Lebokose la Lipotso
◼ Ke bo-mang ba lokelang ho rapela libokeng tsa phutheho?
Thapelo ea phutheho ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba rōna. Ho emela ba bang ka pel’a Jehova ke tokelo ea bohlokoa le boikarabelo bo boima. Ka lebaka la bohlokoa ba eona, ho hlokahala hore baholo ba sebelise kahlolo e molemo ha ba etsa qeto ea hore na ke bara bafe babo rōna ba tšoanelehang ho etsa thapelo libokeng. Barab’abo rōna ba kolobelitsoeng ba emelang phutheho e lokela ho ba basebeletsi ba hōlileng tsebong ba Bakreste ba tsebahalang e le mehlala e metle ’me ba hlompshoa ke phutheho. Lithapelo tsa bona tse hlomphehang le tse nang le seriti li lokela ho senola kamano e ntle le Jehova Molimo. Sehlooho se reng “Ho Rapela ka Pel’a ba Bang ka Pelo e Ikokobelitseng” tokollong ea Molula-Qhooa ea May 15, 1986 se lokolisa litekanyetso tsa bohlokoa tse molemo ka ho khetheha bakeng sa ba rapelang phatlalatsa molemong oa phutheho.
Baholo ba ke ke ba re mor’abo rōna eo ho tsebahalang hore boitšoaro ba hae boa belaetsa kapa boa fokola a etse thapelo. Mor’abo rōna ea tloaetseng ho korotla kapa ea nang le tšekamelo ea ho sebelisa thapelo ea phatlalatsa e le mokhoa oa ho ntša maikutlo a hae a ke ke a khethoa. (1 Tim. 2:8) Esita le haeba mor’abo rōna ea ka tlaase ho lilemo tse 20 e ka ba o kolobelitsoe, baholo ba tlameha ho fumana hore na o na le boemo bofe ba moea hore a ka rapella phutheho.—Bapisa le Liketso 16:1, 2.
Ka linako tse ling libokeng tsa tšebeletso ea tšimo, ho ka ’na ha hlokahala hore morali’abo rōna ea kolobelitsoeng a etse thapelo haeba ho se na mor’abo rōna ea tšoanelehang ea ka emelang sehlopha. Ho tla hlokahala hore a roale ho hong hloohong ka tsela e loketseng. Haeba ho ka etsahala hore mor’abo rōna ea tšoanelehang a ke ke a ba teng libokeng tse itseng tsa tšebeletso, baholo ba lokela ho abela morali’abo rōna ea tšoanelehang hore a etelle pele.
Ho tloaelehile hore molula-setulo oa Seboka sa Phatlalatsa a bule ka thapelo. Leha ho le joalo, libokeng tse ling tsa phutheho, moo ho nang le barab’abo rōna ba eketsehileng, mor’abo rōna e mong ho e-na le mor’abo rōna ea bulang seboka kapa ea abetsoeng puo ea ho qetela a ka kōpuoa hore a etse thapelo e bulang kapa e koalang. Leha ho le joalo, mor’abo rōna ea kōpuoang ho rapela sebokeng sa phutheho o lokela ho tsebisoa esale pele e le hore a ka nahana ka hore na o tla re’ng. Joale a ka etsa thapelo e momahaneng le e tiileng e loketseng bakeng sa seboka seo.
Lithapelo tse joalo ha ho hlokahale hore li be telele. Ha mor’abo rōna a etsa thapelo ea phatlalatsa, hangata o utluoa hamolemo haeba a eme, a itlhalosa ka lentsoe le utloahalang, ’me a bua ka ho hlaka. (Bapisa le 1 Bakorinthe 14:16.) Sena se tla fa bohle ba bokaneng monyetla oa ho utloa thapelo eo ’me qetellong ba re “Amen!” e tlohang botebong ba pelo.—1 Likron. 16:36.