Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/96 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa April

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa April
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 1 April
  • Beke e Qalang ka la 8 April
  • Beke e Qalang ka la 15 April
  • Beke e Qalang ka la 22 April
  • Beke e Qalang ka la 29 April
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 4/96 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa April

Beke e Qalang ka la 1 April

Pina 132

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bolela litlaleho leha e le life tse khethehileng ka mokete oa lōna oa Sehopotso. Hopotsa bahoeletsi ho tlisa lipeho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa March hang-hang. Mongoli le bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho hlahloba hore lipeho tsohle tsa tšebeletso ea tšimo tse salletseng morao tsa likhoeli tse fetileng lia tlisoa.

20 mets: “E-ba ea ‘Chesehelang Mesebetsi e Metle’ ka April!” Lirapa 1-10 li akaretsoe ka lipotso le likarabo ke molebeli oa tšebeletso. Hlalosa (1) se reriloeng phuthehong bakeng sa mosebetsi o eketsehileng oa tšebeletso ka April, (2) kamoo bohle ba ka thusoang ho kopanela, le (3) kamoo ba bacha le ba hōlileng ba ka akarelletsoang. Ha re ipeheleng pakane ea ho finyella tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ka April. Khothalletsa bohle ho kopanela kamehla tšebeletsong beke e ’ngoe le e ’ngoe ka April.

15 mets: “Ho Batla ba Nang le Tšekamelo e Nepahetseng.” Hlahloba linehelano tseo ho entsoeng litlhahiso ka tsona, ebe joale u etsa lipontšo tse peli tse bontšang kamoo li ka sebelisoang kateng. Ha nako e lumela, pheta tse ling tsa litlhahiso tse ka sebelisoang joalokaha li fumanoa ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 1995, leqepheng la 6.

Pina 20 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 8 April

Pina 72

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete; bolela liteboho tsa menehelo tse amohetsoeng li e-tsoa ho Mokhatlo. Bua ka litsela tse sebetsang tseo re ka thusang ba bacha ba bileng teng Sehopotsong hore ba hatele pele moeeng. Hlahloba Molula-Qhooa oa April 1, 1991, maqepheng a 9-12.

15 mets: “Ho Nehelana ka Tšebeletso e Halalelang Motšehare le Bosiu.” Lipotso le likarabo. Bala serapa sa 5 le sa 6.

15 mets: “E-ba ea ‘Chesehelang Mesebetsi e Metle’ ka April!” Lirapa tsa 11-15 li akaretsoe ka lipotso le likarabo. Khothalletsa bohle ho seka-seka maemo a bona a botho le ho batla litsela tsa ho eketsa ho kopanela ha bona tšebeletsong ea tšimo.

Pina 113 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 15 April

Pina 133

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bamameli ka puo ea phatlalatsa e khethehileng ka la 21 April, e nang le sehlooho “Ho Lula U Hloka Molato Har’a Moloko o Khopo.” Khothalletsa ho etsa boiteko bo eketsehileng ba ho thusa e mong le e mong ho ba teng.

15 mets: “Mehla e Fetohile.” Lipotso le likarabo. Hatella ho nehelana ka molaetsa oa ’Muso ka tsela e finyellang litlhoko tse potlakileng tsa batho. Bolela tse ling tsa lintho tseo lelapa le sechaba li nahanang ka tsona, joalokaha li boletsoe ho Molula-Qhooa oa January 1, 1994, maqepheng a 22-3.

20 mets: “Tumelo e Latela Ntho e Utloiloeng.” Bua ka kamoo ho tsamaisoa ha limakasine ho ka sebelisoang kateng ho hlaolela thahasello e ka lebisang lithutong tsa Bibele bukeng ea Tsebo. Etsa lipontšo tse peli kapa tse tharo.

Pina 204 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 22 April

Pina 6

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba lintlha tse khōlō tsa puo e khethehileng e fanoeng mafelong ana a beke a fetileng. Hlalosa kamoo keletso ena e lokelang ho susumetsa ba thahasellang ho emela borapeli ba ’nete ka tieo. Hape hlokomelisa ka ‘Ho Tsoela Pele ho Hōla Tsebong e Nepahetseng,’ ’me u hatelle bohlokoa ba ho ba teng kamehla Thutong ea Buka ea Phutheho.

12 mets: Lebokose la Lipotso. Puo ka moholo. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha barab’abo rōna ba tšoarang liboka ba lokela ho qoba ho tloaela batho ka ho feteletseng hoo ba ba bitsang ka mabitso a bona a qalang feela.

18 mets: Puisano mahareng a moholo le mohlanka ea sebeletsang ka sehlooho “Malapa a Tšabang Molimo—Mohlala Bakeng sa Mehla ea Rōna,” se maqepheng a 20-3 a tokollo ea Molula-Qhooa oa September 15, 1995. Etsa hore boitsebiso bo tsoele malapa a leng phuthehong molemo.

Pina 143 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 29 April

Pina 144

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Ba bang ba hlalosa Lipaki tsa Jehova e le “mokha oa bokhelohi,” kapa “bolumeli ba mehlolo,” ’me ba khelosa ba bang mabapi le mesebetsi ea rōna le lipakane. U sebelisa buka ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 249, ka bokhutšoaane hlalosa kamoo re ka hanyetsang qoso e joalo. Hopotsa e mong le e mong, ho akareletsa le ba sa tsoa tšoaneleha e le bahoeletsi ba sa kolobetsoang, ho tlisa lipeho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo tsa April ka nako. Haeba bohle ba tšoarisana hammoho, ho ka finyelloa tlhōrō e ncha ka April.

15 mets: Ho Hlokomela Hore Tšimo ea Rōna e Akaretsoa Hantle. Puo ka molebeli oa tšebeletso. E ka ba ka seoelo libaka tse qalikaneng kapa tse hōle li sebetsoang. Ba bang ba ka qoba ka boomo ho sebetsa libakeng tsa barui kapa tse nang le tšusumetso e matla ea bolumeli. Masimo a leng libakeng tsa khoebo a ka hlokomolohuoa. Bahoeletsi ba bang kamehla ba ka ’na ba kōpa masimo ao bona ba a khethang ho feta ao hona joale a hlokang ho akaretsoa. Khothalletsa bohle ho tšoarisana hammoho ho akaretsa masimo a sa sebetsoeng; mohlomong ho ka hlophisoa lihlopha tsa ba tsamaeang ka koloi. Etsang bonnete ba hore tšimo e akaretsoa hantle, ho akareletsa le ba sieo malapeng, pele e khutlisoa. Fana ka litlhahiso tse ling tse sebetsang tsa kamoo bohle ba ka thusang tabeng ea ho akaretsoa ha tšimo ea lōna.

18 mets: Nehelana ka Molula-Qhooa le Tsoha! ka May. Nehelana ka likopi ka bomong. Tšimong e akaretsoang khafetsa, nehelana ka bukana leha e le efe e loketseng. Boloka tlaleho ea lingoliloeng tsohle tse tsamaisitsoeng, ka sepheo sa ho qalisa tselana ea limakasine. Sebelisa menyetla ena ho nehelana ka peeletso. Hatella melemo e meholo ea kabo ea limakasine joaloka tsela e sebetsang ea ho fetisetsa molaetsa oa ’Muso bathong. Re etse bonnete ba hore re na le tse lekaneng ha re e-ea tšebeletsong; re nehelane ka tsona ha monyetla o mong le o mong o hlaha. Litokisetso tsa botho tsa beke le beke tsa Letsatsi la Limakasine ke tsela e molemo ea ho eketsa lingoliloeng tseo re li tsamaisang. Ho paka ka limakasine mabenkeleng le seterateng ho ka boela ha hlahisa litholoana. Latella thahasello maetong a reretsoeng ho qala lithuto ho sebelisoa buka ea Tsebo. Etsa pontšo e le ’ngoe kapa tse peli tse khutšoaane tsa ho tsamaisa litokollo tsa morao-rao, mohlomong u ka sebelisa linehelano tse fumanoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 1995, leqepheng la 5, lirapeng tsa 3-5; bala serapa sa 6.

Pina 195 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela