Lebokose la Lipotso
◼ Ke eng se lokelang ho hopoloa mabapi le ho bala lirapa libokeng?
Boholo ba nako e behetsoeng thuto ea Molula-Qhooa le Thuto ea Buka ea Phutheho e sebelisetsoa ho bala lirapa. Hona ho bolela hore mor’abo rōna ea abetsoeng ho bala o jara boikarabelo bo boima e le tichere. O tlameha ho bala ka tsela e tlang ho “hlalosa” boitsebiso boo e le hore bamameli ba tle ba se ke ba bo utloisisa feela empa hape ba susumelletsehe ho nka bohato. (Neh. 8:8) Kahoo, ho hlokahala hore ’mali a lokisetse kabelo ea hae hantle. (1 Tim. 4:13; bona thuto ea 6 ea Buka ea Tataiso ea Sekolo.) Lintho tse ling tse hlokahalang ke tsena bakeng sa ’malo o molemo oa phatlalatsa.
Sebelisa Khatiso ea Moelelo e Loketseng: Lekanyetsa esale pele hore na ke mantsoe afe kapa lipoleloana life tse hlokang ho hatisoa e le hore ho ka fetisoa kutloisiso e nepahetseng.
Bitsa Mantsoe ka Nepo: Ho bitsoa ha mantsoe ka nepo le ho qapollisoa ho hlakileng hoa hlokahala hore bamameli ba khone ho utloisisa lipolelo tse hlahang lingoliloenng. Sheba mantsoe a sa tloaelehang kapa a sebelisoang seoelo bukeng e hlalosang mantsoe, kapa u mamele lik’hasete tse rekotiloeng tsa Mokhatlo.
Bua ka Lentsoe le Utloahalang le ka Cheseho: Ho buela holimo ka cheseho ho tsosa thahasello, ho susumetsa maikutlo hape ho susumetsa momameli.
E-ba ea Mofuthu le ea Qoqang: Ho ba ka tsela ea tlhaho ho tsamaea le ho ba phollatsi. Ka ho lokisetsa le ho ikoetlisa, ’mali e ka ba ea phutholohileng, ’me phello e tla ba e ipiletsang ho e-na le ho ba e tenang le e jesang bolutu.—Hab. 2:2.
Bala Boitsebiso Joalokaha bo Hatisitsoe: Mongolo o botlaaseng ba leqephe hammoho le boitsebiso bo ka masakaneng ka tloaelo bo baloa ka lentsoe le phahameng haeba bo hlakisa taba e hatisitsoeng. Mekhelo feela ke litšupiso tse mpang li khetholla mohloli oa boitsebiso feela. Mongolo o botlaaseng ba leqephe o lokela ho baloa ha u fihla moo o bontšitsoeng serapeng, ka kenyelletso e reng: “Mongolo o botlaaseng ba leqephe o baleha tjena . . .” Ka mor’a ho o bala, ebe u tsoela pele le karolo e setseng ea serapa.
Ha ’malo oa phatlalatsa o etsoa hantle, ke e ’ngoe ea litsela tse ka sehloohong eo ka eona re ka ‘rutang ba bang ho boloka lintho tsohle tse laetsoeng’ ke Mosuoe oa rōna e Moholo.—Mat. 28:20.