KHAOLO EA 12
Ho Tšehetsa Mosebetsi oa ’Muso Lefatšeng Lohle
LIPAKI TSA JEHOVA li ’nile tsa bolela litaba tse molemo “ho isa karolong e hole-hole ea lefatše” e le ho phethahatsa boprofeta ba Jesu bo mabapi le matsatsi a ho qetela. (Lik. 1:8; Mat. 24:14) Li ithaopela ho sebelisa nako le matla a tsona e le hore li phethe mosebetsi ona. Li tšepa hore Jehova o tla li tšehetsa kaha ke basebetsi-’moho le eena, kahoo li etelletsa pele litaba tse amanang le ’Muso oa Molimo bophelong ba tsona. (Mat. 6:25-34; 1 Bakor. 3:5-9) Ho hlakile hore Jehova oa li tšehetsa ebile oa li hlohonolofatsa.
HO KENYA LETSOHO MESEBETSING E AMANANG LE ’MUSO LEFATŠENG LOHLE
2 Ha batho ba bang ba bona tsela eo re bolelang litaba tse molemo ka eona le hore re aba Libibele le lingoliloeng ntle ho tefo, ba ipotsa hore na re khona joang. Ke ’nete hore ho hatisa Libibele tse ngata le lingoliloeng tsa Bibele ho hloka chelete. Hape ho sebelisoa chelete e ngata ho haha mahae a Bethele e leng moo ho lulang barab’abo rona ba hatisang lingoliloeng, ba hlokomelang mosebetsi oa boboleli hammoho le mesebetsi e meng. Ho phaella moo, balebeli ba potoloho, baromuoa, bo-pula-maliboho ba khethehileng le bohle ba tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng ba fuoa chelete ea ho lefella litšenyehelo tsa lintho tseo ba li hlokang e le hore ba tsoele pele mosebetsing oa bona. Ho hlakile hore mehleng ena ea rona ho sebelisoa chelete e ngata mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle. Chelete ee e tsoa hokae?
3 Batho ba bangata ba ananela mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova oa ho ruta batho Bibele ’me ba thabela ho fana ka monehelo o tšehetsang mosebetsi oa lefatše lohle. Leha ho le joalo, boholo ba menehelo bo tsoa ho Lipaki Tsa Jehova kaha tse ling tsa tsona li e romela liofising tsa makala. Li etsisa bahlanka ba Molimo ba boholo-holo ba ileng ba fana ka seatla se bulehileng ha ba tšehetsa ho hahoa ha sebaka sa borapeli ba Jehova. (Ex. 35:20-29; 1 Likron. 29:9) Lipaki tse ling li ntša menehelo e menyenyane liphuthehong le lipotolohong ha tse ling li fana ka litša ha li aba mafa. Menehelo ena kaofela e etsa hore mosebetsi oa boboleli o tsoele pele.
Lipaki Tsa Jehova li nka hore ke tlotla ho sebelisa chelete ea tsona le matlotlo a mang ho ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli
4 Lipaki Tsa Jehova li nka hore ke tlotla ho sebelisa chelete ea tsona le matlotlo a mang ho ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli. Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba e-na le lebokose la chelete leo ho neng ho nkoa lichelete ho lona ho thusa mafutsana le ho lefa litšenyehelo. (Joh. 13:29) Bibele e re bolella ka basali ba ileng ba tšehetsa tšebeletso ea Jesu le barutuoa ba hae. (Mar. 15:40, 41; Luka 8:3) Ka kananelo moapostola Pauluse o ile a amohela thuso e lerato ea lintho tse bonahalang ho ba neng ba rata ho ntšetsa pele litaba tse molemo le ba neng ba lakatsa ho tšehetsa tšebeletso ea hae. (Bafil. 4:14-16; 1 Bathes. 2:9) Lipaki Tsa Jehova li tsoela pele ho latela mehlala ena ea boholo-holo ea ho sebetsa ka cheseho le ho fana ka seatla se bulehileng. Ka tsela ena, batho ba ratang Molimo ba fuoa “metsi a bophelo ntle ho tefo.”—Tšen. 22:17.
MENEHELO EA PHUTHEHO
5 Litšenyehelo tsa phutheho ea sebaka ka seng le tsona li lefuoa ka menehelo. Ha ho ntšoe koleke, ebile ha ho lekanyetsoe hore na motho ka mong a ntše bokae hape ha ho qeloe chelete. Ho behoa mabokose a monehelo libakeng tseo liboka li tšoareloang ho tsona e le hore e mong le e mong a ka fana “feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae.”—2 Bakor. 9:7.
6 Ntho ea pele e etsoang ka chelete ea monehelo ke ho lefella litšenyehelo tsa ho sebelisoa ha Holo ea ’Muso le ho e boloka e le boemong bo botle. Sehlopha sa baholo se ka ’na sa etsa qeto ea hore chelete e ’ngoe e romeloe ofising ea lekala e le hore e sebelisetsoe ho ntšetsa mosebetsi oa ’Muso pele lefatšeng lohle. Baholo ba lokela ho bolella phutheho ka qeto eo. Ka tsela ena, liphutheho tse ngata li itloaetsa ho fana ka menehelo ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle. Haeba bohle ba tseba lintho tseo phutheho e li hlokang nako le nako, ho ke ke ha hlokahala hore ho etsoe litsebiso tsa menehelo khafetsa.
HO SEBETSANA LE MENEHELO
7 Ha liboka li tsoa, barab’abo rona ba babeli ba bala chelete eohle e ka mabokoseng a monehelo ebe ba e tlaleha bukeng ea lichelete. (2 Mar. 12:9, 10; 2 Bakor. 8:20) Sehlopha sa baholo se tla lokisetsa hore chelete ena e bolokoe ho fihlela e fetisetsoa ofising ea lekala kapa e sebelisetsoa lintho tse hlokahalang phuthehong. Mor’abo rona ea sebetsanang le liak’haonte tsa phutheho o ngola seteitemente sa khoeli le khoeli ho beha phutheho leseling ’me ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse tharo, mohokahanyi oa sehlopha sa baholo o lokisetsa hore ho hlahlojoe liak’haonte.
LITŠEYEHELO TSA POTOLOHO
8 Litšenyehelo tse bileng teng likopanong le tse bileng teng potolohong li lefelloa ka menehelo e bokeletsoeng liphuthehong tsa potoloho eo. Ho behoa mabokose a monehelo likopanong e le hore bahoeletsi ba ka ntša menehelo ea ho lefella litšenyehelo tsa potoloho. Ho ekelletsa moo, e le ho hlokomela litšenyehelo tse ling tse bang teng, liphutheho li ka ntša menehelo har’a nako.
9 Potoloho ka ’ngoe e lokela ho lefa litšenyehelo tsa kopano ea eona ’me chelete e salang e fanoe e le monehelo bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle. Haeba chelete e ak’haonteng ea potoloho e sa lekana ho lefella litšenyehelo tsa kopano e fetileng kapa e sa lekane ho lefella litšenyehelo tsa ho qala kopano e latelang, tse kang ho lefella mohaho oo kopano e tla tšoareloa ho oona, molebeli oa potoloho a ka ’na a re liphutheho li hopotsoe ka boikarabelo ba tsona ba ho fana ka monehelo. Sehlopha ka seng sa baholo se tla tšohla taba ena ’me se etse qeto ea hore na phutheho e ka nehela bokae letloleng la potoloho. Ka mor’a moo se tla botsa phutheho hore na e re’ng ka tšisinyo eo.
10 Ha ho hlaha litaba tse amanang le lichelete tse hlokoang ho hlahlojoa ke baholo ba potoloho, seboka sa baholo se tla tšoaroa kopanong eo. Liqeto tsohle tse entsoeng tse sa amaneng le litšenyehelo tsa potoloho li lokeloa ho etsoa ka tumellano ke baholo. Lichelete tseo ho lumellanoeng ka tsona li lokeloa ho ngoloa fatse ’me li lokeloa ho kopuoa kamehla pele li ka sebelisoa
11 Nako le nako ho etsoa litlhophiso tsa hore ho hlahlojoe liak’haonte tsa potoloho.
HO HLOKOMELA MAFUTSANA
12 Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba thusa mafutsana ka chelete e ’ngoe ho eo ba neng ba e bokella lebokoseng la bona la monehelo. (Mar. 14:3-5; Joh. 13:29) Bakreste ba ntse ba e-na le boikarabelo bona le kajeno kaha Jesu o ile a re: “Kamehla le na le mafutsana.” (Mar. 14:7) Lipaki Tsa Jehova li hlokomela mafutsana joang kajeno?
