Le Eme ka ho Feletseng le ka Kholiseho e Tiileng
Boieane ba Batho Lefatšeng ka Bophara bo Ananela Phetolelo ea Lefatše le Lecha
BILE mosebetsi o etsoang ka hloko ka lilemo tse 12, likhoeli tse tharo le matsatsi a 11. Leha ho le joalo, ka la 13 March, 1960, ho ile ha phethoa karolo ea ho qetela ea phetolelo e ncha ea Bibele. E ile ea bitsoa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.
Selemo hamorao, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hatisa phetolelo ena e le moqolo o le mong. Ka 1961, ho ne ho hatisitsoe likopi tse milione. Kajeno, ho hatisitsoe likopi tse fetang limilione tse lekholo, ’me hona ho etsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ’ngoe ea Libibele tse ajoang ka ho fetisisa. Hantle-ntle ke eng e ileng ea susumelletsa Lipaki hore li hlophise phetolelo ee?
Ho Entsoe Phetolelo e Ncha ea Bibele ka Lebaka Lefe?
Ka lilemo tse telele Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa sebelisa liphetolelo tse fapa-fapaneng tsa Bibele tsa Senyesemane e le hore li utloisise Mangolo a Halalelang le ho bolela molaetsa oa ’ona. Le hoja Libibele tsena li le molemo, hangata li susumelitsoe ke lineano tsa bolumeli le litumelo tsa Bokreste-’mōtoana. (Matheu 15:6) Kahoo, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlokomela hore ho hlokahala phetolelo ea Bibele e behang ka nepo se ka libukeng tsa mathomo tse bululetsoeng.
Bohato ba pele ba ho finyella tlhokahalo ena bo ile ba nkoa ka October 1946 ha Nathan H. Knorr, eo e neng e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, a etsa tšisinyo ea hore ho etsoe phetolelo e ncha ea Bibele. Ka la 2 December, 1947, Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha e ile ea qala mosebetsi oa ho lokisetsa phetolelo eo ho eona ho neng ho tla ngoloa ka botšepehi taba e neng e ngotsoe tšimolohong, e kenyelletse lintho tse ncha tse fumanoeng ke litsebi meqolong ea Bibele e sibolotsoeng bocha, ’me e ne e tla sebelisa puo eo babali ba kajeno ba e utloisisang habonolo.
Ha ho phatlalatsoa karolo ea pele—e leng Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste—ka 1950, ho ile ha hlaka hore bafetoleli ba ne ba finyelletse pakane ea bona. Litemana tsa Bibele tse neng li utloisisoa ka mokhoa o sa hlakang li ile tsa hlaka ka tsela e hlollang. Ka mohlala, nahana ka temana e tsietsang e ho Matheu 5:3: “Ho lehlohonolo bafumanehi moeeng.” (Bibele ea Sesotho) E fetoletsoe ka ho re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” Mantsoe a moapostola Pauluse a reng, “sephiri sa tumelo” (Bibele—Phetolelo e Ncha) a ile a fetoleloa e le “sephiri se halalelang sa boinehelo . . . ba bomolimo.” (1 Timothea 3:16) Mantsoe a Jesu a reng, “pontšo ea ho tla ha hao” (Bibele ea Sesotho) a fetoletsoe ka ho re, “pontšo . . . ea ho ba teng ha hao.” (Mattheu 24:3) Ho hlakile hore Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ile ea hlahisa kutloisiso e hlakileng.
Litsebi tse fapa-fapaneng li ile tsa khahloa. Ka mohlala, Alexander Thomson eo e leng setsebi sa Bibele sa Brithani, o ile a bolela hore Phetolelo ea Lefatše le Lecha e hlahelletse ka ho fetolela bojoale ba Segerike ka mokhoa o nepahetseng. Ha re etsa mohlala: Baefese 5:25 e re: “Banna, le tsoele pele le rata basali ba lōna” ho e-na le hore e re feela “Banna, ratang basali ba lōna.” (Bibele ea Sesotho) Mabapi le Phetolelo ea Lefatše le Lecha, Thomson o itse: “Ha ho bonahale ho e-na le phetolelo e ’ngoe e sebelisitseng ntlha ena ea bohlokoa ea ho ngola mantsoe ka bojoale ba Segerike ka ho khetheha le ka makhetlo a mangata joalo.”
Tšobotsi e ’ngoe e hlahelletseng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ke hore e sebelisa lebitso la Molimo, Jehova, karolong ea Mangolo a Seheberu le karolong ea Mangolo a Segerike. Kaha ka Seheberu lebitso la Molimo le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 ka ho se bitsoang Testamente ea Khale, ho hlakile hore ’Mōpi oa rōna o batla hore barapeli ba hae ba sebelise lebitso la hae le hore ba tsebe hore ke motho. (Exoda 34:6, 7) Phetolelo ea Lefatše le Lecha e thusitse batho ba limilione hore ba etse joalo.
Phetolelo ea Lefatše le Lecha e Fetoleloa ka Lipuo Tse Ngata
Haesale Phetolelo ea Lefatše le Lecha e hatisoa ka Senyesemane, lefatšeng lohle Lipaki tsa Jehova li ne li lakatsa ho e fumana ka lipuo tsa tsona—’me ho ne ho utloahala. Linaheng tse ling, ho ne ho le thata ho fumana liphetolelo tsa lipuo tsa libaka tseo kahobane baemeli ba Mekhatlo ea Bibele ba neng ba li aba ba ne ba sa thabele ho bona Libibele tsa bona li le matsohong a Lipaki tsa Jehova. Ho feta moo, hangata Libibele tseo li pata lithuto tsa bohlokoa. Mohlala oa sebele ke phetolelo e ’ngoe ea leleme la Europe ka boroa e patang temana ea bohlokoa e bolelang lebitso la Molimo ka hore ha mantsoe a Jesu a re, “Lebitso la hao le ke le halaletsoe” eona e re, “U ke u tlotloe ke batho.”—Matheu 6:9.
Ka 1961 bafetoleli ba ile ba qala ho fetolela Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Senyesemane ka lipuo tse ling. Lilemo tse peli feela hamorao, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e ile ea phethoa ka lipuo tse ling tse tšeletseng. Ka nako eo, Lipaki tse tharo ho tse ’nè lefatšeng ka bophara, li ne li ka bala Bibele ena ka lipuo tsa tsona. Empa ho ne ho lokela hore ho etsoe mosebetsi o mongata haholo haeba Lipaki tsa Jehova li ne li tla isa Bibele ena ho batho ba limilione tse ngata.
Ka 1989 ha ho thehoa Lefapha la Litšebeletso tsa Phetolelo ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova, ho ile ha bonahala hore pakane ena e ka finyelloa. Lefapha leo le ile la qapa mokhoa oa ho fetolela o kopanyang ho ithuta mantsoe a Bibele le theknoloji ea k’homphieutha. Ho sebelisa mokhoa ona ho nolofalitse hore Mangolo a Segerike a Bakreste a fetoleloe lipuong tse ling ka selemo se le seng ’me Mangolo a Seheberu ’ona ka lilemo tse peli—e leng nako e nyenyane haholo ho e tloaelehileng bakeng sa mosebetsi oa ho fetolela Bibele. Esale ho qalisoa mokhoa ona, Phetolelo ea Lefatše le Lecha e se e fetoletsoe ho tloha Senyesemaneng ’me ea lokolloa ka lipuo tse 29 tse buuoang ke batho ba ka bang limilione tse likete tse peli. Hona joale mosebetsi o oetse liatleng ka lipuo tse ling tse 12. Ho tla fihlela mona, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Senyesemane e fetoletsoe e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse ling tse 41.
Ho se ho fetile lilemo tse fetang 50 esale karolo ea pele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ne e lokolloe ka la 3 August, 1950, Kopanong ea Lipaki tsa Jehova ea Khōlo ea Puso ea Molimo e neng e le New York City. Ketsahalong eo, Nathan H. Knorr o ile a phehella ba kopaneng a re: “Nkang phetolelo ena. Le e bale kaofela ha eona, ’me ke ntho eo le tla e etsa ka thabo. Ithuteng eona hobane e tla le thusa ho ntlafatsa kutloisiso ea lōna ea Lentsoe la Molimo. E feng ba bang.” Re le khothalletsa ho bala Bibele letsatsi le leng le le leng, etsoe molaetsa oa eona o ka le thusa ho “ema le feletse le ka kholiseho e tiileng thatong eohle ea Molimo.”—Bakolose 4:12.
[Krafo/Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
“Mekhahlelo ea ho Lokolloa ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha”
Phetolelo ea Lefatše le Lecha e lokolotsoe pele ka Senyesemane, ’me hona joale e fumaneha e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse ling hape tse 41
Mangolo a Segerike a Bakreste Bibele e feletseng
1950 1
1960-69 6 5
1970-79 4 2
1980-89 2 2
1990-Hona joale 29 19