Lebokose la Lipotso
◼ Tšebeliso e loketseng ea mantsoe “mor’abo rōna” le “morali’abo rōna” ke efe?
Ha mantsoe ana a sebelisoa ka tsela ea sebele, “mor’eso” le “morali’eso” a lebisitsoe ho batho ka bomong ba nang le motsoali ea tšoanang. Hangata kamano ena ea tlhaho e bōpa lerato le mofuthu, ’me katamelano ea batho bana e boetse e matlafatsoa ka ho tsoelang pele ke likamano tsa sechaba, tikoloho le maikutlo.
Thapelong Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae ho bitsa Jehova e le “Ntate oa Rōna.” Tšebeliso ea lentsoe leo e fana ka maikutlo a hore joaloka Bakreste, kaofela re karolo ea lelapa le kopaneng moo re thabelang kamano e enneng ea moea. Sena se boetse sa hatelloa ke Jesu ha a ne a bolella balateli ba hae hore “bohle le bara ba motho.”—Mat. 6:9; 23:8.
Ka lebaka la likamano tse haufi tsa moea ka tlung ea Molimo, re bitsana “Mor’abo rōna” le “Morali’abo rōna” haholo-holo libokeng tsa phutheho. Le hoja ba bang mohlomong ba ka ’na ba tloaela ho sebelisa mantsoe “Ntate” le “’Mè” ha ba bitsa ba hōlileng libokeng tsa Bokreste, re khothalletsa bohle ho sebelisa mantsoe a puso ea Molimo, “Mor’abo rōna” le “Morali’abo rōna.” Nakong ea liketsahalo tsena tsa moea, ea okamelang sebokeng o bitsa batho ka bomong ba kolobelitsoeng a sebelisa lentsoe “mor’abo rōna” kapa “morali’abo rōna” ’me ho latele fane ea motho eo ho buuoang le eena.
Ho thoe’ng haeba motho ea e-song ho kolobetsoe a lakatsa ho kopanela libokeng? Haeba motho a ’nile a kopanela le batho ba Jehova ka nako e itseng ’me a atamela boinehelo ebile a inka joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova, ha ho khanyetso ea letho ea ho mo bitsa “Mor’abo rōna” kapa “Morali’abo rōna” ho latele fane ea hae. Sena e tla ba ’nete ka ho khethehileng haeba motho eo e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang.
Ka lehlakoreng le leng, batho ba thahasellang ’me ba sa tsoa qala ho ba teng libokeng ha ba e-s’o nke mehato ea hore ba ka khetholloa e le karolo ea lelapa la Molimo. Batho bana ba ke ke ba bitsoa “Mor’abo rōna” kapa “Morali’abo rōna,” kaha kamano ea moea ea lelapa la Molimo ha e eo boemong ba bona. Kahoo nakong ea liboka, re tla ba bitsa ka mokhoa o tloaelehileng, re sebelise litlōtla tse loketseng tse kang “Mr.” hammoho le fane ea bona.
Ho sebelisa mantsoe ana “mor’abo rōna” le “morali’abo rōna” libokeng tsa rōna tsa phutheho ho bontša tlamo e haufi-ufi esita le ea bohlokoa ho feta leha e le efe e bontšoang ke ho bitsana ka mabitso a pele feela. Ho re hopotsa ka kamano e hlohonolofalitsoeng haholo eo re e thabelang joaloka lelapa la moea tlas’a Ntate a le mong, Jehova Molimo. Re boetse re hopotsoa ka lerato le tebileng leo re nang le lona e mong ho e mong.—Baef. 2:19; 1 Pet. 3:8.