13 Ka linako tse ling, ba bang ka phuthehong ba ka ’na ba hloka thuso ea chelete ka lebaka la ho hola, ho kula kapa mathata a mang ao ba ke keng ba a qoba. Litho tsa lelapa, beng ka bona le batho ba lemohang hore ba hloka thuso ba ka ’na ba susumelletseha ho ba thusa. Sena se tumellanong le mantsoe a moapostola Johanne a reng: “Mang kapa mang ea nang le mokhoa oa lefatše lena oa ho tšehetsa bophelo ’me a bona mor’abo a hloka leha ho le joalo a mo koalla monyako oa qenehelo ea hae e bonolo, lerato la Molimo le lula ka tsela efe ho eena? Bana ba banyenyane, a re se keng ra rata ka lentsoe kapa ka leleme, empa re rate ka ketso le ’nete.” (1 Joh. 3:17, 18; 2 Bathes. 3:6-12) Borapeli ba ’nete bo akarelletsa ho hlokomela ba tšepahalang ba ka ’nang ba hloka ho thusoa ka chelete kapa ka lintho tse ling.—Jak. 1:27; 2:14-17.
14 Lengolong la hae la pele le eang ho Timothea, moapostola Pauluse o ile a hlalosa kamoo batho ba tšoanelehang ba ka thusoang kateng. U ka bala keletso ea hae ho 1 Timothea 5:3-21. Boikarabelo bo ka sehloohong ba Mokreste e mong le e mong ke hore a fe ba ntlo ea hae seo ba se hlokang. Ba holileng kapa ba kulang ba lokela ho thusoa ke bana ba bona, litloholo tsa bona kapa beng ka bona ba haufi. Ka linako tse ling, mekhatlo ea ’muso kapa ea sechaba e fana ka thuso kapa liphallelo, kahoo, beng ka motho ea hlokang kapa batho ba bang ba ka ’na ba mo thusa hore a etse kopo eo. Mohoeletsi ea ’nileng a tšepahala ka nako e telele a ka ’na a ba le mathata a lichelete hoo bara le barali babo rona ka phuthehong ba ka lokelang ho mo thusa. Haeba ho se na litho tsa lelapa kapa beng ka bona ba haufi ba ka ba thusang ’me ho se thuso e ka fumanoang mekhatlong ea ’muso le ea sechaba, sehlopha sa baholo se ka etsa litlhahiso tsa hore na ba ka thusoa joang. Bakreste ba rata ho fa batho ba bang lintho tseo ba li hlokang.
15 Barab’abo rona ba bangata ba ka ’na ba hloka thuso ka lebaka la mahloriso, lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, meroallo, tlala ea boja-likata kapa likoluoa tse ling tse tloaelehileng linakong tsena tse mahlonoko. (Mat. 24:7-9) Ho ka etsahala hore ebe liphutheho tsa sebaka seo ha li khone ho thusa, kahoo Sehlopha se Busang se lokisetsa hore barab’abo rona ba libakeng tse ling ba thuse. Sena se tšoana le tsela eo ka eona Bakreste ba Asia Minor ba ileng ba fa barab’abo bona ba Judea lijo nakong ea tlala ea boja-likata. (1 Bakor. 16:1-4; 2 Bakor. 9:1-5) Ha re latela mohlala oa bona, re bontša hore re rata barab’abo rona e le kannete le hore re barutuoa ba sebele ba Jesu Kreste.—Joh. 13:35.
KABO EA LINGOLILOENG
16 Libibele le lingoliloeng li re thusa ho bolela molaetsa oa ’Muso. Hangata sehlopha sa baholo se abela mohlanka ea sebeletsang hore a hlokomele lingoliloeng tsa phutheho. Barab’abo rona ba abetsoeng ho hlokomela lingoliloeng le limakasine ba nka boikarabelo ba bona ka botebo. Ba boloka litlaleho tse ntle e le hore phutheho e lule e e-na le lingoliloeng tseo e li hlokang.
17 Kaha re Bakreste ba inehetseng, rea hlokomela hore Molimo o lebeletse hore re sebelise nako, bohlale, bokhoni, litalenta, maruo le matla a rona tšebeletsong ea hae. (Luka 17:10; 1 Bakor. 4:7) Ha re sebelisa matlotlo ’ohle a rona hantle, re bontša hore ruri re rata Jehova ’me re inehetse ho eena ka ho feletseng. Re lakatsa ho tlotlisa Jehova ka matlotlo a rona, kaha rea tseba hore o thabisoa ke mpho leha e le efe eo re mo fang eona ho bontša hore re inehetse ho eena ka moea oohle. (Liprov. 3:9; Mar. 14:3-9; Luka 21:1-4; Bakol. 3:23, 24) Jesu o itse: “Le amohetse ntle ho tefo, le fane ntle ho tefo.” (Mat. 10:8) Kahoo, ha re sebelisa matla le matlotlo a rona tšebeletsong ea Jehova, re thaba haholo.—Lik. 20:35.