Lithuto Mangolong a Bululetsoeng le Boitsebiso bo Thusang ho a Utloisisa
Thuto ea 5—Taba e Ngotsoeng ka Seheberu ea Mangolo a Halalelang
Kamoo Mangolo a Seheberu, joaloka karolo ea Lentsoe le bululetsoeng la Molimo, a ileng a kopitsoa ka teng, kamoo a ileng a bolokoa ka teng mabapi le botšepehi ba taba e ngotsoeng, le ho fetisetsoa mehleng ena.
1. (a) ‘Mantsoe a Jehova’ a fapana joang le matlotlo a mang a nakong e fetileng? (b) Ho hlaha lipotso life mabapi le ho bolokoa ha Lentsoe la Molimo?
‘MANTSOE a Jehova’ a ileng a qetoa ho ngoloa a ka tšoantšoa le metsi a ’nete a bokelletsoeng pokellong e tsotehang ea litokomane tse bululetsoeng. Re leboha hakaakang hore ebe nakong ena eohle ea lipuisano tsena tsa leholimo, Jehova o ile a etsa hore “metsi” ana a bokelloe e le hore e ka ba pokello e ke keng ea fela ea boitsebiso bo fanang ka bophelo! Matlotlo a mang a mehleng e fetileng, a kang meqhaka ea borena, mafa, le lintho tsa histori tsa banna ba khale, a lebalehile, a nyametse, kapa a nyopile ha nako e ntse e feta, empa lipolelo tsa Molimo oa rōna tse kang letlotlo li tla tšoarella ka ho sa feleng. (Esa. 40:8) Leha ho le joalo, ho hlaha lipotso mabapi le hore na ebe metsi ana a ’nete a ’nile a lula a sa silafatsoa ka mor’a hore a tšeloe pokellong. Na a lutse a sa tsoakoa? Na a fetisitsoe ka botšepehi ho tloha litabeng tse ngotsoeng ka lipuo tsa pele-pele, ka phello ea hore seo batho ba lipuo tsohle ba lefatše ba nang le sona kajeno sea tšepahala? Re tla fumana e le thuto e hlollang ho hlahloba karolo ea pokello ena e tsejoang ka hore ke taba e ngotsoeng ka Seheberu, ho hlokomela phalimeho e ileng ea sebelisoa ho boloka ho nepahala ha eona, hammoho le litokisetso tse tsotehang tse ileng tsa etsoa hore e fetisetsoe ho batho ba lichaba tsohle le hore ba e fumane ka liphetolelo tse sa tšoaneng le liphetolelo tse ncha.
2. Mangolo a bululetsoeng a ile a bolokoa joang ho theosa ho fihlela mehleng ea Esdrase?
2 Litokomane tsa pele-pele ka lipuo tsa Seheberu le Searame li ne li tlalehiloe ke bangoli ba batho ba sebelisoang ke Molimo, ho tloha ka Moshe ka 1513 B.C.E. ho theosa ho fihlela morao ka 443 B.C.E. Kamoo ho tsejoang ka teng kajeno, ha ho mangolo a teng hona joale a mangolo ana a pele-pele. Leha ho le joalo, ho tloha qalong, ho ile ha sebelisoa phalimeho e khōlō ho boloka mangolo a bululetsoeng, ho akarelletsa le likopi tsa ’ona tse lumelletsoeng ka molao. Hoo e ka bang ka 642 B.C.E., mehleng ea Morena Josiase, “buka ea molao” oa Moshe, ntle ho pelaelo e leng kopi ea pele-pele, e ile ea fumanoa e bolokiloe ka tlung ea Jehova. Ka nako ena e ne e bolokiloe ka botšepehi ka lilemo tse 871. Mongoli oa Bibele Jeremia o ile a bonahatsa thahasello e khōlō tšibollong ena hoo a ileng a etsa tlaleho ea eona e ngotsoeng ho 2 Marena 22:8-10, ’me hoo e ka bang ka selemo sa 460 B.C.E., Esdrase o ile a boela a bua ka ketsahalo eona eo. (2 Likron. 34:14-18) O ne a thahasella lintho tsena, hobane “e ne e le mongoli ea masene molaong oa Moshe oo Jehova, Molimo oa Iseraele, a neng a o neile.” (Esdr. 7:6) Ha ho pelaelo hore Esdrase o ne a tseba meqolo e meng ea Mangolo a Seheberu e neng e lokiselitsoe ho tla fihlela mehleng ea hae, mohlomong ho akarelletsa le mangolo a pele-pele a mangolo a mang a bululetsoeng. Ka sebele, ho bonahala eka Esdrase e ne e le eena mohlokomeli oa mangolo a tsoang ho Molimo mehleng ea hae.—Neh. 8:1, 2.
NAKO EA HO KOPITSA LIBUKA TSE NGOTSOENG KA LETSOHO
3. Ho ile ha hlaha tlhokahalo efe bakeng sa likopi tse eketsehileng tsa Mangolo, hona e ile ea khotsofatsoa joang?
3 Ho tloha mehleng ea Esdrase ho ea pele, likopi tsa Mangolo a Seheberu li ne li batloa ka ho eketsehileng. Hase Bajode bohle ba ileng ba khutlela Jerusalema le Palestina tsosolosong ea 537 B.C.E. le ka mor’a moo. Ho e-na le hoo, ba likete ba ile ba sala Babylona, athe ba bang ba ile ba falla ka baka la khoebo le mabaka a mang, ka phello ea hore ba ne ba ka fumanoa litsing tse ngata tse khōlō tsa khoebo tsa lefatše la boholo-holo. Bajode ba bangata ba ne ba ee ba nke maeto a selemo le selemo ho khutlela Jerusalema bakeng sa mekete e sa tšoaneng ea tempele, ’me moo ba ne ba kopanela borapeling bo neng bo tsamaisoa ka Seheberu sa Bibele. Mehleng ea Esdrase Bajode ba neng ba le linaheng tsena tse hōle ba ne ba sebelisa libaka tsa kopano tsa sebakeng ka seng tse neng li tsejoa ka hore ke lisynagoge, moo ho neng ho baloa Mangolo a Seheberu ’me ho buisanoa ka ’ona.a Ka baka la libaka tse ngata tsa borapeli tse qhalakaneng, bakopitsi ba ne ba lokela ho eketsa libuka tse ngotsoeng ka letsoho.
4. (a) Genizah e ne e le eng, hona e ne e sebelisoa joang? (b) Ke lintho life tsa bohlokoa tse ileng tsa fumanoa ho e ’ngoe ea tsona lekholong la bo19 la lilemo?
4 Hangata lisynagoge tsena li ne li e-na le ntlo eo ho bolokeloang thepa ho eona e tsejoang ka hore ke genizah. Ha nako e ntse e e-ea, Bajode ba ile ba beha libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse lahliloeng tse neng li tabohile kapa li tsofetse ka har’a genizah, ba li nkela sebaka ka tse ncha bakeng sa ho sebelisoa synagogeng ka nako eo. Nako le nako, lintho tse neng li le ka har’a genizah li ne li ee li tseteloe mobung ka tlhompho, e le hore taba e ngotsoeng—e nang le lebitso le halalelang la Jehova—e se ke ea nyelisoa. Ho theosa le makholo a lilemo, libuka tse likete-kete tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele tsa Seheberu sa khale ha lia ka tsa hlola li sebelisoa ka tsela ena. Leha ho le joalo, genizah ea synagoge e neng e kentsoe thepa e ngata Cairo ea Khale ha ea ka ea tšoaroa ka tsela ena, mohlomong hobane e ne e sirelelitsoe ka lerako ’me e lebetsoe ho fihlela bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo. Ka 1890, ha synagoge e ntse e lokisoa, lintho tse neng li le ka har’a genizah li ile tsa hlahlobjoa hape ’me matlotlo a eona butle-butle a ile a rekisoa kapa ha fanoa ka ’ona. Ho tloha mohloling ona, libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse batlang li felletse le likotoana tsa mangolo tse likete-kete (tseo tse ling ho thoeng ke tsa lekholong la botšelela la lilemo C.E.) li ile tsa isoa Laebraring ea Univesithi ea Cambridge le lilaebraring tse ling tsa Europe le Amerika.
5. (a) Ke libuka life tse ngotsoeng ka letsoho tsa boholo-holo tsa Seheberu tse thathamisitsoeng hona joale, hona ke tsa khale hakae? (b) Ho ithuta tsona ho senola eng?
5 Kajeno, lilaebraring tse ngata tsa lefatše, mohlomong ho baliloe lenane la libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Mangolo ’ohle a Seheberu kapa likarolo tsa ’ona tse 6 000 ’me ha etsoa lethathamo la tsona. Ho ne ho se na libuka tse joalo tse ngotsoeng ka letsoho ho fihlela morao-rao tjena (ntle ho likotoana li se kae) tseo e neng e le tsa khale ho feta lekholo la leshome la lilemo C.E. Joale, ka 1947, sebakeng sa Leoatle le Shoeleng, ho ile ha sibolloa moqolo oa buka ea Esaia, ’me lilemong tse latelang ho ile ha sibolloa meqolo e eketsehileng ea bohlokoa ea Mangolo a Seheberu ha ho ntšoa matlotlo a bohlokoa a libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse neng li patiloe ka lilemo tse ka bang 1 900 mafikeng a sebaka sa Leoatle le Shoeleng. Hona joale litsebi li boletse hore tse ling tsa tsona li ile tsa kopitsoa makholong a seng makae a ho qetela a lilemo B.C.E. Ho ithuta libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse ka bang 6 000 tsa Mangolo a Seheberu ka ho li bapisa ho fana ka motheo o utloahalang oa ho tiisa taba e ngotsoeng ka Seheberu ’me ho senola botšepehi ho fetisoeng ha taba e ngotsoeng.
PUO EA SEHEBERU
6. (a) Histori ea pele ea puo ea Seheberu ke efe? (b) Ke hobane’ng ha Moshe a ne a tšoaneleha ho ngola Genese?
6 Seo kajeno batho ba se bitsang puo ea Seheberu, qalehong ea sona, ke puo eo Adama a neng a e bua tšimong ea Edene. Ka lebaka lena ho ne ho ka buuoa ka sona e le puo ea moloko oa batho. Ke puo e neng e buuoa mehleng ea Noe, le hoja e ne e le ka pokello e ntseng e hōla ea mantsoe. Ka sebōpeho se ntseng se atoloha ka ho eketsehileng, ke puo ea motheo e ileng ea lula e le teng ha Jehova a ferekanya puo ea batho Toreng ea Babele. (Gen. 11:1, 7-9) Seheberu ke karolo ea sehlopha sa lipuo tsa Sesemite, tseo e leng sona se ka sehloohong ho tsona. Ho bonahala eka se amana le puo ea Kanana ea mehleng ea Abrahama, ’me Bakanana ba ile ba etsa mefuta e sa tšoaneng ea lipuo ho tsoa sehlopheng sa bona sa Seheberu. Ho Esaia 19:18 ho buuoa ka sona e le “puo ea Kanana.” Moshe e ne e le setsebi mehleng ea hae, o ne a sa ruteha feela bohlaleng ba Baegepeta empa hape o ne a rutehile puong ea Seheberu ea bo-ntat’ae moholo. Ka lebaka lena o ne a le boemong ba ho bala litokomane tsa boholo-holo tseo a ileng a li fumana, ’me mohlomong li ile tsa fana ka motheo oa boitsebiso bo bong boo a bo tlalehileng bukeng ea Bibele e tsejoang ka hore ke Genese.
7. (a) Ke khatelo-pele efe ea Seheberu sa morao e ileng ea etsahala? (b) Seheberu sa Bibele se ne se sebeletsa e le eng?
7 Hamorao, mehleng ea marena a Bajode, Seheberu se ile sa tsejoa e le “puo ea Bajode.” (2 Mar. 18:26, 28, NW) Mehleng ea Jesu, Bajode ba ne ba bua Seheberu sa mofuta o batlang o le mocha kapa se pharalletseng, ’me ho ntse ho le joalo hamorao se ile sa ’na sa fetoha Seheberu sa bo-rabbi. Leha ho le joalo, ho lokela ho hlokomeloe hore ka Mangolong a Segerike a Bokreste, puo ena e ntse e bitsoa “se-heberu,” eseng Searame. (Joh. 5:2; 19:13, 17; Lik. 22:2; Tšen. 9:11) Ho tloha mehleng ea khale-khale, Seheberu sa Bibele e ne e le sona puo e kopanyang ea khoebo, e neng e utloisisoa ke lipaki tsa Jehova tse ngata tsa pele ho Bokreste hammoho le lipaki tsa Bakreste tsa lekholong la pele la lilemo.
8. Re hopotse ka morero oa Mangolo, ke eng eo re ka e lebohang e le ka ’nete?
8 Mangolo a Seheberu a ile a sebeletsa e le pokello ea metsi a ’nete a hloekileng joaloka krystale, a fetisitsoeng le ho bokelloa tlas’a pululelo ea Molimo. Leha ho le joalo, ke ba neng ba khona ho bala Seheberu feela ba neng ba ka ithuela molemo ka ho toba metsing ana a fanoeng ke Molimo. Ke joang batho ba lichaba tse buang lipuo tse ngata-ngata le bona ba neng ba ka fumana tsela ea ho noa metsi ana a ’nete, ka hona ba fumane tataiso ea Molimo le khatholoho bakeng sa liphefumolohi tsa bona? (Tšen. 22:17) Tsela feela ea ho finyella sena e bile ka ho fetoleloa ho tloha Seheberung ho ea lipuong tse ling, ka hona e leng ho pharalatsa ho phalla ha molatsoana oa ’nete ea Molimo ho matšoele ’ohle a batho. Re ka leboha Jehova Molimo ka ’nete hore ebe ho tloha hoo e ka bang lekholong la bone kapa la boraro la lilemo B.C.E. ho theosa ho tla fihlela mehleng ea joale, likarolo tsa Bibele li ’nile tsa fetoleloa ho ea lipuong tse fetang 1 900. Sena se ipakile e le tlhohonolofatso e kaakang ho batho bohle ba sekametseng ho lokeng, bao ka sebele ba nolofallelitsoeng ho “ithabela” metsing aa a bohlokoa!—Pes. 1:2; 37:3, 4.
9. (a) Bibele e fana ka tumello efe ea hore e fetoleloe? (b) Liphetolelo tsa Bibele tsa boholo-holo li sebelelitse morero ofe o motle o eketsehileng?
9 Na Bibele ka boeona e fana ka tumello kapa e lokafatsa hore taba ea eona e ngotsoeng e fetoleloe ho ea lipuong tse ling? E! Lentsoe la Molimo le eang ho Iseraele, “Thabang, lōna lichaba, le batho ba hae,” le taelo ea Jesu ea boprofeta e eang ho Bakreste, “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle,” li tlameha ho phethahatsoa. Hore sena se etsahale, hoa hlokahala hore ho fetoleloe Mangolo. Ha ho hetloa morao hoo e ka bang lilemong tse makholo a 24 tsa ho fetoleloa ha Bibele, hoa hlaka hore tlhohonolofatso ea Jehova e ’nile ea tšehetsa mosebetsi ona. Ho feta moo, liphetolelo tsa boholo-holo tsa Bibele tse ntseng li le teng e le libuka tse ngotsoeng ka letsoho le tsona li sebelelitse ho tiisa tekanyo e phahameng ea botšepehi ba taba e ngotsoeng ea pokello ea ’nete ea Seheberu.—Deut. 32:43, NW; Matt. 24:14.
LIPHETOLELO TSA KHALE-KHALE
10. (a) Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele tsa Samaria ke eng, hona ke hobane’ng ha li na le thuso ho rōna kajeno? (b) Fana ka mohlala oa ho sebelisoa ha Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele tsa Samaria ho New World Translation.
10 Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele tsa Samaria. Ho na le phetolelo e bitsoang Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele tsa Samaria ea mehleng ea pele, eo, joalokaha lebitso la eona le hlakisa, e nang le libuka tse hlano feela tsa pele tsa Mangolo a Seheberu. Ha e le hantle ke phetolelo ea lentsoe ka lentsoe ea taba e ngotsoeng ka Seheberu ho ea tabeng e ngotsoeng ea Samaria, e ntlafalitsoeng ho tloha tabeng e ngotsoeng ka Seheberu sa boholo-holo. E fana ka makolopetso a thusang a taba e ngotsoeng ka Seheberu ea nakong eo. Phetolelo ena ea lentsoe ka lentsoe e ile ea etsoa ke Basamaria—litloholo tsa ba ileng ba sala Samaria ka mor’a ho hlōloa ha ’muso oa meloko e leshome oa Iseraele ka 740 B.C.E. le ba ileng ba tlisoa ke Baassyria ka nako eo. Basamaria ba ile ba kopanya borapeli ba Iseraele le borapeli ba bona ba melimo ea bohetene, ’me ba ile ba amohela Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele. Ho nahanoa hore ba ile ba ikopiletsa tsona hoo e ka bang lekholong la bone la lilemo B.C.E., le hoja litsebi tse ling li fana ka maikutlo a hore e ka ’na eaba e bile morao lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. Ha ba ntse ba bala taba ea tsona e ngotsoeng, ka sebele ba ne ba tla be ba bitsa mantsoe ka Seheberu. Le hoja taba e ngotsoeng e na le liphapang tse ka bang 6 000 tse sa tšoaneng le taba e ngotsoeng ka Seheberu, bongata ba tsona ke lintho tse fokolang. Likopi tse seng kae tsa libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse teng ke tsa khale ho feta lekholo la bo13 la lilemo C.E. Mongolong o botlaaseng ba leqephe ho New World Translation ho etsoa litšupiso tse ling tse tsoang Libukeng tse Hlano tse Qalang tsa Bibele tsa Samaria.b
11. Li-Targum ke eng, hona molemo oa tsona ke ofe mabapi le taba e ngotsoeng ea Mangolo a Seheberu?
11 Li-Targum tsa Searame. Lentsoe la Searame bakeng sa “phetolelo” kapa “tlhapollo” ke targum. Ho tloha mehleng ea Nehemia ho ea pele, Searame se ile sa sebelisoa e le puo e tloaelehileng ea Bajode ba bangata ba neng ba phela tikolohong ea Persia, kahoo ho ne ho hlokahala hore liphetolelo tsa Mangolo a Seheberu li be le liphetolelo ka puo eo. Mohlomong li ile tsa fumana sebōpeho sa tsona sa ho qetela morao hoo e ka bang lekholong la bohlano la lilemo C.E. Le hoja e le mantsoe a sa momahanang a hlapollotsoeng a taba e ngotsoeng ka Seheberu, ’me e se phetolelo e nepahetseng, li fana ka setšehetso se utloahalang bakeng sa taba e ngotsoeng le ho fana ka thuso ea ho rarolla litemana tse ling tse thata. Mongolong o botlaaseng ba leqephe ho New World Translation ho etsoa litšupiso tse tsoang ho li-Targum tseo khafetsa.c
12. Septuagint ke eng, hona ke hobane’ng ha e le bohlokoa hakaale?
12 Septuagint ea Segerike. Liphetolelo tsa bohlokoahali tsa pele tsa Mangolo a Seheberu, le phetolelo ea sebele ea pele e ngotsoeng ho tloha Seheberung, ke Septuagint ea Segerike (e bolelang, “Mashome a Supileng”). Ho latela neano, ho fetoleloa ha eona ho qalile hoo e ka bang ka 280 B.C.E., ke litsebi tse 72 tsa Bajode tsa Alexandria, Egepeta. Hamorao, ka tsela e ’ngoe e itseng ho ile ha sebelisoa palo 70, ka hona phetolelo eo e ile ea bitsoa Septuagint. Ka ho hlakileng e ile ea phethoa neng-neng lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. E sebelelitse e le Lengolo bakeng sa Bajode ba buang Segerike ’me e ne e sebelisoa ka ho pharalletseng ho theosa ho tla fihlela mehleng ea Jesu le baapostola ba hae. Ka Mangolong a Segerike a Bokreste, boholo ba litaba tse 320 tse tobileng tse qotsitsoeng mohlomong le kakaretso ea litaba tse qotsitsoeng le litšupiso tse 890 ka Mangolong a Seheberu li theiloe ho Septuagint.
13. Ke likotoana life tsa mangolo tsa Septuagint tse ntseng li le teng ho fihlela kajeno, hona ke tsa bohlokoa bofe?
13 Kajeno ho sa ntsane ho na le palo e khōlō ea likotoana tsa mangolo tsa Septuagint tse ngotsoeng holim’a loli bakeng sa ho ithuta. Ke tsa bohlokoa hobane ke tsa mehleng ea pele ea Bokreste, ’me le hoja hangata e le litemana kapa likhaolo tse seng kae feela, li thusa ho lekanyetsa bohlokoa ba taba e ngotsoeng ea Septuagint. Pokello ea Meqolo ea Loli ea Fouad (Lethathamo No. 266) e ile ea sibolloa Egepeta ka 1939 ’me ho fumanoe hore ke ea lekholong la pele la lilemo B.C.E. E na le likarolo tsa libuka tsa Genese le Deuteronoma. Likotoaneng tsa lengolo la Genese, lebitso la Molimo ha le hlahe ka baka la ho se bolokoe ho felletseng. Leha ho le joalo, bukeng ea Deuteronoma, le hlaha libakeng tse sa tšoaneng, le ngotsoe ka litlhaku tsa Seheberu tse likhutlo li ’nè tabeng ea Segerike e ngotsoeng.d Meqolo e meng ea loli e oela nakong ea morao hoo e ka bang lekholong la bone la lilemo C.E., ha ho ne ho qala ho sebelisoa letlalo le bitsoang vellum le nkang nako e teletsana, letlalo la boleng bo phahameng leo ka kakaretso le neng le etsoa ka makoko a namane, konyana, kapa poli, bakeng sa ho ngola libuka ka letsoho.
14. (a) Origen o tiisa eng mabapi le Septuagint? (b) Septuagint e ile ea sokahanngoa neng hona joang? (c) E tlameha ebe Bakreste ba pele ba fane ka bopaki bofe ka ho sebelisoa ha Septuagint?
14 Hoa thahasellisa hore ebe lebitso la Molimo, ka Litlhaku tse ’Nè tsa Seheberu, le boetse lea hlaha ho Septuagint karolong ea Origen ea botšelela Hexapla, e phethiloeng hoo e ka bang ka 245 C.E. Ha Origen a hlalosa Pesaleme ea 2:2, o ile a ngola tjena ka Septuagint: “Libukeng tse nepahetseng ka ho fetisisa tse ngotsoeng ka letsoho LEBITSO leo le hlaha ka litlhaku tsa Seheberu, leha ho le joalo eseng ka [litlhaku] tsa Seheberu sa kajeno, empa ka litlhaku tsa boholo-holo haholo.”e Ho bonahala bopaki bo sa belaetse hore Septuagint e ile ea sokahanngoa qalehong, Kyʹri·os (Morena) le The·osʹ (Molimo) tsa nkela sebaka Litlhaku tse ’Nè tsa Seheberu tse etsang Lebitso la Molimo. Kaha Bakreste ba pele ba ne ba sebelisa libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse nang le lebitso la Molimo, ho ke ke ha boleloa hore ba ne ba latela neano ea Bajode ka ho hlōleha ho bitsa “LEBITSO” leo nakong ea tšebeletso ea bona. E tlameha ebe ba ne ba khona ho pakela lebitso la Jehova ka ho toba ho tloha ho Septuagint ea Segerike.
15. (a) U sebelisa chate e leqepheng la 314, hlalosa libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa letlalo le bitsoang vellum le tsa letlalo tsa Septuagint. (b) New World Translation e etsa litšupiso life ho tsona?
