Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 4/15 maq. 20-25
  • Etsisa Mohau oa Molimo Kajeno

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsisa Mohau oa Molimo Kajeno
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tšoarela, ke Tlameho ea Mokreste
  • Ho Khutlela ho Jehova
  • Thuso e ’Ngoe e Bontšang Mohau
  • Bontša Botšepehi ba Bokreste ha Mong ka Uena a Khaotsoe
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Kamoo re Lokelang ho Tšoara Motho ea Khaotsoeng Kateng
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Ha Motho eo re mo Ratang a Tlohela ho Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 4/15 maq. 20-25

Etsisa Mohau oa Molimo Kajeno

“A re mpe re oele matsohong a Jehova, etsoe mehauhelo ea hae e le mengata.”—2 SAMUELE 24:14.

1. Davida o ile a ikutloa joang ka mohau oa Molimo, hona hobane’ng?

MORENA DAVIDA o ne a tseba ho tsoa phihlelong hore Jehova o mohau haholo ho feta batho. A kholisehile hore litsela tsa Molimo li molemo haholo, Davida o ne a lakatsa ho ithuta litsela tsa Oona le ho tsamaea ’neteng ea Oona. (1 Likronike 21:13; Pesaleme ea 25:4, 5) Na u ikutloa joaloka Davida?

2. Jesu o ile a fana ka keletso efe ho Mattheu 18:15-17 mabapi le ho rarolla sebe se tebileng?

2 Bibele e etsa hore re lemohe monahano oa Molimo, esita le litabeng tse kang seo re lokelang ho se etsa haeba motho e mong a re siteloa. Jesu o ile a bolella baapostola ba hae, bao hamorao e neng e tla ba balebeli ba Bakreste: “Haeba ngoan’eno a etsa sebe, e-ea u totobatse phoso ea hae pakeng tsa hao le eena feela. Haeba a u mamela, etlaba u ruile ngoan’eno.” (NW) Phoso e amehang mona e ne e se feela bofokoli ba botho empa e ne e le sebe se tebileng, se kang bolotsana kapa ketselletso. Jesu o boletse hore haeba mohato ona o sa rarolle taba eo ’me haeba lipaki li le teng, motho ea sitetsoeng o lokela ho tsamaea le tsona li tle li pake hore ho bile le phoso. Na mohato oo o nkoa e le boiteko ba ho qetela? Che. “Ekare ha [moetsalibe] a sa ba utloe, u bolelle kereke; ha a sa utloe le kereke, ho uena a be joale ka mohedene le mo-lekhetho.”—Mattheu 18:15-17.

3. Jesu o ne a bolela eng ha a ne a re mofosi ea sa bakeng o ne a lokela ho ba “joale ka mohedene le mo-lekhetho”?

3 Kaha baapostola e ne e le Bajode, ba ne ba tla utloisisa hore na ho tšoara moetsalibe “joale ka mohedene le mo-lekhetho” ho bolela eng. Bajode ba ne ba qoba ho kopanela botsoalle le batho ba lichaba, ’me ba ne ba nyelisa Bajode ba neng ba sebeletsa e le babokelli ba lekhetho ba Roma.a (Johanne 4:9; Liketso 10:28) Ka hona, Jesu o ne a eletsa barutuoa hore haeba phutheho e ne e ikarola ho moetsalibe, ba ne ba lokela ho khaotsa ho kopanela botsoalle le eena. Leha ho le joalo, seo se lumellana joang le ho itsoakanya ha Jesu le babokelli ba lekhetho ka linako tse ling?

4. Ka baka la mantsoe a hae a ho Mattheu 18:17, ke hobane’ng ha Jesu a ne a sebelisana le ba bang ho babokelli ba lekhetho le baetsalibe?

4 Luka 15:1 e re: “Ba-lekhetho bohle le baetsalibe ba ne ba mo atamela ho mo mamela.” Ha se ’mokelli e mong le e mong oa lekhetho le moetsalibe e mong le e mong ea neng a le teng, empa ke bona “bohle” ka kutloisiso ea hore ba ne ba le bangata. (Bapisa le Luka 4:40.) Ke bafe ba neng ba le teng? Ke ba neng ba thahasella hore ba tšoareloe libe. Ba bangata ba joalo pejana ba ile ba haptjoa ke molaetsa oa pako oa Johanne Mokolobetsi. (Luka 3:12; 7:29) Kahoo ha ba bang ba tla ho Jesu, ha a ba pakela e ne e se ho tlōla keletso ea hae e ho Mattheu 18:17. Hlokomela hore “ba-lekhetho ba bangata le baetsalibe ba [utloa Jesu] ’me ba ne ba mo latela.” (Mareka 2:15) Bana e ne e se ba lakatsang ho tsoela pele ka tsela e mpe ea bophelo, ba hanang thuso leha e le efe. Ho fapana le hoo, ba ile ba utloa molaetsa oa Jesu ’me lipelo tsa bona li ile tsa ameha. Esita le haeba ba ne ba ntse ba etsa sebe, le hoja mohlomong ba ne ba ntse ba leka ho etsa liphetoho, “molisa ea molemo” o ne a etsisa Ntate oa hae ea mohau ka ho ba pakela.—Johanne 10:14.

Ho Tšoarela, ke Tlameho ea Mokreste

5. Boemo ba motheo ba Molimo ke bofe mabapi le ho tšoarela?

5 Re fumana litiisetso tsena tse mofuthu mabapi le ho ikemisetsa ha Ntate oa rōna hore a tšoarele: “Ha re ipolela libe tsa rōna, Molimo oa tšepeha, o lokile, hore o re tšoarele libe ’me o re hlatsoe bokhopo bohle.” “Ke le ngolla taba tseo, le tle le se ke la etsa sebe. Ekare ha motho a entse sebe, re na le moemeli pel’a Ntate: ke Jesu Kreste ea lokileng.” (1 Johanne 1:9; 2:1) Na ho ka etsahala hore motho ea khaotsoeng a tšoareloe?

6. Ke joang motho ea khaotsoeng a ka tšoareloang le ho khutlisetsoa?

6 E. Nakong eo baholo ba emelang phutheho ba khaolang motho ka baka la sebe seo a se entseng a sa bake, baa mo hlalosetsa hore ho ka etsahala hore a bake ’me a fumane tšoarelo ea Molimo. A ka ’na a ba teng libokeng Holong ea ’Muso, moo a ka utloang thupelo ea Bibele e ka ’nang ea mo thusa ho baka. (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 14:23-25.) Ka mor’a nako a ka ’na a batla ho khutlisetsoa ka phuthehong e hloekileng. Joale ha baholo ba teana le eena, ba tla leka ho hlokomela hore na o bakile le ho lahla tsela ea hae ea ho etsa sebe. (Mattheu 18:18) Haeba ho joalo, a ka ’na a khutlisetsoa, tumellanong le mohlala o ho 2 Ba-Korinthe 2:5-8. Ha ho bonahala hore o ne a khaotsoe ka lilemo tse ngata, ho tla hlokahala hore a etse boiteko bo matla ba hore a hatele pele. Mohlomong a ka ba a hloka thuso e khōlō ka mor’a moo hore a eketse tsebo ea hae ea Bibele le kananelo e le hore e ka ba Mokreste ea matla moeeng.

Ho Khutlela ho Jehova

7, 8. Molimo o ile oa beha mohlala ofe mabapi le batho ba oona ba neng ba isitsoe botlamuoeng?

7 Empa na baholo ka bobona ba ka nka khato ea ho atamela motho ea khaotsoeng? E. Bibele e bontša hore mohau ha o bontšoe feela ka ho se batle ho fa motho kotlo empa hangata o bontšoa ka mehato e boima. Re na le mohlala oa Jehova. Pele a romela batho ba hae ba sa tšepahaleng botlamuoeng, ho latela boprofeta o ile a ba tšepisa hore ba tla khutla: “Elelloa teng, Jakobo; le uena Iseraele; hobane u mohlanka oa ka . . . Ke hlakotse litlōlo tsa hao joale ka moholi, le libe tsa hao joale ka leru; sokolohela ho ’na, hobane ke u lopolotse.”—Esaia 44:21, 22.

8 Ka hona, nakong ea botlamuoa, Jehova o ile a nka mehato e tsoelang pele, a nka khato ka tsela e matla. O ile a roma baprofeta, baemeli ba hae, hore ba susumelletse Iseraele hore e ‘’matle e be e mo fumane.’ (Jeremia 29:1, 10-14) Ho Ezekiele 34:16, o ile a itšoantša le molisa ’me batho ba sechaba sa Iseraele a ba tšoantša le linku tse lahlehileng: “Ke tla batla e lahlehileng, ke late e khelohileng.” Ho Jeremia 31:10, Jehova o ile a boela a sebelisa puo ea tšoantšetso ea hore ke eena molisa oa Baiseraele. Che, ha aa ka a itšoantša le molisa ea lutseng sakeng ea emetseng hore nku e lahlehileng e khutle; ho fapana le hoo, o ipontšitse e le molisa ea batlang linku tse lahlehileng. Hlokomela hore le hoja batho ka kakaretso ba ne ba sa bake ’me ba le botlamuoeng, Molimo o ile oa leka matsapa a hore ba khutle. ’Me tumellanong le Malakia 3:6, Molimo o ne o ke ke oa fetola tsela eo o sebelisanang le batho ka eona tokisetsong ea Bokreste.

9. Mohlala oa Molimo o ile oa lateloa joang ka phuthehong ea Bokreste?

9 Na sena ha se fane ka maikutlo a hore ho ka ba le lebaka la ho nka mehato mabapi le ba bang ba khaotsoeng le bao mohlomong hona joale ba seng ba bakile? Hopola hore moapostola Pauluse o ile a fana ka taelo ea hore ho tlosoe motho ea khopo ka phuthehong ea Korinthe. Hamorao o ile a khothalletsa phutheho hore e bontše lerato la eona le tiileng ho motho eo ka baka la pako ea hae, e ileng ea fella ka hore a khutlisetsoe ka phuthehong.—1 Ba-Korinthe 5:9-13; 2 Ba-Korinthe 2:5-11.

10. (a) Ke tlhokahalo efe e lokelang ho susumelletsa boiteko leha e le bofe ba ho buisana le batho ba khaotsoeng? (b) Ke hobane’ng ha e ne e ke ke ea e-ba Bakreste bao e leng seng ba nkang khato ea ho buisana le bona?

10 Encyclopedia e ileng ea qotsoa pejana e itse: ‘Lebaka la motheo la ho khaola e ne e le ho sireletsa litekanyetso tsa sehlopha: “tomoso e nyenyane e hohomosa hlama kaofela” (1 Ba-Kor. 5:6). Tlhokahalo ena e hlakisoa ke lipolelo tse ngata tsa Bibele le tseo e seng karolo ea mangolo a halalelang, empa kameho ka motho ea itseng, esita le ka mor’a ho lelekoa, e ne e le motheo oa kōpo ea Pauluse e ho 2 Ba-Kor. 2:7-10.’ (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ka hona, ka ho utloahalang kameho ea mofuta ona e lokela ho bontšoa ke balisa ba mohlape kajeno. (Liketso 20:28; 1 Petrose 5:2) Bao pele e neng e le metsoalle le beng ka motho ea khaotsoeng ba ka ’na ba lebella hore a khutle; empa ka baka la ho hlompha taelo e ho 1 Ba-Korinthe 5:11, ba ke ke ba kopanela botsoalle le motho ea lelekiloeng.b Ba fa balisa ba khethiloeng sebaka sa hore ba nke khato ea ho bona hore na motho ea joalo o thahasella ho khutla kapa che.

11, 12. Baholo ba ke ke ba batla ho buisana le batho ba mofuta ofe ba lelekiloeng, empa ba ka etela batho ba mofuta ofe?

11 E ne e ke ke ea e-ba ho loketseng hore baholo ba nke khato ka ba bang ba itseng ba lelekiloeng, joaloka bakoenehi, ba ‘buang litaba tse khopo hore ba ikhulele barutuoa.’ Bana ke ‘baruti ba bohata ba lekang ho kenya lithuto tse senyang le ho thetsa phutheho ka lipolelo tsa mano.’ (Liketso 20:30; 2 Petrose 2:1, 3) Hape Bibele ha e fane ka motheo leha e le ofe oa ho batla batho ba khaotsoeng ba ratang ntoa kapa ba khothalletsang ba bang ka matla hore ba etse liphoso.—2 Ba-Thessalonika 2:3; 1 Timothea 4:1; 2 Johanne 9-11; Juda 4, 11.

12 Leha ho le joalo, batho ba bangata ba lelekiloeng ha ba joalo. E ka ’na eaba motho ea joalo o khaolitse ho etsa phoso e tebileng eo a ileng a khaoloa ka baka la eona. Mohlomong e mong o ne a tsuba koae, kapa mohlomong e ne e le letahoa nakong e fetileng, empa hona joale ha a sa leka ho khannela ba bang phosong. Hopola hore esita le pele Iseraele e neng e isitsoe botlamuoeng e khutlela ho Molimo, o ile oa romela baemeli ba neng ba e khothalletsa ho khutla. Hore na Pauluse kapa baholo ba bang ka phuthehong ea Korinthe ba ile ba nka khato e itseng ea ho hlahloba monna eo ea khaotsoeng, Bibele ha e bolele. Ha monna eo a se a bakile ’me a se a khaolitse boitšoaro ba hae bo bobe, Pauluse o ile a laela phutheho hore e mo khutlisetse.

13, 14. (a) Ke eng se bontšang hore batho ba bang ba lelekiloeng ba ka ’na ba arabela hamolemo mehatong e bontšang mohau? (b) Sehlopha sa baholo se ka lokisetsa joang hore se buisane le ba joalo?

13 Morao-rao tjena ho ’nile ha e-ba le maemo ao ho ’ona ho ileng ha etsahala hore moholo a teane le motho ea khaotsoeng.c Moo ho loketseng teng, ka bokhutšoaane molisa o ile a hlalosa ka botlalo mehato eo motho eo a lokelang ho e nka hore a khutlisetsoe. Batho ba bang ba joalo ba ile ba baka ’me ba khutlisetsoa. Liphello tse thabisang joalo li bontša hore mohlomong ho na le batho ba khaotsoeng kapa ba ikarotseng ba ka ’nang ba arabela hamolemo katamelong e bontšang mohau e etsoang ke balisa. Empa baholo ba ka sebetsa taba ee joang? Bonyane hanngoe ka selemo, sehlopha sa baholo se lokela ho hlahloba hore na ho na le batho ba joalo ba phelang tikolohong ea bona.d Baholo ba tla lebisa tlhokomelo ho ba lelekiloeng ka nako e fetang selemo. Haeba ho loketse, ho latela maemo a itseng, ba tla abela baholo ba babeli (bao mohlomong ba tloaelaneng le boemo boo) hore ba etele motho ea joalo. Ho ke ke ha eteloa batho bafe kapa bafe ba fanang ka bopaki ba hore ba na le boikutlo bo nyatsa-nyatsang le bo kotsi kapa ba boletseng hore ha ba batle thuso.—Ba-Roma 16:17, 18; 1 Timothea 1:20; 2 Timothea 2:16-18.

14 Balisa ba babeli ba ka mo letsetsa ba kōpe ho mo etela hakhutšoanyane, kapa ba fapohele ka nako e loketseng. Nakong ea leeto leo, ha ho hlokahale hore ba bue ka matla kapa ba hloke botsoalle empa ba lokela ho bonahatsa ka mofuthu kameho ea bona e bontšang mohau. Ho e-na le ho pheta nyeoe e fetileng, ba ka tšohla litemana tsa Bibele tse kang Esaia 1:18 le 55:6, 7 le Jakobo 5:20. Haeba motho eo a thahasella ho khutlela lesakeng la Molimo, ka mosa ba ka mo hlalosetsa hore na o lokela ho nka mehato efe, e kang ho bala Bibele le likhatiso tsa Mokhatlo oa Watch Tower le ho ba teng libokeng Holong ea ’Muso.

15. Baholo ba buisanang le motho ea khaotsoeng ba lokela ho hopola eng?

15 Ho tla hlokahala hore baholo bana ba be bohlale le ho ba le temoho ho hlokomela hore na ho na le pontšo ea pako le hore na e be e ka ba bohlale ho etsa leeto le latelang. Ha e le hantle, ba lokela ho hopola hore batho ba bang ba khaotsoeng le ka mohla ba ke ke ba ‘khutlisetsoa pakong.’ (Ba-Heberu 6:4-6; 2 Petrose 2:20-22) Ka mor’a leeto leo, baholo bao ba babeli ba tla fana ka tlaleho e khutšoanyane ea molomo ho Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho. ’Me eona e tla bolella sehlopha sa baholo sebokeng sa bona se latelang. Khato e bontšang mohau ea baholo e tla be e bonahalitse pono ea Molimo ea hore: “Khutlelang ho ’na, ’me ke tla khutlela ho lōna, ho bolela Jehova oa makhotla.”—Malakia 3:7.

Thuso e ’Ngoe e Bontšang Mohau

16, 17. Re lokela ho talima Bakreste bao e leng seng le motho ea khaotsoeng joang?

16 Ho thoe’ng ka rōna bao re seng balebeli bao re ke keng ra nka mehato e joalo ka batho ba khaotsoeng? Re ka etsa eng re ikamahantse le tokisetso ee le ho etsisa Jehova?

17 Hafeela motho ea itseng a khaotsoe kapa a ikarotse, ho hlokahala hore re latele taelo ena: “Le se ke la kopana le ea ipitsang moena, e leng mofebi, kapa ea lakatsang leruo, leha e le ea rapelang melimo, leha e le moetselletsi, kapa letahoa, kapa lesholu; ea joalo, le ho ja, le se n’o ja le eena.” (1 Ba-Korinthe 5:11) Empa taelo ena ea Bibele ha ea lokela ho ama pono ea rōna ka litho tsa lelapa la Bokreste tse lulang le motho ea khaotsoeng. Bajode ba boholo-holo ba ne ba hanyetsa ka matla babokelli ba lekhetho hoo lehloeo la bona le neng le akarelletsa le lelapa la ’mokelli oa lekhetho. Jesu ha aa ka a tiisa hoo. O ile a re moetsalibe ea neng a hana ho thusoa o ne a lokela ho tšoaroa “joale ka mohedene le mo-lekhetho”; ha aa ka a re litho tsa lelapa la Bokreste li ne li lokela ho tšoaroa joalo.—Mattheu 18:17.

18, 19. Litsela tse ling tseo re ka bontšang Bokreste ba rōna ka tsona ho beng ka motho ea khaotsoeng ba tšepahalang ke life?

18 Haholo-holo re tlameha ho tšehetsa litho tsa lelapa tseo e leng Bakreste ba tšepahalang. Mohlomong li se li ntse li tobane le bohloko le litšitiso ka baka la ho phela lapeng le le leng le motho ea lelekiloeng ea ka ’nang a li nyahamisa hore li se ke tsa hahamalla lintho tsa moea. Mohlomong a ka ’na a khetha hore Bakreste ba se ke ba etela lelapeng leo; kapa haeba ba fela ba e-tla ba tlil’o bona litho tse tšepahalang tsa lelapa, a ka ’na a se ke a ba le tlhompho ea hore a ikarole ho baeti. Mohlomong a ka ba a thibela boiteko ba lelapa ba hore le ee libokeng tsohle tsa Bokreste le likopanong. (Bapisa le Mattheu 23:13.) Kannete Bakreste ba leng maemong a joalo a seng matle re tšoanela ho ba bontša mohau.—2 Ba-Korinthe 1:3, 4.

19 Tsela e ’ngoe eo ka eona re ka bontšang mohau o mosa ke ka ho ‘bua ka tsela e tšelisang’ le ho ba le lipuisano tse khothatsang le batho ba joalo ba tšepahalang ka lapeng. (1 Ba-Thessalonika 5:14) Ho boetse ho na le menyetla e metle ea ho fana ka tšehetso pele le ka mor’a liboka, ha ho etsoa tšebeletso ea tšimo, kapa ha ho kopanoe hammoho ka linako tse ling. Ha ho hlokahale hore re bue ka ho khaoloa empa re ka buisana ka lintho tse ngata tse hahang. (Liproverbia 25:11; Ba-Kolosse 1:2-4) Le hoja baholo ba tla ’ne ba tsoele pele ho alosa Bakreste ka lelapeng le joalo, re ka ’na ra fumana hore le rōna re ka etela lelapa leo ho sa hlokahale hore re sebelisane le motho eo ea lelekiloeng. Haeba ho etsahala hore motho ea khaotsoeng a arabele ha re etile kapa re letsitse, re ka kōpa mong ka eena eo e leng Mokreste eo re ’matlang. Ka linako tse ling litho tsa lelapa la Bokreste li ka ’na tsa amohela memo ea hore li tle lehaeng la rōna bakeng sa ho thabela botsoalle. Taba ke hore: Ke bahlanka hammoho le rōna, litho tse ratehang tsa phutheho ea Molimo, tse sa lokelang ho hlokomolohuoa—ba banyenyane le ba baholo.—Pesaleme ea 10:14.

20, 21. Re lokela ho ikutloa joang le ho etsa joang haeba motho a khutlisetsoa?

20 Karolo e ’ngoe eo re ka bontšang mohau ho eona e hlaha ha motho ea lelekiloeng a khutlisetsoa. Litšoantšo tsa Jesu li totobatsa thabo e bang teng leholimong ha ‘moetsalibe a le mong a baka.’ (Luka 15:7, 10) Pauluse o ile a ngolla Bakorinthe mabapi le monna e mong ea neng a khaotsoe: “Le tšoanela ho mo tšoarela le ho mo tšelisa, esere a sithabetsoa ke masoabi a maholo. Ka baka leo, ke le rapela hore le ’montše hore le fela le mo rata.” (2 Ba-Korinthe 2:7, 8, BPN) A re sebeliseng keletso eo ka tsela e nahanelang le e lerato matsatsing a ka mor’a hore motho a khutlisetsoe le libekeng tse latelang.

21 Setšoantšo sa Jesu sa mora ea lehlasoa se hatisa kotsi eo re lokelang ho e qoba. Moholoane oa mora ea lehlasoa ha aa ka a thabela ho khutla ha hae empa o ile a mo honohela. E se eka re ke ke ra ba joalo, re se ke ra koetla lehloeo ka baka la phoso eo motho a e entseng nakong e fetileng kapa ho mo honohela ha a khutlisetsoa. Ho fapana le hoo, pakane ea rōna ke ho tšoana le ntat’a mora eo, ea ileng a tšoantšetsa kamoo Jehova a neng a tla itšoara ka teng. Ntate eo o ne a thabetse hore mora oa hae, ea neng a lahlehile eo ho neng ho bile ho bonahala eka o shoele, o fumanoe, kapa o boetse oa phela. (Luka 15:25-32) Ka ho loketseng, re tla buisana ka bolokolohi le moena ea khutliselitsoeng le ho mo khothatsa. E, re lokela ho bonahatsa hore re bontša mohau, joaloka Ntate oa rōna oa leholimo ea tšoarelang le ea mohau.—Mattheu 5:7.

22. Ho etsisa ha rōna Jehova Molimo ho akarelletsa eng?

22 Ha ho na pelaelo hore haeba re batla ho etsisa Molimo oa rōna, re tlameha ho bontša mohau tumellanong le litaelo tsa oona le toka ea oona. Mopesaleme o o hlalosa ka tsela ena: “Jehova o mohau, o lereko, o lieha ho halefa, o hauhela haholo ho fetisisa. Jehova o molemo ho bohle, mehauhelo ea hae e aparetse mesebetsi eohle ea hae.” (Pesaleme ea 145:8, 9) Oo ke mohlala o lerato hakaakang oo Bakreste ba lokelang ho o etsisa!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a “Babokelli ba lekhetho haholo-holo ba ne ba nyelisoa ke baahi ba Bajode ba Palestina ka mabaka a ’maloa: (1) ba ne ba bokella chelete bakeng sa ’muso oa balichaba o neng o nkile naha ea Iseraele, ka hona ka ho sa tobang ba ne ba tšehetsa ketso ena e sehlōho; (2) ba ne ba tumme hampe ka hore ha ba boloke melao-motheo, ba ithuisa ka batho ba bang bao e leng ba habo bona; ’me (3) mosebetsi oa bona o ne o etsa hore ka mehla ba sebelisane le Balichaba, e leng ho neng ho ba etsa hore ba be litšila litšebeletsong. Ho nyelisa babokelli ba lekhetho ho fumaneha ka T[estamenteng] e N[cha] le likhatisong tsa bo-rabbi . . . Ho latela likhatiso tsa bo-rabbi, le lelapa la ’mokelli oa lekhetho le ne le lokela ho hlouoa.”—The International Standard Bible Encyclopedia.

b Haeba ho e-na le motho oa seng ea khaotsoeng ka lelapeng la Bokreste, motho ea joalo o ntse a tla kopanela litšebelisanong le mesebetsing e tloaelehileng le ea letsatsi le letsatsi. Sena se ka akarelletsa ho ba teng ha ho ithutoa boitsebiso ba moea joaloka lelapa.—Bona Molula-Qhooa oa November 15, 1988, maqephe 19-20.

c Bona 1991 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, maqephe 53-4.

d Haeba Paki leha e le efe, boboleling ba ntlo le ntlo kapa ka tsela efe kapa efe, e utloela hore ho na le motho ea khaotsoeng ea lulang tikolohong e itseng, e lokela ho fa baholo boitsebiso boo.

Na U Hlokometse Lintlha Tsee?

◻ Bajode ba ne ba tšoara babokelli ba lekhetho le baetsalibe joang, empa ke hobane’ng ha Jesu a ne a sebelisana le ba bang ba joalo?

◻ Ho na le motheo ofe oa Mangolo oa hore ho nkoe khato e bontšang mohau ka batho ba bangata ba lahlehileng?

◻ Lihlopha tsa baholo li ka nka khato e joalo joang, hona li ka e nkela bo-mang?

◻ Re lokela ho bontša mohau joang ho batho ba khutliselitsoeng le ho malapa a batho ba khaotsoeng?

[Lebokose le leqepheng la 23]

Mang kapa mang eo e kileng ea e-ba karolo ea phutheho ea Molimo e hloekileng le e thabileng empa hona joale a khaotsoe kapa a ikarotse ha ho hlokahale hore a lule a le boemong bo joalo. Ho fapana le hoo, motho ea joalo a ka baka a ba a nka khato ea ho buisana le baholo ba phutheho. Tsela ea ho khutla e bulehile.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]

Garo Nalbandian

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela