Lebokose la Lipotso
◼ Ke hobane’ng ha re lokela ho tlaleha mosebetsi oa rōna oa tšebeletso ea tšimo hang-hang khoeli ka ’ngoe?
Kaofela ha rōna rea thaba ha re utloa ka lintho tse ntle tse ntseng li finyelloa mosebetsing oa ho bolela molaetsa oa ’Muso. (Bona Liproverbia 25:25.) Liketso 2:41 e tlaleha hore ka mor’a puo ea Petrose e susumetsang letsatsing la Pentekonta, “letsatsing leo ha eketsoa lisoule tse ka bang likete tse tharo.” Nakoana hamorao, lenane leo le ile la nyolohela ho ‘likete tse ka bang hlano.’ (Lik. 4:4) E lokela ebe litlaleho tseo e bile tse thabisang hakaakang ho Bakreste ba lekholong la pele la lilemo! Le rōna re arabela ka tsela e tšoanang litlalehong tse khothatsang kajeno. Re thabela ho utloa ka katleho eo barab’abo rōna ba e thabelang ho boleloeng ha litaba tse molemo lefatšeng ka bophara.
Kaha nako e ngata le boiteko li ameha bakeng sa ho bokella litlaleho tsena, tšebelisano-’moho ea mohoeletsi e mong le e mong oa ’Muso ke ea bohlokoa haholo. Na u falimehela ho tlisa tlaleho ea hao hang-hang khoeli ka ’ngoe?
Litlaleho tsa keketseho li re tlisetsa thabo e khōlō. Ho phaella moo, litlaleho li thusa Mokhatlo ho beha tsoelo-pele ea mosebetsi lefatšeng ka bophara leihlo. Ho lokela hore ho etsoe liqeto mabapi le moo mohlomong ho hlokahalang thuso e eketsehileng kapa mofuta le lenane la lingoliloeng tse lokelang ho hatisoa. Baholo phuthehong ka ’ngoe ba sebelisa litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo ho lekanyetsa moo ho ka ntlafatsoang teng. Litlaleho tse ntle lia matlafatsa, li re susumelletsa kaofela ho hlahlobisisa tšebeletso ea rōna ho bona moo re ka ntlafatsang teng.
Bahoeletsi bohle ba lokela ho elelloa boikarabelo ba bona ba motho ka mong tabeng ea ho tlisa litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo hang-hang khoeli ka ’ngoe. Bakhanni ba Thuto ea Buka ea Phutheho ba boemong bo molemo ba ho hopotsa bahoeletsi ka boikarabelo bona, kaha ba boetse ba falimehetse ho fana ka thuso ea botho ho bao mohlomong ba thatafalloang ke ho kopanela tšebeletsong ea tšimo kamehla khoeli ka ’ngoe. Khopotso ena e ka etsoa thutong ea buka ea ho qetela khoeli ka ’ngoe kapa ka nako e ’ngoe e loketseng. Haeba ho se na monyetla oa ho tlisa litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo Holong ea ’Muso, mokhanni oa Thuto ea Buka ea Phutheho a ka li bokella le ho etsa bonnete ba hore li fuoa mongoli ka nako hore li akarelletsoe tlalehong ea phutheho ea khoeli le khoeli e romeloang ho Mokhatlo.
Ho khothalla ha rōna ka botšepehi ho tlaleha tšebeletso ea rōna ea tšimo hang-hang ho bebofatsa moroalo oa ba hlokomelang boiketlo ba rōna ba moea.