Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jv khao. 19 leq. 304-leq. 317 ser. 4
  • Ho Hōla Hammoho Leratong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hōla Hammoho Leratong
  • Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuso e Lerato Liphuthehong tsa Sebaka ka Seng
  • Ha Ntoa e Siea Batho ba Futsanehile
  • Ha Matla a Tlhaho a Baka Tšenyo
  • Ha li Talimane le Mahloriso a Sehlōhō
  • Tšebeletso ea ho Thusa Nakong ea Likoluoa
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Karolo 4—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Karolo 5—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2000
Bala Tse Ling
Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
jv khao. 19 leq. 304-leq. 317 ser. 4

Khaolo 19

Ho Hōla Hammoho Leratong

HA BA ngolla Bakreste-’moho le bona, baapostola ba Jesu Kreste ba ile ba hlalosa tlhoko ea hore batho ka bomong ba hōle le leratong eseng feela tsebong. Motheo oa sena e ne e le lerato le bontšitsoeng ke Molimo le lerato la boitelo la Kreste, eo ba neng ba leka ho tsamaea mehlaleng ea hae. (Joh. 13:34, 35; Ba-Ef. 4:15, 16; 5:1, 2; Ba-Fil. 1:9; 1 Joh. 4:7-10) E ne e le mokhatlo oa boena, ’me ha ba ne ba thusana, litlamo tsa lerato li ne li tiea haholoanyane.

Ha tlala e hlahisa mathata a lichelete bakeng sa baena ba Judea, Bakreste ba Syria le Greece ba ile ba arola matlotlo a bona e le hore ba ka ba thusa. (Lik. 11:27-30; Ba-Roma 15:26) Ha ba bang ba hlorisoa, mahlomola ao ba neng ba feta ho ’ona a ne a utluoa ka matla ke Bakreste ba bang, ’me ba ile ba leka matsapa a ho fana ka thuso.—1 Ba-Kor. 12:26; Ba-Heb. 13:3.

Ha e le hantle, batho bohle ba na le matla a ho bontša lerato, ’me ba bang ntle ho Bakreste ba kopanela mesebetsing e bontšang mosa boiketlong ba sechaba. Empa batho ba lefatše la Roma ba ile ba hlokomela hore lerato le bontšoang ke Bakreste le fapane. Tertullian, eo e neng e le serutehi sa molao Roma, o ile a qotsa mantsoe a batho ba lefatše la Roma mabapi le Bakreste, a re: “Ba re: ‘Bonang kamoo ba ratanang ka teng . . . le kamoo ba ikemiselitseng ho shoelana ka teng.’” (Apology, XXXIX, 7) John Hurst, khatisong ea hae ea History of the Christian Church (Moqolo I, leqephe 146), o pheta hore batho ba Carthage ea boholo-holo le Alexandria, nakong ea mafu a seoa, ba ne ba leleka har’a bona batho ba kulang ’me ba hlobolisa batho ba leng makhatheng a lefu ntho leha e le efe eo e ka ’nang ea ba ea bohlokoa. O tlaleha hore ka ho fapaneng, Bakreste libakeng tsena ba ne ba arolelana matlotlo a bona, ba hlokomela ba kulang, ’me ba pata bafu.

Na Lipaki tsa Jehova kajeno li kopanela mesebetsing e bontšang kameho e joalo boiketlong ba batho ba bang? Haeba ho joalo, na e etsoa feela ke methoaela e seng mekae ea batho, kapa na mokhatlo o hlophisitsoeng ka kakaretso o khothalletsa le ho tšehetsa mesebetsi e joalo?

Thuso e Lerato Liphuthehong tsa Sebaka ka Seng

Har’a Lipaki tsa Jehova, ho hlokomela likhutsana le bahlolohali ka phuthehong, hammoho le bafe kapa bafe ba hlaheloang ke tsietsi e boima, ho talingoa e le karolo ea borapeli ba tsona. (Jak. 1:27; 2:15-17; 1 Joh. 3:17, 18) Ka tloaelo mebuso ea lefatše e etsa tokisetso bakeng sa lipetlele, bolulo bakeng sa ba hōlileng, le litokisetso tsa thuso ea sechaba bakeng sa batho ba sa sebetseng sechabeng ka kakaretso, ’me Lipaki tsa Jehova li tšehetsa litokisetso tseo ka ho lefa makhetho a tsona ka hloko. Leha ho le joalo, kaha lia hlokomela hore ke ’Muso oa Molimo feela o ka rarollang mathata a batho ka ho sa feleng, Lipaki tsa Jehova li ikitlaetsa le ho nehela matlotlo a tsona haholo-holo ho ruteng ba bang ka seo. Ena ke tšebeletso ea bohlokoa eo ho seng ’muso oa motho o fanang ka eona.

Liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova tse fetang 69 000 lefatšeng ka bophara, litlhoko tse khethehileng tse hlahang ka baka la botsofali le bokooa ba batho ba itseng hangata li hlokomeloa motheong oa motho ka mong. Joalokaha ho bontšitsoe ho 1 Timothea 5:4, 8, boikarabelo bona haholo-holo ke ba Mokreste ka mong hore a hlokomele ba ntlo ea hae. Bana, litloholo, kapa ba leloko ba haufi-ufi ba bontša lerato la Bokreste ka ho fana ka thuso ho ba hōlileng le ba likooa ho latela litlhoko tsa bona. Liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova ha li fokolise boikutlo bona ba boikarabelo ka ho jara litlamo tsa lelapa. Leha ho le joalo, haeba ho se na litho tsa lelapa tse haufi, kapa haeba ba nang le boikarabelo ba ke ke ba khona ho jara boikarabelo ka bobona, ba bang ka phuthehong ba ba thusa ka lerato. Ha ho hlokahala, phutheho ka kakaretso e ka etsa tokisetso bakeng sa thuso e itseng ho moena kapa khaitseli ea hlokang ea nang le tlaleho e telele ea tšebeletso e tšepahalang.—1 Tim. 5:3-10.

Ho hlokomela litlhoko tsena ha ho tlohelloe hore ho iketsahalle ka bohona. Mananeong a Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso, ao baholo ba ’nileng ba ba ho ’ona ka makhetlo ho tloha ka 1959, tlameho ea bona pel’a Molimo tabeng ena joaloka balisa ba mohlape e ’nile ea nahanisisoa ka ho khetheha nako le nako. (Ba-Heb. 13:1, 16) Hase hore ba ne ba sa hlokomele tlhoko ena pele ho nako eo. Ka mohlala, ka 1911, Phutheho ea Oldham Lancashire, Engelane, e ile ea fana ka thuso ea lintho tse bonahalang ho ba bang har’a bona ba tobaneng le mathata a tebileng a lichelete. Leha ho le joalo, ho tloha nakong eo mokhatlo o hlophisitsoeng lefatšeng ka bophara o ’nile oa hōla, lenane la ba hlaheloang ke mathata a tebileng le ’nile la eketseha, ’me Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa hlokomela ka ho eketsehileng seo Bibele e bontšang hore li lokela ho se etsa maemong a joalo. Haholo-holo lilemong tsa morao tjena, boikarabelo ba Bakreste bohle mabapi le ba leng har’a bona ba nang le litlhoko tse khethehileng—ba hōlileng, ba likooa, malapa a motsoali a le mong, le ba nang le bothata ba lichelete—bo ’nile ba tšohloa ke liphutheho tsohle libokeng tsa tsona.a

Kameho eo Lipaki ka bomong li e bontšang ho ba bang e akarelletsa ho hongata ho feta ho re, “Le futhumale, le khore!” Li bonahatsa thahasello ea botho e lerato. (Jak. 2:15, 16) Nahana ka mehlala e seng mekae.

Ha mosetsana e mong oa Sweden, e mong oa Lipaki tsa Jehova, a tšoaroa ke meningitis ha a etetse Greece ka 1986, le eena o ile a latsoa se boleloang ke ho ba le baena le bo-khaitseli ba Bakreste linaheng tse ngata. Ntate oa hae o ile a tsebisoa Sweden. Kapele-pele o ile a iteanya le moholo e mong oa phutheho ea Lipaki tsa Jehova Sweden ’me, ka thuso ea hae, a iteanya le Paki e ’ngoe Greece. Ho fihlela ha a khona ho khutlela Sweden libeke tse tharo hamorao, metsoalle ea Paki eo e nyenyane Greece le ka mohla ha ea ka ea e siea lepala-paleng.

Ka ho tšoanang, ha Paki e ’ngoe e hōlileng, ea mohlolohali, e lulang Wallaceburg, Ontario, Canada, e hloka thuso, lelapa leo e neng e le thusitse moeeng le ile la bontša kananelo ka ho e etsa karolo ea lelapa. Lilemo tse seng kae hamorao ha le fallela Barry’s Bay, e ile ea tsamaea le lona. E ile ea phela le lona ’me la e hlokomela ka lerato ka lilemo tse 19, ho fihlela ha e e-shoa ka 1990.

Motseng oa New York, banyalani ba Lipaki ba ile ba hlokomela monna e mong ea hōlileng ea neng a ba teng libokeng Holong ea ’Muso, a ntse a e-tla ka lilemo tse ka bang 15, ho fihlela ha a e-shoa ka 1986. Eitse ha a tšoaroa ke stroke, ba ile ba mo rekela lintho mabenkeleng, ba mo hloekisetsa, ba mo phehela, ’me ba mo hlatsoetsa. Ba ile ba mo tšoara joalokaha eka ke ntate oa bona oa nama.

Litlhoko tsa mefuta e meng le tsona li hlokomeloa ka lerato. Banyalani ba bang ba Lipaki United States ba ne ba rekisitse lehae la bona ’me ba falletse Montana bakeng sa ho thusa phutheho e ’ngoe moo. Leha ho le joalo, ka mor’a nako, ho ile ha hlaha mathata a tebileng a bophelo, moena o ile a tlohela mosebetsi, ’me lichelete tsa bona li ile tsa phophotheha. Ba ne ba tla iphelisa joang? Moena o ile a rapela Jehova hore a ba thuse. Eitse ha a qeta ho rapela, Paki e ’ngoe e ile ea kokota monyako. Ba ile ba intša kaofela bakeng sa ho ea noa kofi. Ha moena a khutla, o ile a fumana tafole e ka kichineng e tletse thepa. Thepa eo e ne e tsamaea le enfolopo e tšetseng chelete le lengolo le lekhutšoaane le balehang tjena: “E tsoa ho baena le bo-khaitseli ba lōna, ba le ratang haholo.” Phutheho e ne e hlokometse tlhoko ea bona, ’me e ile ea kenya letsoho bakeng sa ho e khotsofatsa. Ba susumelitsoe haholo ke lerato la bona, eena le mosali oa hae ba ile ba lla ’me ba leboha Jehova, eo mohlala oa hae oa lerato o susumetsang bahlanka ba hae.

Kameho e bontšang ho fana ka seatla se bulehileng eo Lipaki tsa Jehova li e bontšang bakeng sa ba itseng har’a tsona ba hlaheloang ke litlhoko tse itseng e se e tsejoa ka ho pharalletseng. Ka linako tse ling, batho ba ikhakantseng ba ’nile ba sebelisa monyetla oa sena. Kahoo ho ’nile ha hlokahala hore Lipaki li ithute ho ba hlokolosi, le hoja li sa tlohele takatso ea tsona ea ho thusa ba tšoanelehang.

Ha Ntoa e Siea Batho ba Futsanehile

Likarolong tse ngata tsa lefatše, batho ba ne ba setse ba futsanehile ka baka la ntoa. Mekhatlo ea thuso ea liphallelo e leka ho fana ka thuso, empa hangata tsamaiso ena e lieha ho sebetsa. Lipaki tsa Jehova ha li nahane hore mosebetsi o etsoang ke mafapha a joalo o li jarolla boikarabelo ba ho thusa baena ba tsona ba Bakreste libakeng tsena. Ha li tseba hore baena ba tsona baa hloka, ha li ‘koalle batho ba joalo monyako oa kutloelo-bohloko ea tsona e bonolo’ empa kapele-pele li etsa seo li ka se khonang ho ba thusa.—1 Joh. 3:17, 18, NW.

Nakong ea Ntoa II ea Lefatše, esita le linaheng tse hatelletsoeng ke khaello ea lichelete, Lipaki tse phelang mahaeng tse neng li ntse li e-na le lijo li ile tsa li arolelana le baena ba haelloang ba leng metseng. Netherlands sena se ile sa etsoa tlas’a maemo a kotsi haholo ka baka la lithibelo tse thata tse entsoeng ke baeta-pele ba Nazi. Ha Gerrit Böhmermann a le thōmong e ’ngoe e joalo ea liphallelo, o ne a etelletse pele sehlopha sa baena ba palameng libaesekele tse neng li laetse lijo tse koahetsoeng ka seile. Ka tšohanyetso ba ile ba fihla sebakeng seo batho ba phenya-phenngoang ho sona motseng oa Alkmaar. Gerrit o itse: “Ho ne ho se khetho e ’ngoe haese ho tšepa Jehova ka ho felletseng.” Ntle le ho fokotsa lebelo haholo, o ile a hoeletsa ofisiri e ’ngoe: “Wo ist Amsterdam?” (Tsela e eang Amsterdam ke efe?) Ofisiri eo e ile ea suthela ka thōko ’me ea mo supisa pele e hoelelitse: “Geradeaus!” (Ke eona ena e ka pele!) “Danke schön!” (Kea leboha!) e bile karabelo ea Gerrit ha sehlopha sena sa libaesekele ka kakaretso se feta ka lebelo le leholo ’me batho ba shebelletse ka ho makala. Ketsahalong e ’ngoe, Lipaki li ile tsa atleha ho tlisetsa baena ba tsona ba leng Amsterdam litapole tse tletseng seketsoana.

Hona ka har’a likampo tsa mahloriso Europe, moea ona o ile oa bontšoa ke Lipaki tsa Jehova. Mocha e mong ea lilemo li 17 ea neng a koalletsoe kampong e haufi le Amersfoort, Netherlands, o ile a theoha ’meleng ho fihlela ho setse masapo feela. Empa lilemong tse latelang, le ka mohla ha a ka a lebala hore ka mor’a ho qobelloa ho ikoetlisa puleng ea litloebelele ho fihlela bosiu bo boholo eaba ba tingoa lijo, Paki e ’ngoe e tsoang karolong e ’ngoe ea kampo e ile ea khona ho fihla ho eena le ho mo fa lekumane la bohobe ka letsohong. ’Me kampong ea mahloriso e Mauthausen Austria, Paki eo kabelo ea eona e neng e hloka hore e tlohe karolong e ’ngoe ea kampo ho ea ho e ’ngoe hangata e ne e beha bophelo ba eona kotsing ka ho isa lijo tseo Lipaki li li bolokileng ho tsoa bohashaneng ba lijo tse lekanyelitsoeng ho Lipaki tse ling tse neng li tingoa lijo ka sehlōhō.

Ka mor’a ntoa Lipaki tsa Jehova tse ileng tsa tsoa literonkong le likampong tsa mahloriso tsa Jeremane li ne li apere feela liaparo tsa teronko. Thepa ea ba bangata ba neng ba se teronkong e ile ea senngoa. Lijo, liaparo, le libeso li ne li haella ho pholletsa le karolo e khōlō ea Europe. Kapele-pele Lipaki tsa Jehova linaheng tsena li ile tsa hlophisa liboka tsa phutheho ’me tsa qala ho thusa ba bang moeeng ka ho arolelana le bona litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Empa le tsona li ne li hloka thuso ka litsela tse ling. Ba bangata ho tsona ba ne ba fokotse haholo ke tlala hoo hangata ba neng ba akheha nakong ea liboka.

Bona e ne e le boemo boo Lipaki li neng li e-s’o tobane le bona ka tekanyo e khōlō joalo. Leha ho le joalo, khoeling eo ka eona ntoa e ileng ea lala ka molao tikolohong ea Pacific, Lipaki tsa Jehova li ile tsa tšoara kopano e khethehileng Cleveland, Ohio, eo ho eona li ileng tsa buisana ka seo ho hlokahalang hore se etsoe bakeng sa ho phallela baena ba tsona ba Bakreste ba linaheng tse harasantsoeng ke ntoa le kamoo li ka finyellang sena ka teng. Puo e khothatsang e reng “Mpho ea Hae e ke Keng ea Lekanngoa,” e ileng ea fanoa ke F. W. Franz, e ile ea fana ka keletso ea Mangolo e ileng ea finyella ka botlalo litlhoko tsa boemo boo.b

Ka mor’a libeke tse seng kae, hang-hang ha batho ba se ba lumelletsoe ho tsamaea sebakeng seo, N. H. Knorr, mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, le M. G. Henschel ba ile ba kena tseleng e eang Europe ho ea bona maemo ao ka bobona. Le pele ba tloha ho kena leetong leo, ho ne ho ntse ho etsoa litokisetso tsa thuso ea liphallelo.

Lithomello tsa pele li ile tsa tloha Switzerland le Sweden. Tse ngata li ile tsa latela li tsoa Canada, United States, le linaheng tse ling. Le hoja lenane la Lipaki linaheng tse neng li le boemong ba ho fana ka thuso e joalo e ne e le tse ka bang 85 000 feela nakong eo, li ile tsa romela liaparo le lijo ho Lipaki tse ling Austria, Belgium, Bulgaria, Chaena, Czechoslovakia, Denmark, Engelane, Finland, Fora, Greece, Hungary, Italy, Jeremane, Netherlands, Norway, Philippines, Poland, le Romania. Boo e ne e se boiteko ba ho qetela. Lithomello tsa thuso ea liphallelo li ile tsa tsoela pele ka lilemo tse peli le halofo. Pakeng tsa January 1946 le August 1948, li ile tsa romela lik’hilogramo tse 479 114 tsa liaparo, lipara tse 124 110 tsa lieta, le lik’hilogramo tse 326 081 tsa lijo e le limpho tse eang ho Lipaki tsa habo tsona. Ha ho lichelete tse ileng tsa nkoa bakeng sa ho koahela litšenyehelo tsa tsamaiso. Ho hlopshoa le ho pakoa ha thepa ho ile ha etsoa ke baithaopi ba sa lefshoeng. Lichelete tse nehetsoeng kaofela li ile tsa sebelisoa bakeng sa ho thusa batho bao li reretsoeng ho sebelisoa ho bona.

Ha e le hantle, tlhoko ea thuso ea liphallelo tse eang ho baphaphathehi le ba bang bao ntoa e ba siileng ba futsanehile ha ea ka ea fella morao koo ka bo-1940. Ho ’nile ha ba le lintoa tse makholo-kholo ho tloha ka 1945. ’Me kameho e tšoanang e lerato e ’nile ea tsoela pele ho bontšoa ke Lipaki tsa Jehova. Sena se etsahetse nakong ea ntoa e neng e loanoa Biafra Nigeria le ka mor’a eona, ho tloha ka 1967 ho ea ho 1970. Ho ile ha fanoa ka thuso e tšoanang Mozambique ka 1980.

Liberia le teng, ho bile le tlala ka baka la ntoa e qalileng ka 1989. Ha batho ba ntse ba baleha, moaho oa Watch Tower o Monrovia o ile oa tlala baphaphathehi ba makholo-kholo. Lijo leha e le life tse neng li le teng moo, hammoho le metsi a tsoang selibeng, a ile a arolelanoa le Lipaki le baahisani bao e seng Lipaki. Joale, kapele-pele ha maemo a lumela, liphallelo tse eketsehileng li ile tsa tla li tsoa ho Lipaki tse leng Sierra Leone le Côte d’Ivoire Afrika Bophirimela, Netherlands le Italy Europe, le United States.

Ka 1990 hape, ka mor’a hore ntoa e neng e le Lebanon e siee likarolo tse itseng tsa Beirut li shebahala joalokaha eka ho bile le tšisinyeho ea lefatše, baholo har’a Lipaki tsa Jehova ba ile ba hlophisa komiti ea liphallelo maemong a tšohanyetso bakeng sa ho fana ka thuso e hlokahalang ho baena. Ho ne ho sa hlokahale hore ho batloe baithaopi; letsatsi le letsatsi ba bangata ba ile ba ithaopela ho thusa.

Nakong ea merusu e meholo ea lipolotiki le ea moruo Europe, Lipaki tsa Jehova tse Austria, Czechoslovakia, Hungary, le Yugoslavia li ile tsa romela litone tse fetang 70 tsa thepa e hlokahalang ho baena ba tsona ba Bakreste ba leng Romania ka 1990.

Sena se ile sa lateloa ke lithomello tse eketsehileng tsa thuso ea liphallelo Europe Bochabela. Sehlopha se Busang se ile sa kōpa ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e Denmark hore e hlophise thuso ea liphallelo bakeng sa Lipaki tse hlokang Ukraine. Liphutheho li ile tsa tsebisoa ’me tsa chesehela ho kenya letsoho. Ka December 18, 1991, literaka tse hlano le livene tse peli tse khannoang ke baithaopi ba Lipaki li ile tsa fihla Lviv li laetse litone tse 22 tsa thepa—e leng pontšo ea kameho e lerato bakeng sa baena ba bona ba Bakreste. Ho tsoela pele ho fihlela ka 1992, lithomello li ile tsa boela tsa fihla li tsoa ho Lipaki Austria—litone tse fetang 100 tsa lijo le liaparo. Ho ile ha romeloa thepa e eketsehileng e tsoang ho Lipaki Netherlands—litone tsa pele tse 26 tsa lijo, ’me ha latela sehlopha sa literaka tse 11 tse laetseng liaparo, hape le lijo tse eketsehileng bakeng sa ho khotsofatsa tlhoko e ntseng e tsoela pele. Ba li amohetseng ba ile ba leboha Molimo ’me ba retelehela ho eena bakeng sa bohlale ba ho sebelisa se fanoeng. Ba ne ba kopana ka thapelo pele ba laolla literaka le ha mosebetsi o phethiloe. Lithomello tse ling tse khōlō tsa liphallelo li ile tsa romeloa ke Lipaki Italy, Finland, Sweden, le Switzerland. Nakong eo ka eona sena sohle se neng se ntse se tsoela pele, maemo a pherekano har’a lirephabliki tseo pele li neng li bōpa Yugoslavia a ile a hlahisa tlhoko moo. Lijo, liaparo, le meriana le tsona li ile tsa romeloa sebakeng seo. Ho sa le joalo, Lipaki tse metseng eo li ile tsa bula matlo a tsona bakeng sa ho hlokomela bao matlo a bona a sentsoeng.

Ka linako tse ling ba hlokang thuso ka matla ba libakeng tse hōle, ’me boemo ba bona ha bo tsejoe ka ho pharalletseng. Ho bile joalo ka malapa a 35 a Lipaki tsa Jehova Guatemala. Metse ea tsona e ne e hapiloe ke lihlotšoana tse loantšanang. Ha qetellong li khona ho khutlela teng ka 1989, li ne li hloka thuso ea ho tsosolosa lintho. E le ho tšehetsa thuso e fanoeng ke ’muso ho ba khutletseng ka har’a naha, ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e ile ea bōpa komiti ea maemo a tšohanyetso bakeng sa ho thusa malapa ana a Lipaki, ’me Lipaki tse ling tse ka bang 500 tse tsoang liphuthehong tse 50 li ile tsa ithaopela ho thusa mosebetsing oa tsosoloso.

Ho na le maemo a mang a etsang hore batho ba be le tlhoko e matla ka baka la molato oo e seng oa bona. Litšisinyeho tsa lefatše, maholiotsoana, le likhohola ke liketsahalo tse atileng. Ka karolelano, ho boleloa hore lefatše le hlaseloa ke likoluoa tse khōlō tse fetang 25 selemo le selemo.

Ha Matla a Tlhaho a Baka Tšenyo

Ha maemo a tšohanyetso a tebileng a amang Lipaki tsa Jehova a hlahisoa ke likoluoa, ho nkoa mehato e potlakileng ea ho fana ka thuso e hlokahalang. Baholo ba sebaka ka seng ba ithutile hore ha ba tobane le maemo a joalo, ba lokela ho etsa boiteko bo tiileng ba ho iteanya le bohle phuthehong. Ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e hlokometseng mosebetsi oa ’Muso sebakeng seo kapele-pele e hlahloba boemo ebe e tlalehela ntlo-khōlō ea lefatše. Moo ho hlokahalang thuso e eketsehileng ho feta e ka fanoang sebakeng ka seng, ho etsoa litokisetso tse hlophisitsoeng ka hloko, ka linako tse ling e le tse tsoang linaheng lisele. Morero hase ho leka ho hōlisa tekanyo ea bophelo ea ba amehileng empa ke ho ba thusa ho ba le litlhoko tsa bophelo tseo ba neng ba li tloaetse.

Tlaleho ea koluoa e fanoang thelevisheneng feela e lekane bakeng sa ho susumetsa Lipaki tse ngata ho letsetsa baholo ba ikarabellang sebakeng seo hore li ithaopele ho thusa kapa ho fana ka chelete kapa thepa. Tse ling li romela lichelete ofising ea lekala kapa ntlo-khōlō ea lefatše bakeng sa hore e sebelisoe mererong ea liphallelo. Lia tseba hore ho hlokahala thuso, ’me li batla ho kenya letsoho. Moo ho nang le tlhoko e khōloanyane, Mokhatlo oa Watch Tower o ka ’na oa tsebisa baena sebakeng se lekanyelitsoeng e le hore ba ka thusa ha ba khona. Ho thehoa komiti ea liphallelo e le hore e ka hlokomela ho tsamaisoa ha litaba sebakeng se hlahetsoeng ke koluoa.

Ka hona, ha karolo e khōlō ea Managua, Nicaragua, e senngoa ke tšisinyeho e matla ea lefatše ka December 1972, balebeli ba liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova sebakeng seo ba ile ba kopana ka mor’a lihora tse seng kae bakeng sa ho etsa boiteko bo kopanetsoeng. Ho ile ha hlahlobjoa ka potlako boiketlo ba Paki ka ’ngoe motseng oo. Letsatsing lona leo liphallelo li ile tsa qala ho fihla li tsoa liphuthehong tse haufi; eaba kapele-pele li fihla li tsoa Costa Rica, Honduras, le El Salvador. Litsi tse 14 tseo liphallelo li neng li tla isoa ho tsona li ile tsa hlophisoa mathōkong a Managua. Chelete le thepa e tsoang ho Lipaki likarolong tse ngata tsa lefatše li ile tsa fetisetsoa Nicaragua ka ntlo-khōlō ea machaba ea Mokhatlo oa Watch Tower. Lijo le thepa e ’ngoe (ho akarelletsa le likerese, mollo, le sesepa) li ile tsa abjoa ho latela boholo ba lelapa ka leng, lelapa ka leng la fuoa thepa ea matsatsi a supileng. Ha tšebetso ena e fihla sehlohlolong, batho ba ka bang 5 000—Lipaki, malapa a tsona, le beng ka tsona bao li neng li lula le bona—ba ile ba feptjoa. Mesebetsi ea liphallelo e ile ea tsoela pele ka likhoeli tse leshome. Ha mafapha a ’muso le mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu a bona se etsahalang, le ’ona a ile a fana ka lijo, litente, le thepa e ’ngoe.

Ka 1986, ha thaba e ’ngoe e foqoha seretse se chesang ’me sena se qobella batho ba 10 000 ho baleha sehleke-hlekeng sa Izu-Oshima, haufi le lebōpo la Japane, liketsoana tse laetseng baphaphathehi li ile tsa khahlanyetsoa ke Lipaki tsa Jehova tse ileng tsa etsa lipatlisiso tse matla bakeng sa ho fumana baena ba tsona ba moea. E mong oa ba balehileng o itse: “Ha re tloha Oshima, rōna ka borōna re ne re sa tsebe moo re eang.” Lintho tsohle li ne li etsahetse ka lepotla-potla. “Leha ho le joalo, ha re theoha sekepeng, re ile ra bona letšoao le reng, ‘Lipaki tsa Jehova.’ . . . Mosali oa ka o ile a sekisa meokho kaha o ile a ikutloa a lopolohile ha a fumana baena ba rōna ba eme moo bakeng sa ho tla re khahlanyetsa koung.” Ka mor’a ho bona kamoo Lipaki tse balehileng li hlokometsoeng ka teng, eseng feela ha li fihla empa le ka mor’a moo, esita le batho ba neng ba li hloile pele ba ile ba re: “Le entse hantle hore le khomarele bolumeli boo.”

Lipaki li etsa boiteko bohle ba ho fana ka thuso libakeng tse oetsoeng ke koluoa kapele-pele kamoo ho ka khonehang. Ka 1970, ha Peru e hlaheloa ke tšisinyeho ea lefatše e senyang ka ho fetisisa historing ea eona, lithuso tsa liphallelo tsa tšohanyetso li ile tsa romeloa ka potlako li tsoa ntlo-khōlō ea lefatše New York, ’me ha latela litone tse 15 tsa liaparo. Leha ho le joalo, esita le pele thepa eo e rometsoeng e fihla, Lipaki li ne li se li khannile sehlopha sa makoloi a laetseng thepa ea liphallelo ho kena metseng le metsaneng e neng e sentsoe, tsa etsa joalo ka mor’a lihora tse seng kae hoba litsela li buloe. Mohato ka mohato matsatsing le libekeng tse latelang, li ile tsa fana ka thuso e hlokahalang, ea nama le ea moea, ho lihlopha tse sa tšoaneng tse leng lithabeng tse phahameng tsa Andes. ’Me, ka 1980, ha likarolo tse itseng tsa Italy li sisinngoa ke tšisinyeho e matla ea lefatše bosiung ba November 23, teraka ea pele e laetseng thepa e rometsoeng ke Lipaki e ile ea fihla sebakeng se oetsoeng ke koluoa letsatsing le latelang feela. Kapele-pele li ile tsa haha kichene, eo lijo tse phehiloeng ke bo-khaitseli letsatsi le letsatsi li neng li tla abjoa teng. Motho e mong ea shebelletseng mesebetsi e entsoeng ea liphallelo sehleke-hlekeng sa Caribbean o itse: “Lipaki li sebelitse kapele ho feta ’muso.” Mohlomong ka linako tse ling sena ke ’nete, empa ka sebele Lipaki tsa Jehova li ananela thuso ea bahlanka ba ’muso ba etsang boiteko ba ho finyella kapele libakeng tse joalo tse oetsoeng ke koluoa.

Nakong ea tlala e bileng teng Angola ka 1990, ho ile ha hlokomeleha hore Lipaki sebakeng seo li hloka lijo le liaparo ka matla. Leha ho le joalo, ho fihla ho tsona e ne e tla ba bothata hobane Lipaki tsa Jehova li ne li thibetsoe naheng eo ka lilemo tse ngata. Leha ho le joalo, baena ba tsona ba Bakreste Afrika Boroa ba ile ba laela teraka ka thepa ea liphallelo ea boima ba litone tse 25. Ha ba le tseleng, ba ile ba etela ba boholong Angola ’me ba lumelloa ho tšela borokho. E le hore ba ka fihla ho baena, ho ile ha hlokahala hore ba fete litsing tse 30 tsa sesole tseo makoloi a emisoang ho tsona, le moo borokho bo neng bo helehile, ba ile ba lokela ho tšela nōka eo nakong ea ha e e-ja litlhokoa holim’a borokho ba nakoana bo neng bo ahiloe bakeng sa bo helehileng. Ho sa tsotellehe sena sohle, thepa eohle e rometsoeng e ile ea fihla moo e eang teng e bolokehile.

Linakong tsa koluoa, ho etsoa ho hongata ho feta feela ho romela thepa ea liphallelo sebakeng se itseng. Ha liqhomane le mollo li senya sebaka se seng motsaneng oa Motseng oa Mexico ka 1984, kapele-pele Lipaki li ile tsa fihla moo bakeng sa ho fana ka thuso. Empa Lipaki tse ngata sebakeng seo ho ne ho sa tsejoe moo li leng teng, kahoo baholo ba ile ba hlophisa patlisiso e hlophisitsoeng hantle bakeng sa ho li fumana kaofela. Tse ling li ne li hasane li ile libakeng tse ling. Leha ho le joalo, baholo ba ile ba phehella ho fihlela ba li fumana kaofela. Thuso e ile ea fanoa ho latela se hlokahalang. Boemong ba khaitseli ea neng a lahlehetsoe ke monna le mora oa hae, sena se ile sa akarelletsa ho hlokomela litokisetso tsa lepato le ho fana ka tšehetso e felletseng, ea nama le ea moea, bakeng sa khaitseli eo le bana ba hae ba setseng.

Hangata, ho hlokahala ho hongata haholo ho feta lithuso tsa meriana, lijo tse seng kae, le liaparo tse itseng. Ka 1989 sefefo se ile sa senya mahae a Lipaki tse 117 Guadeloupe ’me sa ruthutha mahae a tse ling tse 300. Kapele-pele Lipaki tsa Jehova Martinique li ile tsa li phallela; eaba Lipaki tse leng Fora li romela litone tse fetang 100 tsa thepa ea kaho e le mpho ho li thusa. Sehleke-hlekeng sa St. Croix, ha Paki e ’ngoe e lahlehetsoeng ke lehae la eona e bolella basebetsi-’moho hore Lipaki tsa habo eona li tlil’o thusa li tsoa Puerto Rico, ba ile ba re: “Li ke ke tsa u etsetsa letho. U motho e motšo, ha u Lespanishe joaloka bona.” Basebetsi-’moho bao ba ile ba makala hakaakang ha kapele-pele a se a e-na le ntlo e ncha ka ho felletseng! Ka mor’a tšisinyeho ea lefatše e bileng teng Costa Rica ka 1991, Lipaki tsa sebaka seo le baithaopi ba tsoang linaheng lisele ba ile ba sebetsa hammoho bakeng sa ho thusa Lipaki tse sebakeng se oetsoeng ke koluoa. Li sa lebella ho boelloa ke letho, li ile tsa tsosolosa matlo a 31 le Liholo tsa ’Muso tse 5 ’me tsa lokisa tse ling. Bashebelli ba itse: ‘Lihlopha tse ling li bua ka lerato; lōna lea le bontša.’

Katleho eo mesebetsi ea liphallelo e ’nileng ea etsoa ka eona ke Lipaki tsa Jehova hangata e ’nile ea makatsa batho ba shebelletseng. California, U.S.A., ka 1986, lebōpo la Nōka ea Yuba le ile la phatloha ’me metsi a likhohola a qobella batho ba mashome a likete ho siea matlo a bona. Baholo ba Bakreste sebakeng seo ba ile ba iteanya le ntlo-khōlō New York, ’me ha thehoa komiti ea liphallelo. Hang ha metsi a qala ho kokobela, baithaopi ba makholo-kholo ba ne ba se ba itokiselitse mosebetsi. Pele mafapha a lefatše a liphallelo a khona ho qalisa tšebetso, matlo a Lipaki a ne a se a ntse a nchafatsoa. Ke hobane’ng ha li ile tsa khona ho nka khato kapele hakaalo?

Ntho e ka sehloohong e bile boithatelo ba Lipaki hore li ithaope kapele-pele ntle ho tefo, hammoho le ho nehelana ha tsona ka thepa e hlokahalang. Ntho e ’ngoe e bile hore li ne li na le phihlelo ea ho hlophisa lintho le ho sebetsa hammoho, kaha li etsa sena nako le nako e le hore li ka tsamaisa likopano tsa tsona le ho haha Liholo tse ncha tsa ’Muso. Leha ho le joalo ntho e ’ngoe ea bohlokoa ke hore li nahanne ka botebo ka seo Bibele e se bolelang ha e re, “E-bang le lerato le matla e mong ho e mong.”—1 Pet. 4:8, NW.

Menehelo e etsoang bakeng sa ho koahela litlhoko tse joalo hangata e tsoa ho batho ba nang le lintho tse fokolang haholo. Joalokaha hangata mangolo a bona a tsamaeang le menehelo eo a bolela: ‘Mpho ena e nyenyane, empa lipelo tsa rōna tsohle li leba ho bo-khaitseli le baena ba rōna.’ ‘Hoja feela nka romela ho eketsehileng, empa ke lakatsa ho arolelana le lōna seo Jehova a ntumelletseng ho ba le sona.’ Joaloka Bakreste ba lekholo la pele la lilemo Macedonia, ka tieo ba kōpa hore ba fuoe tokelo ea ho kenya letsoho bakeng sa ho fana ka litlhoko tsa bophelo ho ba hlahetsoeng ke tlhoko e itseng. (2 Ba-Kor. 8:1-4) Ha baahi ba fetang 200 000 ba Korea ba sala ba se na matlo ka baka la likhohola ka 1984, Lipaki tsa Jehova Rephabliking ea Korea li ile tsa arabela ka ho fana ka seatla se bulehileng hoo ofisi ea lekala e ileng ea lokela ho tsebisa hore ha ho sa hlokahala thuso e eketsehileng.

Bashebelli ba hlokomela habobebe hore Lipaki li susumetsoa ke ntho e ’ngoe e fetang feela boikutlo ba boikarabelo kapa kameho e akaretsang boiketlong ba sechaba. Kannete li rata baena le bo-khaitseli ba tsona ba Bakreste.

Ho phaella ho hlokomeleng litlhoko tsa nama, Lipaki tsa Jehova li fana ka tlhokomelo e khethehileng litlhokong tsa moea tsa baena ba tsona libakeng tse oetsoeng ke koluoa. Ho etsoa litokisetso kapele kamoo ho ka khonehang bakeng sa hore liboka tsa phutheho li qalise. Greece, ka 1986, sena se ile sa hloka hore ho hlongoe tente e khōlō ka ntle ho Kalamata bakeng sa ho e sebelisa joaloka Holo ea ’Muso, le tse nyenyane libakeng tse sa tšoaneng bakeng sa Lithuto tsa Buka ea Phutheho tsa har’a beke. Ka ho tšoanang, ka mor’a hore litlhoko tsa nama tsa mahlatsipa a tšenyo e bakiloeng ke seretse se ritsang Armero, Colombia, ka 1985, li hlokomeloe, lichelete tse setseng li ile tsa sebelisoa bakeng sa ho haha Liholo tse ncha tsa ’Muso bakeng sa liphutheho tse tharo sebakeng seo.

Esita leha mosebetsi o joalo oa tsosoloso o ntse o tsoela pele, Lipaki tsa Jehova li tsoela pele ho tšelisa ba bang ka likarabelo tse khotsofatsang tseo Lentsoe la Molimo le fanang ka tsona lipotsong tsa bona mabapi le morero oa bophelo, lebaka la likoluoa le lefu, le tšepo bakeng sa nako e tlang.

Mesebetsi ea liphallelo ea Lipaki ha ea etsetsoa ho hlokomela litlhoko tsa nama tsa e mong le e mong ea leng sebakeng se oetsoeng ke koluoa. Tumellanong le Ba-Galata 6:10, (NW) haholo-holo e reretsoe ‘ba amanang le tsona tumelong.’ Ka nako e tšoanang, ka thabo li thusa ba bang ha li khona. Ka mohlala, li ’nile tsa etsa joalo ha li fana ka thuso bakeng sa mahlatsipa a tšisinyeho ea lefatše Italy. United States, ha ho thusoa mahlatsipa a likhohola le lifefo, li ’nile tsa hloekisa le ho lokisa matlo a baahisani ba Lipaki tse oetsoeng ke tsietsi. Ha li botsoa hore na ke hobane’ng ha li etsa mesebetsi e joalo e bontšang mosa bakeng sa batho basele, li arabela feela ka hore ke hobane li rata baahisani ba tsona. (Matt. 22:39) Ka mor’a leholiotsoana le senyang karolong e ka boroa ho Florida, U.S.A., ka 1992, lenaneo le hlophisitsoeng hantle la liphallelo la Lipaki le ne le tsejoa haholo hoo mekhatlo e meng ea khoebo le batho ka bomong bao e seng Lipaki le ba neng ba batla ho etsa menehelo e toma ea thepa ea liphallelo ba ileng ba e lebisa ho Lipaki. Ba ne ba tseba hore mpho ea bona e ke ke ea tloheloa hore e phaellane, le hore e ke ke ea sebelisoa ho fumana phaello, empa e ne tla thusa ba anngoeng ke leholiotsoana, Lipaki le bao eseng Lipaki. Boikemisetso ba tsona ba ho thusa batho bao e seng Lipaki nakong ea koluoa bo ile ba ananeloa haholo Davao del Norte, Philippines, hoo ba boholong toropong eo ba ileng ba fetisa qeto e bolelang seo.

Leha ho le joalo, hase bohle ba ratang Bakreste ba ’nete. Nako le nako, ba hlaheloa ke mahloriso a sehlōhō. Boemo bona le bona, bo tlisa tšehetso e khaphatsehang e lerato ho Bakreste-’moho.

Ha li Talimane le Mahloriso a Sehlōhō

Moapostola Pauluse o tšoantšitse phutheho ea Bokreste le ’mele oa motho ’me a re: “Litho li mpe li baballane. ’Me setho se seng ha se utloa bohloko, litho tsohle li utloa bohloko le sona.” (1 Ba-Kor. 12:25, 26) Ke kamoo Lipaki tsa Jehova li arabelang ka teng ha li utloa litlaleho tsa mahloriso a baena ba tsona ba Bakreste.

Jeremane nakong ea puso ea Bonazi, ’muso o ile oa nka mehato e boima e thibelang Lipaki tsa Jehova. Ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 20 000 feela Jeremane nakong eo, sehlopha se senyenyane se neng se nyatsoa ke Hitler. Ho ne ho hlokahala khato e kopanetsoeng. Ka October 7, 1934, phutheho e ’ngoe le e ’ngoe ea Lipaki tsa Jehova ho pholletsa le Jeremane e ne e bokana ka sekhukhu, e rapela hammoho, ’me ea romela lengolo ’musong le bolelang boikemisetso ba tsona ba ho tsoela pele ho sebeletsa Jehova. Joale ba bangata ba neng ba ba teng libokeng tseo ba ne ba tsoa ntle ho tšabo ba il’o pakela baahisani ba bona ka lebitso le ’Muso oa Jehova. Ka letsatsi le le leng, Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka kakaretso li ile tsa bokana liphuthehong tsa tsona ’me, ka mor’a thapelo e kopanetsoeng, tsa romela li-cablegram ’musong oa Hitler bakeng sa ho tšehetsa baena ba tsona ba Bakreste.

Ka 1948, ka mor’a hore mahloriso a Lipaki tsa Jehova a hlohlellelitsoeng ke baruti Greece a pepesoe, mopresidente oa Greece le matona a sa tšoaneng a ’muso a ile a fumana mangolo a likete-kete a tsoang ho Lipaki tsa Jehova lebitsong la baena ba tsona ba Bakreste. A ne a tsoa Philippines, Australia, Amerika Leboea le Boroa, le libakeng tse ling.

Ha makasine oa Tsoha! o pepesa mekhoa e kang ea lekhotla le otlang bakhelohi e sebelisoang khahlanong le Lipaki Spain ka 1961, mangolo a boipelaetso a ile a fihla ka bongata ho ba boholong moo. Ba boholong ba ne ba tšohile ha ba hlokomela hore batho lefatšeng ka bophara ba tseba hantle seo ba se etsang, ’me ka baka leo, le hoja mahloriso a ile a tsoela pele, mapolesa a mang a ile a qala ho ithiba haholo ha a sebetsana le Lipaki. Linaheng tse sa tšoaneng tsa Afrika le teng, ba boholong ba ile ba fumana melaetsa e tsoang ho Lipaki likarolong tse ling tse ngata tsa lefatše ha li hlokomela tšoaro e sehlōhō e sebelisoang ho baena le bo-khaitseli ba tsona ba Bakreste moo.

Haeba ho sa fumanehe karabelo e molemo ’musong, Lipaki tse hlorisoang ha li lebaloe. Ka baka la ho ntšetsa pele mahloriso a bolumeli ka lilemo tse ngata, nako le nako mebuso e meng e ’nile ea amohela mangolo a mangata a boipiletso le boipelaetso. Ho bile joalo Argentina. Ketsahalong e ’ngoe ka 1959, mongoli oa Lefapha la Litaba tsa ka Ntle ho Naha le Litšebeletso tsa Bolumeli o ile a isa e mong oa baena ba rōna ka kamoreng eo ho eona ho nang le raka ea libuka e tletseng mangolo a amohetsoeng ka bongata a tsoang lefatšeng ka bophara. O ne a maketse hore ebe motho ea leng sebakeng se hōle joaloka Fiji a ka ngola a ipiletsa bakeng sa tokoloho ea borapeli Argentina.

Maemong a itseng ho ’nile ha fanoa ka tokoloho e eketsehileng ha babusi ba hlokomela hore batho lefatšeng ka bophara ba tseba seo ba se etsang le hore ho na le ba bangata ba hlileng ba tsotellang. Ho bile joalo Liberia ka 1963. Masole a ’muso a ne a tšoere ba tlileng kopanong Gbarnga ka sehlōhō. Mopresidente oa Liberia o ile a amohela mangolo a mangata a boipelaetso a tsoang lefatšeng ka bophara, ’me Lefapha la Naha la U.S. le ile la kenella hobane ho ne ho ameha moahi oa U.S. Qetellong, Mopresidente Tubman o ile a romela molaetsa oa thelekramo ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower a hlalosa hore o ikemiselitse ho amohela moifo oa Lipaki tsa Jehova bakeng sa ho tšohla litaba. Ba babeli moifong oo—Milton Henschel le John Charuk—ba ne ba le Gbarnga. Mr. Tubman o ile a lumela hore se etsahetseng ke “ketso e sehlōhō” ’me a re: “Ke masoabi hore ebe sena se etsahetse.”

Ka mor’a puisano eo, ho ile ha ntšoa Molao-taelo o tsebisang “batho bohle ka har’a naha, hore Lipaki tsa Jehova li tla ba le tokelo le monyetla oa ho kena ka bolokolohi karolong efe kapa efe ea naha bakeng sa ho ntšetsa pele mosebetsi oa tsona oa boromuoa le borapeli ba bolumeli ntle ho tšitiso e tsoang ho mang kapa mang. Li tla fumana tšireletso ea molao ho tsona ka botsona le thepeng ea tsona le tokelo ea ho rapela Molimo ka bolokolohi ho latela tataiso ea letsoalo la tsona, ka nako e tšoanang li ntse li boloka melao ea Rephabliki ena ka ho bontša tlhompho ho folaga ea naha ha e phahamisoa kapa e theoloa litšebeletsong ka ho ema lipasha.” Empa ho ne ho sa hlokoe hore li e lumelise, e leng ho khahlanong le letsoalo la tsona la Bokreste.

Leha ho le joalo, ka 1992, ho ne ho ntse ho e-s’o amoheloe phatlalatso e joalo ea molao e tsoang Malawi, le hoja pefo sebakeng seo khahlanong le Lipaki e ne e kokobetse haholo. Lipaki tsa Jehova moo li ’nile tsa tobana le mahloriso a bolumeli a sehlōhō ka ho fetisisa historing ea Afrika. Leqhubu le leng la mahloriso le ile la putula naha eo ka 1967; le leng la qala mathoasong a bo-1970. Ho ile ha ngoloa mangolo a mashome a likete lebitsong la tsona a tsoang likarolong tsohle tsa lefatše. Ho ile ha romeloa melaetsa ka thelefono. Ha romeloa melaetsa ea cablegram. Batho ba bang ba hlahelletseng lefatšeng ba ile ba bua ba susumetsoa ke kameho ka boiketlo ba sechaba.

Ho bile le sehlōhō se fetelletseng hoo Lipaki tsa Jehova tse ka bang 19 000 le bana ba tsona li ileng tsa balehela Zambia ka 1972. Kapele-pele liphutheho tse haufinyane tsa Lipaki Zambia li ile tsa bokella lijo le likobo bakeng sa baena ba tsona. Chelete le thepa e fanoeng ke Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle e ile ea fihla ka bongata liofising tsa lekala tsa Watch Tower eaba li romeloa ho baphaphathehi ke ofisi ea ntlo-khōlō New York. Ho ile ha fihla tse ngata haholo bakeng sa ho hlokomela litlhoko tsohle tsa baphaphathehi kampong ea Sinda Misale. Ha litaba li fihla kampong kaofela tsa hore literaka tse laetseng lijo, liaparo, le liseile bakeng sa ho etsa maphephe li fihlile, baena ba Malawi ba ile ba seka meokho ea thabo ka baka la bopaki bona ba lerato la baena ba bona ba Bakreste.

Ha bafe le bafe har’a tsona ba tšoeroe, Lipaki tse ling ha li ba lahle, esita leha ho ameha hore li ipehe kotsing. Nakong ea thibelo Argentina, ha sehlopha sa Lipaki se ne se tšoeroe ka lihora tse 45, Lipaki tse ling tse ’nè li ile tsa li tlisetsa lijo le liaparo, eaba le tsona li kenngoa teronkong. Ka 1989 mosali oa molebeli oa potoloho Burundi, ha a hlokomela mahlomola a baena ba hae ba Bakreste, o ile a leka ho ba isetsa lijo teronkong. Empa le eena ka boeena o ile a tšoaroa ’me a bolokoa litlamong libeke tse peli, hobane mapolesa a ne a leka ho fumana monna oa hae.

Hammoho le sohle seo li ka se etsang ka litsela tsena tsohle, lerato bakeng sa baena ba tsona ba Bakreste le susumelletsa Lipaki tsa Jehova ho phahamisa mantsoe a tsona ka ho lebisa lithapelo ho Molimo lebitsong la bona. Ha li rapelle hore Molimo a felise ka ho panya ha leihlo lintoa le likhaello tsa lijo, hobane Jesu Kreste o boletse lintho tse joalo esale pele bakeng sa mehla ea rōna. (Matt. 24:7) Leha e le hona hore li rapella hore Molimo a thibele mahloriso ’ohle, hobane Bibele e bolela ka ho hlaka hore Bakreste ba ’nete ba tla hlorisoa. (Joh. 15:20; 2 Tim. 3:12) Empa ka tieo li kōpa hore baena le bo-khaitseli ba tsona ba Bakreste ba matlafatsoe hore ba eme ba tiile tumelong ho sa tsotellehe mathata leha e le afe a ba tlelang. (Bapisa le Ba-Kolosse 4:12.) Tlaleho e pakang matla a tsona a moea e fana ka bopaki bo bongata ba hore lithapelo tse joalo li ’nile tsa arabeloa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Molula-Qhooa, March 15, 1981, maqephe 24-30 (September 15, 1980, ka Senyesemane); October 15, 1986, maqephe 10-21; June 1, 1987, maqephe 4-18; July 15, 1988, maqephe 21-3; March 1, 1990, maqephe 20-2.

b Bona Molula-Qhooa (oa Senyesemane), December 1, 1945, maqephe 355-63.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 305]

Ho hlokomela maemo a tlhoko e khethehileng ha ho tlohelloe hore ho iketsahalle ka bohona

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 307]

Thuso e tlisoang ke kameho e lerato ea botho

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 308]

Ho hlokomela litlhoko tse matla tsa thuso ea liphallelo

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 312]

Patlisiso e hlophisitsoeng hantle ea ho batla Lipaki kaofela sebakeng se oetsoeng ke koluoa

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 315]

Ho etsa le bao e seng Lipaki hantle

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 317]

Meokho ea thabo e bakoang ke lerato le bontšoang ke baena ba bona ba Bakreste

[Lebokose le leqepheng la 309]

“Ka Sebele Lea Ratana”

Ka mor’a ho shebella baithaopi ba Lipaki naheng e harasantsoeng ke ntoa ea Lebanon ha ba tsosolosa ka ho felletseng lehae le neng le senyehile hampe la e mong oa bo-khaitseli ba bona ba Bakreste, baahisani ba hae ba ile ba susumelletseha ho botsa: “Lerato lee le tsoa hokae? Le batho ba mofuta ofe?” ’Me mosali e mong oa Momosleme, ea neng a shebelletse ha lehae la Paki le ntse le hloekisoa ’me le lokisoa, o ile a re: “Ka sebele lea ratana. Bolumeli ba lōna ke bona bo nepahetseng.”

[Lebokose le leqepheng la 316]

Baena le Bo-khaitseli ba ’Nete

Mabapi le baphaphathehi ba Lipaki ba Cuba ba leng Fort Chaffee, Arkansas, “Arkansas Gazette” e itse: “Ke bona ba pele ba ho fumaneloa mahae a macha hobane ‘baena le bo-khaitseli’ ba bona ba Maamerika—Lipaki tsa Jehova ’moho le bona—ba ile ba ba batla. . . . Ha Lipaki li bitsa bo-mphat’oa tsona ba moea naheng leha e le efe ‘baena le bo-khaitseli,’ ke sona seo li hlileng li se bolelang.”—Tokollo ea April 19, 1981.

[Litšoantšo tse leqepheng la 306]

Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, li ile tsa romela lijo le liaparo ho Lipaki tse ling tse hlokang linaheng tse 18

United States

Switzerland

[Litšoantšo tse leqepheng la 310]

Ka 1990, Lipaki tse linaheng tse haufi li ile tsa etsa boiteko bo kopanetsoeng ba ho thusa balumeli-’moho Romania

[Litšoantšo tse leqepheng la 311]

Lipaki tse ileng tsa pholoha tšisinyeho ea lefatše e etsahetseng Peru li ile tsa ikahela motse oa tsona oa setšabelo ’me tsa thusana

Thepa ea liphallelo e tlisoang ke Lipaki tse ling (ka tlaase) e bile e ’ngoe ea pele ea ho fihla sebakeng seo

[Litšoantšo tse leqepheng la 313]

Hangata mesebetsi ea liphallelo e akarelletsa ho fana ka thepa ea kaho le baithaopi ba tla thusa Lipaki tse ling ho tsosolosa matlo a tsona

Guatemala

Panama

Mexico

[Setšoantšo se leqepheng la 314]

Mesebetsi ea Lipaki ea liphallelo e akarelletsa ho ahoa moeeng. Kalamata, Greece, le ka ntle ho motse, kapele-pele litente li ile tsa hlongoa bakeng sa liboka

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela