Litsebiso
◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka March: Lekunutu la Thabo ea Lelapa ka monehelo oa R4,00. April le May: Peeletso ea selemo ea Molula-Qhooa e tlang ka poso ka monehelo oa R41,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo ea likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli kapa peeletso ea likhoeli tse tšeletseng ea likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R20,50. Lipeeletso tsa club ke R24,00 le R12,00 ka ho latellana. Etsa boiteko bo khethehileng ba ho nehelana ka likopi tsa limakasine ha mpho e hanoa. Bakeng sa tšebeletso ea har’a beke le tšimo e akaretsoang kamehla, bukana e ncha ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?, le eona e ka sebelisoa. June: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R4,00. Lebisa tlhokomelo tabeng ea ho qalisa lithuto tsa mahae tsa Bibele.
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba tlaleho ea lichelete ea phutheho ka la 1 March kapa kapele-pele kamoo ho ka etsahalang ka mor’a moo. Tsebisa phutheho ha sena se entsoe.
◼ Mongoli le molebeli oa tšebeletso ba lokela ho hlahloba mosebetsi oa bo-pula-maliboho bohle ba kamehla. Haeba leha e le bafe ba thatafalloa ho finyella lihora tse hlokahalang, baholo ba lokela ho lokisetsa hore ho fanoe ka thuso. Bakeng sa litlhahiso, hlahlobang mangolo a Mokhatlo (S-201) a la 1 October, 1993, le 1 October, 1992. Bonang hape le serapa sa 12-20 sa kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea August 1986.
◼ Sehlopha sa baholo se lokela ho hlokomela hore liphetoho tse latelang lia hlokahala ha phutheho e e-ea likopanong tsa sebakeng seo: Ha ho e-na le kopano ea letsatsi le khethehileng, phutheho e lokela ho ba le liboka tsohle tse tloaelehileng har’a beke, kantle ho Seboka sa Phatlalatsa le Thuto ea Molula-Qhooa tse lokelang ho hlakoloa. Ha phutheho e e-ea kopanong ea potoloho, Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Seboka sa Tšebeletso li tla hlakoloa; ke Thuto ea Buka ea Phutheho feela e tla tšoaroa bekeng eo.
◼ Puo e khethehileng nakong ea Sehopotso selemong sena e tla fanoa liphuthehong tse ngata ka Sontaha, la 6 April. Sehlooho sa puo se re “Ipoloke U Hloekile Litšileng Tsa Lefatše.” Kaofela ha rōna re lokela ho ba teng, ’me re lokela ho thusa ba thahasellang ba neng ba tlile Sehopotsong ho ba teng bakeng sa puo. Ka sebele seo re tla se utloa e tla ba sesosa sa boikemisetso bo bocha ba ho thabisa Molimo.
◼ Hore le rue molemo o moholo ka ho fetisisa lithutong tsa phutheho bukeng ea Motho e Moholo, ka kōpo hlahlobang lintlha tse tataisang tse babatsehang tse hlahileng leqepheng la 1 la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 1992. Sehlooho sena se hlalosa mokhoa oa ho lokisetsa thuto ka ’ngoe le tsela eo Thuto ea Buka ea Phutheho e tla tsamaisoa ka eona. Bakhanni ba thuto le bohle ba bang teng ba tla rua molemo ka ho hlahloba boitsebiso bona.
◼ Sechabeng se seng le se seng, linakong tse fapaneng har’a selemo, ho na le matsatsi a phomolo ea lefatše ao ka ’ona bana ba sa eeng sekolong ’me a neha ba sebetsang nako ea ho lokoloha mosebetsing oa boipheliso. Matsatsi ana a fana ka monyetla o babatsehang ho phutheho bakeng sa ho kopanela ka ho eketsehileng tšebeletsong ea tšimo. Baholo ba lokela ho hlokomela liketsahalo tsena ha li hlaha le ho hlokomelisa phutheho esale pele ka litokisetso tse ntseng li etsoa tsa ho paka ka sehlopha linakong tsa matsatsi a phomolo.
◼ Likhatiso Tse Ncha Tse Fumanehang:
Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? (phutheho le batho bohle: R1,20; bo-pula-maliboho: R0,80)—Seafrikanse, Sechaena, Sechichewa, Secroatia, Sedache, Sefora, Segerike, Sejeremane, Senyesemane, Sepedi, Sepolish, Sepotoketsi, Serussia, Seserbia, Seshona, Sesotho, Setaliana, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa, Sezulu.
◼ Lik’hasete Tse Ncha Tsa Video Tse Fumanehang:
Knowledge That Leads to Everlasting Life (Volumes 4-6; phutheho le batho bohle: R52,00; bo-pula-maliboho: R45,00)—Puo ea Matsoho ea Amerika
◼ Likhatiso Tse Ncha Tsa Braille Tse Fumanehang:
Lekunutu la Thabo ea Lelapa (meqolo e ’meli; phutheho, batho bohle le bo-pula-maliboho: R9,00)—Grade-two ka Senyesemane
Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? (moqolo o le mong; phutheho, batho bohle le bo-pula-maliboho: R3,00)—Grade-two ka Senyesemane