Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w19 March maq. 29-31
  • Ho re “Amen” ke Taba ea Bohlokoa ho Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho re “Amen” ke Taba ea Bohlokoa ho Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “SECHABA SOHLE SE TLA RE, ‘AMEN!’ ”
  • “BATHO BOHLE BA RE, ‘AMEN!’ ’ME BA RORISA JEHOVA”
  • KE HOBANE’NG HA HO RE “AMEN” HO LE BOHLOKOA?
  • Ho Rapela ka Pel’a Ba bang ka Pelo e Ikokobelitseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ananela Karolo e Ikhethang eo Jesu a e Phethang Morerong oa Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
w19 March maq. 29-31
Bara le barali babo rona ka phuthehong ba inamisitse lihlooho ha ho rapeloa

Ho re “Amen” ke Taba ea Bohlokoa ho Jehova

JEHOVA oa thaba ha re mo rapela. O “ela hloko le ho mamela” ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re mo etsetsang eona, ho sa tsotellehe hore na e kholo kapa e nyenyane hakae. (Mal. 3:​16) Mohlala, ak’u nahane ka lentsoe leo re le sebelisang hangata thapelong. Lentsoe leo ke “amen.” Na ehlile Jehova o ela hloko esita le lentsoe lee le lenyenyane? E, ho joalo! A re ke re hlahlobeng hore na lentsoe lena le bolela’ng le hore na le sebelisitsoe joang ka Bibeleng.

“SECHABA SOHLE SE TLA RE, ‘AMEN!’ ”

Lentsoe la Senyesemane e leng, “amen” le bolela “ha ho be joalo,” kapa “kannete.” Le tsoa lentsoeng la Seheberu le bolelang “botšepehi.” Ka linako tse ling, le ne le sebelisoa ka makhotleng. Ka mor’a hore motho a hlapanye o ne a re “amen,” e le ho tiisa hore ntho eo a e buileng ke ’nete le hore o tla phelela mantsoe a hae. (Num. 5:​22) Ka mor’a hore a hlapanye, o ne a tlangoa ke molao hore a bue ’nete.​—Neh. 5:13.

Mohlala o motle oa moo lentsoe “amen” le sebelisitsoeng ka Bibeleng ke ho Deuteronoma khaolo ea 27. Ka mor’a hore Baiseraele ba kene Naheng e Tšepisitsoeng, ba ile ba ema pakeng tsa Thaba ea Ebale le Thaba ea Gerizime eaba ba balloa Molao. Ba ne ba lokela ho o mamela le ho lumela hore ba utloile Molao oo. Ba ile ba bontša hore ba utloile ka hore ba re “Amen!” ha ho qetoa ho baloa liphello tsa ho se mamele. (Deut. 27:​15-26) E tlameha ebe e ile ea e-ba mohoo o moholo ha bohle, banna, basali le bana ba cho joalo hong! (Josh. 8:​30-35) Ha ho potang hore ha baa ka ba hlola ba lebala mantsoe ao ba ileng ba a bua letsatsing leo. Baiseraele bao ba ile ba fela ba phelela mantsoe a bona, kaha Bibele e re: “Ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka matsatsi ’ohle a Joshua le ka matsatsi ’ohle a banna ba baholo ba ileng ba atisa matsatsi a bona ka mor’a Joshua le ba neng ba tsebile mosebetsi oohle oa Jehova oo a ileng a o etsetsa Baiseraele.”​—Josh. 24:31.

Jesu le eena o ile a sebelisa lentsoe “amen” e le ho netefatsa taba eo a e buileng empa eena o ne a sebelisa lentsoe lena ka tsela e fapaneng. Ho e-na le hore a sebelise lentsoe “amen” (e fetoletsoeng e le “kannete” ka Sesotho) ka mor’a taba e builoeng, Jesu o ne a sebelisa “amen” pele a bua e le ho bontša hore taba eo a tl’o e bua ke ’nete. Ka linako tse ling, o ne a pheta lentsoe leo ka makhetlo a mabeli. (Mat. 5:​18; Joh. 1:​51) Ka ho etsa joalo, o ne a netefaletsa bamameli ba hae hore taba eo a ba bolellang eona e fela e le ’nete. Jesu o ne a kholisehile kaha ke eena ea fuoeng tokelo ea ho phethahatsa litšepiso tsa Molimo.​—2 Bakor. 1:​20; Tšen. 3:14.

“BATHO BOHLE BA RE, ‘AMEN!’ ’ME BA RORISA JEHOVA”

Baiseraele le bona ba ne ba sebelisa lentsoe “amen” ha ba rapela le ha ba binela Jehova. (Neh. 8:6; Pes. 41:​13) Ha batho ba ne ba re “amen” ba ne ba bontša hore ba lumellana le se builoeng thapelong. ’Me kaofela ba ne ba thabela ho rorisa Jehova. Ho ile ha etsahala ntho e tšoanang ha Morena Davida a ne a isitse Areka ea Jehova Jerusalema. Moketeng o ileng oa etsoa, Davida o ile a etsa thapelo e tsoang botebong ba pelo ka mokhoa oa ho e bina ’me mantsoe a eona a tlalehiloe ho 1 Likronike 16:​8-36. Bohle ba neng ba le teng ba ile ba angoa maikutlo ke thapelo ea hae, kahoo “batho bohle ba re, ‘Amen!’ ’me ba rorisa Jehova.” Kannete ba ile ba thabela ho rorisa Jehova hammoho.

Bakreste ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba sebelisa lentsoe “amen” ha ba rorisa Jehova. Bangoli ba Bibele le bona ba ne ba sebelisa lentsoe lena hangata mangolong a bona. (Bar. 1:​25; 16:​27; 1 Pet. 4:​11) Lengolong la Tšenolo ho tlalehoa hore Mangeloi le ’ona a sebelisa lentsoe lena ha a rorisa Jehova ka hore: “Amen! Rorisang Jah!” (Tšen. 19:​1, 4) Ha ba le libokeng, Bakreste ba pele le bona ba ne ba re “amen” ka mor’a thapelo. (1 Bakor. 14:​16) Leha ho le joalo, ba ne ba sa re “amen” ho phetha molao feela.

KE HOBANE’NG HA HO RE “AMEN” HO LE BOHLOKOA?

Ka mor’a ho hlahloba hore na lentsoe lena le tsoa hokae, re bona bohlokoa ba ho re “amen” ka mor’a thapelo. Ha re re “amen” ka mor’a ho iketsetsa thapelo, re bontša hore re lumellana le mantsoe ao re a buileng. Ha re susumelletseha hore re re “amen” ka pelong ha motho e mong a etsa thapelo, re bontša hore re lumellana le seo a se buileng. A re hlahlobeng mabaka a mang ao ka ’ona ho re “amen” ho leng bohlokoa.

Re mamela ka hloko ha motho e mong a rapela. Lintho tseo re li buang le tsela eo re itšoarang ka eona ke karolo ea borapeli ba rona ho Jehova. Re mamela ka hloko ha motho e mong a rapela kaha re batla hore ha re re “amen” re be re utloile hantle hore na o itse’ng.

Re bontša hore re ntsoe-leng. Ha re rapella phutheho re ameha haholo ka lintho tseo bohle ba tšoenyehileng ka tsona. (Lik. 1:​14; 12:5) Ho re “amen” qetellong ho bontša hore kaofela rea lumellana. Ebang re re “amen” ka lentsoe le phahameng kapa re buela ka pelong, ho cho joalo ho ka ’na ha susumetsa Jehova hore a phethahatse likopo tsa rona.

Morali’abo rona o inamisitse hlooho ha a ntse a mametse ka thelefono ha ho etsoa thapelo libokeng

Re rorisa Jehova ha re re “amen”

Re rorisa Jehova. Jehova o ela hloko ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang ha re mo rapela. (Luka 21:​2, 3) O bona sepheo sa rona le se ka lipelong tsa rona. Esita le haeba re mamela liboka ka thelefono, re ka kholiseha hore ha re re “amen” Jehova oa re utloa. Ha re cho joalo, re ba karolo ea ba libokeng ba ntseng ba rorisa Jehova.

Ho re “amen” ho ka ’na ha bonahala e le ntho e sa reng letho, empa ke habohlokoa haholo. Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe a Bibele e re: “Ha bahlanka ba Molimo ba sebelisa lentsoe lena ba bontša hore baa mo tšepa ba bile ba kholisehile hore o tla ba thusa.” E se eka kamehla ha re re “amen” e ka ba e thabisang Jehova.​—Pes. 19:14.

NA KAMEHLA RE LOKELA HO RE “AMEN”?

Ho re “Amen” ke ntho ea bohlokoa haholo. Joale, u tla etsa’ng haeba motho ea ntseng a rapela a ka bua ntho e itseng e fosahetseng? Na u ke ke oa re “amen”? U ntse u ka e cho. Hobane Jehova oa tseba hore leleme le ka ’na la thella, kahoo o hlokomoloha liphoso tse joalo. Ha motho e mong a rapela re lokela ho mamela ka hloko mohopolo oo a batlang ho o fetisa, eseng mantsoe a hae, kaha ho etsa joalo ho ka ’na ha re thusa hore re tle re re “amen.”

Ka lehlakoreng le leng, re ke ke ra re “amen,” ka lentsoe le phahameng kapa ra e cho ka pelong haeba ho ntse ho rapela motho eo e seng Mokreste. Joale re tla etsa’ng haeba a rapela re le teng? Mohlala, re ka ’na ra ba pitsong e itseng ebe motho e mong o kopuoa hore a rapele. Kapa e ka ’na eaba re tsoa lelapeng leo e seng bohle bao e leng Lipaki Tsa Jehova, ebe hlooho ea lelapa eo e seng Paki e khetha hore e rapele. Re lokela ho etsa’ng?

Haeba re iphumana re le boemong boo, re ka thola empa e le ka tsela e hlomphang. Re ke ke ra kenella ka ho re “amen” kapa hona ho tšoarana ka matsoho kaha ho etsa joalo e tla be e le ho bontša hore re karolo ea bona. Re ka ’na ra khetha ho iketsetsa thapelo ka pelong, empa ha rea lokela ho re “amen” ka lentsoe le phahameng kaha ho etsa joalo ho ka ’na ha fana ka maikutlo a hore re lumellana le thapelo ea bona. Haeba batho bao ba khetha ho ema ha ba rapela, re ka iketsetsa qeto hore na re tla ema le bona kapa che. Ho ema kapa ho inamisa lihlooho ha se ho rapela. Mokreste e mong le e mong o lokela ho iketsetsa qeto ea hore na boemong bona o tla etsa’ng, ’me ha ho motho ea lokelang ho ahlola e mong ka qeto eo a e entseng.

Maemo a boletsoeng ka holimo a bontša ka ho hlaka hore na ke hobane’ng ha e le taba ea bohlokoa ho Jehova hore re re “amen.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela