Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 10/15 maq. 28-31
  • Ntlha ea Bohlokoa Bakeng sa Barati ba Lentsoe la Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ntlha ea Bohlokoa Bakeng sa Barati ba Lentsoe la Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha ho Etsoa Phetolelo e Ncha?
  • Litšobotsi Tse Khethehileng
  • Ho Khutlisetsa Lebitso la Molimo Sebakeng sa Lona
  • Ho Finyella ba sa Baleng Senyesemane
  • Boieane ba Batho Lefatšeng ka Bophara bo Ananela Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • “New World Translation”
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Ho Hatisa Le Ho Aba Lentsoe La Molimo Le Halalelang
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • “New World Translation”—Ke ea Boleng bo Phahameng Thutong le Botšepehing
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 10/15 maq. 28-31

Ntlha ea Bohlokoa Bakeng sa Barati ba Lentsoe la Molimo

Ka 1998 ho ile ha finyelloa ntlha ea bohlokoa bakeng sa barati bohle ba Lentsoe la Molimo. Ka selemo seo, kopi ea milione ea bo100 ea “New World Translation of the Holy Scriptures” e ile ea tsoa mochineng oa khatiso. Kahoo e fetohile e ’ngoe ea Libibele tse abuoang ka ho fetisisa lekholong lena la lilemo!

MOSEBETSI ona ke o tsotehang ka ho khethehileng hobane ha phetolelo ena e ne e lokolloa, e ile ea songoa ka matla. Leha ho le joalo, ha ea feta har’a mathata feela empa e bile e atlehile, e iphumanetse sebaka malapeng a limilione—le lipelong—lefatšeng lohle! Phetolelo ee e ikhethang e simolohile hokae? E tšehelitsoe ke mang? Hona u ka rua molemo joang ka ho e sebelisa?

Ke Hobane’ng ha ho Etsoa Phetolelo e Ncha?

Watch Tower Bible and Tract Society, e leng mokhatlo oa molao o emelang Lipaki tsa Jehova, e ’nile ea aba Libibele ka nako e ka holimo ho lilemo tse lekholo. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li ile tsa bona ho hlokahala ho etsa phetolelo e ’ngoe ea Lentsoe la Molimo? Buka e bitsoang So Many Versions?, ea Sakae Kubo le Walter Specht, e re: “Ha ho na phetolelo ea Bibele e tla ke e nkoe e le ea ho qetela. Liphetolelo li tlameha ho khema le tsebo e tsoelang pele ea Bibele le maemo a fetohang a puo.”

Lekholong lena la lilemo ho bile le tsoelo-pele e khōlō kutloisisong ea Seheberu, Segerike le Searame—e leng lipuo tseo Bibele e neng e ngotsoe ka tsona tšimolohong. Hape, ho sibolotsoe libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele tseo e leng tsa khajana le tse nepahetseng haholoanyane ho feta tse sebelisitsoeng ke meloko e fetileng ea bafetoleli ba Bibele. Kahoo, kajeno Lentsoe la Molimo le ka ngoloa ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane ho feta leha e le neng pele! Ke ka lebaka le utloahalang ha Komiti ea Lefatše le Lecha ea Phetolelo ea Bibele e ile ea thehoa hore e kene mosebetsing oa ho fetolela Bibele lipuong tse tloaelehileng kajeno.

Ka 1950 ho ile ha hatisoa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ea puo ea Senyesemane. Lebitso ka bolona le ile la fapoha ka ho feletseng mokhoeng o tloaelehileng ka ho lahla taba ea hore Bibele e entsoe ka testamente “ea Khale” le “e Ncha.” Ka lilemo tse leshome tse latelang, likarolo tsa Mangolo a Seheberu li ile tsa hatisoa ka mekhahlelo. Ka 1961 Bibele e feletseng ea Senyesemane e ile ea lokolloa e le moqolo o le mong.

Ha e le hantle ke bo-mang ba ileng ba fetolela Bibele ee e babatsehang? Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa September 15, 1950, o ile oa re: “Banna ba bōpang komiti ena ea phetolelo ba totobalitse takatso ea bona . . . ea hore ba lule ba sa tsejoe, ’me ka ho toba ha ba batle ha mabitso a bona a ka phatlalatsoa ha ba sa phela kapa ka mor’a lefu la bona. Morero oa phetolelo ena ke ho phahamisa lebitso la Molimo ea phelang le oa ’nete.” Basomi ba bang ba ile ba laela hore e felisoe hang-hang ka lebaka la hore ke mosebetsi oa bo-maithutoana, empa hase bohle ba ileng ba nka boemo boo bo sa utloahaleng. Alan S. Duthie oa ngola: “Ha re tseba hore na bafetoleli kapa bahatisi ba phetolelo e itseng ea Bibele ke bo-mang, na ho re thusa ho etsa qeto ea hore na phetolelo eo e ntle kapa e mpe? Eseng ka ho toba. Ha ho letho le ka nkang sebaka sa ho hlahloba litšobotsi tsa phetolelo ka ’ngoe.”a

Litšobotsi Tse Khethehileng

Babali ba limilione ba entse sona seo ’me ba sibolotse hore New World Translation ha e balehe feela empa hape e nepahetse ka ho feletseng. Bafetoleli ba eona ba sebelisitse lipuo tsa pele-pele tsa Seheberu, Searame le Segerike, ba sebelisa taba e ngotsoeng e molemo ka ho fetisisa e teng.b Ho ile ha boela ha sebelisoa kelo-hloko e fetisisang ho fetolela taba e ngotsoeng ea boholo-holo ka mokhoa o tobileng kamoo ho ka khonehang, empa e le ka puo e neng e tla utloisisoa habonolo. Kahoo, litsebi tse ling li ile tsa rorisa phetolelo ena ka ho tšepahala le ho nepahala ha eona. Ka mohlala, Andover Newton Quarterly ea January 1963 e ile ea re: “Phetolelo ea Testamente e Ncha ke bopaki ba hore har’a [Lipaki tsa Jehova] ho na le litsebi tse tšoanelehang ho sebetsana ka bohlale le mathata a mangata a phetolelo ea Bibele.”

Bafetoleli ba ile ba tlisa leseli le lecha la kutloisiso ea Bibele. Litemana tsa Bibele tse neng li sa utloisisoe hantle nakong e fetileng li ile tsa hlaka ka mokhoa o tsotehang. Ka mohlala, temana e tsietsang e ho Matheu 5:3, e reng: “Ho lehlohonolo ba futsanehileng moeeng” (King James Version), e ile ea fetoleloa ka tsela e utloahalang: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” New World Translation e boetse e nyallana hantle ha e fetolela mantsoe a sehlooho. Ka mohlala, lentsoe la Segerike psy·kheʹ, le fetoletsoe e le “soule” neng le neng ha le hlaha. Ka lebaka leo, babali ba ka lemoha habonolo hore ho fapana le likhopolo tsa bolumeli, soule ea shoa!—Matheu 2:20; Mareka 3:4; Luka 6:9; 17:33.

Ho Khutlisetsa Lebitso la Molimo Sebakeng sa Lona

Tšobotsi e ikhethang ea New World Translation e ile ea ama ho khutlisetsoa ha lebitso la Molimo, Jehova, sebakeng sa lona. Likoping tsa boholo-holo tsa Bibele ea Seheberu, lebitso la Molimo le ngoloa ka lilumisoa tse ’nè tse fetoleloang e le YHWH kapa JHVH. Lebitso lena le khethehileng le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 ho se bitsoang Testamente ea Khale feela. (Exoda 3:15; Pesaleme ea 83:18) Ho hlakile hore ’Mōpi oa rōna o ne a rerile hore barapeli ba hae ba tsebe lebitso la hae ba be ba le sebelise!

Leha ho le joalo, tšabo e bakoang ke tumela-khoela e ile ea etsa hore batho ba Bajuda ba khaotse ho sebelisa lebitso la Molimo. Ka mor’a lefu la baapostola ba Jesu, bakopitsi ba Mangolo a Segerike ba ile ba qala ho nkela lebitso la Molimo sebaka ka lentsoe la Segerike Kyʹri·os (Morena) kapa The·osʹ (Molimo). Ka masoabi, bafetoleli ba kajeno ba ntšelitse pele mokhoa ona o hlomphollang Molimo, ba tlosa lebitso la Molimo Libibeleng tse ngata ba bile ba pata hore Molimo o na le lebitso. Ka mohlala, ho Johanne 17:6 ho na le mantsoe a Jesu, a reng: “Ke senotse lebitso la hao.” Leha ho le joalo, Today’s English Version, e e fetolela ka ho re: “Ke u tsebahalitse.”

Litsebi tse ling li buella ho tlosoa ha lebitso la Molimo hobane ha ho tsebahale hantle hore na le ne le bitsoa joang. Leha ho le joalo, mabitso a tloaelehileng a Bibele a kang Jeremia, Esaia le Jesu a fetoleloa ka tloaelo ka litsela tse tšoanang hanyenyane le kamoo a neng a bitsoa kateng pele ka Seheberu. Kaha mokhoa oo Jehova e ngoloang ka oona ke tsela e amohelehang ea ho fetolela lebitso la Molimo—le o tloaelehileng ho batho ba bangata—likhanyetso tsa ho o sebelisa ha li utloahale.

Komiti ea Lefatše le Lecha ea Phetolelo ea Bibele e ile ea nka bohato bo sebete ba hore e sebelise lebitso Jehova likarolong tsa Mangolo a Seheberu le a Segerike. Mohlala oa sena e o nkile liphetolelong tsa baromuoa ba pele tse etselitsoeng batho ba Amerika Bohareng, Pacific Boroa le Linaha tsa Bochabela. Leha ho le joalo, tšebeliso e joalo ea lebitso la Molimo ha e etsoe feela molemong oa thuto. Ho tseba lebitso la Molimo ke habohlokoa bakeng sa ho mo tseba hore ke motho. (Exoda 34:6, 7) New World Translation e khothalelitse babali ba eona ba limillione hore ba sebelise lebitso la hae.

Ho Finyella ba sa Baleng Senyesemane

Lipakeng tsa 1963 le 1989, New World Translation e ile ea fumaneha, e feletse kapa e sa fella, ka lipuo tse ling hape tse leshome. Leha ho le joalo, mosebetsi oa ho fetolela o ne o le boima haholo, hoo mesebetsi e meng ea phetolelo e neng e nka lilemo tse 20 kapa ho feta. Joale, ka 1989 Lefapha la Litšebeletso tsa Phetolelo le ile la thehoa ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova. Lefapha lena le ile la kena mosebetsing oa ho potlakisa phetolelo ea Bibele tlas’a tataiso ea Komiti e Ngolang ea Sehlopha se Busang. Ho ile ha ntšetsoa pele mokhoa oa ho fetolela o kopanyang ho ithuta mantsoe a Bibele le theknoloji ea k’homphieutha. Mokhoa ona o sebetsa joang?

Hang ha Komiti e Ngolang e lumetse hore Bibele e fetoleloe puong e itseng, e khetha sehlopha sa Bakreste ba inehetseng hore ba sebetse e le sehlopa se fetolelang. Lihlopha li ka etsa liphetolelo tse boemong bo leka-lekaneng ho feta mosebetsi o ka etsoang ke motho ea sebetsang a le mong. (Bapisa le Liproverbia 11:14.) Ka kakaretso, setho ka seng sa sehlopha sena se bile le phihlelo ho fetoleleng lingoliloeng tsa Mokhatlo. Joale, sehlopha sena se koetlisoa ka mokhoa o phethahetseng metheong ea ho fetolela Bibele le ea ho sebelisa litaelo tsa k’homphieutha tse entsoeng ka ho khetheha. K’homphieutha ha e etse mosebetsi oa ho fetolela ka ho toba, empa e ka fa sehlopha monyetla oa ho fumana boitsebiso ba bohlokoa le ho se thusa hore se boloke tlaleho ea liqeto tsa sona.

Mosebetsi oa phetolelo ea Bibele o na le mekhahlelo e ’meli. Mokhahlelong oa pele, bafetoleli ba fuoa letoto la mantsoe le lipolelo tse sebelisitsoeng ho New World Translation ea Senyesemane. Mantsoe a Senyesemane a amanang, a kang “atone,” “atonement” le “propitiation,” a ngoloa hammoho, ho hlokomelisoa bafetoleli ka phapang e poteletseng moelelong oa ’ona. Ba etsa letoto la mantsoe a puo ea bona a fetolelang ana a Senyesemane. Leha ho le joalo, ka linako tse ling, mofetoleli a ka ’na a thatafalloa ke ho fetolela temana e itseng. Mokhoa oa ho batla boitsebiso o etsoang ka k’homphieutha o fa mofetoleli boitsebiso bo mabapi le mantsoe a Segerike le a Seheberu ebile o mo fa monyetla oa ho phetla lingoliloeng tsa Watch Tower.

Ha mosebetsi o fetela mokhahlelong oa bobeli, mantsoe a khethiloeng ho fetolela a Senyesemane a kenngoa ka k’homphieutha Bibeleng e ntseng e fetoleloa. Sena se etsa hore phetolelo e be e nepahetseng le e lumellanang haholo. Leha ho le joalo, taba e ngotsoeng ka mokhoa ona oa ‘ho batla mantsoe a Senyesemane a nkeloang sebaka ka a puo e ’ngoe’ ha e balehe ho hang. Ho hlokahala mosebetsi o moholo oa ho hlophisa lipolelo le ho ngola litemana tsa Bibele hantle e le hore li balehe habonolo.

Mokhoa ona oa phetolelo o sebelitse ka mokhoa o tsotehang haholo. Sehlopha se seng se ile sa fetolela Mangolo a Seheberu kaofela ka lilemo tse peli feela. Bapisa sehlopha sena le se seng se ileng sa sebetsa ka puo e tšoanang le eo se sa thusoe ke k’homphieutha. Se ile sa nka lilemo tse 16. Ho fihlela joale, Mangolo a Segerike a Bakreste a hatisitsoe ka lipuo tse ling hape tse 18 ho tloha ka 1989. Hona joale New World Translation e fumaneha e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse 34. Kahoo, bonyane ke karolo e fetang ea 80 lekholong ea Lipaki tsa Jehova e nang le Mangolo a Segerike a Bakreste ka puo ea tsona.

Mekhatlo e Kopaneng ea Bibele e tlaleha hore lipuong tse 6 500 tsa lefatše, likarolo tsa Bibele li teng ka tse 2 212c feela. Kahoo, bafetoleli ba ka bang 100 ba sebeletsa ho hlahisa New World Translation ea Mangolo a Seheberu le a Segerike ka lipuo tse 11 le tse 8 ka ho latellana. Thato ea Molimo ke hore “mefuta eohle ea batho e pholohe ’me e fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:4) Ha ho pelaelo hore New World Translation e tla tsoela pele ho phetha karolo e ka sehloohong ntlheng ena.

Kahoo, re thabela hore phetolelo ena e fetile ntlha ea bohlokoa ea likopi tse limilione tse 100, ’me thapelo ea rōna ke hore ka moso ho boele ho etsoe likopi tse ling hape tse limilione. Re u khothalletsa hore u itlhahlobele eona. U tla thabela litšobotsi tse ngata tse ikhethang: mongolo o hlakileng, lihlooho tse ngotsoeng holimo leqepheng, index e tla u thusa hore u fumane litemana tse tloaelehileng, limmapa tse behileng taba ka bophara le taba e khahlisang lihlomathisong. Habohlokoa haholo, u ka bala Bibele ena ka kholiseho ea hore e fetisa lipolelo tsa Molimo ka nepo ka puo ea hao.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho thahasellisang ke hore, ka mokhoa o tšoanang, sephutheloana sa Phetolelo ea 1971 e Nang le Litšupiso ea New American Standard Bible se itse: “Ha rea sebelisa lebitso la setsebi leha e le sefe bakeng sa hore ho ka botsoa letho ho sona kapa bakeng sa lithoriso hobane re lumela hore Lentsoe la Molimo le lokela ho ikemela ka bokhabane ba lona.”

b The New Testament in the Original Greek, ea Westcott le Hort, ke eona e ileng ea sebelisoa e le motheo oa taba e ngotsoeng ea Segerike. Biblia Hebraica ea R. Kittel e bile eona motheo oa taba e ngotsoeng ea Mangolo a Seheberu.

c Kaha batho ba bangata ba tseba lipuo tse peli, re lumela hore Bibele, e feletse kapa e sa fella, e fetoleloa ka lipuo tse lekaneng hore e baloe ke baahi ba lefatše ba ka holimo ho karolo ea 90 lekholong.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]

“Phetolelo ea Testamente e Ncha ke bopaki ba hore har’a [Lipaki tsa Jehova] ho na le litsebi tse tšoanelehang ho sebetsana ka bohlale le mathata a mangata a phetolelo ea Bibele.”

—ANDOVER NEWTON QUARTERLY, JANUARY 1963

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]

“Liphetolelo li tlameha ho khema le tsebo e tsoelang pele ea Bibele le maemo a fetohang a puo”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 31]

LITSEBI LI BABATSA NEW WORLD TRANSLATION

KA Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste, Edgar J. Goodspeed, e leng mofetoleli oa “Testamente e Ncha” ea Segerike ho An American Translation, o ile a ngola tjena lengolong la la 8 December, 1950: “Ke thahasella mosebetsi oa batho ba lōna oa ho hasa evangeli, le ho etsoa ha oona lefatšeng ka bophara, ’me ke thabela haholo phetolelo ena e ngotsoeng ka bolokolohi, e tšepahalang le e hlakileng. Kamoo nka pakang kateng, e bontša tsebo e fumanoeng ka ho ithuta ho matla le ho tebileng.”

Setsebi sa Seheberu le Segerike Alexander Thomson o ile a ngola: “Ho totobetse hore phetolelo ena ke mosebetsi oa litsebi tse nang le tsebo le tse hlalefileng, tse lekileng ka hohle kamoo puo ea Senyesemane e ka khonang kateng ho hlalosa hore ba hlahise boholo ba kutloisiso ea ’nete ea taba e ngotsoeng ea Segerike.”—The Differentiator, April 1952, leqepheng la 53-7.

Moprofesa Benjamin Kedar, e leng setsebi sa Seheberu sa Iseraele, o ile a bua tjena ka 1989: “Phuputsong ea ka ea lipuo mabapi le Bibele ea Seheberu le liphetolelo, ke atisa ho talima khatisong ea Senyesemane ea se tsejoang e le New World Translation. Ka ho etsa joalo, ke fumana maikutlo a ka a tiisoa nako le nako hore buka ena e bontša boiteko bo tšepahalang ba ho finyella tlhaloso e nepahetseng ka hohle kamoo ho ka khonehang ea taba e ngotsoeng.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela