Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/96 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 9/96 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka September: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R8,00 e khōlō kapa R4,00 e nyenyane. Kapa, Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng ka monehelo oa R3,50. October: Lipeeletso tsa selemo ka poso bakeng sa Tsoha! kapa Molula-Qhooa ka monehelo oa R38,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo bakeng sa likhatiso tse tsoang hang ka khoeli kapa peeletso ea likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R19,00. Lipeeletso tsa club ke R24,00 le R12,00 ka ho latellana. Etsa boiteko bo khethehileng ba ho tsamaisa likopi tsa limakasine ha seo ho nehelanoang ka sona se hanoa. November: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R3,50. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ho latella tsohle tse tsamaisitsoeng, ka sepheo sa ho qala lithuto tsa lehae tsa Bibele. December: Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste le buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ka monehelo oa R9,10.

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba libuka tsa phutheho ka la 1 September kapa kapele ka mor’a moo. Tsebisa phutheho ha sena se entsoe.

◼ Bahoeletsi ba rerileng ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang ka October ba lokela ho etsa kōpo esale pele. Sena se tla fa baholo sebaka sa ho etsa litokisetso tse hlokahalang bakeng sa limakasine, libuka le tšimo.

◼ Baholo ba hopotsoa ho latella litaelo tse fanoeng ho Molula-Qhooa oa April 15, 1991, leqepheng la 21-3, mabapi le batho bafe kapa bafe ba khaotsoeng kapa ba ikarotseng bao e ka ’nang eaba ba na le tšekamelo ea ho khutlisetsoa.

◼ Ka Moqebelo oa la 12 October, 1996, Lehae la Bethele le fektheri li tla be li koetsoe bakeng sa ho hloekisa, kahoo ho ke ke ha e-ba le litokisetso tsa ho bona mehaho.

◼ Hona ke ho hopotsa LIPHUTHEHO TSOHLE hore ka kōpo li odore likarete tsa Advance Medical Directive/Release le Li-Identity Card hang-hang foromong ea Literature Order (S-AB-14). Liphutheho tse se nang mokitlane le Mokhatlo kapa tse nang le khaello mokitlaneng oa tsona oa libuka li lokela ho romela chelete le odoro ea tsona. Likarete tsa medical directive ke lisente tse leshome e le ’ngoe ’me Li-Identity Card tsona ke lisente tse robeli e le ’ngoe. Ka kōpo odorang ka lihlopha tsa tse 20 moo ho khonehang. Le se ke la fana ka likarete tsena, empa li bolokeng ho fihlela le fumana litaelo tse tsoang ho Mokhatlo.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odora Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 1997 odorong ea tsona ea libuka ea September. Lialmanaka li tla fumaneha ka Seafrikanse, Sefora, Segerike, Sejeremane, Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Setaliana, Sexhosa le Sezulu. Sena ke setoko se laoloang. Liphutheho tse se nang mokitlane le Mokhatlo kapa tse nang le khaello mokitlaneng oa tsona li lokela ho romela chelete le odoro ea tsona.

◼ Li-Compact Disc Tse Ncha Tse Fumanehang:

Watchtower Library—1995 Edition (phutheho, batho bohle le bo-pula-maliboho: R45,00)—Senyesemane

◼ Lik’hasete Tse Ncha Tsa Video Tse Fumanehang:

Knowledge That Leads to Everlasting Life (Moqolo oa 2 le oa 3; phutheho le batho bohle: R52,00; bo-pula-maliboho: R45,00)—Senyesemane bakeng sa Lithōlō

◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Matsatsi a macha le libaka tse ncha bakeng sa likopano tse latelang tsa setereke ke ana:

La 13-15 December: Gaborone (Senyesemane, Setswana) Germiston (Senyesemane, Sepotoketsi) Johannesburg (Seafrikanse)

La 20-22 December: Soshanguve (Sepedi/Sesotho/Setswana) Soweto (Sesotho)

La 27-29 December: Mamelodi (Sezulu) Soweto (Sezulu)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela