Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 8/15 leq. 8
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo re Lokelang ho Tšoara Motho ea Khaotsoeng Kateng
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Bontša Botšepehi ba Bokreste ha Mong ka Uena a Khaotsoe
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Re Lokela ho Rata Jehova ho Feta ba Lelapa
    Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Etsisa Mohau oa Molimo Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 8/15 leq. 8

LIPOTSO TSE TSOANG HO BABALI

Na e ka ba ho loketseng hore batsoali ba Bakreste ba lule le ngoana oa bona ea khaotsoeng libokeng tsa phutheho?

Ha ho na lebaka la ho tšoenyeha ho sa hlokahale ka hore na motho ea khaotsoeng o lokela ho lula hokae ka Holong ea ’Muso. Makasineng ena ho ’nile ha etsoa matsapa ’ohle ho khothalletsa batsoali ba Bakreste hore ba fe ngoana oa bona ea khaotsoeng ea ntseng a lula lapeng thuso ea moea, haeba ho bonahala ho loketse ho etsa joalo. Joalokaha ho boletsoe leqepheng la 19 le la 20 Molula-Qhooeng oa November 15, 1988, batsoali ba ka ’na ba ithuta Bibele le ngoana oa bona ea khaotsoeng ea tlaase lilemong, ea ntseng a lula le bona. Kahoo, tšepo ke hore ngoana o tla fumana khothatso eo a e hlokang hore a lokise tsela ea hae.

Tabeng ea hore na ba lokela ho lula joang Holong ea ’Muso, ho bonahala e le ntho e utloahalang hore ngoana ea tlaase lilemong ea khaotsoeng, a lule a khutsitse pel’a batsoali ba hae. Kaha hase molao hore motho ea khaotsoeng a lulelle ka morao holong, ha ho na phoso ha ngoana ea khaotsoeng a lula pel’a batsoali ba hae, sebakeng sefe kapa sefe seo ba lutseng ho sona. Kaha batsoali ke bona ba hlokomelang ngoana oa bona moeeng, ka sebele ba tla batla ho etsa bonnete ba hore o rua molemo ka botlalo libokeng. Ho ka ba molemo boemong bona hore ngoana eo e monyenyane a lule le bona ho e-na le hore ba mo tlohele a lutse sebakeng se seng, ho se na motho ea mo hlokometseng.

Empa ho thoe’ng haeba ngoana ea khaotsoeng a se a sa lule lapeng le batsoali ba hae? Na see se bolela hore a ke ke a lula le batsoali ba hae libokeng tsa phutheho? Nakong e fetileng, makasineng ena ho ile ha boleloa ka ho hlaka boikutlo bo loketseng boo Mokreste a lokelang hore a loanele ho ba le bona mabapi le ho thabela botsoalle le mong ka eena ea khaotsoeng, ea sa luleng lapeng.a Leha ho le joalo, taba ea ha motho ea khaotsoeng a lula a khutsitse pel’a beng ka eena nakong ea seboka e fapane hōle le taba ea hore ba batle menyetla ea ho thabela botsoalle le eena ho sa hlokahale. Haeba litho tsa lelapa tse ntseng li tšepahala li e-na le boikutlo bo loketseng ka mong ka tsona ea khaotsoeng ’me li leka ho latela keletso ea Bibele mabapi le ho thabela botsoalle le eena, ha rea lokela ho tšoenyeha.—1 Bakor. 5:11, 13; 2 Joh. 11.

Ha rea lokela ho tšoenyeha haeba motho ea khaotsoeng a lula haufi le mong ka eena kapa setho se seng sa phutheho hafeela a itšoere ka tsela e loketseng. Ho thibela motho hore a lule sebakeng se itseng ho ka ’na ha baka mathata a mangata, empa ho itšetlehile ka maemo. Haeba bohle ba teng, ho akarelletsa le beng ka eena ba tšepahalang, ba leka ho hlompha melao-motheo ea Bibele e mabapi le ho khaoloa, ebile e se taba e ka khopisang barab’abo rōna, ha rea lokela ho itšoenya ka hore na batho ba tlileng libokeng tsa Bokreste ba lula hokae.b

a Sheba Molula-Qhooa oa March 1, 1982, leqepheng la 27-28 [Oa Senyesemane ke September 15, 1981, leqepheng la 29 le la 30].

b Taba ena e lokisa e hatisitsoeng Molula-Qhooeng (oa Senyesemane) oa April 1, 1953, leqepheng la 223.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela