Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 5/15 maq. 21-23
  • Ho Rapela ka Pel’a Ba bang ka Pelo e Ikokobelitseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Rapela ka Pel’a Ba bang ka Pelo e Ikokobelitseng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ka Pelo e Ikokobelitseng
  • Keletso E Lemosang
  • Lithapelo li Lokela ho ba Telele Hakae?
  • Rapelang le Phahamisa Matsoho a Tšepahalang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ho re “Amen” ke Taba ea Bohlokoa ho Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Kamoo U ka Atamelang Haufi le Molimo
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 5/15 maq. 21-23

Ho Rapela ka Pel’a Ba bang ka Pelo e Ikokobelitseng

ENE e le letsatsi le thabisang paleng ea Iseraele. Morena Davida o ne a lokiselitse hore Areka ea Jehova e tlisoe motse-moholo o mocha, Jerusalema. Ka thabo, a rorisa Jehova ka pel’a batho bohle, a qetella ka thapelo e tlohang botebong ba pelo ka mantsoe ana: “Ho rorisoe Jehova, Molimo oa Iseraele, ho tloha ho sa simoloheng ho isa ho sa feleng.” Ka lipelo tsohle, ba mametseng ba re “Amen! [ba] rorisa Jehova.”—1 Likronike 16:36.

Mehleng ea boholo-holo, ho ne ho tloaelehile hore motho ea tšoanelehang har’a batho ba Jehova a emele ba bang ka thapelo ka tsela ena. ’Me le kajeno bahlanka ba Jehova ba etsa se tšoanang. Libokeng tsa phutheho, likopanong, linakong tsa lijo tsa lelapa, le lithutong tsa mahae tsa Bibele, ke libakeng tse ling moo banna ba Bakreste—le basali ka linako tse ling—ba bang le tokelo ea ho emela ba bang ka thapelo. (1 Ba-Korinthe 11:4, 5) Phello? Joaloka mehleng ea Davida, ba mametseng ’me ba re “Amen” baa hahuoa ’me ba ikutloa hore kamano ea bona le Jehova e matlafalitsoe.

Ho emela ba bang ka thapelo ke boikarabelo bo boima. Ea rapelang o tlameha ho ntša maikutlo ao ka nepo a bontšang se ka lipelong tsa bamameli. Thapelo ea hae e ba ama moeeng. Kahoo, ba thabelang tokelo ena ba etsa hantle ho hopola kōpo ea Davida: “Thapelo ea ka a e ke e nyolohele joale ka libano tse nkhang hamonate pel’a hao.”—Pesaleme ea 141:2.

Re ka lokisetsa lithapelo tsa rōna joang e le hore li tle li nkhe hamonate joaloka libano ka pel’a Jehova? Ka ho nahana e sa le pele seo re tla se bua leseling la tataiso eo Jehova a faneng ka eona. Bibele e na le lithapelo tse ngata e le mehlala hammoho le keletso e molemo holim’a taba ea thapelo. Ho nahana ka boitsebiso bona ho tla re ruta melao-metheo ea bohlokoa e re thusang haholo-holo ha re rapela moo ba bang ba re utloang le molemong oa bona.

Ka Pelo e Ikokobelitseng

Molao-motheo o mong o joalo ke hore Jehova o mamela lithapelo tse etsoang ke batho ba ikokobelitseng. (2 Likronike 7:13, 14) Mopesaleme o-oa re bolella: “Jehova o phahamile, o bona ba ikokobetsang, ’me o tsebisisa baikakasi ba sa le hole.” (Pesaleme ea 138:6) E le mohlala oa sena, nahana boikokobetso ba Morena Salomone thapelong ea hae ea phatlalatsa nehelanong ea tempele. O ne a sa tsoa qeta ho haha o mong oa meaho e majaba-jaba ka ho fetisisa e kileng ea bonoa lefatšeng lena, empa hona ha ho’a ka hoa mo etsa moikhohomosi. Ho e-na le hoo, a rapela: “Empa fale Molimo o fela o ka aha le motho lefatšeng na? Bona, esita maholimo, le maholimo a maholimo a ke ke a u lekana; haholo ntlo ena ee ke e hahileng!”—2 Likronike 6:18.

Le rōna re lokela ho ikokobetsa, haholoholo ha re rapela molemong oa ba bang. Ka lehlakoreng le leng, boikokobetso bo bontšoa ke molumo oa lentsoe. Ha e le hantle, Bakreste ba lokela ho qoba boikokobetso ba bohata kapa ba boikaketsi. Empa lithapelo tse ikokobelitseng ha li utloahale li buketsa kapa li na le ho nkeha maikutlo hoa bohata. (Mattheu 6:5) Hape boikokobetso bo bontšoa ka seo re se buang. Haeba re rapela ka boikokobetso, re ke ke ra batla hore Jehova a etse lintho tse itseng. Ho e-na le hoo, re tla kōpa hore a khotsofalle ho nka bohato ka tsela e itseng tumellanong le thato ea hae.—Bapisa Pesaleme ea 118:25.

Boikokobetso hape bo tla re tataisa hore re qobe ho sebelisa lithapelo ho netefatsa ntlha e itseng kapa ho eletsa ba bang ka keletso ea botho. Ho seng joalo, re tla be re bontša moea o bontšitsoeng ke Mofarisi ho se seng sa litšoantšo tsa Jesu. Jesu o buile ka Mofarisi e mong le mo-lekhetho e mong ba neng ba rapela ka nako e le ’ngoe tempeleng. Mofarisi a re: “Molimo, kea u leboha ha ke se joale ka batho ba bang, e leng masholu, le bakhopo, le bafebi, leha e le joale ka molekhetho enoa. Ke itima lijo habeli ka veke; ke ntša karolo ea leshome ea ntho tsohle tseo ke li ruang.” Empa mo-lekhetho a ’na a iteta sefuba, a re: “Molimo, nkhauhele, ’na ke leng moetsalibe.” Qeto ea Jesu ke efe? “Enoa [mo-lekhetho] o theohetse tlung ea hae a beiloe ea lokileng ho feta oa pele [Mofarisi].”—Luka 18:9-14.

Bahlanka ba Jehova ba ikokobetsang kannete le bona ba hlokomela boemo ba bona ka pel’a hae. Ba ka tlaasana ho mangeloi, ha Jehova eena e le Morena oa ka ho sa feleng, ea phahameng bokahohleng. (Pesaleme ea 8:3-5, 9; 90:1-4) Ha batho ka bomong ba e-ba le monyetla oa ho bua le marena kapa babusi ba lefatše lena, ka tloaelo ba etsa joalo ka tlhompho le ka boemo bo hlomphehang, ba ananela tokelo eo ka ho phahameng. Na ha re bua le “Molimo o phelang, . . . morena oa kamehla le mehla” re lokela ho mo hlompha hanyenyane le ho ba ba ananelang hanyenyane? (Jeremia 10:10) Che. Kahoo, lipolelo tse kang, “Lumela Jehova” kapa, “Re batla ho bua le uena, Jehova” li tsoile tseleng thapelong, joaloka lipuo tse atisang ho hlaha meqoqong tse kang, “U phela joang kajeno?” “Re lumelisetse Jesu,” kapa, “Re u lakaletsa lehlohonolo kajeno.”—Bapisa Moeklesia 5:1, 2.

Leha ho le joalo, na moapostola Pauluse ha a ka a re re lokela ho atamela Jehova ka ‘bolokolohi ba puo’? (Ba-Heberu 4:16, NW; Bapisa 1 Johanne 3:21, 22.) Na hoo ha ho re nehe bolokolohi ba ho bua kamoo re bonang ho loketse kateng? E seng joalo. Polelo ea Pauluse e ne e bua ka ’nete ea hore ka lebaka la sehlabelo sa Jesu re ka atamela Jehova ho sa tsotellehe boemo ba rōna ba boetsalibe. Re ka mo atamela ka thapelo ka nako leha e le efe le ka taba efe kapa efe. Empa leha re rapela ka bolokolohi ba puo, re tlameha hore ka boikokobetso re hlokomele bofokoli ba rōna. Kahoo, Jehova o itse: “Eo ke tla mo talima ke ea hlomohileng, ea robehileng pelo, le ea thothometsoang ke lentsoe la ka.”—Esaia 66:2.

Keletso E Lemosang

Jesu Kreste o ile a tsoelapele ho fana ka keletso ka thapelo Thutong ea hae ea Thabeng. Ho eona o ile a lemosa hore ha re rapela ha rea lokela “ho pheta-pheta ntho, joaloka batho ba balichaba.” (Mattheu 6:7, NW) Hona ha ho bolele hore ha rea lokela ho rapella ntho e tšoanang ka ho pheta-pheta (ha feela re kholisehile hore ntho eo re e rapellang e nepahetse). Rea bolelloa: “Kōpang, ’me le tla neoa; batlang, ’me le tla fumana; kokotang, ’me le tla buleloa.” (Mattheu 7:7) Ho e-na le hoo, temoso ea Jesu e ne e bolela hore ha rea lokela ho pheta-pheta lintho ho ea ntlheng eo li hlokang moelelo. Ka mantsoe a mang, “le se ke la pheta-pheta lintho tsa lefeela.”—Mattheu 6:7, Ref, Bi., botlaaseng ba leqephe.

Batho ba bang ba na le tloaelo ea ho pheta-pheta mantsoe a le mang thapelong a sa nahanele mantsoe ao. Ka linako tse ling mantsoe ao a ka puo eo ea rapelang a sa e utloisiseng. Ona ke mofuta o mong oa ‘ho pheta-pheta lintho tsa lefeela.’ O mong ke ona: Nahana Mokreste eo ka ho se tsotelle a oelang tloaelong ea ho sebelisa mantsoe a le mang tsatsi le leng le le leng ha a leboha Jehova. Qetellong, lipoleloana tseo li fetoha tse se nang moelelo. Esita le lebitso la Molimo, Jehova, le ka sebelisoa ka tsela ena. Ke ’nete, re khothaletsoa ho bitsa lebitso la Jehova. (Pesaleme ea 105:1) Empa haeba re sebelisa lebitso leo hoo e ka bang qetellong ea polelo e ’ngoe le e ’ngoe thapelong ea rōna, joale e fetoha mokhoa kapa ‘ntho ea lefeela.’

Pauluse O ile a ama molao-motheo o mong oa bohlokoa ha a ngola: “Ekare ha ke rapela ka puo, moea oa ka oa rapela, empa kelello ea ka ha e sebetse letho. . . . Ekare ha u leboha ka moea, ana ea lutseng setulong sa ea sa tsebeng a ka tiisa joang teboho eo [ea] hao ka amen ea hae, ha e le mona a sa tsebe seo u se bolelang?” (1 Ba-Korinthe 14:14-16) Mehleng ea Pauluse Bakreste ba bang ba ile ba amohela mpho ea mohlolo ea ho bua lipuo, ’me ho bonahala ba bang har’a bona ba ile ba rapela ka lipuo tsena ka pel’a phutheho. Empa joalokaha Pauluse a bontšitse, phutheho eohle ha e-ea ka ea ba utloisisa.

Kajeno, ha re na mpho e joalo ea mohlolo. Empa Bakreste ba rapelang molemong oa ba bang ba lokela ho rapela ka tsela e tla utloisisoa. Ka mohlala, qalong ea puo ea phatlalatsa, re mema batho bohle ho kopanela le rōna thapelong. Thapelong e joalo, ka sebele ke ho utloahalang ho qoba mantsoe kapa taba ea thuto eo baeti ba tla thatafalloa ke ho e utloisisa.

Lithapelo li Lokela ho ba Telele Hakae?

Lithapelo tsa lekunutu li ka ba telele kamoo re ratang kateng. Pele Jesu a khetha baapostola ba hae ba 12, o ile a rapela bosiu bohle. (Luka 6:12) Leha ho le joalo, thapelo ea phatlalatsa e lokela ho ba telele hakae? Koana, pele a fetisa litšoantšetso ha a ne a thea Sehopotso sa lefu la hae, Jesu ‘o ile a boka’ le ‘ho leboha,’ ’me ka ho totobetseng o ne a etsa joalo ka lithapelo tse khutšoanyane. (Mattheu 26:26-28) Ha ka lehlakoreng le leng, thapelo ea Salomone nehelanong ea tempele e ne e hlile e le telele. Ho bile joalo le ka thapelo ea Jesu bosiu ba pele a e-shoa.—2 Likronike 6:14-42; Johanne 17:1-26.

Kahoo, ha ho na molao oa hore na thapelo ea phatlalatsa e lokela ho ba telele hakae. Empa ha ho na bohlokoa bo khethehileng lithapelong tse telele. Ha e le hantle, Jesu o ile a nyatsa bangoli ba neng ba “metsa matlo a basali ba bahlolohali ka hore, ba ba etsetsa merapelo e melelele.” (Luka 20:46, 47) Lithapelo tse molemong oa ba bang li lokela ho bolela maemo a bona ka ho hlaka kapa seo ba se hlokang ’me li lokela ho ba bolelele bo loketseng ketsahalo eo. Ha rea lokela ho etsa lithapelo tse telele, tsa boitlatlarietso le boithaburanyo tse koahelang lintlha tse ngata tse sa amaneng. Ha re lebohela lijo, thapelo e ka hla ea e-ba khutšoaane. Thapelo e bulang seboka sa Bokreste le eona ha e-ea lokela ho ba telele. Ea emelang lelapa qalehong ea letsatsi kapa qetellong ea lona, kapa ea koalang ka thapelo kopanong, a ka ’na a lakatsa ho koahela lintlha tse eketsehileng tse loketseng ketsahalo eo.

Thapelo e etsoang molemong oa ba bang e tla ba le phello e molemo haeba e tsoa pelong e ikokobelitseng ’me e etsoa ka teka-tekano le ka ho nahanela. E tla haha ba mametseng moeeng ’me e tla matlafatsa kamano ea bona le Jehova. Ka baka leo, joaloka ba ileng ba kopanela thapelong ea Davida e tlohang botebong ba pelo ha areka ea selekane e tlisoa Jerusalema, bohle ba mametseng ba tla susumelletseha ‘hore “Amen” le ho rorisa Jehova.’—1 Likronike 16:36.

[Lebokose le leqepheng la 22]

Na ho loketse hore bamameli ba re “Amen” e utloahalang qetellong ea thapelo ea phatlalatsa?

E, haeba ba lakatsa kapa ba ikutloa ba susumelletseha ho etsa joalo. Pauluse o buile ka “Amen” e buuoang ke ba mametseng thapelo, le hoja a sa bolela ka ho toba hore na e ne e le ka ho utloahalang, kapa ba khutsitse ka lipelong tsa bona. (1 Ba-Korinthe 14:16) Leha ho le joalo, tlas’a Molao oa Moshe, ho bile le ketsahalo eo ho eona Baiseraele ka ho khetheha ba ileng ba laeloa hore ba re “Amen!” e utloahalang. (Deuteronoma 27:14-26) Ka baka leo, ha motho ea rapelang a bontša ho qetella thapelo ea hae ka ho re “Amen,” ke ho loketseng hore bamameli ba re “Amen” ka lipelong tsa bona kapa ka ho utloahalang ka lentsoe le tlaase. Batsoali ba lokela ho koetlisa bana ba bona ho bontša kananelo e loketseng ka tsela eo ka eona ba bontšang “Amen” leha e le efe ka lentsoe le sa phahamang.

[Lebokose le leqepheng la 23]

Haeba lesea le qala ho lla, mohala o lla, kapa tšitiso leha e le efe e hlaha nakong ea thapelo ea phutheho, na ke ho hloka hlompho hore momameli a bonane le ketsahalo eo ea tšohanyetso?

Che. Ha e le hantle, e ne e tla ba pontšo ea lerato ho mohlanka ea sebeletsang hore a siee phutheho e rapelang a khutsitse ’me a bonane le ketsahalo eo ka tšoanelo. (1 Ba-Korinthe 14:40) Kahoo, phutheho eohle e ka tsoela pele ho rapela e sa sitisoe. Mang kapa mang ea bonanang le ketsahalo eo ea tšohanyetso a ka boetse a kopanela thapelong ha hoo ho felile.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela