) Ho hlokomeloa phapang efe ka Mattheu?
9 Mohloli oa Libuka tse Ngotsoeng ka Letsoho tsa Segerike. Libuka tse 27 tsa Mangolo a Halalelang a Mangolo a Bokreste li ile tsa ngoloa ka Segerike se tloaelehileng sa mehleng eo. Leha ho le joalo, buka ea Mattheu ho bonahala e ile ea ngoloa pele ka Seheberu sa Bibele, ho tsoela batho ba Bajode molemo. Mofetoleli oa Bibele oa lekholong la bone la lilemo Jerome o boletse joalo, a bolela hore hamorao e ile ea fetolelloa Segerikeng.b Mohlomong ke Mattheu ka boeena ea ileng a etsa phetolelo ena—ha ho pelaelo hore kaha e ne e kile ea e-ba mosebeletsi oa sechaba oa Roma, e le ’mokelli oa lekhetho, o ne a tseba Seheberu, Selatine le Segerike.—Mar. 2:14-17.
10. Mangolo a Bibele a tlile joang ho rōna?
10 Bangoli ba bang ba Bibele ba Bakreste, Mareka, Luka, Johanne, Pauluse, Petrose, Jakobo, le Juda, kaofela ba ile ba ngola litokomane tsa bona ka Koine, puo e neng e tloaelehile e bile e phela ’me hape e utloisisoa ke Bakreste le batho ba bang ba bangata ba lekholo la pele la lilemo. Tokomane ea ho qetela ho tsa pele e ile ea ngoloa ke Johanne hoo e ka bang ka 98 C.E. Kamoo ho tsejoang ka teng, ha ho le e ’ngoe ea libuka tsena tse ngotsoeng ka letsoho tse 27 tsa pele tsa Koine e ntseng e le teng ho tla fihlela kajeno. Leha ho le joalo, ka mohloli ona o moholo oa pele, ho ’nile ha phallela ho rōna likopi tsa pejana tsa libuka tse ngotsoeng ka letsoho, likopi tsa likopi, le lihlopha tsa likopi tsa tsona, ho bōpa pokello e khōlō ea libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Mangolo a Segerike a Bokreste.
11. (a) Ke letlotlo lefe la likopi tsa libuka tse ngotsoeng ka letsoho le teng kajeno? (b) Tsee li ema joang ha li bapisoa le libuka tse ling tsa boholo-holo ka bongata le ka lilemo?
11 Pokello ea Libuka tse Ngotsoeng ka Letsoho tse ka Holimo ho 13 000. Letlotlo le leholo la likopi tse ngotsoeng ka letsoho la libuka tsohle tse 27 tsa lethathamo la Mangolo a Halalelang le teng kajeno. Tse ling tsa tsena li akarelletsa likarolo tse khōlō tsa Mangolo; tse ling likarolo tse nyenyane feela. Ho latela lipalo tse ling, ho na le libuka tse ngotsoeng ka letsoho ka Segerike sa pele tse fetang 5 000. Ho phaella moo, ho na le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse fetang 8 000 ka lipuo tse sa tšoaneng—palo-khōlō ea libuka tse ngotsoeng ka letsoho e fetang 13 000 kaofela. E le tsa ho tloha lekholong la bo2 la lilemo C.E. ho isa lekholong la bo16 la lilemo C.E., kaofela li thusa ho fumana taba ea ’nete e neng e ngotsoe pele. Tsa khale haholo libukeng tsena tse ngata tse ngotsoeng ka letsoho ke sekotoana sa loli sa Kosepele ea Johanne Laebraring ea John Rylands e Manchester, Engelane e tsejoang ka nomoro ea P52, eo nako ea ho ngoloa ha eona e leng ea halofong ea pele ea lekholo la bobeli la lilemo, mohlomong hoo e ka bang ka 125 C.E.c Kahoo, kopi ena e ile ea ngoloa feela lilemo tse ka bang mashome a mabeli a metso e mehlano ka morao ho ea pele. Ha re nahana hore ho na le libuka tse seng kae feela tse ngotsoeng ka letsoho bakeng sa ho tiisa bonnete ba taba e ngotsoeng ke baqapi ba bangata ba boholo-holo ba libuka, le hore ke seoelo libuka tsena e leng tsa lekholo le le leng la lilemo le mangolo a pele, re ka ananela hore na re na le bopaki bo bongata hakaakang bo thusang ho fihla tabeng e ngotsoeng e nang le bopaki ea Mangolo a Segerike a Bokreste.
12. Libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa pele li ne li ngotsoe ho eng?
12 Libuka tse Ngotsoeng ka Letsoho tsa Loli. Joalokaha ho entsoe ka likopi tsa pele tsa Septuagint, libuka tsa pele tse ngotsoeng ka letsoho tsa Mangolo a Segerike a Bokreste li ile tsa ngoloa holim’a loli, ’me li ile tsa tsoela pele ho sebelisoa bakeng sa libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele ho fihlela hoo e ka bang lekholong la bone la lilemo C.E. Bangoli ba Bibele ho bonahala hape ba ne ba sebelisa loli ha ba romela mangolo liphuthehong tsa Bokreste.
13. Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane libuka life tse ngotsoeng holim’a loli tse ileng tsa phatlalletsoa batho ka selemo sa 1931?
13 Ho ’nile ha fumanoa libuka tse ngata tse ngotsoeng ka letsoho tsa loli seterekeng sa Faiyūm, Egepeta. Qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo, ho ile ha phatlalatsoa libuka tse ngata tsa loli tsa Bibele. Har’a libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa bohlokoahali tse ’nileng tsa fumanoa mehleng ena ke baepolli ba lintho tsa khale ke letlotlohali le ileng la phatlalletsoa batho ka 1931. Le ne le entsoe ka likarolo tse 11 tsa li-codex, le e-na le likarolo tsa libuka tse 8 tse sa tšoaneng tsa Mangolo a Seheberu a bululetsoeng le libuka tse 15 tsa Mangolo a Segerike a Bokreste, kaofela li ngotsoe ka Segerike. Libuka tsa loli li fapana ka nako ea ho ngoloa ho tloha lekholong la bobeli la lilemo ho isa lekholong la bone la lilemo la Mehla e Tloaelehileng. Karolo e khōlō ea Mangolo ana a Segerike a Bokreste e fumanoeng ke baepolli ba lintho tsa khale hona joale e Lipokellong tsa Chester Beatty ’me e thathamisitsoe e le P45, P46, le P47, tlhaku “P” e emela “Papyrus (Loli).”
14, 15. (a) Libuka tse ling tse ngotsoeng ka letsoho tse hlahelletseng tsa loli ke life tsa Mangolo a Segerike a Bokreste tse thathamisitsoeng leqepheng la 313? (b) Bontša kamoo New World Translation e sebelisitseng libuka tse ngotsoeng ka letsoho. (c) Li-codex tsa pele tsa loli li tiisa eng?
14 Libuka tse ling tsa loli tse hlokomelehang tse bokelletsoeng hammoho li ile tsa phatlalatsoa Geneva, Switzerland, ho tloha ka 1956 ho ea ho 1961. Li tsejoa ka lebitso la Libuka tsa Loli tsa Bodmer, li akarelletsa litaba tse neng li ngotsoe pele tsa Likosepele tse peli (P66 le P75) tsa ho tloha mathoasong a lekholo la boraro la lilemo C.E. Lethathamo le etellang thuto ena pele le thathamisitse tse ling tsa libuka tsa Bibele tsa loli tse hlokomelehang tsa Mangolo a Seheberu le a Segerike a Bokreste. Karolong e qetellang, ho na le lirapa tse qotsitsoeng ho New World Translation of the Holy Scriptures moo libuka tsena tse ngotsoeng ka letsoho tsa loli li tšehetsang mokhoa o sebelisitsoeng ha ho fetoleloa, ’me sena se bontšoa litabeng tse ngotsoeng botlaaseng ba leqephe tse buang ka litemana tsena.
15 Ho sibolloa ha libuka tsena tsa loli ho paka hore Mangolo a Halalelang a Bibele a ile a phetheloa pelenyana. Har’a Libuka tsa Loli tsa Chester Beatty, li-codex tse peli—e ’ngoe e tlamelletse hammoho likarolo tse ’nè tsa Likosepele le Liketso (P45) ’me e ’ngoe e na le mangolo a 9 ho a 14 a Pauluse (P46)—e bontša hore Mangolo a Segerike a Bokreste a bululetsoeng a ile a bokelloa hammoho nakoana ka morao ho lefu la baapostola. Kaha ho ne ho tla nka nako hore li-codex tsena li tsamaisoe hohle le hore li fumane tsela ea ho kena Egepeta, ho hlakile hore ha ho baloa nako e morao haholo, Mangolo ana a ne a ile a bokelloa ka mokhoa o hlophisehileng lekholong la bobeli la lilemo. Ka hona, qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo, ho ne ho se pelaelo haese feela hore likarolo tsa Mangolo a Halalelang a Segerike a Bokreste li ile tsa phethoa, li qetela lenane la Mangolo a Halalelang a Bibele eohle.
16. (a) Ke libuka life tse ngotsoeng ka letsoho tsa mongolo o bitsoang uncial tsa Mangolo a Segerike a Bokreste tse ntseng li le teng ho tla fihlela kajeno? (b) Libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa mongolo o bitsoang uncial li sebelisitsoe haholo hakae ho New World Translation, hona hobane’ng?
16 Libuka tse Ngotsoeng ka Letsoho tsa Letlalo le Bitsoang Vellum le tsa Matlalo. Joalokaha re ithutile thutong e fetileng, vellum e sa senyeheng feela, letlalo la ho ngolla le atisang ho etsoa ka matlalo a suehileng a manamane, le a likonyana kapa a lipotsanyane, e ile ea qala ho sebelisoa bakeng sa loli ha ho ngoloa libuka ka letsoho ho tloha ho hoo e ka bang lekholong la bone la lilemo C.E. ho ea pele. Libuka tse ling tse ngotsoeng ka letsoho tsa bohlokoahali tsa Bibele tse teng kajeno li ngotsoe holim’a vellum. Re se re buile ka libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa vellum le tsa matlalo feela tsa Mangolo a Seheberu. Lethathamo le leqepheng la 314 le bontšitse tse ling tsa libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse hlahelletseng haholo tsa vellum le tsa matlalo tsa Mangolo a Segerike a Bokreste le a Seheberu. Libuka tse thathamisitsoeng tsa Mangolo a Segerike li ne li ngotsoe ka ho felletseng ka litlhaku tse khōlō tsa mongolo o bitsoang uncial. New Bible Dictionary e fana ka tlaleho ea libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse 274 tsa mongolo o bitsoang uncial tsa Mangolo a Segerike a Bokreste, ’me tsena ke tsa ho tloha lekholong la bone la lilemo C.E. ho isa lekholong la leshome la lilemo C.E. Joale ho na le libuka tse ling tse ngotsoeng ka letsoho tse fetang 5000 tsa mongolo o hariloeng.d Tsena, le tsona li ngotsoe holim’a vellum, li ile tsa ngoloa ho tloha lekholong la borobong la lilemo C.E. ho isa nakong ea ha ho qaleha mechine ea khatiso. Kahobane libuka tsena tse ngotsoeng ka letsoho ka mongolo oa uncial e le tsa pejana ’me hape li nepahetse ka ho akaretsang, li ile tsa sebelisoa haholo ke Komiti ea New World Bible Translation ha e fetolela ka hloko ho tsoa tabeng e ngotsoeng ka Segerike. Sena se bontšoa lethathamong le reng, “Libuka tse Ling tse Ngotsoeng ka Letsoho tsa Sehlooho tsa Letlalo le Bitsoang Vellum le tsa Letlalo.”
MEHLA EA HO HLAHLOBISISOA LE HO NTLAFATSOA HA TABA E NGOTSOENG
17. (a) Ke liketsahalo life tse peli tse entseng hore ho ithutoe haholoanyane taba e ngotsoeng ka Segerike ea Bibele? (b) Erasmus o ne a tsebahala ka mosebetsi ofe? (c) Taba e ngotsoeng ea sehlooho e hatisitsoeng e hlophisoa joang?
17 Taba e Ngotsoeng ea Erasmus. Ho pholletsa le makholo a lilemo a matelele a Mehla ea Lefifi, ha puo ea Selatine e ne e le eona e buuoang haholo le ha Europe-Bophirima e ne e le tlas’a taolo e thata ea Kereke ea Roma e K’hatholike, letlotlo la tsebo le ho ithuta li ne li le boemong bo tlaase haholo. Leha ho le joalo, ka hore ho qaptjoe mechine ea khatiso Europe lekholong la bo15 la lilemo le ka Phetoho e Khōlō ea Bolumeli ea mathoasong a lekholo la bo16 la lilemo, bolokolohi bo ile ba hōla haholo, ’me ho ile ha tsosolosoa thahasello puong ea Segerike. Ke nakong ena ea ha ho ithuta ho qala ho tsosolosoa moo seithuti se tsebisahalang sa Ledache Desiderius Erasmus se ileng sa hlahisa khatiso ea sona ea pele ea taba e ngotsoeng ea sehlooho ea Segerike ea “Testamente e Ncha.” (Taba e joalo e ngotsoeng ea sehlooho e hatisitsoeng e lokisetsoa ka hore ka hloko ho bapisoe libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse ’maloa le ka ho sebelisa mantsoe ao ho lumellanoeng ka ’ona ka kakaretso hore ke ’ona a pele, hangata e akarelletsa litlhaloso tse ngotsoeng tlaase ho leqephe tsa litsela tse sa tšoaneng tseo tse ling tsa libuka tse ngotsoeng ka letsoho li neng li ngotsoe ka tsona.) Khatiso ena ea pele e ile ea hatisoa Basel, Switzerland, ka 1516, selemo pele ho qaleha Phetoho e Khōlō ea Bolumeli Jeremane. Khatiso ea pele e ne e e-na le liphoso tse ngata, empa taba e ngotsoeng e ntlafalitsoeng e ile ea etsoa likhatisong tse hlahlamang tsa 1519, 1522, 1527, le 1535. Seo Erasmus a neng a ka se fumana bakeng sa ho bapisa le ho lokisa taba ea sehlooho ea hae e ne e le feela libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa mongolo o hariloeng.
18. Taba e ngotsoeng ea Erasmus e ile ea etsa hore eng e khonehe, ’me ke bo-mang ba ileng ba e sebelisa hamolemo?
18 Taba e ngotsoeng ea Erasmus ea Segerike e ile ea fetoha motheo bakeng sa liphetolelo tse molemo tsa lipuo tse ngata tsa Europe-Bophirima. Sena se ile sa etsa hore ho khonehe hore ho hlahisoe liphetolelo tse phahametseng tse neng li fetoletsoe pele ka Vulgate ea Selatine. Oa pele ea ileng a sebelisa taba e ngotsoeng ea Erasmus ke Martin Luther oa Jeremane, ea ileng a phetha phetolelo ea hae ea Mangolo a Segerike a Bokreste ka Sejeremane ka 1522. Har’a tlhoriso e matla, William Tyndale oa Engelane o ile a latela ka phetolelo ea hae ea Senyesemane ho tsoa tabeng e ngotsoeng ea Erasmus, a e phetha ka 1525 ha a ntse a le lefatšeng la Europe moo a neng a balehetse teng. Antonio Brucioli oa Italy o ile a fetolella taba e ngotsoeng ea Erasmus Setalianeng ka 1530. Ka boteng ba taba e ngotsoeng ka Segerike ea Erasmus, joale ho ne ho qaleha mehla ea ho hlahlobisisa taba e ngotsoeng. Ho hlahlobisisa se ngotsoeng ke mokhoa o sebelisoang bakeng sa ho tsosolosa le ho boloka taba e neng e ngotsoe pele ea Bibele.
19. Histori ea ho aroloa ha Bibele ka likhaolo le litemana ke efe, ’me see se nolofalitse eng?
19 Ho Aroloa ka Likhaolo le Litemana. Robert Estienne, kapa Stephanus, o ne a tsebisahala e le mohatisi le mohlophisi lekholong la bo16 la lilemo Paris. E le mohlophisi, o ile a bona melemo e thusang ea ho sebelisa mokhoa oa likhaolo le litemana bakeng sa litšupiso tsa kapele, kahoo a kenya mokhoa ona Testamenteng e Ncha ea hae ea Segerike-Selatine ka 1551. Ho arola ka litemana ho entsoe pele bakeng sa Mangolo a Seheberu ke bangoli ba Masora, empa ke Bibele ea Sefora ea Stephanus ea 1553 e ileng ea bontša likarolo tsa hona joale tsa Bibele e felletseng. Sena se ile sa sebelisoa Libibeleng tse ileng tsa latela tsa puo ea Senyesemane ’me sa nolofatsa ho hlahisoa ha libuka tsa tlhahlamano ea mantsoe a sehlooho tsa Bibele tse kang ea Alexander Cruden ka 1737 le libuka tse peli tsa tlhahlamano ea mantsoe a sehlooho tse phethahetseng tsa Bibele ea Authorized Version ea Senyesemane—ea Robert Young, e hatisitsoeng ka lekhetlo la pele Edinburgh ka 1873, le ea James Strong, e hatisitsoeng New York ka 1894.
20. Textus Receptus e ne e le eng, ’me e ile ea fetoha motheo oa eng?
20 Textus Receptus. Stephanus o boetse a ntša likhatiso tse ngata tsa “Testamente e Ncha” ea Segerike. Tsena li ne li theiloe haholo-holo tabeng e ngotsoeng ea Erasmus, ka litokiso tse entsoeng ho latela Complutensian Polyglott ea 1522 le libuka tse 15 tsa morao tse ngotsoeng ka letsoho tsa mongolo o hariloeng tsa makholong a lilemo a seng makae a pele. Ha e le hantle khatiso ea boraro ea Stephanus ea taba e ngotsoeng ea hae ea Segerike ea 1550 ha e le hantle e ile ea fetoha Textus Receptus (lentsoe la Selatine bakeng sa “taba e ngotsoeng e amohelehang”) eo ho eona ho ileng ha theoa liphetolelo tse ling tsa Senyesemane tsa lekholong la lilemo la bo16 le King James Version ea 1611.
21. Ke taba efe e ngotsoeng e ntlafalitsoeng e phatlalalitsoeng ho tloha lekholong la bo18 la lilemo, ’me e sebelisitsoe joang?
21 Litaba tse Ngotsoeng ka Segerike tse Ntlafalitsoeng. Hamorao, liithuti tsa Segerike li ile tsa phatlalatsa litaba tse ngotsoeng tse ntlafalitsoeng ka ho eketsehileng. E hlahelletseng e ne e le e phatlalalitsoeng ke J. J. Griesbach, ea neng a le mocheng oa makholo-kholo a libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Segerike tse neng li fumaneha ho ea qetellong ea lekholo la bo18 la lilemo. Khatiso e molemohali ea taba eohle e ngotsoeng ka Segerike ea Griesbach e ile ea phatlalatsoa ka 1796-1806. Taba e ngotsoeng ea hae ea sehlooho e bile motheo oa phetolelo ea Senyesemane ea Sharpe ka 1840 ’me ke taba e ngotsoeng ka Segerike e hatisitsoeng ho The Emphatic Diaglott, e hatisitsoeng ka lekhetlo la pele ka 1864. Taba e ’ngoe e ngotsoeng e ntle haholo e ile ea phatlalatsoa ke Konstantin von Tischendorf (1872) le Hermann von Soden (1910), ena ea morao e ile ea sebeletsa e le motheo oa phetolelo ea Senyesemane ea Moffatt ea 1913.
22. (a) Ke taba efe e ngotsoeng ka Segerike e amohelehang ka bophara? (b) E sebelisitsoe e le motheo oa phetolelo efe ea Senyesemane?
22 Taba e Ngotsoeng ea Westcott le Hort. Taba e ngotsoeng ea sehlooho ea Segerike e amohelehang ka bophara ke e phatlalalitsoeng ka 1881 ke liithuti tsa Univesithi ea Cambridge B. F. Westcott le F. J. A. Hort. Boitsebiso ba Westcott le Hort bo lokiselitsoeng ho hlahlobjoa le ho lokisoa ba taba e ngotsoeng ka Segerike bo ile ba sebelisoa ke Komiti ea Tokiso ea Brithani, eo Westcott le Hort e neng e le litho tsa eona, ha e lokisa “Testamente e Ncha” ea 1881. Taba ena e ngotsoeng ea sehlooho ke e ileng ea sebelisoa haholo ha ho fetolelloa Mangolo a Segerike a Bokreste Senyesemaneng ho New World Translation. Taba ena e ngotsoeng e boetse ke motheo oa liphetolelo tse latelang tsa Senyesemane: The Emphasised Bible, American Standard Version, An American Translation (Smith-Goodspeed), le Revised Standard Version.e Phetolelo ena e qetellang hape e sebelisitse taba e ngotsoeng ea Nestle.
23. Ke taba efe hape e ngotsoeng e ileng ea sebelisoa bakeng sa New World Translation?
23 Taba e ngotsoeng ka Segerike ea Nestle (khatiso ea bo18, 1948) le eona e ile ea sebelisoa ke Komiti ea New World Bible Translation ka morero oa ho bapisa. Komiti e boetse ea sheba tabeng e ngotsoeng ea liithuti tsa K’hatholike tsa Majesuite José M. Bover (1943) le Augustinus Merk (1948). Taba e ngotsoeng ea Mekhatlo e Kopaneng ea Bibele ea 1975 le taba e ngotsoeng ea Nestle-Aland ea 1979 li ile tsa sebelisoa ho ntlafatsa litaba tse ngotsoeng botlaaseng ba leqephe Khatisong ea Litšupiso ea New World Translation ea 1984.f
24. Ke liphetolelo life hape tsa boholo-holo tseo New World Translation e li qotsitseng? Mehlala e meng ke efe?
24 Liphetolelo tsa Boholo-holo tse Tsoang Segerikeng. Ntle ho libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Segerike, ho teng hape kajeno libuka tse ngata tse ngotsoeng ka letsoho tsa ho ithuta tsa liphetolelo tsa Mangolo a Segerike a Bokreste ka lipuo tse ling. Ho na le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse ka holimo ho 50 (kapa likarolo) tsa liphetolelo tsa Selatine sa Khale le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse likete-kete tsa Vulgate ea Jerome ea Selatine. Komiti ea New World Bible Translation e ile ea li qotsa, hammoho le liphetolelo tsa Secopt, Searmenia, le Sesyria.g
25. Liphetolelo tsa puo ea Seheberu tseo New World Translation e li qotsitseng li thahasellisa ka eng ka ho khethehileng?
25 Bonyane ho tloha lekholong la bo14 la lilemo, ho ’nile ha hlahisoa liphetolelo tsa Mangolo a Segerike ka puo ea Seheberu. Tsena lia thahasellisa hobane tse ’maloa ho tsona li khutliselitse lebitso la Molimo ka Mangolong a Bokreste. New World Translation e qotsa hangata liphetolelong tsena tsa Seheberu tlas’a letšoao “J” e nang le palo ea mongolo o monyenyane. Bakeng sa makolopetso, bona selelekela sa New World Translation of the Holy Scriptures—With References, maqephe 9-10, le sehlomathiso 1D, “The Divine Name in the Christian Greek Scriptures.”
HO SE TŠOANE HA TABA E NGOTSOENG LE SEO HO SE BOLELANG
26. Ho se tšoane ha taba e ngotsoeng le lihlopha tsa libuka tse ngotsoeng ka letsoho li hlahile joang?
26 Har’a libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse fetang 13 000 tsa Mangolo a Segerike a Bokreste, ho na le ho se tšoane ho hongata tabeng e ngotsoeng. Libuka tse ngotsoeng ka letsoho ka puo ea Segerike tse 5 000 li bontša ho se tšoane ho hongata ho joalo. Re ka utloisisa hantle hore kopi e ’ngoe le e ’ngoe e entsoeng ka libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa pele e ne e tla ba le liphoso tsa eona tsa bongoli. Ha e ’ngoe le e ’ngoe ea libuka tsena tse ngotsoeng ka letsoho tsa pele e ne e romeloa sebakeng se itseng bakeng sa ho sebelisoa, liphoso tsena li ne li tla phetoa likoping tse ngotsoeng ka letsoho tsa sebaka seo. Ke ka tsela ena ho ileng ha ata lihlopha tse tšoanang tsa libuka tse ngotsoeng ka letsoho. Na kahoo liphoso tse likete-kete tsa bangoli li ke ke tsa talingoa ka ho tšoenyeha? Na ha li bontše hore taba e ngotsoeng ha ea ka ea fetisoa ka botšepehi? Che!
27. Ke tiiso efe eo re nang le eona ea ho tšepahala ha taba e ngotsoeng ka Segerike?
27 F. J. A. Hort, e mong oa ba ileng ba phatlalatsa taba e ngotsoeng ea Westcott le Hort, oa ngola: “Mantsoe a mangata haholo a Testamente e Ncha aa hlōla tlhahlobisisong efe le efe, hobane ha a fetohe, ’me ho hlokahala feela hore a fetoleloe. . . . Haeba ho se tšoane ho fokolang . . . ho behelloa ka thōko, mantsoe ao rōna re ka a bonang a sa ntsane a belaetsa a ke ke a fihla le karolong ea sekete ea Testamente e Ncha kaofela ha eona.”h
28, 29. (a) Kahlolo ea rōna ea motheo e lokela ho ba efe ka taba e ngotsoeng e ntlafalitsoeng ea Segerike? (b) Ke polelo efe e tiileng ea bopaki eo re nang le eona ho see?
28 Qeto e ka Etsoang ka ho Fetisoa ha Taba e Ngotsoeng. Ka hona, ho ka etsoa qeto efe ea motheo ka botšepehi le bonnete tsa taba e ngotsoeng, ka mor’a makholo-kholo ana a lilemo ao e ’nileng ea fetisoa ka ho fetoleloa? Hase feela hore ho na le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse likete-kete tse ka bapisoang empa ho sibolloa ha libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa khalenyana tsa Bibele lilemong tse mashome a itseng tse fetileng ho busetsa taba e neng e ngotsoe ka Segerike ho hoo e ka bang selemong sa 125 C.E., mashome a mabeli feela a lilemo ka morao ho lefu la moapostola Johanne hoo e ka bang ka 100 C.E. Bopaki ba libuka tse ngotsoeng ka letsoho bo fana ka tiiso e matla ea hore hona joale re na le taba e tšepahalang e ngotsoeng ka Segerike e ntlafalitsoeng. Hlokomela hore na eo e neng e le motsamaisi le mookameli oa laebrari oa Setsi sa Polokelo ea Lintho tsa Bohlokoa sa Brithani, Sir Frederic Kenyon, o ile a fana ka kahlolo efe tabeng ena:
29 “Ka hona, khefu e pakeng tsa nako eo libuka tsena li ileng tsa qala ho hlophisoa ka eona le nako ea bopaki ba pele haholo bo ntseng bo le teng e nyenyane hoo ha e le hantle e ka hlokomolohuoang, ’me motheo oa ho qetela oa pelaelo leha e le efe ea hore Mangolo a tlile ho rōna kannete a le kamoo a ileng a ngoloa ka teng o tlositsoe joale. Mohlomong ho ka nkoa hore qetellong bonnete le botšepehi bo akaretsang tsa libuka tsa Testamente e Ncha li tiisitsoe. Leha ho le joalo, botšepehi bo akaretsang, ke taba e fapaneng ho hang le ho tiea ha makolopetso.”i
30. Re ka kholiseha joang hore New World Translation e neha babali ba eona “lentsoe la Morena [“Jehova,” NW]” le tšepahalang?
30 Tabeng ea tlhaloso ea “ho tiea ha makolopetso,” taba e qotsitsoeng serapeng sa 27 ea Dr. Hort e akaretsa sena. Ke mosebetsi oa bantlafatsi ba se ngotsoeng ho lokisa makolopetso, ’me sena ba se entse ka tekanyo e khōlō. Ka lebaka lena, taba e ngotsoeng ka Segerike ea Westcott le Hort e amoheleha ka kakaretso e le e phahameng ka ho fetisisa. Karolo ea Mangolo a Segerike a Bokreste ea New World Translation, e theiloe tabeng ena e ngotsoeng e babatsehang ea Segerike, ka hona e khona ho neha babali ba eona “lentsoe la Morena [“Jehova,” NW]” le tšepahalang, joalokaha re le boloketsoe ka bokhabane bo boholo hakana pokellong ea Segerike ea libuka tse ngotsoeng ka letsoho.—1 Pet. 1:24, 25.
31. (a) Lintho tse sibollotsoeng kajeno li bontšitse eng ka taba e ngotsoeng ea Mangolo a Segerike? (b) Chate e leqepheng la 309 e bontša mohloli o moholo oa karolo ea Mangolo a Segerike a Bokreste ea New World Translation joang, ’me mehloli e meng e tlatselletsang e ileng ea sebelisoa ke efe?
31 Ho khahlisang hape ke litlhaloso tsa Sir Frederic Kenyon bukeng ea hae Our Bible and the Ancient Manuscripts, 1962, leqepheng la 249: “Re tlameha ho khotsofalla ho tseba hore ’nete e akaretsang taba e ngotsoeng ea Testamente e Ncha e tšehelitsoe ka ho tsotehang ke lintho tse sibollotsoeng mehleng ena tse fokolitseng haholo nako e pakeng tsa libuka tsa bangoli ba pele le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse ntseng li le teng hona joale tsa bangoli ba ileng ba kopitsa ho bona, le hore ho se tšoane ha liphetolelo, le hoja ho hapa maikutlo hakaalo, ha ho ame lithuto tsa motheo tsa tumelo ea Bokreste.” Joalokaha ho bontšitsoe leqepheng la 309 chateng e reng, “Mehloli ea Taba e Ngotsoeng ea New World Translation—Mangolo a Segerike a Bokreste,” ho ile ha qotsoa le litokomane tse ling tse joalo ho etsa phetolelo e nepahetseng ea taba e ngotsoeng ka Senyesemane. Litaba tse ngotsoeng botlaaseng ba leqephe tsa bohlokoa li tšehetsa ho fetolela hona hohle ho entsoeng ka botšepehi. Komiti ea New World Bible Translation e sebelisitse liphello tse molemohali tsa boithuto ba Bibele tse chorisitsoeng ka makholo a lilemo ha e phatlalatsa phetolelo ea eona e molemo. Ke kholiseho e kaakang eo re ka bang le eona kajeno ea hore Mangolo a Segerike a Bokreste, kamoo re nang le ’ona kajeno, ka sebele a na le “mohlala oa mantsoe a phelisang” joalokaha a ne a ngotsoe ke barutuoa ba bululetsoeng ba Jesu Kreste. E se eka re ka tšoarella mantsoeng ana a bohlokoa ka tumelo le ka lerato!—2 Tim. 1:13, NW.
32. Ke hobane’ng ha mona ho fanoe ka sebaka se seholo tabeng ea ho tšohla taba ea libuka tse ngotsoeng ka letsoho le taba e ngotsoeng ea Mangolo a Halalelang, ’me e le ka phello efe e khotsofatsang?
32 Thuto ena le e fetileng li nehetsoe tabeng ea ho tšohla taba ea libuka tse ngotsoeng ka letsoho le taba e ngotsoeng ea Mangolo a Halalelang. Ke hobane’ng ha see se sebelitsoe ka ho felletseng hakaale? Morero e bile ho bontša ka ho felletseng hore litaba tse ngotsoeng tsa Mangolo a Seheberu le a Segerike li tšoana ka mokhoa o ke keng oa latoloa le taba e ngotsoeng ea ’nete eo pele Jehova a ileng a bululela banna ba tšepahalang ba khale hore ba e ngole. Mangolo ao a pele a ne a bululetsoe. Bakopitsi, le hoja ba ne ba le masene, ba ne ba sa bululeloa. (Pes. 45:1; 2 Pet. 1:20, 21; 3:16) Kahoo, e le hore ho khetholloe ka ho hlakileng le ntle ho phoso metsi a hloekileng a ’nete joalokaha a ile a phalla ho tloha qalong ho tsoa ho Mohloli o Moholo, Jehova, ho ile ha hlokahala hore ho khethoe pokellong e khōlō ea likopi tsa libuka tse ngotsoeng ka letsoho. Liteboho tsohle li lebisoa ho Jehova bakeng sa mpho e tsotehang ea Lentsoe la hae, Bibele e bululetsoeng, le molaetsa o khathollang oa ’Muso o phallang ho tsoa maqepheng a eona!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 354-5.
b Bona leqephe 176, serapa 6.
c Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 323; New Bible Dictionary, khatiso ea bobeli, 1986, J. D. Douglas, leqephe 1187.
d New Bible Dictionary, khatiso ea bobeli, leqephe 1187.
e Bona chate e reng, “Tse Ling tsa Liphetolelo tsa Bibele tsa Sehlooho ka Lipuo tse Khōlō tse Supileng,” leqepheng la 322.
f The Kingdom Interlinear Translation of the Greek Scriptures, 1985, maqephe 8-9.
g Bona se ngotsoeng botlaaseng ba leqephe ho NW ho Luka 24:40; Johanne 5:4; Liketso 19:23; 27:37; le Tšenolo 3:16.
h The New Testament in the Original Greek, 1974, Moq. 1, leqephe 561.
i The Bible and Archaeology, 1940, maqephe 288-9.