15 Ho na le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse makholo-kholo tsa letlalo le bitsoang vellum le tsa letlalo tsa Septuagint ea Segerike tse ntseng li le teng. Tse ’maloa ho tsona, tse hlahisitsoeng pakeng tsa lekholo la bone la lilemo C.E. le lekholo la borobong la lilemo C.E., ke tsa bohlokoa ka baka la likarolo tse khōlō tsa Mangolo a Seheberu tseo li li akaretsang. Li tsejoa ka hore ke uncials hobane ka kakaretso li ngotsoe ka litlhaku tse khōlō le tse tenya tse arohaneng. Tse setseng li bitsoa minuscules hobane li ngotsoe ka mongolo o batlang o le monyenyane le o hariloeng. Libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa mongolo o bitsoang minuscule, kapa o hariloeng li ile tsa lula li ntse li le nakong ho tloha lekholong la borobong la lilemo ho fihlela ha ho qaloa ho hatisa ka mechine. Libuka tse hlahelletseng tse ngotsoeng ka letsoho tsa mongolo o bitsoang uncial tsa lekholong la bone la lilemo le lekholong la bohlano la lilemo, ke hore, Vatican No. 1209, tsa Sinaitic, le tsa Alexandrine, kaofela li na le Septuagint ea Segerike le hoja ho na le liphapang tse ling tse fokolang. Mongolong o botlaaseng ba leqephe le litlhalosong tsa New World Translation ho etsoa litšupiso tse tsoang ho Septuagint khafetsa.f
16. (a) Vulgate ea Selatine ke eng, hona ke hobane’ng ha e le bohlokoa hakaale? (b) Fana ka mohlala oa tšupiso eo New World Translation e e etsang ho eona.
16 Vulgate ea Selatine. Phetolelo ena e bile eona taba e ngotsoeng ea mathomo e sebelisitsoeng ke bafetoleli ba bangata ba Mak’hatholike ha ba hlahisa liphetolelo tse ling ka lipuo tse ngata tsa Linaha tsa Bophirimela tseo ho atileng Bokreste ho tsona. Vulgate e simolohile joang? Lentsoe la Selatine vulgatus le bolela “ntho e tloaelehileng, e amohelehang ho bohle.” Ha Vulgate e ne e hlahisoa ka lekhetlo la pele, e ne e ngotsoe ka Selatine se tloaelehileng, se amohelehang ho bohle mehleng eo e le hore batho ba tloaelehileng ba ’Muso o ka Bophirimela oa Roma ba ka se utloisisa habonolo. Setsebi Jerome, se entseng phetolelo ena, pejana se ne se entse liphetolelo tse peli tsa Lipesaleme tsa Selatine sa Khale tse ntšitsoeng liphoso, se li bapisa le Septuagint ea Segerike. Leha ho le joalo, phetolelo ea sona ea Bibele ea Vulgate e ile ea etsoa ka ho toba ho tsoa lipuong tsa pele-pele tsa Seheberu le Segerike ka hona e ne e se phetolelo e entsoeng ka phetolelo e ’ngoe. Jerome o ile a sebetsana le phetolelo ea hae ea Selatine ho tloha Seheberung ho tloha hoo e ka bang ka 390 C.E. ho ea ho 405 C.E. Le hoja mosebetsi o felletseng o ne o akarelletsa libuka tse sa Amoheloeng e le Karolo ea Bibele, tseo ka nako ena li neng li le ho Septuagint, ka ho hlakileng Jerome o ile a khetholla pakeng tsa libuka tseo e neng e le karolo ea Mangolo a Halalelang le tseo e neng e se tsona. New World Translation e supa ho Vulgate ea Jerome ka makhetlo a mangata mongolong oa eona o botlaaseng ba leqephe.g
LITABA TSE NGOTSOENG KA PUO EA SEHEBERU
17. Bangoli kapa Basofere, e ne e le bo-mang, hona Jesu o ile a ba nyatsa ka baka la eng?
17 Basofere. Banna ba ileng ba kopitsa Mangolo a Seheberu ho tloha mehleng ea Esdrase le ho tsoela pele ho fihlela mehleng ea Jesu ba ne ba bitsoa bangoli, kapa Basofere. Ha nako e ntse e e-ea, ba ile ba qala ho etsa kamoo ba ratang ka teng ha ba etsa liphetoho tabeng e ngotsoeng. Ha e le hantle, Jesu o ile a nyatsa bana bao e neng e tla ba bahlokomeli ba Molao ka baka la ho inkela matla ao e neng e se a bona.—Matt. 23:2, 13.
18. (a) Ba-Masorete e ne e le bo-mang, hona ba entse litlhaloso life tsa bohlokoa tabeng e ngotsoeng ka Seheberu? (b) Ke mehlala efe e meng ea litokiso tsa bona, joalokaha ho hlokomeloa ho New World Translation?
18 Masora e Senola Liphetoho. Bangoli bao e leng bahlahlami ba Basofere makholong a lilemo ka mor’a ho tla ha Kreste ba ile ba tsejoa e le ba-Masorete. Bana ba ile ba hlokomela liphetoho tse neng li entsoe ke Basofere ba pejana, ba li tlaleha ka thōko ho leqephe tabeng e ngotsoeng ka Seheberu kapa qetellong ea eona. Lintlha tsena tse ngotsoeng ka thōko ho leqephe li ile tsa tsejoa e le Masora. Masora e ile ea thathamisa lintlha tse 15 tse sa tloaelehang tsa Basofere, ke hore, mantsoe a 15 kapa lipoleloana tabeng e ngotsoeng ka Seheberu tse neng li tšoailoe ka matheba kapa lithalali. Tse ling tsa lintlha tsena tse sa tloaelehang ha li ame phetolelo ea Senyesemane kapa phetolelo, empa tse ling lia se ama ebile ke tsa bohlokoa.h Basofere ba ile ba lumella tšabo ea bona ea tumela-khoela ea ho bitsa lebitso la Jehova ho ba tšoasa hore ba le fetole ’me le balehe e le ʼAdho·naiʹ (Morena) libakeng tse 134 le hore maemong a mang le balehe e le ʼElo·himʹ (Molimo). Masora e thathamisa liphetoho tsena.i Basofere kapa bangoli ba pele ba boetse ba qosoa ka ho etsa bonyane liphetoho tse 18 (litokiso), ho latela tlhaloso e ho Masora, le hoja ho hlakile hore ho ne ho e-na le tse ngata ho feta moo.j Mohlomong liphetoho tsena li entsoe ka merero e metle hobane ho ne ho bonahala eka serapa sa pele se ne se bontša ho hloka tlhompho ho Molimo kapa ho se hlomphe baemeli ba oona ba lefatšeng.
19. Taba e ngotsoeng ka liluma-’moho ea Seheberu ke eng, hona e ile ea ba le sebōpeho se tsitsitseng neng?
19 Taba e Ngotsoeng ka Liluma-’moho. Alfabeta ea Seheberu e entsoe ka liluma-’moho tse 22, tse se nang liluma-nosi. Qalong, ’mali o ne a lokela ho iketsetsa melumo ea liluma-nosi ka ho tseba ha hae puo eo. Mongolo oa Seheberu o ne o le joaloka taba e ngotsoeng ka likhutsufatso. Esita le Senyesemaneng sa kajeno ho na le likhutsufatso tse ngata tse sa fetoheng tseo batho ba li sebelisang tse bontšang liluma-’moho feela. Ka mohlala, khutsufatso ea lentsoe la Senyesemane limited ke ltd. Ka ho tšoanang, puo ea Seheberu e ne e entsoe ka letoto la mantsoe a entsoeng ka liluma-’moho feela. Ka hona, ha ho buuoa ka “taba e ngotsoeng ka liluma-’moho” ho boleloa taba e ngotsoeng ka Seheberu e se nang matšoao afe kapa afe a liluma-nosi. Taba e ngotsoeng ka liluma-’moho ea libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Seheberu e ile ea ba le sebōpeho se tsitsitseng pakeng tsa lekholo la pele la lilemo le lekholo la bobeli la lilemo C.E., le hoja libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse nang le taba e ngotsoeng e fapaneng li ile tsa ’na tsa tsoela pele ho abjoa ka nakoana. Ho ne ho se ho se na liphetoho tse entsoeng, ho fapana le mehleng ea pejana ea Basofere.
20. Ba-Masorete ba ile ba etsa eng mabapi le taba e ngotsoeng ka Seheberu?
20 Taba e Ngotsoeng ea Masora. Karolong ea bobeli ea lilemo tsa pele tse sekete C.E., ba-Masorete (ba·ʽalehʹ ham·ma·soh·rahʹ, ka Seheberu, e bolelang “Litsebi tse Hloahloa tsa Neano”) ba ile ba thea mokhoa oa matšoao a emelang liluma-nosi a etellang pele kapa a hlahang ka mor’a liluma-’moho le matšoao a bontšang khatiso. Matšoao ana a ile a sebeletsa e le thuso e ngotsoeng ha ho baloa le ha ho bitsoa melumo ea liluma-nosi, athe pejana ho bitsoa ha mantsoe ho ne ho fetisitsoe ka neano ea molomo. Ba-Masorete ha ba ka ba etsa liphetoho leha e le life litabeng tse ngotsoeng tseo ba li fetisitseng empa ba ile ba tlaleha litlhaloso tse ka thōko ho leqephe tabeng e ngotsoeng ho Masora ha ba bona ho loketse ho etsa joalo. Ba ile ba sebelisa phalimeho e khōlō hore ba se ke ba iketsetsa kamoo ba ratang ka taba e ngotsoeng. Ho phaella moo, ho Masora ea bona, ba ile ba lebisa tlhokomelo linthong tsa taba e ngotsoeng tse khethehileng ’me ba fana ka liphetolelo tse lokisitsoeng tseo ba ileng ba nka li hlokahala.
21. Taba e ngotsoeng ea Masora ke eng?
21 Likolo tse tharo tsa ba-Masorete li ne li tšoarehile ka ho ntlafatsa ho bitsoa ha mantsoe le matšoao a bontšang khatiso ea taba e ngotsoeng ka liluma-’moho, ke hore, ea Babylona, ea Palestina, le ea Tiberiase. Taba e ngotsoeng ea Seheberu eo hona joale e fumanehang ka likhatiso tse hatisitsoeng tsa Bibele ea Seheberu e tsejoa e le taba e ngotsoeng ea Masora ’me e sebelisa mokhoa o sebelisitsoeng ke sekolo sa Tiberiase. Mokhoa ona o ile oa hlahisoa ke ba-Masorete ba Tiberiase, motse o lebōpong le ka bophirimela la Leoatle la Galilea. Mongolo o botlaaseng ba leqephe ho New World Translation o supa tabeng e ngotsoeng ea Masora ka makhetlo a mangata (tlas’a letšoao la M) le litlhalosong tsa eona tse ka thōko ho leqephe, Masora (tlas’a letšoao la Mmargin).k
22. Ke buka efe e ngotsoeng ka letsoho ea letoto la litaba tse ngotsoeng tsa Babylona e fumanehang, hona e ka bapisoa joang le taba e ngotsoeng ea Tiberiase?
22 Sekolo sa Palestina se ne se beha matšoao a liluma-nosi ka holim’a liluma-’moho. Ke palo e nyenyane feela ea libuka tse joalo tse ngotsoeng ka letsoho e ileng ea fihla ho rōna, e bontšang hore mokhoa ona oa ho bitsa mantsoe o ne o sa phethahala. Mokhoa oa Babylona oa matšoao a emelang liluma-nosi a etellang pele kapa a hlahang ka mor’a liluma-’moho le oona ka ho tšoanang o ne o kenya liluma-nosi ka mor’a liluma-’moho tse ling le tse ling. Buka e ngotsoeng ka letsoho e bontšang mokhoa oa Babylona oa ho sebelisa matšoao a emelang liluma-nosi a etellang pele kapa a hlahang ka mor’a liluma-’moho ke Codex ea Petersburg ea Baprofeta, ea 916 C.E., e bolokiloeng Laebraring ea Sechaba ea Leningrad, U.S.S.R. Codex ena e na le Esaia, Jeremia, Ezekiele, le baprofeta ba “banyenyane,” hammoho le litlhaloso tse ka thōko ho leqephe (Masora). Litsebi li ’nile tsa hlahloba buka ena e ngotsoeng ka letsoho ka cheseho ’me tsa e bapisa le taba e ngotsoeng ea Tiberiase. Le hoja e sebelisa mokhoa oa ho bitsa mantsoe ka ho kenya liluma-nosi ka mor’a liluma-’moho tse ling le tse ling, ha e le hantle e latela taba e ngotsoeng ea Tiberiase mabapi le taba e ngotsoeng ka liluma-’moho le liluma-nosi tsa eona le Masora. Setsi sa Polokelo ea Lintho tsa Bohlokoa sa Brithani se na le kopi ea taba e ngotsoeng ea Babylona ea Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele, eo ho fumanoeng e lumellana le taba e ngotsoeng ea Tiberiase ka ho nepahala.
23. Ke letoto lefe la lintho tse fumanoeng tsa libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Seheberu le fumanoeng haufi le Leoatle le Shoeleng?
23 Meqolo ea Leoatle le Shoeleng. Ka 1947 ho ile ha qala khaolo e ncha e thabisang historing ea buka e ngotsoeng ka letsoho ea Seheberu. Ho ile ha sibolloa moqolo oa pele oa Esaia, hammoho le meqolo e meng ea Bibele le eo eseng ea Bibele lehaheng le Wadi Qumran (Nahal Qumeran), sebakeng sa Leoatle le Shoeleng. Nakoana ka mor’a moo, ho ile ha hatisoa kopi e felletseng e fotiloeng ea moqolo ona oa Esaia o bolokiloeng hantle (1QIsa) bakeng sa hore litsebi li ithute eona. Ho lumeloa hore ke ea ho ea bofelong ba lekholo la bobeli la lilemo B.C.E. Ka sebele, mona ho ne ho fumanoe ntho e ’ngoe eo ho leng thata ho e lumela—buka e ngotsoeng ka letsoho ea Seheberu ea khale ka lilemo tse ka bang sekete ho feta buka e ngotsoeng ka letsoho ea khale ka ho fetisisa e teng ea taba e ngotsoeng e amohelehang ea Masora ea Esaia!l Mahaheng a mang a Qumran ho ile ha ntšoa mesaletsa ea meqolo e ka holimo ho 170 e emelang likarolo tsa libuka tsohle tsa Mangolo a Seheberu ka ntle ho Esthere. Ho ntse ho tsoeloa pele ho ithuta meqolo e joalo.
24. Libuka tsee tse ngotsoeng ka letsoho li bapisoa joang le taba e ngotsoeng ea Masora, hona New World Translation e li sebelisa joang?
24 Setsebi se seng se tlaleha hore phuputso ea sona ea Pesaleme ea 119 e telele Moqolong o mong oa bohlokoa oa Lipesaleme oa Leoatle le Shoeleng (11QPsa) e bontša hore e batla e tšoana ka ho felletseng ka mantsoe le taba e ngotsoeng ea Masora ea Pesaleme ea 119. Mabapi le Moqolo oa Lipesaleme, Moprofesara J. A. Sanders o ile a hlokomela: “Bongata ba [liphapang] ke ba ho ngoloa ha mantsoe ka litlhaku tse nepahetseng ’me ke tsa bohlokoa feela ho litsebi tse thahasellang lintho tse tataisetsang ho bitsoeng ha mantsoe a Seheberu mehleng ea boholo-holo, le lintho tse ling tse joalo.”a Mehlala e meng ea libuka tsena tse hlollang tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho maemong a mang ha e bontše liphapang tse khōlō. Le hoja moqolo oa Esaia o bontša liphapang tse itseng ho ngoloeng ha mantsoe le ho bōptjoeng ha puo, ha o fapane le e meng lintlheng tsa thuto. Moqolo ona o hatisitsoeng oa Esaia o ile oa hlahlobjoa mabapi le liphapang tsa oona ha ho lokisetsoa New World Translation, ’me ho etsoa litšupiso ho oona.b
25. Hona joale ho se ho tšohliloe litaba life tse ngotsoeng ka Seheberu, hona ho ithuta tsona ho re kholisa ka eng?
25 Mecha e ka sehloohong ea ho fetisoa ha Mangolo a Seheberu joale e se e tšohliloe. Habohlokoahali, mecha ena ke Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele tsa Samaria, li-Targum tsa Searame, Septuagint ea Segerike, taba e ngotsoeng ka Seheberu ea Tiberiase, taba e ngotsoeng ka Seheberu ea Palestina, taba e ngotsoeng ka Seheberu ea Babylona, le taba e ngotsoeng ka Seheberu ea Meqolo ea Leoatle le Shoeleng. Ka baka la ho ithuta taba ena e ngotsoeng le ho e bapisa, re kholisehile hore Mangolo a Seheberu a tlile ho rōna kajeno ka sebōpeho se nepahetseng seo bahlanka ba Molimo ba bululetsoeng ba neng ba a tlalehile ka sona pele.
TABA E NGOTSOENG KA SEHEBERU E NTLAFALITSOENG
26. (a) Thuto e hlahlobisisang ea taba e ngotsoeng ka Seheberu e ile ea ntšetsoa pele neng, hona ho hatisitsoe litaba life tse ling tse ngotsoeng tsa sehlooho? (b) Taba e ngotsoeng ea Ginsburg e sebelisitsoe joang?
26 Khatiso e hatisitsoeng ka mokhoa o sa fetoheng ea Bibele ea Seheberu ho fihlela lekholong la bo19 la lilemo e ne e le Bibele ea Bobeli ea bo-Rabbi ea Jacob ben Chayyim e hatisitsoeng ka 1524-25. E bile feela ho fihlela lekholong la bo18 la lilemo ha litsebi li qala ho ntšetsa pele ho ithuta taba e ngotsoeng ka Seheberu ka ho e hlahlobisisa. Ka 1776-80, Oxford, Benjamin Kennicott o ile a hatisa liphetolelo tse sa tšoaneng ho tsoa libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tse ka holimo ho 600 tsa Seheberu. Joale, ka 1784-98, Parma, setsebi sa Letaliana J. B. de Rossi se ile sa hatisa liphetolelo tse eketsehileng tse sa tšoaneng tsa libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse ka holimo ho 800. Setsebi sa Seheberu S. Baer, sa Jeremane, le sona se ile sa hlahisa taba e ngotsoeng ea sehlooho. Mehleng ea morao-rao, C. D. Ginsburg o ile a ikitlaetsa ka lilemo tse ngata hore a hlahise taba e ngotsoeng ea sehlooho e hlahlobisisang Bibele ea Seheberu. E ile ea hlaha ka lekhetlo la pele ka 1894, ’me ea ntšoa liphoso ka lekhetlo la ho qetela ka 1926.c Joseph Rotherham o ile a sebelisa khatiso ea 1894 ea taba ena e ngotsoeng ha a hlahisa phetolelo ea hae ea Senyesemane, The Emphasised Bible, ka 1902, ’me Moprofesara Max L. Margolis le basebetsi-’moho ba ile ba sebelisa litaba tse ngotsoeng tsa Ginsburg le Baer ha ba hlahisa phetolelo ea bona ea Mangolo a Seheberu ka 1917.
27, 28. (a) Biblia Hebraica ke eng, hona e hōlisitsoe joang? (b) New World Translation e ’nile ea sebelisa taba ee e ngotsoeng joang?
27 Ka 1906 setsebi sa Seheberu Rudolf Kittel se ile sa lokolla khatiso ea pele se le Jeremane (’me hamorao, sa lokolla khatiso ea bobeli) ea taba ea sona e ngotsoeng ka Seheberu e ntlafalitsoeng e neng e na le sehlooho se reng Biblia Hebraica, kapa “Bibele ea Seheberu.” Bukeng ena Kittel o ile a fana ka sebōpeho sa taba e ngotsoeng ka mengolo e botlaaseng ba leqephe e batsi, e neng e hlahlobisisa kapa e bapisa libuka tse ngata tsa Seheberu tse ngotsoeng ka letsoho tsa taba e ngotsoeng ea Masora tse neng li fumaneha ka nako eo. O ile a sebelisa taba e ngotsoeng ke Jacob ben Chayyim e neng e amoheloa ka kakaretso e le eona taba e ngotsoeng ea motheo. Ha litaba tse ngotsoeng tsa Ben Asher tsa Masora tseo e neng e le tsa khalenyana le tse molemonyana li fumaneha, tse neng li ngotsoe ka ho sa fetoheng hoo e ka bang lekholong la bo10 la lilemo C.E., Kittel o ile a ikemisetsa ho hlahisa khatiso ea boraro e fapaneng ka ho felletseng ea Biblia Hebraica. Mosebetsi ona o ile oa phethoa ke ba neng ba sebetsa le eena ka mor’a lefu la hae.
28 Biblia Hebraica ea Kittel, khatiso ea bo7, bo8, le ea bo9 (1951-55), e ile ea fana ka taba e ngotsoeng ea motheo e sebelisitsoeng bakeng sa karolo ea Seheberu ea New World Translation ea Senyesemane. Khatiso e ncha ea taba e ngotsoeng ka Seheberu, ke hore Biblia Hebraica Stuttgartensia, ea 1977, e ile ea sebelisoa bakeng sa ho beha nakong boitsebiso bo fanoeng mongolong o botlaaseng ba leqephe ho New World Translation e hatisitsoeng ka 1984.
29. Ke tšoaneleho efe ea Biblia Hebraica eo e neng e le ea bohlokoa ka ho khetheha ha ho busetsoa lebitso la Molimo?
29 Ho hlahisa ha Kittel Masora e nang le litlhaloso tse ka thōko ho leqephe, ho akaretsang liphetoho tse ngata tabeng e ngotsoeng ea bangoli ba pele ho Bokreste, ho tlatselitse bakeng sa liphetolelo tse nepahetseng ho New World Translation, ho akarelletsa le ho busetsoa ha lebitso la Molimo, Jehova. Thuto e ntseng e saballa ea tsebo ea Bibele e ntse e etsoa hore e tsoele pele ho fumaneha ka New World Translation.
30. (a) U sebelisa chate e leqepheng la 308 e bontšang mehloli ea karolo ea Lengolo la Seheberu ea taba e ngotsoeng ea New World Translation, latela histori ea taba e ngotsoeng ka Seheberu ho fihlela ho Biblia Hebraica e le mohloli o moholo oa New World Translation. (b) E meng ea mehloli eo Komiti ea New World Bible Translation e entseng litšupiso ho eona ke efe?
30 Thuto ena e lateloa ke chate e bontšang mehloli ea taba e ngotsoeng ea Mangolo a Seheberu ho New World Translation. Chate ena e bontša ka bokhutšoanyane ho hōlisoa ha taba e ngotsoeng ka Seheberu e lebisitseng ho Biblia Hebraica ea Kittel, eo e leng mohloli oa sehlooho o sebelisitsoeng. Mehloli ea bobeli eo ho ileng ha talingoa ho eona e bontšitsoe ka mela e mesoeu e matheba. Sena ha sea rereloa ho bontša hore tabeng ea liphetolelo tse kang Vulgate ea Selatine le Septuagint ea Segerike, ho ile ha talingoa libukeng tsa pele-pele. Joaloka mangolo a Seheberu a bululetsoeng, hona joale liphetolelo tsa pele ho tsena li sentsoe. Mehloli ena e ile ea talingoa ka likhatiso tse tšepahalang tsa litaba tse ngotsoeng kapa ho tsoa liphetolelong tsa boholo-holo tse tšepahalang le litlhaloso tse hlahlobisisang. Ka ho talima mehloli ena e sa tšoaneng, Komiti ea New World Bible Translation e ile ea khona ho hlahisa phetolelo e tšepahalang ea Mangolo a Seheberu a pele-pele a bululetsoeng. Mehloli ena e bontšitsoe kaofela mongolong o botlaaseng ba leqephe ho New World Translation.
31. (a) Karolo ea Lengolo la Seheberu ea New World Translation ke phello ea eng? (b) Ka hona re ka bontša liteboho life le tšepo efe?
31 Ka hona karolo ea Mangolo a Seheberu ea New World Translation ke sehlahisoa sa tsebo le patlisiso ea Bibele ea nako e telele. E theiloe tabeng e ngotsoeng e tšepahalang haholo, phello e hlohonolofalitsoeng ka ho enneng ea ho fetisoa ho tšepahalang ha taba e ngotsoeng. Kaha e ngotsoe ka mokhoa o momahaneng hantle le mokhoa oa ho ngola o khahlang, e fana ka phetolelo e tšepahalang le e nepahetseng bakeng sa ho ithuta Bibele ka tieo. Liteboho li lebisoe ho Jehova, Molimo o buisanang le batho, hore ebe Lentsoe la oona lea phela ’me le fana ka matla kajeno! (Ba-Heb. 4:12) E se eka batho ba lipelo li tšepahalang ba ka tsoela pele ho haha tumelo ka thuto ea Lentsoe la bohlokoa la Molimo ’me ba susumelletsehe ho etsa thato ea Jehova mehleng ena ea bohlokoa.—2 Pet. 1:12, 13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha ho tsejoe hore na tšebeliso ea lisynagoge e theiloe neng. E ka ’na eaba e theiloe nakong ea lilemo tse 70 tsa botlamuoa Babylona ha ho ne ho se na tempele e teng, kapa e ka ’na eaba e bile ka moraonyana ho ho khutla botlamuoeng, mehleng ea Esdrase.
b Bona “Sam” mongolong o botlaaseng ba leqephe, ho Genese 4:8; Exoda 6:2; 7:9; 8:15; le 12:40. Phetolelo ena ea ho qetela e re thusa ho utloisisa Ba-Galata 3:17.
c Bona “T” mongolong o botlaaseng ba leqephe ho Numere 24:17; Deuteronoma 33:13; le Pesaleme ea 100:3.
d Reference Bible, sehlomathiso 1C, “The Divine Name in Ancient Greek Versions.”
e Insight on the Scriptures, Moq. 2, leqephe 9.
f New World Translation e bontša liphapang tsena ka letšoao la LXXא bakeng sa Sinaitic, LXXA bakeng sa Alexandrine, le LXXB bakeng sa Vatican. Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe ho 1 Marena 14:2 le 1 Likronike 7:34; 12:19.
g Bona “Vg” mongolong o botlaaseng ba leqephe ho Exoda 37:6.
h Reference Bible, sehlomathiso 2A, “Extraordinary Points.”
i Reference Bible, sehlomathiso 1B, “Scribal Changes Involving the Divine Name.”
j Reference Bible, sehlomathiso 2B, “Emendations (Corrections) of the Sopherim.”
k Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe ho Pesaleme ea 60:5; 71:20; 100:3; le 119:79.
l Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 322.
a The Dead Sea Psalms Scroll, 1967, J. A. Sanders, leqephe 15.
b Bona “1QIsa” mongolong o botlaaseng ba leqephe ho Esaia 7:1; 14:4.
c Bona “Gins.” mongolong o botlaaseng ba leqephe ho Levitike 11:42.
[Chate e leqepheng la 313]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
LIBUKA TSE LING TSE NGOTSOENG KA LETSOHO TSA SEHLOOHO TSA LOLI
Tsa Mangolo a Seheberu
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Moqolo oa Loli oa Nash
Nako lekho. la bo2 kapa la bo1 la lil. B.C.E.
Puo Seheberu
E Fumanoe Cambridge, Engelane
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Matoto a 24 a Melao e Leshome le
litemana tse ling tsa Deuteronoma likhao. 5, 6
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Rylands 458
Letšoao 957
Nako lekho. la bo2 la lil. B.C.E.
Puo Segerike
E Fumanoe Manchester, Engelane
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Likotoana tsa Mangolo tsa Deuteronoma likhao. 23-28
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Fouad 266
Nako lekho. la bo1 la lil. B.C.E.
Puo Segerike
E Fumanoe Cairo, Egepeta
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Likarolo tsa Genese le Deuteronoma
Mehlala ea Tšebeliso ho New World Translation—With References (bona
mongolo o botlaaseng ba leqephe bakeng sa mangolo a bontšitsoeng)
Deut. 18:5; Lik. 3:22; sehlomathiso 1C
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Moqolo oa Leoatle le Shoeleng oa Levitike
Letšoao 4Q LXX Levb
Nako lekho. la bo1 la lil. B.C.E.
Puo Segerike
E Fumanoe Jerusalema, Iseraele
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Likotoana tsa Mangolo tsa Levitike
Mehlala ea Tšebeliso ho New World Translation—With References (bona
mongolo o botlaaseng ba leqephe bakeng sa mangolo a bontšitsoeng)
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Chester Beatty 6
Letšoao 963
Nako lekho. la bo2 la lil. C.E.
Puo Segerike
E Fumanoe Dublin, Ireland, le Ann Arbor, Mich.,
U.S.A.
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Likarolo tsa Numere le Deuteronoma
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Chester Beatty 9, 10
Letšoao 967/968
Nako lekho. la bo3 la lil. C.E.
Puo Segerike
E Fumanoe Dublin, Ireland, le Princeton, N.J.,
U.S.A.
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Likarolo tsa Ezekiele, Daniele, le Esthere
Tsa Mangolo a Segerike a Bokreste
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Oxyrhynchus 2
Letšoao P1
Nako lekho. la bo3 la lil. C.E.
Puo Segerike
E Fumanoe Philadelphia, Pa., U.S.A.
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Matt. 1:1-9, 12, 14-20
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Oxyrhynchus 1228
Letšoao P22
Nako lekho. la bo3 la lil. C.E.
Puo Segerike
E Fumanoe Glasgow, Scotland
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Likotoana tsa Mangolo tsa Johanne likhao. 15, 16
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Michigan 1570
Letšoao P37
Nako lekho. la bo3/4 la lil. C.E.
Puo Segerike
E Fumanoe Ann Arbor, Mich., U.S.A.
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Matt. 26:19-52
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Chester Beatty 1
Letšoao P45
Nako lekho. la bo3 la lil. C.E.
Puo Segerike
E Fumanoe Dublin, Ireland; Vienna, Austria
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Likotoana tsa Mangolo tsa Mattheu, Mareka, Luka,
Johanne, le Liketso
Mehlala ea Tšebeliso ho New World Translation—With References (bona
mongolo o botlaaseng ba leqephe bakeng sa mangolo a bontšitsoeng)
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Chester Beatty 2
Letšoao P46
Nako hoo e ka bang ka 200 C.E.
Puo Segerike
E Fumanoe Dublin, Ireland; Ann Arbor, Mich., U.S.A.
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Mangolo a robong a Pauluse
Mehlala ea Tšebeliso ho New World Translation—With References (bona
mongolo o botlaaseng ba leqephe bakeng sa mangolo a bontšitsoeng)
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Chester Beatty 3
Letšoao P47
Nako lekho. la bo3 la lil. C.E.
Puo Segerike
E Fumanoe Dublin, Ireland
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Tšen. 9:10–17:2
Mehlala ea Tšebeliso ho New World Translation—With References (bona
mongolo o botlaaseng ba leqephe bakeng sa mangolo a bontšitsoeng)
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Rylands 457
Letšoao P52
Nako hoo e ka bang ka 125 C.E.
Puo Segerike
E Fumanoe Manchester, Engelane
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Joh. 18:31-33, 37, 38
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Bodmer 2
Letšoao P66
Nako hoo e ka bang ka 200 C.E.
Puo Segerike
E Fumanoe Geneva, Switzerland
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare A Mangata a Johanne
Mehlala ea Tšebeliso ho New World Translation—With References (bona
mongolo o botlaaseng ba leqephe bakeng sa mangolo a bontšitsoeng)
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Bodmer 7, 8
Letšoao P72
Nako lekho. la b03/4 la lil. C.E.
Puo Segerike
E Fumanoe Geneva, Switzerland, le Laebrari ea Vatican
Roma, Italy
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Juda, 1 Petrose, le 2 Petrose
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Bodmer 14, 15
Letšoao P75
Nako lekho. la bo3 la lil. C.E.
Puo Segerike
E Fumanoe Geneva, Switzerland
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare A Mangata a Luka le Johanne
Mehlala ea Tšebeliso ho New World Translation—With References (bona
mongolo o botlaaseng ba leqephe bakeng sa mangolo a bontšitsoeng)
[Chate e leqepheng la 314]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
LIBUKA TSE LING TSE NGOTSOENG KA LETSOHO TSA SEHLOOHO TSA LETLALO LE BITSOANG VELLUM LE TSA LETLALO
Tsa Mangolo a Seheberu (ka Seheberu)
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Aleppo Codex
Letšoao Al
Nako 930 C.E.
Puo Seheberu
E Fumanoe Aleppo, Syria Pele-pele. Hona joale Iseraele.
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Karolo e khōlō ea Mangolo a Seheberu
(taba e ngotsoeng ea Ben Asher)
Mehlala ea Tšebeliso ho New World Translation—With References (bona
mongolo o botlaaseng ba leqephe bakeng sa mangolo a bontšitsoeng)
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho British Museum Codex Or4445
Nako lekho. la bo10 la lil. C.E.
Puo Seheberu
E Fumanoe London, Engelane
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Bongata ba Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Cairo Karaite Codex
Letšoao Ca
Nako 895 C.E.
Puo Seheberu
E Fumanoe Cairo, Egepeta
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Baprofeta ba pejana le ba morao
Mehlala ea Tšebeliso ho New World Translation—With References (bona
mongolo o botlaaseng ba leqephe bakeng sa mangolo a bontšitsoeng)
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Leningrad Codex
Letšoao B 19A
Nako 1008 C.E.
Puo Seheberu
E Fumanoe Leningrad,
U.S.S.R.
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Mangolo a Seheberu
Mehlala ea Tšebeliso ho New World Translation—With References (bona
mongolo o botlaaseng ba leqephe bakeng sa mangolo a bontšitsoeng)
Josh. 21:37; 2 Sam. 8:3; sehlomathiso 1A
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Petersburg Codex ea Baprofeta
Letšoao B 3
Nako 916 C.E.
Puo Seheberu
E Fumanoe Leningrad,
U.S.S.R.
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Baprofeta ba morao
Mehlala ea Tšebeliso ho New World Translation—With References (bona
mongolo o botlaaseng ba leqephe bakeng sa mangolo a bontšitsoeng)
sehlomathiso 2B
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Moqolo oa Pele oa Esaia oa Leoatle le Shoeleng
Letšoao 1QIsa
Nako Bofelong ba lekho. la bo2 la lil. B.C.E.
Puo Seheberu
E Fumanoe Jerusalema, Iseraele
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Esaia
Mehlala ea Tšebeliso ho New World Translation—With References (bona
mongolo o botlaaseng ba leqephe bakeng sa mangolo a bontšitsoeng)
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Moqolo oa Lipesaleme oa Leoatle le Shoeleng
Letšoao 11QPsa
Nako lekho. la bo1 la lil. C.E.
Puo Seheberu
E Fumanoe Jerusalema, Iseraele
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Likarolo tsa karolo ea ho qetela ea boraro ea
Lipesaleme tse 41
Tsa Septuagint le Mangolo a Segerike a Bokreste
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Sinaiticus
Letšoao 01( א)
Nako lekho. la bo4 la lil. C.E.
Puo Segerike
E Fumanoe London, Engelane
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Karolo ea Mangolo a Seheberu le Mangolo ’ohle
a Segerike hammoho le mangolo a mang a
sa amoheloeng e le Karolo ea Bibele
Mehlala ea Tšebeliso ho New World Translation—With References (bona
mongolo o botlaaseng ba leqephe bakeng sa mangolo a bontšitsoeng)
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Alexandrinus
Letšoao A (02)
Nako lekho. la bo5 la lil. C.E.
Puo Segerike
E Fumanoe London, Engelane
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Mangolo ’ohle a Seheberu le a Segerike
(likarolo tse ling tse nyenyane li lahlehile kapa li senyehile)
hammoho le mangolo a mang a sa amoheloeng e le Karolo ea Bibele
Mehlala ea Tšebeliso ho New World Translation—With References (bona
mongolo o botlaaseng ba leqephe bakeng sa mangolo a bontšitsoeng)
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Vatican 1209
Letšoao B (03)
Nako lekho. la bo4 la lil. C.E.
Puo Segerike
E Fumanoe Laebrari ea Vatican Roma, Italy
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Qalong e ne e le Bibele e felletseng. Tse sieo joale:
Gen. 1:1–46:28; Pes. 106-137; Ba-Heberu
ka mor’a 9:14; 2 Timothea;
Tite; Filemone; Tšenolo
Mehlala ea Tšebeliso ho New World Translation—With References (bona
mongolo o botlaaseng ba leqephe bakeng sa mangolo a bontšitsoeng)
Mar. 6:14; Joh. 1:18; 7:53–8:11
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Ephraemi Syri rescriptus
Letšoao C (04)
Nako lekho. la bo5 la lil. C.E.
Puo Segerike
E Fumanoe Paris, Fora
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Likarolo tsa Mangolo a Seheberu (maqephe a 64)
le tsa Mangolo a Segerike
(maqephe a 145)
Mehlala ea Tšebeliso ho New World Translation—With References (bona
mongolo o botlaaseng ba leqephe bakeng sa mangolo a bontšitsoeng)
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Codex Bezae Cantabrigiensis
Letšoao Dea (05)
Nako lekho. la bo5 la lil. C.E.
Puo Segerike-Selatine
E Fumanoe Cambridge, Engelane
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Bongata ba Likosepele tse ’nè leLiketso, litemana
tse seng kae tsa 3 Johanne
Mehlala ea Tšebeliso ho New World Translation—With References (bona
mongolo o botlaaseng ba leqephe bakeng sa mangolo a bontšitsoeng)
Matt. 24:36; Mar. 7:16; Luka 15:21
(tšupiso e bontšoa ho letšoao la
“D” feela)
Lebitso la Buka e Ngotsoeng ka Letsoho Codex Claromontanus
Letšoao DP (06)
Nako lekho. la bo6 la lil. C.E.
Puo Segerike-Selatine
E Fumanoe Paris, Fora
Hoo e ka bang Litaba tse ka Hare Liepistole tsa Pauluse (ho akarelletsa le Ba-Heberu)
Mehlala ea Tšebeliso ho New World Translation—With References (bona
mongolo o botlaaseng ba leqephe bakeng sa mangolo a bontšitsoeng)
Ba-Gal. 5:12 (tšupiso e bontšoa ho letšoao la
“D” feela)
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 308]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Mehloli ea Taba e Ngotsoeng ea New World Translation—Mangolo a Seheberu
Mangolo a Pele-pele a Seheberu le Likopi tsa Pele
Li-Targum tsa Searame
Meqolo ea Leoatle le Shoeleng
Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele tsa Samaria
Septuagint ea Segerike
Selatine sa Khale
Taba e Ngotsoeng ea Secopt, ea Ethiopia, ea Armenia
Taba e Ngotsoeng ka Liluma-’moho ea Seheberu
Vulgate ea Selatine
Liphetolelo tsa Segerike—Aquila, Theodotion, Symmachus
Peshitta ea Syria
Taba e Ngotsoeng ea Masora
Codex ea Cairo
Codex ea Petersburg ea Baprofeta
Codex ea Aleppo
Taba e Ngotsoeng ka Seheberu ea Ginsburg
Codex Leningrad B 19A
Biblia Hebraica (BHK), Biblia Hebraica
Stuttgartensia (BHS)
New World Translation
Mangolo a Seheberu—Senyesemane; Ho Tloha Senyesemaneng ho ea Lipuong tse Ling tse Ngata tsa Kajeno
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 309]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Mehloli ea Taba e Ngotsoeng ea New World Translation—Mangolo a Segerike a Bokreste
Mangolo a Pele-pele a Segerike le Likopi tsa Pele
Phetolelo ea Armenia
Liphetolelo tsa Secopt
Liphetolelo tsa Syria—Peshitta ea Cureton, Philoxenus, Harclean,
Palestina, Sinaitic
Selatine sa Khale
Vulgate ea Selatine
Litaba tse Ngotsoeng tsa Selatine tse Lokisitsoeng Liphoso tsa Sixtine le Clementine
Mongolo o Hariloeng oa Segerike MSS.
Taba e Ngotsoeng ea Erasmus
Taba e Ngo- tsoeng ea Stephanus
Textus Receptus
Taba e Ngotsoeng ka Segerike ea Griesbach
Emphatic Diaglott
Meqolo ea Loli—(ka mohlala, Chester Beatty P45, P46, P47; Bodmer P66, P74,
P75)
Mongolo oa Segerike sa Pele o Bitsoang Uncial MSS.—Vatican 1209 (B), Sinaitic (א),
Alexandrine (A), Ephraemi Syri rescriptus (C), Bezae (D)
Taba e Ngotsoeng ka Segerike ea Westcott le Hort
Taba e Ngotsoeng ka Segerike ea Bover
Taba e Ngotsoeng ka Segerike ea Merk
Taba e Ngotsoeng ka Segerike ea Nestle-Aland
Taba e Ngotsoeng ka Segerike ea Mekhatlo e Kopaneng ea Bibele
Liphetolelo tse 23 tsa Seheberu (lekholong la bo14-20 la lilemo), tse fetoletsoeng
ho tloha Segerikeng kapa ho tloha ho Vulgate ea Selatine, ho sebelisoa
Litlhaku tse ’Nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo
New World Translation
Mangolo a Segerike a Bokreste—Senyesemane; Ho Tloha Senyesemaneng ho ea Lipuong tse Ling tse Ngata tsa Kajeno