Litaba Tsa Puso ea Molimo
Afrika Boroa: Moqebelo, ka la 2 November, 1996, ho bile le ketsahalo e thabisang haholo ho barab’abo rōna ba 2024 ha ba ne ba kopane bakeng sa ho neheloa ha Holo ea bona e ncha ea Kopano Bellville, Kapa Bophirimela. Se ileng sa phaella thabong ea ketsahalo ena e bile ho ba teng ha mopresidente oa Mokhatlo, Mor’abo rōna Milton G. Henschel, le mosali oa hae. O ile a fana ka puo ea nehelo. Ka lebaka la mosa oa barab’abo rōna ba Kapa, litho tsa Komiti ea Lekala le basali ba tsona le tsona li ile tsa khona ho ba teng ketsahalong ena ea bohlokoa. Re leboha barab’abo rōna ka pontšo e babatsehang joalo ea lerato la bona le cheseho ho Jehova joalokaha li bonahalitsoe ke ho fana ha bona ka seatla se bulehileng.
Ka Sontaha, ba 9500 ba ile ba bokana Stellenbosch moo Mor’abo rōna Henschel a ileng a fana ka puo e hahang e neng e thehiloe ho Moeklesia khaolo ea 12. O ile a ipiletsa ho bacha ba bangata mokhatlong o hlophisitsoeng hore ba etse tšebeletso ea nako e tletseng mosebetsi oa bona. Ha u etela Kapa, u tla amoheloa ka liatla tse peli ha u etela mohaho oa Holo ea Kopano.