Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/96 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 4/96 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka April le May: Likopi ka bomong tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ka monehelo oa R2,00 sete. Nako le nako ha ho hlaha monyetla, nehelana ka peeletso ea Molula-Qhooa. (Bakeng sa litheko, bona Litsebiso ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 1996.) June: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R3,50. July le August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32 ka monehelo oa R1,00 e le ’ngoe: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-Bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Moo ho loketseng ho ka tsamaisoa bukana Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?

◼ Ho entsoe phetoho mabapi le tsela ea ho khutlisa likarete tsa Boiponahatso ba Tšebeletso ea Bopula-maliboho. Ho tloha hona joale ho ea pele, likarete tse ncha bakeng sa bo-pula-maliboho ba fallang, ba fetolang mabitso a bona, bao likarete tsa bona li lahlehang kapa ba kōpa hore kabelo ea bona e fetoloe, li tla fanoa ke Mokhatlo. Mongoli a ka lahla likarete leha e le life tse e-song ho sebelisoe tse leng faeleng. Ho fetoloa ha mabitso le likabelo ho tla sebetsoa ka tsela e tloaelehileng, ka hore mongoli a ngole boitsebiso bo loketseng karolong e ka morao ea Peho ea Phutheho (S-1) bakeng sa khoeli eo. Ka mor’a moo, Mokhatlo o tla romela likarete tse ncha tsa bo-pula-maliboho phuthehong. Ka tloaelo li tla tla le setatemente sa khoeli le khoeli. Liphetoho leha e le life li lokela ho romeloa ho Mokhatlo hang-hang bakeng sa ho boloka lifaele tsa rōna li nepahetse ebile li le nakong. Hape, ha pula-maliboho a khaotsa ho bula maliboho kapa a hlakoloa lenaneng, kopi ea foromo ea S-206 e lokela ho tlatsoa le ho romeloa ho Mokhatlo hang-hang.

◼ Lipotso tsohle tse mabapi le matsatsi le libaka tsa likopano tsa setereke linaheng tse ling li lokela ho lebisoa makaleng a fapaneng. Liaterese tsa liofisi tsa makala li ka fumanoa leqepheng la ho qetela la Yearbook.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odora meqolo ea The Watchtower le Awake! ea 1995. Meqolo ena e tla fumaneha ka Sejeremane, Senyesemane le Sepotoketsi. Liodoro li se romeloe hammoho le chelete haeba phutheho ea lōna e e-na le molato oa libuka le Mokhatlo. Meqolo ena e tla lefisoa molatong oa libuka oa phutheho. Ho fihlela ha meqolo ena e fumaneha le ho romeloa, e tla hlaha ho li-invoice tsa phutheho e le “Back Ordered.” Liphutheho tse nang le khaello ea chelete molatong oa tsona oa libuka li lokela ho romela chelete hammoho le liodoro tsa tsona. Meqolo ena ke lintho tsa setoko se laoloang ’me li tla lefisoa R22,00 o le mong bakeng sa phutheho, batho bohle le bo-pula-maliboho.

◼ Lik’hasete tse Ncha tsa Video tse Fumanehang:

Knowledge That Leads to Everlasting Life (Volume 1, likhaolo 1-3; phutheho le batho bohle: R52,00; bo-pula-maliboho: R45,00)—Senyesemane bakeng sa Lithōlō

“Look! I’m Making All Things New” (phutheho le batho bohle: R52,00; bo-pula-maliboho: R45,00)—Senyesemane bakeng sa Lithōlō

You Can Live Forever in Paradise on Earth (Volume 2; phutheho le batho bohle: R52,00; bo-pula-maliboho: R45,00)—Senyesemane bakeng sa Lithōlō

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela