Lebokose La Lipotso
◼ Ke eng se lokelang ho etsoa ha ho hlaha koluoa e amang barab’abo rōna ka ho toba?
Haeba ho Hlaha Koluoa Sebakeng sa Lōna: Se ke ua tsieleha. Khoba matšoafo ’me u tsepamise monahano linthong tsa bohlokoa kannete—bophelo, eseng matlotlo. Hlokomela litlhoko tsa nama tsa lelapa la hao tsa nakong eo. Joale tsebisa baholo ka maemo a hao le moo u leng teng nakong eo.
Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba phetha karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa mosebetsing oa liphallelo. Haeba ho lemosoa esale pele ka koluoa e kang lifefo tse matla, bara bana babo rōna ba lokela ho etsa bonnete ba hore e mong le e mong o sebakeng se sireletsehileng, ’me haeba nako e lumela, ba lokela ho fumana thepa e hlokahalang le ho e aba.
Ka mor’a moo, bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho batla lelapa ka leng le ho botsisisa ka boiketlo ba lona. Molebeli ea okamelang kapa moholo e mong o lokela ho tsebisoa ka boemo ba lelapa ka leng esita le haeba boemo bo le botle. Haeba ho e-na le ea lemetseng, baholo ba tla leka ho lokisetsa phekolo ea meriana. Ba tla boela ba nehelana ka lintho leha e le life tse bonahalang tse kang lijo, liaparo, bolulo kapa lintho tseo lelapa le li hlokang. (Joh. 13:35; Bagal. 6:10) Baholo ba phutheho ba tla fana ka tšehetso ea moea le ea maikutlo phuthehong ’me kapele-pele ba tla lokisetsa hore liboka tsa phutheho li qalise. Ka mor’a hore ho etsoe tekanyetso e feletseng, moholo o lokela ho kopana le molebeli oa potoloho lebitsong la sehlopha sa baholo ho mo tsebisa ka likotsi leha e le life, tšenyeho ea Holo ea ’Muso kapa tšenyeho malapeng a barab’abo rōna hammoho le litlhoko leha e le life tse khethehileng. Joale molebeli oa potoloho o tla letsetsa ofisi ea lekala a tlaleha boemo. Haeba u sa khone ho iteanya le molebeli oa potoloho, u ka iteanya le ofisi ea lekala ka ho toba. Ofisi ea lekala e tla hokahanya mehato leha e le efe e meholo ea liphallelo e hlokahalang.
Haeba Koluoa e Hlaha Sebakeng se Seng: Hopola bara le barali babo rōna ba leng libakeng tsa tlokotsi lithapelong tsa hao. (2 Bakor. 1:8-11) Haeba u lakatsa ho nehelana ka thuso ea chelete, u ka romela menehelo ea hao ho Mokhatlo, e leng moo letlōle la liphallelo bakeng sa morero oo le thehiloeng ka ho khetheha. Aterese ke: Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740. (Lik. 2:44, 45; 1 Bakor. 16:1-3; 2 Bakor. 9:5-7; bona Molula-Qhooa oa December 1, 1985, leqepheng la 20-2.) U se romelle thepa kapa liphahlo libakeng tsa koluoa kantle le haeba ka ho khethehileng u kōptjoa ke barab’abo rōna ba ikarabellang. Sena se tla tiisa hore ho ba le boiteko bo hlophisehileng ba liphallelo le kabo e loketseng ea thepa. (1 Bakor. 14:40) Ka kōpo u se letsetse Mokhatlo ka ho sa hlokahaleng kaha sena se ka sitisa mehala ea bohlokoa e kenang e tsoang sebakeng sa koluoa.
Ka mor’a hore ho etsoe tekanyetso e loketseng, Mokhatlo o tla lekanyetsa haeba ho lokela hore ho thehoe komiti ea liphallelo. Barab’abo rōna ba ikarabellang ba tla tsebisoa. Bohle ba lokela ho tšoarisana le baholo ba etellang pele hore litlhoko tse potlakileng tsa barab’abo rōna bohle li ka finyelloa ka ho lekaneng.—Bona Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, leqepheng la 310-15.