Ho Lokisetsa Likabelo Tsa Seithuti Bakeng sa Sekolo
KABELO e ’ngoe le e ’ngoe ea sekolo e fana ka monyetla oa ho hōla. Ikitlaetse ka hloko ’me butle-butle tsoelo-pele ea hao e tla bonahala ho uena le ho ba bang. (1 Tim. 4:15) Sekolo se tla u thusa ho ntlafatsa bokhoni ba hao haholo.
Na u ikutloa u sehoa ke letsoalo ha u nahana ka ho bua ka pel’a phutheho? Bona ke boikutlo bo tloaelehileng, esita leha u se u e-na le nako u ngolisitse sekolong. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ling tse ka u thusang ho kokobetsa letsoalo. Ha u le lapeng, itloaetse ho balla holimo khafetsa. Ha u le libokeng tsa phutheho, fana ka litlhaloso khafetsa ’me haeba u mohoeletsi, kopanela kamehla tšebeletsong ea tšimo. Sena se tla u neha phihlelo ea ho bua ka pel’a ba bang. Ho phaella moo, lokisetsa likabelo tsa hao tsa seithuti esale pele ’me u itlhakisetse ho nehelana ka tsona ka lentsoe le phahameng. Hopola hore u tla be u bua ka pel’a bamameli ba nang le botsoalle. Pele u fana ka puo leha e le efe, rapela Jehova. O thabela ho fana ka moea oa hae o halalelang ho bahlanka ba hae ba mo kōpang.—Luka 11:13; Bafil. 4:6, 7.
Bontša boinyenyefatso mabapi le seo u se lebeletseng. Ho nka nako ho ba le phihlelo ea ho ba sebui le ho ba tichere e atlehang. (Mik. 6:8) Haeba u sa tsoa ingolisa sekolong sena, u se ke ua lebella ho fana ka puo e phethahetseng hang-hang. Ho e-na le hoo, sebeletsa ntlheng e le ’ngoe ea keletso ea puo ka nako. Ithute likarolo tsa buka ena tse buang ka eona. Haeba ho khoneha, sebelisa boitlhakiso bo bontšitsoeng moo. Sena se tla u neha phihlelo litabeng tse amanang le ntlha eo ea keletso pele u nehelana ka kabelo ea hao phuthehong. Khatelo-pele e tla latela.
Mokhoa oa ho Lokisetsa Kabelo ea ’Malo
Ho lokisetsa ’malo oa phatlalatsa ho akarelletsa ho hongata ho feta feela ho khona ho bitsa mantsoe a leng boitsebisong boo u bo abetsoeng. Leka ho utloisisa ka ho hlaka seo boitsebiso boo bo se bolelang. Hang feela ha u amohela kabelo ea hao, e bale u hopotse pakane eo. Leka ho utloisisa ntlha e hatisoang polelong e ’ngoe le e ’ngoe le khopolo e hōlisoang serapeng se seng le se seng e le hore u khone ho fetisa mehopolo ka nepo le ka boikutlo bo loketseng. Botsa ba tsebang puo eo hantle mokhoa o nepahetseng oa ho bitsa mantsoe a sa tloaelehang. Tseba boitsebiso boo hantle. Ho ka ’na ha hlokahala hore batsoali ba thuse bana ba bona ho etsa sena.
Na u abetsoe ho bala karolo e itseng ea Bibele kapa mohlomong ho bala lirapa tsa sehlooho sa Molula-Qhooa? Haeba lik’hasete tsa boitsebiso boo li le teng ka puo ea hao, ho ka ba molemo haholo hore u li mamele ’me u hlokomele lintho tse kang ho bitsoa ha mantsoe, ho bōptjoa ha lipolelo, khatiso le ho fetola molumo oa lentsoe. Joale u leke ho akarelletsa litšoaneleho tsena ’malong oa hao.
Ha u qala ho lokisetsa kabelo ea hao, tiisa hore u bala ka hloko thuto e tšohlang tšoaneleho ea puo eo u e abetsoeng. Haeba ho ka khoneha, e hlahlobe hape ka mor’a hore u itlhakise ka makhetlo a ’maloa u balla holimo boitsebiso boo u bo abetsoeng. Leka ho sebelisa keletso e ngotsoeng ka hohle kamoo ho ka khonehang.
Koetliso ena e tla u thusa haholo tšebeletsong ea hao. Ha u ntse u kopanela tšebeletsong ea tšimo, u ba le menyetla e mengata ea ho balla ba bang. Kaha Lentsoe la Molimo le na le matla a ho fetola bophelo ba batho, ke habohlokoa hore u le bale hantle. (Baheb. 4:12) U se ke ua lebella hore u tla tseba lintlha kaofela tsa ’malo o atlehileng ka ho nehelana ka kabelo e le ’ngoe kapa tse peli. Moapostola Pauluse o ile a ngolla moholo oa Mokreste ea neng a e-na le phihlelo ea lilemo tse ngata, a re: “U tsoele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa.”—1 Tim. 4:13.
Ho Sebetsana le Sehlooho le Boemo ba Puo
Ha u amohela kabelo ea sekolo e akarelletsang ho nehelana ka puo boemong bo itseng, u lokela ho etsa joang?
Ho na le lintho tse tharo tsa bohlokoa tseo u lokelang ho li ela hloko: (1) sehlooho seo u se abetsoeng, (2) boemo ba puo ea hao le motho eo u tla beng u buisana le eena le (3) ntlha ea keletso eo u abetsoeng ho sebeletsa ho eona.
U lokela ho bokella boitsebiso bakeng sa sehlooho seo u se abetsoeng. Empa pele u tšoareha haholo ka hoo, nahana ka botebo ka boemo ba puo ea hao le ka motho eo u tla buisana le eena, kaha lintlha tsena li tla ama mofuta oa boitsebiso boo u tla bo tšohla le tsela eo u tla fana ka puo ea hao ka eona. U tla fana ka puo ea hao boemong bofe? Na u tla be u bontša mokhoa oa ho nehelana ka litaba tse molemo ho motho eo u mo tsebang? Kapa na u tla be u bontša se ka ’nang sa etsahala ha u kopana le motho ka lekhetlo la pele? Na motho eo o moholo kapa o monyenyane ho uena? Ke boikutlo bofe boo a ka ’nang a ba le bona ka taba eo u rerileng ho e tšohla le eena? Ho ka etsahala hore o se a tseba hakae ka taba eo? U lebeletse ho finyella pakane efe puisanong ea lōna? Likarabo tsa lipotso tseo li tla fana ka lintlha tsa bohlokoa tseo u ka li sebelisang.
Ke hokae moo u ka fumanang boitsebiso bo mabapi le taba eo u e abetsoeng? Leqepheng la 33 ho ea ho la 38 bukeng ena, ho tšohloa “Mokhoa oa ho Etsa Lipatlisiso.” Bo bale ’me ka mor’a moo u sebelise lithulusi tsa ho etsa lipatlisiso tseo u nang le tsona. Mabakeng a mangata, kapele-pele u tla fumana boitsebiso bo bongata ho feta boo u ka bo sebelisang. Bala bo lekaneng hore u hlokomele monyetla o leng teng. Leha ho le joalo, ha u ntse u etsa joalo, u hopole boemo ba puo boo u tla bo sebelisa nehelanong ea hao hammoho le motho eo u tla beng u bua le eena. Tšoaea lintlha tse loketseng tseo u ka li sebelisang.
Pele u hlophisa nehelano ea hao le ho khetha lintlha tsa ho qetela, iphe nako ea ho bala boitsebiso bo buang ka ntlha ea keletso eo u e abetsoeng. Ho sebelisa keletso eo ke le leng la mabaka a bohlokoa a kabelo ea hao.
Ka ho akaretsa boitsebiso ba hao ka nako eo u e behetsoeng, u tla khotsofalla ho fana ka sephetho sa hao, kaha u tla fuoa temoso ha nako ea hao e felile. Leha ho le joalo, tšebeletsong ea rōna ea tšimo, hase kamehla nako e amehang. Kahoo ha u ntse u lokisetsa, u nahanele boholo ba nako e leng teng, empa u lebise khatiso tabeng ea ho ruta ka mokhoa o atlehang.
Tlhahiso Mabapi le Maemo ao Puo e Fanoang Tlas’a ’Ona. Hlahloba litlhahiso tse boletsoeng leqepheng la 82 ’me u khethe e ka sebetsang tšebeletsong ea hao le e ka u lumellang ho sebelisa boitsebiso boo u bo abetsoeng ka tsela e utloahalang. Haeba u bile sekolong sena ka nako e teletsana, talima sena e le monyetla oa ho hahamalla pele le oa ho ntlafatsa bokhoni bo eketsehileng bakeng sa tšebeletso ea hao.
Haeba molebeli oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo a u abela ho fana ka puo boemong bo itseng, amohela phephetso eo. Hangata maemo ao lipuo li fanoang ho ’ona ke a ho fana ka bopaki. Haeba u e-s’o ka u paka tlas’a maemo a boletsoeng, fumana maikutlo a sa tšoaneng ka ho bua le bahoeletsi ba entseng joalo. Haeba ho ka khoneha, leka ho tšohla taba eo u e abetsoeng boemong bo tšoanang le boo u tla bo sebelisa sekolong. Sena se tla u thusa ho finyella sepheo sa bohlokoa sa koetliso ea hao.
Ha Nehelano e Lokela ho Fanoa e le Puo
Haeba u monna, u ka ’na ua abeloa ho fana ka puo e khutšoanyane phuthehong. Ha u lokisetsa lipuo tsena, lintlha tsa motheo tseo u lokelang ho li hlokomela li tšoana le tse seng li thathamisitsoe bakeng sa likabelo tsa seithuti tse fanoang e le lipontšo. Phapang e khōlō e teng ke bamameli le mokhoa oa nehelano.
Ka tloaelo, ho molemo ho lokisetsa boitsebiso ba hao ka tsela e tla ruisa bamameli bohle molemo. Bongata ba ba leng teng bo se bo tseba linnete tsa motheo tsa Bibele. Ho ka etsahala hore ebe ba tseba hantle taba eo u abetsoeng ho bua ka eona. Nahana ka seo ba seng ba se tseba ka taba ea hao. Leka ka matla ho etsa hore ba rue molemo o itseng nehelanong ea hao. Ipotse: ‘Nka sebelisa taba ea ka joang ho tebisa kananelo ea ka le ea bamameli bakeng sa Jehova joaloka motho? Boitsebiso boo bo fupere eng e tla re thusa ho lemoha thato ea Molimo? Boitsebiso boo bo ka re thusa joang hore re etse liqeto tse bohlale lefatšeng le busoang ke litakatso tsa nama?’ (Baef. 2:3) Hore u fumane likarabo tse khotsofatsang lipotsong tseo u lokela ho etsa lipatlisiso. Ha u sebelisa Bibele, leka hore u se ke ua khotsofalla ho bala litemana feela. Beha mabaka ka mangolo ao u a sebelisang ’me u bontše kamoo a fanang ka motheo oa ho etsa liqeto. (Lik. 17:2, 3) U se ke ua leka ho akaretsa boitsebiso bo bongata haholo. Nehelana ka boitsebiso ba hao ka tsela e tla etsa hore ho be bonolo ho bo hopola.
Hape tokisetso ea hao e lokela ho akarelletsa le ho lebisa tlhokomelo mokhoeng oa hao oa ho nehelana ka puo. U se ke ua nyenyefatsa bohlokoa ba sena. Itlhakisetse ho fana ka puo ea hao ka lentsoe le phahameng. Boiteko boo u bo etsang ha u ithuta le ha u sebelisa keletso e mabapi le litšoaneleho tse sa tšoaneng tsa puo bo tla tlatsetsa haholo tsoelo-peleng ea hao. Ho sa tsotellehe hore na u sebui se secha kapa se nang le phihlelo, lokisetsa hantle e le hore u khone ho bua ka sebete le ka boikutlo bo tšoanelang boitsebiso ba hao. Ha u ntse u phetha kabelo ka ’ngoe sekolong, u hopole pakane ea hao ea ho sebelisa mpho ea ho bua eo u e filoeng ke Molimo bakeng sa ho tlotlisa Jehova.—Pes. 150:6.