Lebokose la Lipotso
◼ Ha phutheho e kōptjoa ho thusa ho lokisetsa lepato, lipotso tse latelang li ka ’na tsa phahama:
Ke mang ea lokelang ho fana ka puo ea lepato? Ena ke qeto e lokelang ho etsoa ke litho tsa lelapa. Li ka khetha mor’abo rōna leha e le ofe ea kolobelitsoeng ea nang le boemo bo botle. Haeba sehlopha sa baholo se kōptjoa ho fana ka sebui, hangata se tla khetha moholo ea nang le bokhoni ba ho fana ka puo e thehiloeng kemisong ea Mokhatlo. Le hoja ho sa rorisoe mofu, e ka ba ho loketseng ho bua ka litšoaneleho tse ntle tse behang mohlala tseo a ileng a li bontša.
Puo ea lepato e ka buloa le ho koaloa ka thapelo. Puo ena ha ea rereloa ho hlasela litumelo tsa bolumeli ba bohata empa e reretsoe ho tšelisa ba shoetsoeng le ho phahamisa Jehova joaloka Molimo ea lerato le ea mohau. Mor’abo rōna a ke ke a lumella motho oa lefatše ho kopanela lenaneong kaha sena se ka lebisa tšebeletsong ea tumelo e kopanetsoeng.
Na Holo ea ’Muso e ka sebelisoa? E ka sebelisoa haeba sehlopha sa baholo se fane ka tumello ’me ho sa sitisoe liboka tsa kamehla tse hlophisitsoeng. Holo e ka sebelisoa haeba mofu a ne a e-na le botumo bo botle ’me e ne e le setho sa phutheho kapa e le ngoana e monyenyane oa setho sa phutheho. Haeba motho a ile a tuma ka boitšoaro bo bobe boo e seng ba Bokreste, kapa haeba ho e-na le mabaka a mang a ka behang phutheho ka mosing, baholo ba ka ’na ba etsa qeto ea hore holo e se sebelisoe.—Bona buka ea Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 62-3.
Ka tloaelo, Liholo tsa ’Muso ha li sebelisetsoe mapato a batho ba sa lumelang. Mokhelo e ka ba haeba litho tsa lelapa tse setseng li kopanela ka mafolofolo joaloka bahoeletsi ba kolobelitsoeng, ’me mofu a ne a tsejoa ke batho ba bangata ka phuthehong hore o ne a e-na le boikutlo bo botle mabapi le ’nete a bile a e-na le botumo bo botle sechabeng ’me ho se meetlo ea lefatše e akarelelitsoeng lenaneong la tšebeletso.
Ha baholo ba fana ka tumello ea hore ho sebelisoe Holo ea ’Muso, ba tla nahanela hore na ke ntho e amohelehang hore lekese la mofu le bonoe le le teng litšebeletsong tsa lepato. Haeba ho le joalo, ba ka lumela hore le tlisoe holong.
Ho thoe’ng ka mapato a batho ba lefatše? Haeba mofu a ne a e-na le botumo bo botle sechabeng, mor’abo rōna a ka fana ka puo e tšelisang ea Bibele sebakeng seo ho lokisoang litopo ho sona bakeng sa lepato kapa mabitleng. Phutheho e tla hana ho tsamaisa lepato la motho ea neng a tsebahala ka boitšoaro bo bobe, boo e seng ba molao kapa eo mokhoa oa hae oa bophelo o neng o hanyetsana ka ho tebileng le melao-motheo ea Bibele. Ho hang mor’abo rōna a ke ke a kopanela ho khanneng tšebeletso ea tumelo e kopanetsoeng le moruti oa bolumeli kapa lepatong leha e le lefe le tšoareloang kerekeng ea Babylona e Moholo.
Ho thoe’ng haeba mofu a ne a khaotsoe? Ka kakaretso phutheho ha e amehe. Holo ea ’Muso e ke ke ea sebelisoa. Haeba motho eo a ne a fana ka bopaki ba pako le ho bontša takatso ea ho khutlisetsoa, mohlomong mor’abo rōna eo letsoalo la hae le mo lumellang a ka fana ka puo ea Bibele sebakeng seo ho lokisoang litopo ho sona bakeng sa lepato kapa mabitleng, ho fana ka bopaki ho batho ba sa lumelang le ho tšelisa beng ka mofu. Leha ho le joalo, pele a etsa qeto ena, ho tla ba molemo ho mor’abo rōna ho iteanya le sehlopha sa baholo le ho nahanela seo mohlomong ba ka se buellang. Maemong ao ho ’ona e seng bohlale hore eo mor’abo rōna a ka ameha, mohlomong e ka ba ho loketseng hore mor’abo rōna e mong eo e leng setho sa lelapa labo mofu a fane ka puo ho tšelisa beng ka mofu.
Tataiso e eketsehileng e ka fumanoa litokollong tsa Molula-Qhooa tsa October 15, 1990, leqepheng la 30-1; March 1, 1982, leqepheng la 29; September 15, 1980, leqepheng la 5-8; December 1, 1978, leqepheng la 7-10; December 1, 1977, leqepheng la 548-9; October 15, 1970, leqepheng la 477-8; le tsa Tsoha! tsa September 8, 1990, leqepheng la 26-7 le October 8, 1977, leqepheng la 16-20. Bona le Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea April 1987, leqepheng la 4.