Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/96 leq. 6
  • Bolela ’Muso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bolela ’Muso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re Bolella ba Bang ka Tšepo ea Rōna ea ’Muso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • ‘Ho Tlisa Litaba Tse Molemo Tsa ho Hong ho Molemo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • E-ba ea Hahang le ea Khothatsang
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Na U Sebeletsa Molimo ka Botlalo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 9/96 leq. 6

Bolela ’Muso

1 Ho Baheberu 10:23, re khothalletsoa hore “re tšoareng ka tieo polelo ea phatlalatsa ea tšepo ea rōna.” ’Me tšepo ea rōna e likoloha ’Musong oa Molimo. Ka ho toba Jesu o ile a laela hore litaba tse molemo tsa ’Muso li tlameha ho boleloa lichabeng tsohle. (Mar. 13:10) Ho hlokahala hore re lule re hopotse sena ha re tšoarehile tšebeletsong ea rōna.

2 Ha re kopana le batho, re leka ho qala moqoqo ka ntho eo ba e thahasellang kapa e ba amang. Hangata re bolela lintho tseo ba li hlokomelang, tse kang tlōlo ea molao tikolohong ea bona, mathata a batho ba bacha, ho ameha ka hore ba tla iphelisa joang, kapa maqakabetsi litabeng tsa lefatše. Kaha likelello tsa batho ba bangata li tsepamisitsoe ‘matšoenyehong ana a bophelo,’ ha re bontša hore re amehile ebile rea utloisisa, hangata batho ba tla hlalosa se ka likelellong tsa bona. (Luka 21:34) Sena se ka ’na sa re bulela tsela ea ho arolelana tšepo ea rōna le bona.

3 Leha ho le joalo, haeba re sa hlokomele, moqoqo o ka lula linthong tse fosahetseng ho isa bohōleng boo re hlōlehang ho finyella morero oa leeto la rōna—ho bolela molaetsa oa ’Muso. Le hoja re lebisa tlhokomelo linthong tse mpe tse tlisang khatello e khōlō, pakane ea rōna ke ho lebisa tlhokomelo ’Musong, oo qetellong o tlang ho rarolla mathata ’ohle a moloko oa batho. Ruri re na le tšepo e babatsehang eo batho ba hlokang ho utloa ka eona ba sa iketsise. Kahoo le hoja re ka qala ka ho buisana ka litšobotsi tse ling tsa “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,” re lokela ho potlakela ho tsepama molaetseng oa rōna o ka sehloohong, “litaba tse molemo tse sa feleng.” Ka tsela ena re tla phetha tšebeletso ea rōna ka botlalo.—2 Tim. 3:1; 4:5; Tšen. 14:6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela