Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/97 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 2/97 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka February: Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! ka monehelo oa R12,00. March: Lekunutu la Thabo ea Lelapa ka monehelo oa R4,00. April le May: Peeletso ea selemo ea Molula-Qhooa e tlang ka poso ka monehelo oa R41,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo ea likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli kapa peeletso ea likhoeli tse tšeletseng ea likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R20,50. Lipeeletso tsa club ke R24,00 le R12,00 ka ho latellana. Etsa boiteko bo khethehileng ba ho nehelana ka likopi tsa limakasine ha mpho e hanoa. Bakeng sa tšebeletso ea har’a beke le tšimo e akaretsoang kamehla, bukana e ncha ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?, le eona e ka sebelisoa. June: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R4,00.

◼ Bahoeletsi ba lakatsang ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang ka March, April le May ba lokela ho etsa litokisetso tsa bona hona joale le ho tlisa liforomo tsa kōpo nako e sa le teng. Sena se tla thusa baholo ho etsa litokisetso tse hlokahalang tsa tšebeletso ea tšimo le hore ho be le limakasine le lingoliloeng tse ling tse lekaneng. Mabitso a bohle bao likōpo tsa bona li amohetsoeng hore e be bo-pula-maliboho ba thusang a lokela ho tsebisoa phutheho.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odora Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1997 liodorong tsa tsona tsa libuka tsa February. Buka ea Selemo ea 1997 e tla fumaneha ka Sefora, Segerike, Sejeremane, Senyesemane, Sepotoketsi, Setaliana le Sezulu. Selemong sena e boetse e fumaneha ka Sesotho le Sexhosa. Ho fihlela ha libuka tsena li fumaneha le ho romeloa, ho tla ngoloa “Back Ordered” ho li-invoice tsa phutheho. Libuka Tsa Selemo ke lintho tsa setoko se laoloang ’me li tla lefisoa molatong oa libuka ka R6,00 e le ’ngoe. Bo-pula-maliboho ba bileng lenaneng nako e fetang likhoeli tse tšeletseng ba ka fumana kopi ea mahala eo phutheho e ka kōpang phokoletso bakeng sa eona. Bo-pula-maliboho ba ka fumana likopi tse eketsehileng ka R4,00 e le ’ngoe.

◼ Ka kōpo hlokomelang hore ho bile le nyollo ea litheko bakeng sa lipeeletso tse romeloang ka POSO ho tloha ka la 1 November, 1996. Bonang Cost List bakeng sa litheko tse ncha.

◼ Likhatiso Tse Ncha Tse Fumanehang:

Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste (phutheho le batho bohle: R6,00; bo-pula-maliboho: R4,00)—Setswana

Lekunutu la Thabo ea Lelapa (phutheho le batho bohle: R4,00; bo-pula-maliboho: R3,00)—Seafrikanse, Sechaena, Sechichewa, Secroatia, Sedache, Sefora, Segerike, Sehungari, Sejeremane, Senyesemane, Sepedi, Sepolish, Sepotoketsi, Serussia, Seserbia, Seshona, Sesotho, Setaliana, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa, Sezulu

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela