Khaolo 27
Ho Hatisa Le Ho Aba Lentsoe La Molimo Le Halalelang
KA NTLE ho mohaho o moholo oa fektheri o ntlo-khōlō ea tsona ea lefatše, Lipaki tsa Jehova ka lilemo tse mashome li ’nile tsa beha letšoao le susumetsang e mong le e mong: “Bala Lentsoe la Molimo Bibele e Halalelang Letsatsi le Letsatsi.”
Tsona ka botsona ke liithuti tse khothetseng tsa Lentsoe la Molimo. Ho theosa le lilemo li ’nile tsa sebelisa liphetolelo tsa Bibele tse ngata tse sa tšoaneng ka sepheo sa ho batlisisa moelelo o nepahetseng hantle oa Mangolo a pele a bululetsoeng. Paki e ’ngoe le e ’ngoe e khothalletsoa ho ba le lenaneo la botho la ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. Ho phaelleng thutong ea tsona ea sehlooho ea Lentsoe la Molimo, ha li khaotse ho bala le ho buisana ka Bibele ka boeona libokeng tsa tsona tsa phutheho. Sepheo sa tsona hase ho batla litemana tse tla tšehetsa likhopolo tsa tsona. Li hlokomela Bibele e le Lentsoe la Molimo la sebele le bululetsoeng. Lia elelloa hore e fana ka khalemelo le taeo, ’me li ikemiselitse ka tieo ho lumellanya monahano oa tsona le boitšoaro ba tsona le seo e se buang.—2 Tim. 3:16, 17; bapisa le 1 Ba-Thessalonika 2:13.
Ka lebaka la ho kholiseha ha tsona hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le halalelang le ka lebaka la ho tseba litaba tse molemo tse khanyang tseo e li fupereng, Lipaki tsa Jehova hape ke bahoeletsi le baabi ba chesehang ba Bibele.
Mokhatlo o Hatisang Bibele
E bile ka 1896 ha tšupiso e tobileng ea Bibele ka molao e akarelletsoa lebitsong la mokhatlo la molao leo ka nako eo le neng le sebelisoa ke Liithuti tsa Bibele mosebetsing oa tsona oa khatiso. Ka nako eo Zion’s Watch Tower Tract Society ka molao e ile ea tsejoa e le Watch Tower Bible and Tract Society.a Mokhatlo ha oa ka oa hatisa le ho etsa Libibele hang-hang, empa e ne e le mophatlalatsi ea mafolo-folo oa tsona, o hlalosa hore ho batloa tse kae, o fana ka litšobotsi tsa bohlokoa tse tlatsetsang, ebe joale o lokisetsa le lifeme tsa khoebo hore li li hatise le ho li etsa.
Le pele ho 1896, Mokhatlo o ne o etsa ho hongata e le moabi oa Bibele. Eseng bakeng sa ho ithuisa empa e le ho sebeletsa babali ba eona, o ile oa lebisa tlhokomelo liphetolelong tse sa tšoaneng tsa Bibele tse neng li fumaneha, oa li reka ka bongata e le hore o tle o li fumane ka theko e ntle, ’me e be o etsa hore li fumanehe ka theko eo ka linako tse ling e neng e e-ba feela karolo ea 35 lekholong ea theko e lethathamong la litheko. Har’a tsena ho ne ho e-na le likhatiso tse ’maloa tsa King James Version tse neng li nkeha habonolo ebile ho le bonolo ho li sebelisa, le ‘Libibele tsa Matichere’ tse kholoanyane (King James Version e nang le lithuso tse kang tlhahlamano ea mantsoe a sehlooho, limmapa, le litšupiso tse ka thōko ho leqephe), The Emphatic Diaglott e nang le phetolelo ea eona ea interlinear e fetoletseng Segerike Senyesemaneng, phetolelo ea Leeser e behang temana ea Senyesemane pel’a ea Seheberu, phetolelo ea Murdock e tsoang ho Sesyriac sa boholo-holo, The Newberry Bible e nang le litšupiso tse ka thōko ho leqephe tse lebisang tlhokomelo moo ho hlahang lebitso la Molimo puong ea pele hammoho le lintlha tse ling tsa bohlokoa tse bontšitsoeng tabeng e ngotsoeng ea Seheberu le Segerike, New Testament ea Tischendorf e nang le litšupiso tse botlaaseng ba leqephe liphetolelong tse sa tšoaneng meqolong e meraro (Sinaitic, Vatican, le Alexandrine) ea Bibele e felletseng ea Segerike ea boholo-holo, Variorum Bible e nang le mengolo e botlaaseng ba leqephe e sa bontšeng feela liphetolelo tse sa tšoaneng tsa meqolo ea boholo-holo empa hape le liphetolelo tse sa tšoaneng tsa likarolo tsa taba e ngotsoeng ke liithuti tse hlahelletseng, le phetolelo ea lentsoe ka lentsoe ea Young. Mokhatlo o boetse oa etsa hore lithuso tse kang Cruden’s Concordance le Analytical Concordance ea Young ka litlhaloso tsa eona tsa mantsoe a pele a Seheberu le Segerike li fumanehe. Lilemong tse latelang, lefatšeng lohle hangata Lipaki tsa Jehova li ile tsa fumana Libibele tse likete mekhatlong e meng ea Bibele ka lipuo tsohle tseo e neng e fumaneha ka tsona ’me tsa li aba.
Khale koana ka 1890, ho latela bopaki bo leng teng, Mokhatlo o ile oa lokisetsa khatiso e khethehileng, e nang le lebitso la oona, Khatisong ea Bobeli ea The New Testament Newly Translated and Critically Emphasised, joalokaha e hlophisitsoe ke mofetoleli oa Bibele oa Brithani Joseph B. Rotherham. Ke hobane’ng ha li ne li aba phetolelo ee? Ka baka la ho fetoleloa ha eona lentsoe ka lentsoe le boikemisetso ba eona ba ho fumana molemo o felletseng phuputsong e neng e entsoe bakeng sa ho tiisa taba e ngotsoeng ea Segerike e nepahetseng haholoanyane le hobane ’mali o ne a thusitsoe ke mekhoa e sebelisitsoeng ke mofetoleli hore a hlokomele hore na ke mantsoe afe kapa lipolelo tse hatisitsoeng ka tsela e khethehileng tabeng e ngotsoeng ea Segerike.
Ka 1902 khatiso e khethehileng ea Holman Linear Parallel Edition of the Bible e ile ea etsoa ka tokisetso ea Mokhatlo oa Watch Tower. Ka thōko ho maqephe e ne e e-na le litšupiso tse ngata tsa lingoliloeng tsa Watch Tower moo litemana tse sa tšoaneng li neng li hlalositsoe, hape ho e-na le index e thathamisitseng lihlooho tse ngata hammoho le Mangolo le litšupiso tse thusang tsa lingoliloeng tsa Mokhatlo. Bibele ena e na le lipolelo tsa liphetolelo tse peli—King James e kenyellelitseng lipolelo tsa Revised Version hohle moo li neng li sa lumellane. Hape e ne e akarelletsa tlhahlamano ea mantsoe a sehlooho e pharalletseng e neng e hlokomelisa motho ea e sebelisang ka meelelo e sa tšoaneng ea mantsoe a puo eo taba e neng e ngotsoe ka eona pele.
Selemong sona seo, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa ba le lipoleiti tsa khatiso tsa The Emphatic Diaglott, e akarelletsang taba e ngotsoeng ea Segerike ea Mangolo a Segerike a Bokreste (khatiso ea 1796-1806) ea J. J. Griesbach hammoho le phetolelo ea Senyesemane e hatisitsoeng ka lipuo tse sa tšoaneng. Phetolelo e tsamaisanang le ena ke ea taba e ngotsoeng e fetoletsoeng ke Benjamin Wilson ea tsoaletsoeng Brithani ea neng a lula Geneva, Illinois, U.S.A. Lipoleiti tseo le tokelo e felletseng ea khatiso li ile tsa rekoa tsa ba tsa fuoa Mokhatlo e le mpho. Ka mor’a hore likopi tse neng li se li hatisitsoe li rekisoe, Mokhatlo o ile oa etsa litokisetso bakeng sa hore ho hatisoe tse eketsehileng, ’me tseo li ile tsa fumaneha ka 1903.
Lilemo tse ’nè hamorao, ka 1907, Khatiso ea Liithuti tsa Bibele ea King James Version e ile ea fumaneha. “Berean Bible Teachers’ Manual” e ne e kopantsoe le eona e le sehlomathiso sa eona. Sena se ile sa kenyelletsa litlhaloso tse khutšoanyane kapa litemana tsa likarolo tsohle tsa Bibele, ho kopanyelletsa le litšupiso tsa lingoliloeng tsa Watch Tower bakeng sa tlhaloso e felletseng. Khatiso e nang le sehlomathiso se atolositsoeng e ile ea hatisoa hoo e ka bang selemo hamorao.
Libibele tsena li ile tsa odoroa libakeng tsa khatiso le moo libuka li etsoang ka lihlopha tsa tse 5 000 le 10 000 lekhetlo ka leng, e le hore ho ka etsoa hore theko ea tsona e ’ne e be tlaase. Mokhatlo o ne o batla ho etsa hore liphetolelo tsa Bibele tse sa tšoaneng le lisebelisoa tse amehang tsa ho etsa liphuputso li fumanehe habobebe ho batho ba bangata kamoo ho ka khonehang.
Joale, ka 1926 Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa nka bohato bo ka sehloohong bo eang pele mabapi le ho ameha khatisong ea Bibele.
Ho Hatisa Bibele Mechineng ea Rōna ea Khatiso
E bile lilemo tse 36 ka mor’a hore e hatise Libibele ka lekhetlo la pele moo Watch Tower Bible and Tract Society e ileng ea hatisa le ho etsa Bibele fekthering ea eona. Ea pele e ileng ea hatisoa ka tsela ena ke The Emphatic Diaglott, eo Mokhatlo o bileng le lipoleiti tsa eona ka lilemo tse 24. Ka December 1926 Bibele ena e ile ea hatisoa mochineng oa khatiso o nang le sebaka se seholo sa khatiso fekthering ea Mokhatlo e Concord Street Brooklyn. Ho fihlela hona joale, ho tsena ho hatisitsoe tse 427 924.
Lilemo tse 16 hamorao, bohareng ba Ntoa ea II ea Lefatše, Mokhatlo o ile oa rera ho hatisa Bibele e felletseng. E le hore o ka finyella sena, ka 1942 o ile oa reka lipoleiti tsa King James Version tse nang le litšupiso tse ka thōko ho maqephe K’hamphaning ea A. J. Holman, ea Philadelphia, Pennsylvania. Phetolelo ena ea Bibele e felletseng ea Senyesemane ha ea ka ea fetoleloa ho tloha ho Vulgate ea Selatine, empa ke liithuti tse ileng tsa bapisa liphetolelo tsa pele le Seheberu, Searame le Segerike sa pele. Tlhahlamano ea mantsoe a sehlooho e hlophisitsoeng ke bahlanka ba Jehova ba fetang 150 ba sebetsang hammoho e ile ea kenyelletsoa. Sena se ile sa hlophisoa ka ho khetheha bakeng sa ho thusa Lipaki tsa Jehova hore li fumane litemana tse loketseng kapele ha li le tšebeletsong ea tšimo e le hore li ka sebelisa Bibele ka tsela e sebetsang joaloka ‘lerumo la moea,’ bakeng sa ho felisa le ho pepesa mashano a bolumeli. (Ba-Ef. 6:17) E le hore Bibele e ka fumanoa ke batho ba leng libakeng tsohle ka theko e tlaase, e ile ea hatisoa mochineng oa khatiso oa web rotary—e leng se neng se e-s’o lekoe ke bahatisi ba bang ba Bibele. Ho fihlela ka 1992, ho ne ho se ho hatisitsoe Libibele tse 1 858 368.
Takatso ea Lipaki tsa Jehova e ne e le ho etsa ho hongata ho feta ho isetsa batho likopi tsa Bibele. Lipaki li ne li batla ho thusa batho ho etsa hore ba tsebe lebitso la botho la mongoli oa eona ea halalelang, Jehova Molimo hammoho le morero oa hae. Phetolelo ea Senyesemane—American Standard Version ea 1901—e ile ea kenya lebitso la Molimo libakeng tse fetang 6 870 tseo le neng le hlaha ho tsona mehloling eo bafetoleli ba neng ba fetolela ho eona. Ka 1944, ka mor’a lipuisano tsa likhoeli tse ’maloa, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa reka tokelo ea ho etsa sete ea lipoleiti tsa khatiso tse nang le makolopetso tse kopilitsoeng lipoleiting tsa pele tsa Bibele ena le litšepe tse fetisetsang mongolo pampiring tse ileng tsa fanoa ke k’hamphani ea New York ea Thomas Nelson and Sons. Lilemong tse 48 tse latelang, likopi tse 1 039 482 li ile tsa hatisoa.
Steven Byington oa Ballard Vale, Massachusetts, U.S.A., le eena o ne a se a entse phetolelo ea Bibele ea Senyesemane sa morao-rao e ileng ea etsa hore lebitso la Molimo le be sebakeng se loketseng. Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa ba le moqolo oa hae o ngotsoeng ka letsoho ka 1951 ’me oa fumana tokelo e khethehileng ea ho e hatisa ka 1961. Phetolelo eo e felletseng e ile ea hatisoa ka 1972. Ho fihlela ka 1992, ho hatisitsoe tse 262 573.
Leha ho le joalo, ka nako eo ho ile ha ba le phetoho e ’ngoe e ileng ea etsahala.
Ho Hlahisa New World Translation
E bile qalong ea October 1946 ha Nathan H. Knorr, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, a qala ho etsa tlhahiso ea hore Mokhatlo o etse phetolelo e ncha ea Mangolo a Segerike a Bokreste. Mosebetsi oa sebele phetolelong ena o ile oa qalisa ka December 2, 1947. Taba eohle e ngotsoeng e ile ea hlahlobjoa ka hloko ke komiti eohle ea phetolelo, kaofela ha bona ke Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang. Joale, ka September 3, 1949, Moena Knorr o ile a lokisetsa seboka sa boto ea batsamaisi ba mekhatloana ea Mokhatlo e New York le Pennsylvania. O ile a ba tsebisa hore Komiti ea New World Bible Translation e phethile mosebetsi oa phetolelo ea Mangolo a Segerike a Bokreste ka puo ea morao-rao ’me e e nehile Mokhatlo e le hore e ka hatisoa.b Ena e ne e le phetolelo e ncha e tsoang Segerikeng sa pele.
Na ho ne ho hlile ho hlokahala hore ho be le phetolelo e ’ngoe? Ka nako eo, Bibele e felletseng e ne e hatisitsoe ka lipuo tse 190, ’me bonyane karolo ea eona e ne e se e fetoletsoe lipuong le malemeng a mang a 928. Ka linako tse sa tšoaneng Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa sebelisa phetolelo leha e le efe ho tsena. Empa ’nete ke hore bongata ba tsona li entsoe ke baruti le baromuoa ba lihlotšoana tsa bolumeli ba Bokreste-’mōtoana, ’me ho isa litekanyong tse sa tšoaneng liphetolelo tsa bona li ne li susumetsoa ke lifilosofi tsa bohetene le meetlo eo e seng ea mangolo eo litsamaiso tsa bona tsa bolumeli li neng li li nkile lineanong tsa nako e fetileng esita le tšekamelong ea tlhahlobisiso ea Bibele. Ho feta moo, Libibele tsa khale tse ngotsoeng ka letsoho li ne li fumaneha. Puo ea Segerike ea lekholo la pele la lilemo e ne e tsoela pele ho utloisisoa ka mokhoa o hlakileng haholoanyane ka baka la litšibollo tsa baepolli ba lintho tsa khale. Hape, lipuo tseo ho fetoletsoeng ho tloha ho tsona lia fetoha ha lilemo li ntse li feta.
Lipaki tsa Jehova li ne li batla phetolelo e nang le melemo ea thuto ea morao-rao, e se nang litšusumetso tse itseng tsa litumelo tsa motheo le meetlo ea Bokreste-’mōtoana, phetolelo ea lentsoe ka lentsoe eo ka botšepehi e fanang ka se ka mangolong a pele kahoo e ka fana ka motheo oa khōlo e tsoelang pele tsebong ea ’nete ea Molimo, phetolelo e hlakileng le e ka utloisisoang ke babali ba nakong eo. New World Translation of the Christian Greek Scriptures, e lokollotsoeng ka 1950, e ile ea khahlametsa tlhokahalo eo—bonyane karolong eo ea Bibele. Ha Lipaki tsa Jehova li qala ho e sebelisa, ba bangata ba ne ba hloletsoe eseng feela hobane ba ile ba fumana puo ea eona ea morao-rao e le bonolo haholoanyane hore ba ka e bala empa hobane ba ile ba hlokomela hore ba fumana kutloisiso e hlakileng haholoanyane ea seo Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le se bolelang.
E ’ngoe ea litšobotsi tsa phetolelo ena tse hlahelletseng ke ho busetsa lebitso la Molimo la botho, Jehova, ka makhetlo a 237 ka Mangolong a Segerike a Bokreste. Ena e ne e se phetolelo ea pele e ileng ea busetsa lebitso lena.c Empa ke ea pele e le buselitseng tumellanong le taba e ngotsoeng ea sehlooho ho tloha ho Mattheu ho ea ho Tšenolo. Puisano e telele ea taba ena selelekeleng e bontšitse motheo o utloahalang oa se entsoeng.
Ka mor’a moo, Mangolo a Seheberu a ile a fetoleloa Senyesemaneng ’me a lokolloa ka ho latellana, ka meqolo e arohaneng e mehlano, ho tloha ka 1953. Joalokaha ho ile ha etsoa ka Mangolo a Segerike a Bokreste, ba ile ba ba hlokolosi hore ba fetise se neng se le tabeng e ngotsoeng ea puo eo ba neng ba fetolela ho tloha ho eona ka tsela e nepahetseng kahohle kamoo ba ka khonang. Tlhokomelo e khethehileng e ile ea lebisoa tabeng ea ho etsa hore liphetolelo li tšoane, li fetise ketso kapa boemo bo bontšitsoeng maetsing ka tsela e nepahetseng, le ho sebelisa puo e bonolo e tla utloisisoa kapele ke babali ba nako eo. Hohle moo Litlhaku tse ’Nè tse Emelang Lebitso la Molimo li hlahang tabeng e ngotsoeng ea Seheberu, li ile tsa fetoleloa ka ho loketseng e le lebitso la Molimo la botho, ho e-na le ho le nkela sebaka ka lentsoe le leng joalokaha ho tloaelehile liphetolelong tse ling tse ngata. Lihlooho tsa lihlomathiso le taba e botlaaseng ba maqephe meqolong ena li ile tsa nolofalletsa liithuti tse hlokolosi hore li hlahlobe motheo oa liphetolelo tse sebelisitsoeng.
Ka March 13, 1960, Komiti ea New World Bible Translation e ile ea qeta ho bala taba e ngotsoeng ea karolo ea Bibele e neng e khethiloe bakeng sa moqolo oa bohlano. E ne e le lilemo tse 12, likhoeli tse tharo, le matsatsi a 11 ka mor’a hore phetolelo ea sebele ea Mangolo a Segerike a Bokreste e qaloe. Likhoeling tse seng kae hamorao, moqolo oo oa ho qetela oa Mangolo a Seheberu, o hatisitsoeng, o ile oa lokolloa bakeng sa kabo.
Ho e-na le hore komiti ena ea phetolelo e qhaloe ka mor’a hore mosebetsi ona o phethoe, e ile ea tsoela pele ho sebetsa. Tlhahlobo e pharalletseng ea phetolelo eohle e ile ea etsoa. Joale, ka 1961 Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa hatisa phetolelo e ntlafalitsoeng ea New World Translation of the Holy Scriptures, e felletseng. E ile ea fumaneha bakeng sa ho abuoa ka monehelo oa dolara (U.S.) e le ’ngoe e le hore e mong le e mong ho sa tsotellehe boemo ba hae ba moruo, a ka fumana kopi ea Lentsoe la Molimo.
Lilemo tse peli hamorao ho ile ha hatisoa khatiso e khethehileng ea liithuti. Ena e ne e kopantse meqolo ea pele, e sa ntlafatsoang, e nang le mengolo e likete e botlaaseng ba maqephe ea taba e ngotsoeng, esita le selelekela le lipuisano tsa sehlomathiso. E ne e bile e e-na le litšupiso tsa bohlokoa tse neng li lebisa babali mantsoeng, mehopolong kapa liketsahalong tse tšoanang, boitsebisong bo mabapi le mabitso a batho, makolopetsong a libaka, ho phethahaleng ha boprofeta le litabeng tse qotsitsoeng ka ho toba likarolong tse ling tsa Bibele.
Ho tloha ha khatiso ea moqolo o le mong ea 1961 e hatisoa, ho ile ha abjoa meqolo e eketsehileng e mene ea morao-rao e ntlafalitsoeng. Ea morao-rao ho ena ke ea 1984, ha khatiso ea mongolo o moholo e nang le sehlomathiso se batsi, litšupiso tse 125 000 tse leng ka thōko ho maqephe, lipolelo tse 11 400 tse behang motho leseling tse botlaaseng ba maqephe, le tlhahlamano ea mantsoe a sehlooho e lokolloa. Litšobotsi tsa khatiso ena li thusa liithuti ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala hore litaba tse ngotsoeng tse sa tšoaneng li fetoleloe ka tsela e itseng e le hore li ka nepahala, le hore na ke neng litaba tse ngotsoeng li ka fetoleloang ka nepo ka litsela tse sa tšoaneng. Litšupiso le tsona li ba thusa ho utloisisa tumellano e momahaneng pakeng tsa libuka tsa Bibele tse sa tšoaneng.
Komiti ea New World Bible Translation ka baka la ho etsa boiteko bo matla ba ho thusa barati ba Lentsoe la Molimo hore ba tloaelane le litaba tse ka hare tsa taba e ngotsoeng ea Koine (Segerike se tloaelehileng) ea pele Mangolong a Segerike a Bokreste, e ile ea hatisa The Kingdom Interlinear Translation of the Greek Scriptures. E ile ea hatisoa ka lekhetlo la pele ke Mokhatlo oa Watch Tower ka 1969 ’me ea ntlafatsoa ka 1985. E kenyellelitse The New Testament in the Original Greek, joalokaha e hlophisitsoe ke B. F. Westcott le F. J. A. Hort. Ka letsohong le letona la leqephe ho hlaha taba e ngotsoeng ea New World Translation (e ntlafalitsoeng ka 1984 khatisong e nakong). Empa joale, lipakeng tsa mela ea taba e ngotsoeng ea Segerike, ho na le phetolelo e ’ngoe, e nepahetseng haholo, phetolelo ea lentsoe ka lentsoe ea seo Segerike se hlileng se se buang ho latela moelelo oa motheo le sebōpeho sa melao ea puo sa lentsoe ka leng. Sena se nolofalletsa le liithuti tse sa tsebeng ho bala Segerike ho fumana hore na se leng tabeng e ngotsoeng ea Segerike sa pele ke sefe.
Na mosebetsi oo o etsoang ho New World Translation o ne o tla tsoela ba tsebang ho bala Senyesemane feela molemo? Libakeng tse ngata baromuoa ba Watch Tower ba ne ba fumana ho le thata ho fumana Libibele tse lekaneng tsa puo ea libaka tseo ba leng ho tsona bakeng sa hore ba ka li abela batho ba neng ba laba-labela ho ba le kopi ea botho ea Lentsoe la Molimo. Ho ne ho tloaelehile, likarolong tse ling tsa lefatše, hore baromuoa bana e be baabi ba ka sehloohong ba Libibele tse hatisitsoeng ke mekhatlo e meng ea Bibele. Empa e ne e se ka mehla sena se neng se ratoa ke basebetsi ba malumeli ba neng ba emela mekhatlo eo ea Bibele. Ho feta moo, Libibele tse ling ho tsena e ne e se liphetolelo tse molemo haholo.
Ho e Fetolela Lipuong tse Ling
Selemo seo ka sona New World Translation e felletseng e ileng ea bonahala ka lekhetlo la pele ka moqolo o le mong, ke sa 1961, sehlopha sa bafetoleli ba nang le tsebo se ne se bokane ka morero oa ho fetolela taba e ngotsoeng ea Senyesemane lipuong tse ling tse tšeletseng tse sebelisoang libakeng tse ngata—Sedutche, Sefora, Sejeremane, Sepanishe, Sepotoketsi, le Setaliana. Ho fetolela bocha ho tloha Senyesemaneng, ho tlatselletsoang ka ho bapisa le Seheberu le Segerike, ho ne ho ka khoneha ka baka la ho fetoleloa ha lentsoe ka lentsoe ha phetolelo ea Senyesemane ka boeona. Bafetoleli ba ile ba sebetsa e le komiti ea machaba e sebetsang hammoho le Komiti ea New World Bible Translation e ntlo-khōlō ea Mokhatlo e Brooklyn, New York. Ka 1963 Mangolo a Segerike a Bokreste a ile a hatisoa le ho lokolloa ka lipuo tseo tse tšeletseng kaofela.
Ka 1992 New World Translation of the Holy Scriptures e ne e fumaneha ka lipuo tse 12—Seczeche, Sedanishe, Sedutche, Sefora, Sejapane, Sejeremane, Seslovake, Senyesemane, Sepanishe, Sepotoketsi, Seswedishe, le Setaliana. Mangolo a Segerike a Bokreste a ne a fumaneha ka lipuo tse ling tse peli. Hoo ho ne ho bolela hore phetolelo ena e ne e fumaneha ka maleme a tsoalo a batho ba 1 400 000 000, kapa hoo e ka bang karolo ea bone ea baahi ba lefatše, ’me ba eketsehileng ba ne ba fumana molemo ho eona ka ho fetoleloa ha likaroloana tsa eona lipuong tse ling tse 97 ho Molula-Qhooa. Leha ho le joalo, ba balang lipuo tsena tse 97 ba ne ba laba-labela ho fumana New World Translation e felletseng ka lipuo tsa bona. Ho tloha ka 1992, litokisetso li ne li se ntse li etsoa bakeng sa ho hatisa phetolelo ena ka lipuo tse 16 ho tseo le ho phetha Mangolo a Seheberu ka lipuo tse peli tse neng li na le Mangolo a Segerike a Bokreste feela.
Ho tloha ha Libibele tsena li hatisoa ke basebetsi ba baithaopi lifekthering tsa Mokhatlo, ho bile bobebe hore li fumanehe ka theko e tlaase. Ka 1972 ha Paki ea Austria e bontša motho ea etsang libuka New World Translation ea Sejeremane ’me e mo botsa hore na o nahana hore ke bokae, monna enoa o ile a makala ha a utloa hore monehelo oa eona ke karolo ea leshome feela ea theko eo a e boletseng.
Mehlala e meng e bontša tšusumetso ea phetolelo ena. Fora Kereke e K’hatholike ka makholo a lilemo e ne e hanela litho tsa phutheho hore li ka ba le Bibele. Liphetolelo tsa K’hatholike tse neng li le teng ha ho bapisoa li ne li le theko e phahameng, ’me ke malapa a seng makae feela a neng a e-na le tsona. New World Translation of the Christian Greek Scriptures e ile ea lokolloa ka Sefora ka 1963, ea lateloa ke Bibele e felletseng ka 1974. Ka 1992 likopi tse 2 437 711 ka kakaretso tsa New World Translation li ile tsa romeloa Fora e le hore li ka abjoa; ’me lenane la Lipaki tsa Jehova Fora le ile la eketseha ka 488 lekholong nakong eona eo, la fihla ho kakaretso ea 119 674.
Boemo bo ne bo tšoana Italy. E ne e le khale batho ba thibetsoe ho ba le kopi ea Bibele. Ka mor’a hore khatiso ea Setaliana ea New World Translation e lokolloe le ho fihlela ka 1992, likopi tse 3 597 220 li ile tsa abjoa; tse ngata ho tsena e ne e le tsa Bibele e felletseng. Batho ba ne ba batla ho itlhahlobela seo Lentsoe la Molimo le se tšoereng. Hoa thahasellisa hore ebe nakong eona eo, lenane la Lipaki tsa Jehova Italy le ile la eketseha haholo—ho tloha ho 7 801 ho ea ho 194 013.
Ha New World Translation of the Christian Greek Scriptures e fumaneha ka Sepotoketsi, ho ne ho na le Lipaki tse 30 118 feela Brazil le tse 1 798 Portugal. Lilemong tse latelang, ho fihlela ka 1992, kakaretso ea likopi tse 213 438 tsa Mangolo a Segerike a Bokreste le tse 4 153 738 tsa Bibele e felletseng ea Sepotoketsi li ile tsa abeloa batho le liphutheho linaheng tsena. Liphello e bile life? Brazil e bile le barorisi ba Jehova ba fetang bao ka makhetlo a fetang 11; ’me Portugal, ka makhetlo a 22. Batho ba mashome a likete bao le ka mohla ba e-s’ong ho be le Bibele ba ne ba thabetse ho ba le eona, ’me ba bang ba ile ba ananela ho ba le Bibele e sebelisang mantsoe ao ba a utloisisang. Ha New World Translation of the Holy Scriptures—With References e fumaneha Brazil, mecha ea litaba e ile ea bontša hore ke phetolelo e felletseng ka ho fetisisa (ke hore, e nang le litšupiso le mongolo o eketsehileng o botlaaseng ba maqephe ho feta tse ling) e fumanehang naheng eo. E ile ea boela ea hlokomela hore khatiso ea pele e ne e le khōlō ka makhetlo a leshome ho feta likhatiso tse ngata tsa sechaba.
Khatiso ea Sepanishe ea New World Translation of the Christian Greek Scriptures le eona e ile ea lokolloa ka 1963, ea lateloa ke Bibele e felletseng ka 1967. Ho ne ho hatisitsoe likopi tse 527 451 tsa Mangolo a Segerike a Bokreste, ’me ka mor’a moo, ho fihlela ka 1992, e ne e le kakaretso ea likopi tse 17 445 782 tsa Bibele ea Sepanishe e felletseng. Li ile tsa tlatsetsa keketsehong ea lenane la barorisi ba Jehova linaheng tseo baahi ba tsona ba buang Sepanishe. Kahoo, ho tloha ka 1963 ho ea ho 1992, linaheng tseo ho tsona baahi ba bangata ba buang Sepanishe moo Lipaki tsa Jehova li tsoelang pele ka tšebeletso ea tsona, manane a tsona a ile a phahama ho tloha ho 82 106 ho ea ho 942 551. ’Me United States, ka 1992, ho bile le Lipaki tsa Jehova tse eketsehileng tse 130 224 tse buang Sepanishe.
E ne e se libakeng tsa Bokreste-’mōtoana feela moo New World Translation e neng e amoheloa ka cheseho. Selemong sa pele sa ho hatisoa ha khatiso ea Sejapane, ofisi ea lekala ea Japane e ile ea amohela liodoro tsa likopi tse halofo ea millione.
Ho fihlela ka 1992 ho ne ho hatisitsoe likopi tse 70 105 258 tse felletseng tsa New World Translation of the Holy Scriptures, ka lipuo tse 12 tseo e neng e fumaneha ka tsona ka nako eo. Ho phaella moo, likopi tse 8 819 080 tsa likarolo tsa phetolelo eo li ne li se li hatisitsoe.
Ho etsa Hore Bibele e Fumanehe ka Libōpeho tse Ngata
Ho kenngoa tsamaisong ea computer ha mesebetsi e mengata ea Mokhatlo oa Watch Tower, ho tloha ka 1977, ho thusitse tabeng ea ho hatisoa ha Bibele, joalokaha ho entse likarolong tse ling tsa mosebetsi oa khatiso. Ho thusitse bafetoleli hore ba finyelle tumellano e khōloanyane mosebetsing oa bona; hape ho entse hore ho hatisoa ha Bibele ka libōpeho tse sa tšoaneng ho be bonolo.
Ka mor’a hore taba e ngotsoeng e felletseng ea Bibele e kenngoe tsamaisong ea computer, ha hoa ka ha e-ba thata hore ho sebelisoe electronic phototypesetter bakeng sa ho hatisa taba e ngotsoeng ka boholo le libōpeho tse sa tšoaneng. Pele, ka 1981, ho ile ha tla khatiso ea boholo bo tloaelehileng ea Senyesemane e nang le tlhahlamano ea mantsoe a sehlooho le litšobotsi tse ling tse thusang tsa sehlomathiso. Ena e bile khatiso ea pele e ileng ea hatisoa ke Mokhatlo oa Watch Tower ka mochine oa khatiso oa web offset. Ka mor’a hore melemo ea ntlafatso e kenyelletsoe tabeng e ngotsoeng e kentsoeng ho computer, khatiso ea mongolo o moholo ea Senyesemane e ile ea abjoa ka 1984; ena e ne e na le litšobotsi tse ngata tse molemo bakeng sa lipatlisiso. Khatiso ea eona ea Senyesemane ea boholo bo tloaelehileng le eona e ile ea etsoa hore e fumanehe selemong seo; litšupiso le tlhahlamano ea mantsoe a sehlooho li ne li kenyellelitsoe, empa ho se mongolo o botlaaseng ba leqephe; ’me sehlomathiso sa eona se ne se hlophisitsoe bakeng sa tšebeletso ea tšimo ho e-na le boithuto bo tebileng. Joale, molemong oa ba neng ba batla khatiso e nyenyane haholo e ka fellang ka pokothong, e ile ea hatisoa ka Senyesemane ka 1987. Likhatiso tsena tsohle li ile tsa hatisoa ka potlako ka lipuo tse ling.
Ho phaella moo, tlhokomelo e ne e lebisitsoe tabeng ea ho thusa ba nang le litlhoko tse khethehileng. Bakeng sa ho thusa ba bonang empa ba hloka mongolo o moholo haholo, ka 1985 ho ile ha hatisoa New World Translation e felletseng ea Senyesemane ka meqolo e mene e meholo. Kapele khatiso eona eo e ile ea hatisoa ka Sejeremane, Sefora, Sepanishe le Sejapane. Pele ho moo, ka 1983, New World Translation of the Christian Greek Scriptures ea meqolo e mene e ile ea hatisoa ka mongolo oa Senyesemane oa Braille oa boleng ba bobeli. Ka lilemo tse ling tse hlano, meqolo e 18 ea New World Translation e felletseng e ne e hatisitsoe ka mongolo oa Senyesemane oa Braille.
Na batho ba bang ba ne ba ka thusoa ka ho mamela theipi ea Bibele? Ntle ho tika-tiko. Kahoo Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa qala ho e hatisa le eona. K’hasete ea pele ea audio ke ea The Good News According to John, ka Senyesemane e ileng ea lokolloa ka 1978. Ha nako e ntse e feta New World Translation e felletseng ea Senyesemane e ne e hatisitsoe lik’haseteng tsa audio tse 75. Seo qalong e neng e le mosebetsi o monyenyane hamorao sa fetoha mosebetsi o moholo. Kapele, e ile ea fumaneha ka lipuo tse ling. Ka 1992 New World Translation, e felletse kapa e sa fella, e ne e fumaneha lik’haseteng tsa audio ka lipuo tse 14. Qalong, makala a mang a ile a etsetsoa mosebetsi ona ke lik’hamphani tsa khoebo. Ho fihlela ka 1992, Mokhatlo oa Watch Tower o ne o se o hatisitse lik’hasete tse joalo tsa audio tse fetang 31 000 000 mechineng ea oona.
Melemo ea lik’hasete tsa Bibele tsa audio le kamoo li ileng tsa sebelisoa ka teng e ile ea ba mengata ho feta e neng e lebelletsoe pele. Likarolong tsohle tsa lefatše, batho ba ne ba sebelisa libapala lik’hasete. Ba bangata ba neng ba sa tsebe ho bala ba ile ba thusoa ka tsela ena ho fumana molemo oa botho Lentsoeng la Molimo le halalelang. Basali ba ne ba khona ho mamela lik’hasete tsena tsa audio ha ba ntse ba etsa mosebetsi oa bona oa ntlo. Banna ba ne ba li mamela libapala lik’haseteng tsa likoloi ha ba tsamaea ka koloi ho ea mosebetsing. Matla a ho ruta a Lipaki ka bomong a ile a eketsoa ka ho mamela Lentsoe la Molimo khafetsa le ho hlokomela mokhoa oa ho bitsa mabitso a Bibele le mokhoa oa ho bala likarolo tsa Mangolo.
Ho fihlela ka 1992, likhatiso tse sa tšoaneng tsa New World Translation li ne li hatisoa mechineng ea khatiso ea Mokhatlo Amerika Leboea le Boroa, Europe le Linaheng tsa Bochabela. Kakaretso ea meqolo e 78 924 338 e ne e hatisitsoe le ho abjoa. Brooklyn feela, ho ne ho e-na le mechine e meraro ea khatiso ea web offset e hatisang ka lebelo le phahameng e hatisang Bibele feela. Ha e kopana, mechine ena ea khatiso e ka hatisa Libibele tse 7 900 ka hora, ’me ka linako tse ling ho ’nile ha hlokahala hore e sebetse nako e eketsehileng.
Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova li fa batho se eketsehileng ho feta Bibele e ka ’nang ea beoa rakeng ea libuka feela. Hape li fana ka thuto e sa lefelloeng ea Bibele ho motho leha e le ofe ea thahasellang Bibele—ho sa tsotellehe hore na o fumana kopi ho Lipaki tsa Jehova kapa che. Lithuto tsena ha li ea beheloa nako eo li tla khaotsa ka eona. Liithuti tse ling li tebisetsa seo li ithutang sona pelong, li fetohe Lipaki tse kolobelitsoeng, ebe li kopanela mosebetsing oa ho ruta ba bang. Ka mor’a likhoeli tse itseng, haeba tsoelo-pele e molemo e sa etsoe tabeng ea ho sebelisa se ithutiloeng, hangata lithuto lia khaotsa molemong oa batho ba bang ba nang le thahasello ea sebele. Ho fihlela ka 1992, Lipaki tsa Jehova li ne li khanna lithuto tsa Bibele tse sa lefelloeng tsa motho ka mong kapa malapa tse 4 278 127, hangata e le motheong oa beke le beke.
Kahoo, ka tsela e sa lekaneng le ea mokhatlo ofe kapa ofe, Lipaki tsa Jehova ke bahatisi le baabi ba Bibele le matichere a Lentsoe la Molimo le halalelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Joalokaha Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa July 15, 1892 (leq. 210), o bontšitse, ho ’nile ha sebelisoa lebitso Watch Tower Bible and Tract Society ka lilemo tse ’maloa pele lebitso leo le ngolisoa ka molao. Pampitšana e hatisitsoeng ka 1890 letotong la Old Theology e ile ea tsebahatsa bahatisi e le Tower Bible and Tract Society.
b Phetolelo ena e ile ea isoa ho Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania bakeng sa khatiso, e na le kōpo ea hore le ka mohla mabitso a bafetoleli a se ke a hlahisoa. Ba ne ba batla hore tlotla eohle e lebisoe ho Jehova Molimo, Mongoli oa Leholimo oa Lentsoe la hae le bululetsoeng.
c Liphetolelo tse ling tsa pejana tsa Seheberu, Sejeremane le Senyesemane li ile tsa busetsa lebitso la Molimo ka Mangolong a Segerike a Bokreste, joalokaha liphetolelo tsa baromuoa ba bangata li ile tsa ho etsa.
[Lebokose le leqepheng la 609]
Phetolelo e Ncha
Ha moqolo oa pele oa “New World Translation of the Hebrew Scriptures” o ne o hatisoa, Alexander Thomson mohlahlobisisi oa Bibele oa Brithani, o ile a ngola: “Liphetolelo tsa pele tsa Mangolo a Seheberu a fetoletsoeng Senyesemaneng li fokola haholo. Kahoo ho re thabisa haholo ho amohela khatiso ea karolo ea pele ea New World Translation [of the Hebrew Scriptures], ho tloha ho Genese ho ea ho Ruthe. . . . Ho hlakile hore phetolelo ena e entse boiteko bo khethehileng hore e balehe hamolemo. Ha ho motho ea neng a ka bolela hore e haelloa ke ho hong mabapi le bocha le ho tšoana le eo e fetoletsoeng ho tloha ho eona. Mantsoe a eona a khethehileng a theiloe ho a liphetolelo tsa pele.”—“The Differentiator,” June 1954, leq. 131.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 610]
“Taba e Ngotsoeng e Nang le Pokello ea Mantsoe a Tobileng”
Ho “The Classical Journal,” Thomas N. Winter oa Univesithi ea Nebraska o ile a ngola tlhahlobo ea “The Kingdom Interlinear Translation of the Greek Scriptures” a re: “Ena hase phetolelo ea lipuo tse sa tšoaneng e tloaelehileng: botšepehi ba taba e ngotsoeng bo bolokiloe, ’me Senyesemane se hlahang ka tlas’a eona e hlile se na le moelelo oa lentsoe la Segerike. Kahoo karolo ena ea ho ngoloa ka lipuo tse sa tšoaneng ea buka ena ho hang hase phetolelo. Taba e ngotsoeng e nang le pokello ea mantsoe a tobileng e e hlalosa ka nepo haholoanyane. Phetolelo ea Senyesemane se bonolo e hlaha karolong e nyenyane e ka letsohong le letona ea maqephe. . . .
“Taba e ngotsoeng e theiloe ho ea Brooke F. Westcott le Fenton J. A. Hort (1881, repr.), empa phetolelo ea komiti eo litho tsa eona li sa boleloang ka mabitso e nakong ka tsela e felletseng ’me e nepahetse ka tsela e lumellanang.”—Tokollo ea April-May 1974, maq. 375-6.
[Setšoantšo]
Likhatiso tsa 1969 le 1985
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 611]
Maikutlo a Seithuti sa Moheberu
Mabapi le “New World Translation,” Moprofesa Dr. Benjamin Kedar, seithuti sa Moheberu sa Iseraele, ka 1989 se ile sa re: “Phuputsong ea ka ea puo ea Bibele ea Seheberu le liphetolelo, hangata ke etsa litšupiso tse lebisang khatisong ea Senyesemane ea ‘New World Translation.’ Ka ho etsa joalo, ke fumana hore maikutlo a ka a hore mosebetsi ona o bonahatsa boiteko bo tiileng ba ho finyella kutloisiso ea taba e ngotsoeng e nepahetseng ka hohle kamoo ho ka khonehang aa tiea. Ha e fana ka bopaki ba tsebo e pharalletseng ea puo ea pele, e fetolela mantsoe a pele ka puo ea bobeli ka tsela e utloisisehang ka ntle le ho kheloha sebōpehong se nepahetseng sa Seheberu ho sa hlokahale. . . . Polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea puo ena e lumella bolokolohi bo itseng tabeng ea ho fetolela. Kahoo tharollo e mabapi le puo tabeng leha e le efe e ka ’na ea pepesetsehela phehisano. Empa ka hare ho ‘New World Translation’ le ka mohla ha ke e-s’o fumane morero leha e le ofe o fosahetseng oa ho kenya ntho leha e le efe e leng sieo tabeng e ngotsoeng.”
[Likrafo tse leqepheng la 613]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Khōlo ea Lipaki ho Tloha ha ho Hatisoa “New World Translation”
Fora
150 000
100 000
50 000
1963 1970 1980 1992
Italy
150 000
100 000
50 000
1963 1970 1980 1992
Portugal le Brazil
300 000
200 000
100 000
1963 1970 1980 1992
Linaheng tse Buang Sepanishe
900 000
600 000
300 000
1963 1970 1980 1992
[Litšoantšo tse leqepheng la 604]
Liphetolelo tse Seng Kae tse Neng li Sebelisoa ke Liithuti tsa Bibele tsa Pele
Phetolelo ea lentsoe ka lentsoe ea Young
Phetolelo ea Leeser (Senyesemane mabapa le Seheberu)
“New Testament” ea Tischendorf (e nang le mengolo e sa tšoaneng ho tsoa ho MSS ea Segerike)
Phetolelo ea Murdock (ho tsoa ho Syriac)
“The Emphatic Diaglott” (ho tloha Segerikeng ho ea Senyesemaneng)
Variorum Bible (e nang le liphetolelo tse sa tšoaneng tsa Senyesemane)
“The Newberry Bible” (e nang le mengolo ea bohlokoa e ka thōko ho leqephe)
[Setšoantšo se leqepheng la 605]
Kenyelletso ea khatiso ea “New Testament” ea Rotherham e hatisitsoeng bakeng sa Mokhatlo oa Watch Tower hoo e ka bang ka 1890
[Setšoantšo se leqepheng la 606]
Holman Linear Parallel Edition of the Bible, e ileng ea hatisoa ka tokisetso ea Mokhatlo oa Watch Tower ka 1902
[Setšoantšo se leqepheng la 606]
Khatiso ea Watchtower ea “King James Version,” e nang le tlhahlamano ea mantsoe a sehlooho e hlophisitsoeng ka tsela e khethehileng (1942)
[Setšoantšo se leqepheng la 607]
“American Standard Version,” phetolelo e sebelisang lebitso la Molimo, Jehova, ka makhetlo a fetang 6 870; khatiso ea Watchtower (1944)
[Setšoantšo se leqepheng la 607]
Phetolelo ea Byington (1972)
[Litšoantšo tse leqepheng la 608]
“New World Translation,” e ileng ea lokolloa ka Senyesemane ka lekhetlo la pele ka meqolo e tšeletseng, ho tloha ka 1950 ho ea ho 1960; hamorao ea kopanngoa le khatiso e khethehileng ea liithuti
Ea hatisoa e le moqolo o le mong o kopaneng ka 1961
Khatiso ea mongolo o moholo, e nang le litšupiso bakeng sa ho ithuta, e hatisitsoeng ka 1984
[Setšoantšo se leqepheng la 612]
Mohato ka mohato “New World Translation” e ’nile ea etsoa hore e fumanehe ka lipuo tse eketsehileng
[Setšoantšo se leqepheng la 614]
“New World Translation” ka mongolo o moholo haholo
. . . ka Braille
. . . lik’haseteng tsa “audio”
. . . ho li-“diskette” tsa “computer”