Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/97 leq. 3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 1/97 leq. 3

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka January: Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U ka li Fumana Joang? ka monehelo oa R4,00. February: Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! ka monehelo oa R12,00. March: Lekunutu la Thabo ea Lelapa ka monehelo oa R4,00. April le May: Peeletso ea selemo ea Molula-Qhooa e tlang ka poso ka monehelo oa R41,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo ea likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli kapa peeletso ea likhoeli tse tšeletseng ea likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R20,50. Lipeeletso tsa club ke R24,00 le R12,00 ka ho latellana. Etsa boiteko bo khethehileng ba ho nehelana ka likopi tsa limakasine ha mpho e hanoa.

◼ Bahoeletsi bohle ba kolobelitsoeng ba tla beng ba le teng Sebokeng sa Tšebeletso bekeng ea la 13 January ba tla fuoa likarete tsa Advance Medical Directive/Release le Identity Card bakeng sa bana ba bona.

◼ Ho qala ka la 2 March, puo e ncha ea phatlalatsa bakeng sa balebeli ba potoloho e tla ba “Sebelisa Thuto ho Rorisa Jehova.”

◼ Liphutheho li lokela ho etsa litokisetso tse loketseng tsa ho keteka Sehopotso selemong sena ka Sontaha, la 23 March ka mor’a ho likela ha letsatsi. Le hoja puo e ka ’na ea qalisa pelenyana, ho fetisoa ha litšoantšetso tsa Sehopotso ha hoa lokela ho qalisa ho fihlela ka mor’a ho likela ha letsatsi. Hlahlobang mehloling ea sebaka sa lōna ho tseba hore na letsatsi le likela neng tulong ea lōna. Kaha ho se liboka tse ling tse lokelang ho tšoaroa ntle ho seboka sa tšebeletso ea tšimo letsatsing leo, ho lokela hore ho etsoe liphetoho tse loketseng hore Thuto ea Molula-Qhooa e tšoaroe ka nako e ’ngoe. Ho tla hlokahala hore balebeli ba potoloho ba fetole kemiso ea bona ea liboka bekeng eo ho latela maemo a phutheho eo. Le hoja e le ntho e ntle hore phutheho ka ’ngoe e tšoare tšebeletso ea eona ea Sehopotso, sena se ka ’na sa se khonehe kamehla. Moo ka tloaelo liphutheho tse ’maloa li sebelisang Holo ea ’Muso e le ’ngoe, mohlomong phutheho e le ’ngoe kapa ho feta li ka sebelisa mohaho o mong mantsiboeeng ao. Sehopotso ha sea lokela ho qala morao haholo hoo batho ba sa tsoa thahasella ba ka thatafalloang ho ba teng. Ho feta moo, kemiso ha ea lokela ho patisoa ke nako hoo ho sa beng le nako ea ho lumelisa baeti pele kapa ka mor’a tšebeletso, ho etsa litokisetso tsa ho thusa ba bang ba thahasellang moeeng ka ho tsoelang pele, kapa ho thabela khothatsano e akaretsang. Ka mor’a ho nahanisisa ka mabaka ’ohle, baholo ba lokela ho etsa qeto ka hore na ke litokisetso life tse tlang ho thusa ba tlileng Sehopotsong ho rua molemo ka botlalo ketsahalong eo.

◼ Puo ea phatlalatsa e khethehileng bakeng sa nako ea Sehopotso ea 1997 e tla fanoa ka Sontaha, la 6 April. Ho tla fanoa ka kemiso ea puo. Liphutheho tse nang le ketelo ea molebeli oa potoloho, kopano ea potoloho kapa letsatsi le khethehileng la kopano mafelo-bekeng ao li tla ba le puo e khethehileng bekeng e latelang. Ha ho phutheho e lokelang ho ba le puo e khethehileng pele ho la 6 April.

◼ Ha ho khethoa sebui bakeng sa Sehopotso, ka lebaka la bohlokoa ba ketsahalo ena, sehlopha sa baholo se lokela ho khetha moholo ea tšoanelehang haholoanyane ho e-na le ho fapanyetsana ka ho fana ka puo kapa ho sebelisa mor’abo rōna a le mong selemo le selemo.

◼ La 5 April, 1997, e tla ba Letsatsi la rōna la Limakasine le khethehileng. Nakong e fetileng ba bangata ba ’nile ba thabela ho kopanela mosebetsing ona oa Letsatsi la Limakasine le khethehileng. Ke hobane’ng ha u sa qale hona joale ho lokisetsa ho kopanela ka ho feletseng selemong see? Liphutheho li lokela ho qala ho romela liodoro tse khethehileng kapele-pele kamoo ho ka khonehang.

◼ Sehopotso bakeng sa 1998 se tla ba ka Moqebelo, la 11 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. Tsebiso ena e fanoang esale pele ea letsatsi la Sehopotso sa 1998 e etsoa molemong oa hore barab’abo rōna ba etse litebeletso tse hlokahalang kapa litumellano bakeng sa liholo tse fumanehang haeba ho e-na le liphutheho tse ’maloa tse sebelisang Holo ea ’Muso ’me li lokela ho fumana libaka tse ling.

◼ Mokhatlo o entse Magazine File Case ea polasetiki ea theko e tlaase e nkelang ea vinyl sebaka. Theko bakeng sa phutheho, batho bohle le bo-pula-maliboho ke R7,50.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela