Bontša Botšepehi ba Bokreste ha Mong ka Uena a Khaotsoe
1 Kamano e pakeng tsa litho tsa lelapa e ka ba matla haholo. Sena se tlisetsa Mokreste teko ha molekane oa lenyalo, ngoana, motsoali, kapa mong ka eena ea haufi a khaotsoe kapa a ikarotse phuthehong. (Mat. 10:37) Bakreste ba tšepahalang ba lokela ho tšoara mong ka bona ea joalo joang? Na motho eo o lokela ho tšoaroa ka tsela e fapaneng haeba a lula le uena ha hao? Taba ea pele, a re hlahlobeng se boleloang ke Bibele ka taba ena, e leng melao-motheo e sebetsang ka ho tšoana ho ba khaotsoeng le ba ikarotseng.
2 Tsela ea ho Tšoara ba Khaotsoeng: Lentsoe la Molimo le laela Bakreste hore ba se ke ba itsoakanya kapa ba tloaelana le motho ea khaotsoeng phuthehong: “Le khaotse ho itsoakanya hammoho le mang kapa mang ea bitsoang mor’abo rōna eo e leng sehlola kapa motho ea meharo kapa morapeli oa litšoantšo kapa ea litlhapa kapa letahoa kapa mohanyapetsi, esita le ho ja le se ke la ja le motho ea joalo. . . . Tlosang motho eo ea khopo har’a lōna.” (1 Bakor. 5:11, 13) Mantsoe a Jesu a ho Matheu 18:17 le ’ona a amana le taba ena: “Ho uena [motho ea khaotsoeng] a be feela joaloka motho oa lichaba le joaloka ’mokelli oa lekhetho.” Bamameli ba Jesu ba ne ba tseba hantle hore Bajuda ba mehleng eo ba ne ba sa etse setsoalle le Balichaba le hore ba ne ba nena babokelli ba lekhetho. Kahoo Jesu o ne a laela balateli ba hae hore ba se ke ba kopana le ba khaotsoeng.—Bona Molula-Qhooa oa March 1, 1982, leqepheng la 16-18 (September 15, 1981, leqepheng la 18-20).
3 Sena se bolela hore Bakreste ba tšepahalang ha ba buisane ka litaba tsa moea le mang kapa mang ea khaotsoeng phuthehong. Empa ho ameha ho eketsehileng. Lentsoe la Molimo le bolela hore ha rea lokela ‘le ho ja le motho ea joalo.’ (1 Bakor. 5:11) Kahoo, re boetse re qoba ho thabela botsoalle le motho ea khaotsoeng. Sena se bolela hore ha rea lokela ho ea le eena pikiniking, phathing, papaling ea bolo kapa mabenkeleng kapa holong ea boithabiso kapa ho ja le eena lapeng kapa reschorenteng.
4 Ho thoe’ng ka ho buisana le motho ea khaotsoeng? Le hoja Bibele e sa bue ka boemo bo bong le bo bong bo ka bang teng, 2 Johanne 10 e re thusa ho ba le pono ea Jehova ea litaba: “Haeba leha e le mang a tla ho lōna ’me a sa tlise thuto ena, le ka mohla le se ke la mo amohela ka malapeng a lōna kapa la mo lumelisa.” Ha Molula-Qhooa oa March 1, 1982, leqepheng la 23 o bua ka taba ena, o re: “‘Lumela’ e pala ho motho e mong e ka ba bohato ba pele bo ka fetohang moqoqo ’me mohlomong le bona botsoalle. Na re ka lakatsa ho nka bohato boo ba pele ho motho ea khaotsoeng?”
5 Ka sebele, ho joalo feela kaha ho boleloa leqepheng la 29 la Molula-Qhooa oona ona: “’Nete ke hore ha Mokreste a inehela sebeng ’me a lokela ho khaoloa, o lahleheloa ke ho hongata; boemo ba hae bo amohelehang ho Molimo; . . . botsoalle bo monate le barab’abo rōna, ho akarelletsa boholo ba botsoalle boo a neng a e-na le bona le beng ka eena ba Bakreste.”
6 Ba Lulang Hammoho: Na see se bolela hore Bakreste ba lulang le setho sa lelapa se khaotsoeng ba lokela ho qoba ho se buisa, ho ja le sona le ho kopana le sona ha ba ntse ba etsa mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi? Molula-Qhooa oa April 15, 1991, mongolong o botlaaseng ba leqephe la 22, o re: “Haeba ho e-na le motho oa seng ea khaotsoeng ka lelapeng la Bokreste, motho ea joalo o ntse a tla kopanela litšebelisanong le mesebetsing e tloaelehileng le ea letsatsi le letsatsi.” Kahoo, ho tla itsoela lithong tsa lelapa ho etsa qeto ea hore na ke ho isa kae moo li tla ja kapa tsa etsa mesebetsi e meng ea lelapa le setho sa lelapa se khaotsoeng. Leha ho le joalo, li ke ke tsa rata ho fa barab’abo tsona ba kopanelang le tsona maikutlo a hore lintho li sa tšoana le pele a khaoloa.
7 Leha ho le joalo, Molula-Qhooa oa March 1, 1982, leqepheng la 26, ha o bua ka motho ea khaotsoeng kapa ea ikarotseng o re: “Litlamo tsa nako e fetileng tsa moea li tlamolotsoe ho hang. Hona ke ’nete le tabeng ea seng, ho akarelletsa le sona se ka tikolohong e haufi ea lelapa. . . . Hoo ho tla bolela liphetoho botsoalleng ba moea bo neng bo ntse bo le teng ka lapeng. Ka mohlala, ha ho khaoloa monna, mosali oa hae le bana ba ke ke ba ikutloa ba phutholohile ha eena a tsamaisa thuto ea lelapa ea Bibele kapa a etella pele ho baleng Bibele le thapelong. Haeba a batla ho rapela, joaloka nakong ea lijo, o na le tokelo ea ho etsa joalo ka tlung ea hae. Empa bona ka khutso ba ka etsa lithapelo tsa bona ho Molimo. (Liprov. 28:9; Pes. 119:145, 146) Ho joang haeba motho ea khaotsoeng ka lapeng a batla ho ba teng ha lelapa le bala Bibele hammoho kapa le e-na le thuto ea Bibele? Ba bang ba ka mo lumella hore a be teng ho mamela haeba a ke ke a leka ho ba ruta kapa ho kopanela le bona maikutlo a hae a bolumeli.”
8 Haeba ngoana ea lulang lapeng a khaoloa, batsoali ba Bakreste ba sa ntse ba ikarabella khōlisong ea hae. Molula-Qhooa oa November 15, 1988, leqepheng la 20, o re: “Joalokaha ba tla tsoela pele ho mo neha lijo, liaparo le bolulo, ho hlokahala hore ba mo rupele ’me ba mo khalemele tumellanong le Lentsoe la Molimo. (Liprov. 6:20-22; 29:17) Ka hona batsoali ba lerato ba ka ’na ba lokisetsa ho mo tšoarela thuto ea Bibele ea lehae, esita le haeba a khaotsoe. Mohlomong o tla fumana molemo o tla mo fa khalemelo ka hore ba ithute le eena a le mong. Kapa ba ka ’na ba etsa qeto ea hore a ka ’na a tsoela pele ho kopanela tokisetsong ea thuto ea lelapa.”—Bona le Molula-Qhooa oa October 1, 2001, leqepheng la 16-17.
9 Beng ka Motho ba sa Luleng Hammoho: Molula-Qhooa oa April 15, 1988, leqepheng la 28 o re: “Boemo bo fapane haeba motho ea khaotsoeng kapa ea ikarotseng e le mong ka motho ea sa luleng lapeng. Ho ka etsahala hore u se be le kamano ho hang le mong ka uena eo. Esita le haeba ho ne ho e-na le litaba tsa lelapa tse batlang hore le kopane, ka sebele ho kopana hona ho ne ho tla khutsufatsoa,” tumellanong le taelo ea Molimo ea ho ‘khaotsa ho itsoakanya hammoho le mang kapa mang’ ea molato oa sebe seo a sa se bakeleng. (1 Bakor. 5:11) Bakreste ba tšepahalang ba lokela ho leka ka matla ho qoba tšebelisano e sa hlokahaleng le mong ka bona ea joalo, hape ba lokela ho etsa hore litšebelisano tsa khoebo le eena e be tse lekanyelitsoeng haholo.—Bona le Molula-Qhooa oa March 1, 1982, leqepheng la 27-8.
10 Molula-Qhooa o lebisa tlhokomelo boemong bo bong bo ka hlahang: “Ho thoe’ng haeba mong ka bona ea haufi ea kang mora kapa motsoali ea sa pheleng lapeng moo a khaoloa ’me hamorao a batla ho khutlela ka lapeng? Lelapa le ka rera hore na le tla etsa joang ho itšetlehile ka maemo. Ka mohlala, motsoali ea khaotsoeng a ka ’na a kula kapa a se ke a hlola a tseba ho itlhokomela ka lichelete kapa ’meleng. Bana ba Bakreste ba tlangoa ke Mangolo le ke boitšoaro ba botho hore ba mo thuse. (1 Tim. 5:8) . . . Ho etsoang ho ka itšetleha ka mabaka a kang seo motsoali a hlileng a se hlokang, boitšoaro ba hae le tlhokomelo eo hlooho ea lelapa e nang le eona bakeng sa boiketlo ba moea ba lelapa.”—Molula-Qhooa oa March 1, 1982, leqepheng la 26-7.
11 Ha e le ngoana, sona sehlooho seo se tsoela pele se re: “Ka linako tse ling batsoali ba Bakreste ba ile ba boela ba amohela ka lapeng ka nakoana ngoana ea khaotsoeng ea kulang ’meleng kapa kelellong. Empa tabeng e ’ngoe le e ’ngoe batsoali ba ka lekanya taba ka maemo. Na ngoana ea khaotsoeng o ne a phela moo a leng mong, ’me joale ha a sa na hona ho etsa joalo? Kapa na o batla ho khutla hobane feela bophelo bo tla ba bonolo haholoanyane? Ho thoe’ng ka boitšoaro ba hae le boikutlo? Na o tla tlisa ‘tomoso’ ka lapeng?—Bagal. 5:9.”
12 Melemo ea ho Tšepahala ho Jehova: Ho sebetsa tumellanong le tokisetso ea Mangolo ea ho khaola le ho ikarola ho bafosi ba sa bakeng ho molemo. Ho etsa hore phutheho e lule e hloekile ’me ho re khetholla re le ba khomarelang litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro ba Bibele. (1 Pet. 1:14-16) Ho re sireletsa litšusumetsong tse senyang. (Bagal. 5:7-9) Ho boetse ho fa mofosi monyetla oa ho rua molemo o feletseng taeong eo a e fumaneng, e leng se ka mo thusang ho hlahisa “litholoana tsa khotso, e leng, ho loka.”—Baheb. 12:11.
13 Ka mor’a hore mor’abo rōna e mong le khaitseli ea hae ba mamele puo kopanong ea potoloho, ba ile ba elelloa hore ho hlokahala hore ba etse liphetoho tseleng eo ka eona ba tšoarang ’mè oa bona, ea neng a sa lule le bona ’me e se e le lilemo tse tšeletseng a khaotsoe. Hang ka mor’a kopano, monna enoa o ile a bitsa ’mè oa hae, ’me ka mor’a ho mo kholisa hore baa mo rata, o ile a mo hlalosetsa hore ba ke ke ba hlola ba bua le eena ntle le haeba ho e-na le litaba tsa bohlokoa tsa lelapa tseo ba tlamehang ho li buisana. Nakoana ka mor’a moo, ’mè oa hae o ile a qala ho ba teng libokeng ’me qetellong a busetsoa ka phuthehong. Le monna oa hae ea sa lumelang o ile a qala ho ithuta ’me ka mor’a nako e itseng a kolobetsoa.
14 Ho khomarela ka botšepehi tokisetsong ea ho khaola e hlalositsoeng ka Mangolong ho bontša lerato la rōna ho Jehova ’me ho fana ka karabo ho ea Mo nyelisang. (Liprov. 27:11) ’Me, re ka kholiseha hore Jehova o tla re hlohonolofatsa. Morena Davida o ile a ngola sena mabapi le Jehova: “Nke ke ka kheloha litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng. Ho ea tšepahalang u tla etsa ka botšepehi.”—2 Sam. 22:23, 26.
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]
1. Ke boemo bofe bo ka lekang botšepehi ba Mokreste?
2. Ho latela Bibele, Bakreste ba lokela ho tšoara ba khaotsoeng phuthehong joang?
3, 4. Ke botsoalle ba mofuta ofe bo hanetsoeng tabeng ea motho ea khaotsoeng le ea ikarotseng?
5. Ha motho a khaoloa, o lahleheloa ke eng?
6. Na ho hlokahala hore Mokreste a khaotse tšebelisano eohle le mong ka eena ea khaotsoeng ea lulang le eena lapeng? Hlalosa.
7. Botsoalle ba moea ka har’a lelapa bo fetoha joang ha setho sa lelapa se khaotsoe?
8. Batsoali ba Bakreste ba na le boikarabelo bofe mabapi le ngoana ea khaotsoeng ea tlaase lilemong eo ba lulang le eena lapeng?
9. Mokreste o lokela ho sebelisana le mong ka eena ea khaotsoeng ea sa luleng le eena ho isa hokae?
10, 11. Mokreste o lokela ho nahana ka eng pele a lumella mong ka eena ea khaotsoeng ho tla lula le eena ha hae?
12. Melemo e meng ea tokisetso ea ho khaola ke efe?
13. Lelapa le leng le ile la etsa phetoho efe, ’me liphello ea e-ba life?
14. Ke hobane’ng ha ka botšepehi re lokela ho tšehetsa tokisetso ea ho khaola?