Kopanela Mosebetsing o ke Keng oa Phetoa le ka Mohla
1 Linakong tse fapaneng ho pholletsa le histori ea moloko oa batho, ho ile ha hlokahala hore Jehova a ahlole lira tsa hae. Leha ho le joalo, ka lebaka la mosa oa hae, o ile a neha ba lipelo li ntle monyetla oa ho pholoha. (Pes. 103:13) Karabelo ea bona e ile ea lekanyetsa phello ea bona.
2 Ka mohlala, pele ho Moroallo, ka 2370 B.C.E., Noe e ne e le “’moleli oa ho loka.” Ba timetseng ke ba ileng ba hlokomoloha temoso ea bomolimo. (2 Pet. 2:5; Baheb. 11:7) Pele ho timetso ea Jerusalema ka 70 C.E., ka ho hlakileng Jesu o ile a bontša khato e neng e tla hlokahala ho e mong le e mong hore a pholohe timetso e neng e tla oela motse oo. Bohle ba ileng ba hlokomoloha molaetsa oa hae oa temoso ba ile ba ba le phello e bohloko. (Luka 21:20-24) Litemoso tse joalo tsa bomolimo le likahlolo li ile tsa phetoa ka makhetlo a mangata historing.
3 Mosebetsi oa Kajeno oa Temoso: Ke khale Jehova a ile a bolela hore o tla tšollela khalefo ea hae holim’a tsamaiso e khopo ea kajeno le hore ke baikokobetsi feela ba tla pholoha. (Sof. 2:2, 3; 3:8) Nako ea ho bolela molaetsa ona oa temoso e fela kapele! “Matšoenyeho a maholo” a larile ka pele ’me hona joale baikokobetsi ba ntse ba bokelloa. Ka sebele, “masimo” a “soeufetse bakeng sa kotulo.” Ka lebaka leo, ha ho mosebetsi o mong o ka bapisoang le ona ka bohlokoa le ho potlaka.—Mat. 24:14, 21, 22; Joh. 4:35.
4 Re lokela ho kopanela mosebetsing ona oa mehleng ea kajeno oa ho lemosa ba bang, ‘ebang baa mamela kapa ha ba mamele.’ Ena ke kabelo eo re e filoeng ke Molimo eo re sa tšoanelang ho e hlokomoloha. (Ezek. 2:4, 5; 3:17, 18) Ho kopanela ha rōna ka botlalo mosebetsing ona ke pontšo e tiileng ea lerato la rōna le tebileng ho Molimo, kameho ea rōna ea sebele ka baahisani ba rōna hammoho le tumelo ea rōna e sa thekeseleng ho Mopholosi oa rōna, Jesu Kreste.
5 Joale ke Nako ea ho Nka Khato: Ka mor’a likahlolo tsa Jehova tsa nakong e fetileng, kamehla bokhopo bo ’nile ba hlahella bocha hobane Satane le bademona ba hae ba ne ba ntse ba le mafolofolo. Leha ho le joalo, nakong ena e tla ba ho fapaneng. Tšusumetso ea Satane e tla felisoa. Temoso ea lefatše lohle e mabapi le ‘matšoenyeho a maholo’ a leng haufi e ke ke ea hlola e hlokahala. (Tšen. 7:14; Baroma 16:20) Re na le tokelo e khethehileng ea ho ba karolo ea mosebetsi o ke keng oa hlola o phetoa le ka mohla. Joale ena ke nako ea ho sebelisa monyetla ona hamolemo ka ho fetisisa.
6 Ka lebaka la mosebetsi oa hae oa boboleli, moapostola Pauluse, ka kholiseho e khōlō, o ile a re: “Ke hloekile maling a batho bohle.” (Lik. 20:26) O ile a ikutloa a se na molato oa mali ka lebaka la ho hlōleha leha e le hofe ho phatlalatsa temoso. Hobane’ng? Hobane o ne a ka bua sena ka tšebeletso ea hae: “Ho finyella sena ka sebele ke sebetsa ka thata, [kea] ikitlaetsa.” (Bakol. 1:29) A re thabeleng khotsofalo e tšoanang ea ho kopanela ka botlalo kamoo ho ka khonehang mosebetsing ona o ke keng oa phetoa le ka mohla!—2 Tim. 2:15.