Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/97 maq. 3-6
  • Itete Sebete ho Etsa Maeto a ho Boela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Itete Sebete ho Etsa Maeto a ho Boela
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maeto a ho Boela a Lebisa Lithutong Tsa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Etsa Bonnete ba Hore ua Khutlela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Ho Batleha Lithuto Tse Eketsehileng Tsa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Haha Thahasello ka ho Etsa Maeto a Atlehileng a ho Boela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 3/97 maq. 3-6

Itete Sebete ho Etsa Maeto a ho Boela

1 Na u thabela ho etsa maeto a ho boela? Bahoeletsi ba bangata baa ho thabela. Ho ka etsahala hore lekhetlong la pele u ne u tšaba, haholo-holo ha u khutlela ho beng ba matlo ba bontšitseng thahasello e fokolang feela ha ho buuoa le bona ketelong ea pele. Empa ha u ntse u ‘iteta sebete ka Molimo oa rōna ho bolela litaba tse molemo’ ka ho etsa maeto a ho boela, mohlomong u tsota kamoo ho leng bonolo kateng le kamoo mosebetsi ona e ka bang o putsang kateng. (1 Bathes. 2:2) Joang?

2 Ha e le hantle, ho na le phapang ea bohlokoa mahareng a leeto la ho boela le ketelo ea pele. Leeto la ho boela le etsoa ho motho eo re mo tsebang, eseng ho motho eo re sa mo tsebeng, ’me hangata ho bonolo ho buisana le motho eo re mo tsebang ho feta eo re sa mo tsebeng. Mabapi le meputso e enneng e tlisoang ke ho kopanela mosebetsing ona, maeto a ho boela a ka lebisa lithutong tsa lehae tsa Bibele tse hlahisang litholoana.

3 Ha re sebetsa ka ntlo le ntlo, re khutlela ka makhetlo a mangata ho batho ba neng ba sa thahaselle nakong e fetileng ha re ne re ba etetse. Joale, ke hobane’ng ha re tsoela pele ho khutlela ho bona? Rea lemoha hore maemo a batho aa fetoha le hore motho ea neng a bonahala a sa thahaselle kapa a bile a hanyetsa ketelong e fetileng a ka ’na a ba le thahasello nakong e tlang ha re khutla. Re hopotse seo, re lokisetsa hantle le ho rapella tlhohonolofatso ea Jehova hore se itseng seo re tla se bua nakong ena se etse hore ho be le karabelo e ntle.

4 Haeba, mosebetsing oa rōna oa ntlo le ntlo re ikemiselitse ho bolella batho bao nakong e fetileng ba sa bontšang thahasello ho hang, na ha rea lokela ho ikemisetsa haholoanyane ho khutlela ho leha e le mang ea bontšang thahasello e itseng molaetseng oa ’Muso?—Lik. 10:34, 35.

5 Ba bangata ba rōna re ’neteng kajeno hobane ka mamello mohoeletsi a ile a khutlela ho rōna ho etsa maeto a ho boela. Haeba u e mong oa batho bana, u ka ipotsa: ‘Ke maikutlo afe ao ke ileng ka siea mohoeletsi eo le ’ona ketelong ea pele? Na ke ile ka amohela molaetsa oa ’Muso hang-hang ha ke qala ho o utloa? Na ke ne ke bonahala ke sa thahaselle?’ Re lokela ho thaba hore ebe mohoeletsi eo ea ileng a tla ho rōna o ile a bona ho loketse hore a etse leeto la ho boela, a ‘iteta sebete ka Molimo,’ a khutlela le ho tsoela pele ho re ruta ’nete. Ho thoe’ng ka batho ba bontšang thahasello lekhetlong la pele empa hamorao ho bonahala ba re baleha? Boikutlo bo botle ke ba bohlokoa joalokaha phihlelo e latelang e bontša.

6 Bahoeletsi ba babeli ba ne ba paka seterateng hoseng ha letsatsi le leng ha ba kopana le mosali e mocha ea sututsang ngoana ka koloeana ea masea. Mosali eo o ile a nka limakasine le ho mema baralib’abo rōna hore ba tle lapeng ha hae ka Sontaha se latelang. Ba ile ba fihla ka nako eo ba e behileng empa mong’a ntlo a ba bolella hore ha a na nako ea ho bua. Leha ho le joalo, o ile a tšepisa hore o tla ba teng bekeng e latelang. Baralib’abo rōna ba ne ba belaela hore na o tla tšepahala ho boloka nako eo a e behileng, empa mosali eo o ne a ba letetse ha ba khutla. Ho ile ha qalisoa thuto ’me tsoelo-pele ea mosali eo ea e-ba e babatsehang. Ka nako e khutšoanyane, o ile a qala ho tla libokeng kamehla le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. O kolobelitsoe hona joale.

7 Rala Motheo Nakong ea Ketelo ea Pele: Hangata motheo oa leeto la ho boela le atlehileng o raloa nakong ea ketelo ea pele. Mamela litlhaloso tsa mong’a ntlo ka hloko. Li u bolella eng? Na o sekametse bolumeling? Na o amehile ka litaba tsa sechaba? Na o thahasella saense? histori? tikoloho? Qetellong ea ketelo, u ka botsa potso e etsang hore a nahane ’me u tšepise ho tšohla karabo ea Bibele ha u khutla.

8 Ka mohlala, haeba mong’a ntlo a arabela tšepisong ea Bibele ea lefatše la paradeise, puisano e tsoelang pele ka sehlooho sena e ka ba e loketseng. Pele u tsamaea, u ka botsa: “Re ka tiiseha joang hore Molimo o tla phethahatsa tšepiso ee?” Joale phaella: “Mohlomong nka fapohela ha lelapa lohle le le teng ’me nka u bontša karabo ea Bibele potsong ena.”

9 Haeba mong’a ntlo a sa bontša thahasello tabeng e itseng ka ho khetheha, u ka botsa e ’ngoe ea lipotso tse linehelanong tse leng leqepheng le ka morao la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso le ho li sebelisa e le motheo oa puisano ea lōna nakong e tlang.

10 Boloka Litlaleho Tse Ngotsoeng Tse Nepahetseng: Tlaleho ea hao ea ntlo le ntlo e lokela ho nepahala le ho tlatsoa ka botlalo. Ngola lebitso le aterese tsa mong’a ntlo hang feela ha u tloha lapeng leo. U se ke ua noha nomoro ea ntlo kapa lebitso la seterata—hlahloba boitsebiso ho tiisa hore bo nepahetse. Ngola lintlha tse hlalosang motho eo. Ngola taba eo le buisaneng ka eona, mangolo ao u a balileng, lingoliloeng leha e le life tse tsamaisitsoeng hammoho le potso eo u tla e araba ha u khutla. Akarelletsa le letsatsi le nako ea ketelo ea pele hammoho le letsatsi le nako tseo u itseng u tla khutla ka tsona. Kaha joale tlaleho ea hao e tlatsitsoe ka ho feletseng, u se e lahle! E boloke sebakeng se sireletsehileng e le hore u e hlahlobe hamorao. Lula u nahana ka motho eo le kamoo u tla sebetsana le ketelo ea nakong e tlang kateng.

11 Tseba Boikemisetso ba Hao: Pele, ka ho ba ea mofuthu le ea botsoalle, etsa sohle se matleng a hao ho etsa hore mong’a ntlo a ikutloe a phutholohile. Bontša hore ua mo thahasella empa u se mo tloaele ka ho feteletseng. Ho hlahlamang, mo hopotse ka lipotso leha e le life tseo u ileng ua li botsa ketelong e fetileng. Mamela maikutlo a hae ka hloko, ’me u mo babatse ka botšepehi bakeng sa litlhaloso tsa hae. Joale bontša hore na ke hobane’ng ha pono ea Bibele e sebetsa. Haeba ho khoneha, mo lebise tabeng e amanang le eo bukeng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Hopola hore boikemisetso ba hao bo ka sehloohong maetong a ho boela ke ho qalisa thuto ea Bibele.

12 Ho toba lintlha ho sebelisitsoeng bukeng ea Tsebo ho susumelelitse ba bangata ba rōna ho ‘iteta sebete’ tabeng ea lithuto tsa Bibele le ho khothalletsa liithuti ho tla libokeng le ho kopanela le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Nakong e fetileng, re bile le tšekamelo ea ho emela batho hore ba ithute ka nako e telele pele re ba memela ho kopanela le rōna. Hona joale, liithuti tse ngata li tla libokeng kapele-pele ha li qala ho ithuta ’me ka lebaka leo li hatela pele ka lebelo le leholoanyane.

13 Banyalani ba ile ba pakela mosebetsi-’moho ka mokhoa o sa reroang. Ha a bontša thahasello ’neteng, ba ile ba mo kōpa hore a be le thuto ea Bibele bukeng ea Tsebo. Ka nako e tšoanang, ba ile ba mo bolella hore o lokela ho tla libokeng moo lipotso tsa hae tse ngata li tla arabeloa teng. Monna eo ha aa ka a amohela memo ea bona ka boithatelo feela empa o ile a ba a ithuta ka makhetlo a mabeli ka beke le ho qala ho tla kamehla libokeng Holong ea ’Muso.

14 Sebelisa Bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?: Likopanong tsa Setereke tsa “Manģosa a Khotso ea Bomolimo” re ile ra fumana bukana e reng Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Bukana ena e molemo haholo bakeng sa ho qalisa lithuto tsa Bibele le batho ba tšabang Molimo ho sa tsotellehe hore na ba rutehile hakae. E fupere thupelo ea thuto e pharaletseng, e akarelletsang lithuto tsa motheo tsa Bibele. Khatiso ena e tla ba kofuto e sebetsang haholo bakeng sa ho fana ka tsebo ea Molimo. E hlalosa ’nete ka tsela e hlakileng le e bonolo hoo e mong le e mong oa rōna a tla tseba ho e sebelisa ho ruta ba bang litlhoko tsa Molimo. Mohlomong bahoeletsi ba bangata ba tla ba le monyetla oa ho khanna thuto ea Bibele ka bukana ena.

15 Batho ba bang ba ikutloang hore ha ba na nako ea ho ithuta buka ea Tsebo mohlomong ba ka ikemisetsa ho ba le linako tse khutšoanyane tsa ho ithuta bukana ea Seo Molimo a se Hlokang. Ba tla thabela seo ba ithutang sona! Maqepheng a mabeli kapa a mararo feela, ba tla fumana likarabo tsa lipotso tseo batho ba ’nileng ba ipotsa tsona ka lilemo tse makholo: Molimo ke mang? Diabolose ke mang? Morero oa Molimo ka lefatše ke ofe? ’Muso oa Molimo ke eng? U ka fumana bolumeli ba ’nete joang? Le hoja bukana ena e fana ka ’nete ka mantsoe a bonolo, molaetsa oa eona o matla haholo. E akaretsa lintlha tsa sehlooho tseo baholo ba tla li hlahloba le ba eang kolobetsong ’me e ka sebeletsa e le kofuto e lebisang thutong e batsi haholoanyane ka buka ea Tsebo.

16 Bakeng sa ho nehelana ka thuto leetong la ho boela, u ka ’na ua re: “Na u ne u tseba hore ka ho nka metsotso e se mekae feela u ka fumana karabelo ea potso ea bohlokoa ea Bibele?” Joale, botsa potso e hlahang qalong ea e ’ngoe ea lithuto bukaneng ena. Ka mohlala, haeba u etetse motho e moholo, u ka re: “Rea tseba hore nakong e fetileng Jesu o ile a phekola batho. Empa nakong e tlang, Jesu o tla etsetsa batho ba kulang eng? ba tsofetseng? bafu?” Likarabo li fumanoa thutong ea 5. Mohlomong motho ea sekametseng bolumeling a ka haptjoa ke potso ena: “Na Molimo o mamela lithapelo tsohle?” E arabeloa thutong ea 7. Litho tsa lelapa li tla batla ho tseba: “Ke eng seo Molimo a se hlokang ho batsoali le ho bana?” Ba tla fumana karabo ha ba ithuta thuto ea 8. Lipotso tse ling ke tsena: “Na bafu ba ka ntša ba phelang kotsi?” e hlalositsoe thutong ea 11; “Ke hobane’ng ha ho e-na le malumeli a mangata hakaale a ipolelang hore ke a Bokreste?” e hlalositsoe thutong ea 13; le “U tlameha ho etsa eng hore u fetohe motsoalle oa Molimo?” e akarelitsoe thutong ea 16.

17 Thusa ba Buang Puo e ’Ngoe: Ho thoe’ng ka beng ba matlo ba buang puo e ’ngoe? Haeba ho khoneha, ba lokela ho rutoa ka puo eo ba e tsebang hantle. (1 Bakor. 14:9) Neha molebeli oa lōna oa tšebeletso lebitso le aterese tsa motho ea thahasellang, ho akarelletsa le boitsebiso leha e le bofe bo bong bo loketseng. O tla batla phutheho kapa sehlopha se buang puo esele sebakeng seo hore e hlokomele motho ea thahasellang. Boitsebiso bona bo lokela ho romeloa ho Mokhatlo feela ha ho sa fumanoe phutheho e loketseng. Haeba ho se liphutheho kapa lihlopha tse leng haufi ’me ho se bahoeletsi sebakeng seo ba khonang ho bua puo ea mong’a ntlo, mohoeletsi a ka leka ho ithuta le mong’a ntlo, a sebelisa bukana ea Seo Molimo a se Hlokang ka lipuo tse peli.

18 Mohoeletsi ea buang Senyesemane o ile a qalisa thuto le monna ea buang Sevietnam le mosali oa hae ea buang Sethai. Nakong ea thuto ho ne ho sebelisoa likhatiso le Libibele tsa Senyesemane, Sevietnam le Sethai. Le hoja mokoallo oa puo e bile bothata pele, mohoeletsi eo oa ngola: “Khatelo-pele ea moea ea banyalani bao e bile e potlakileng. Ba ile ba bona bohlokoa ba ho qala ho tla libokeng le bana ba bona ba babeli, ’me ba bala Bibele mantsiboea a mang le a mang e le lelapa. Moralinyana oa bona ea lilemo li tšeletseng o khanna thuto ea Bibele eo e leng ea hae.”

19 Ha u ithuta le batho ba buang puo e ’ngoe, bua u iketlile, bitsa mantsoe hantle ’me u sebelise mantsoe le lipoleloana tse bonolo. Leha ho le joalo, hopola hore batho ba buang puo e ’ngoe ba lokela ho tšoaroa ka tlhompho. Ha baa lokela ho tšoaroa joaloka bana.

20 Sebelisa litšoantšo tse ntle tse leng bukaneng ea Seo Molimo a se Hlokang hamolemo. Haeba “setšoantšo se lekana le mantsoe a sekete,” litšoantšo tse ngata tse leng bukaneng e tla ba tse rutang haholo ho mong’a ntlo. Mo kōpe hore a bale mangolo Bibeleng ea hae. Haeba thuto e ka tšoaroa ha setho sa lelapa se tsebang puo ea sebakeng seo se le teng e le hore se ka toloka, ntle ho pelaelo seo se tla ba molemo.—Bona Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, May 1984, leqepheng la 8.

21 Etsa Maeto a ho Boela Ntle ho Tšenyo ea Nako: U lokela ho ema nako e kae pele u etsa leeto la ho boela? Bahoeletsi ba bang ba khutla nakong ea letsatsi kapa a mabeli ka mor’a ketelo ea pele. Ba bang ba khutla hona letsatsing leo! Na ke kapele haholo? Ka kakaretso ho bonahala beng ba matlo ba sa tsotelle. Hangata ke mohoeletsi ea etsang leeto la ho boela eo ho hlokahalang hore a hlaolele boikutlo bo botle haholoanyane hammoho le sebete. Nahana ka liphihlelo tse latelang.

22 Ka letsatsi le leng mohoeletsi ea lilemo li 13 o ne a sebetsa ka ntlo le ntlo ha a bona basali ba babeli ba tsamaea ’moho. Ka lebaka la khothatso ea ho buisana le batho hohle moo re ba fumanang teng, o ile a atamela basali bana seterateng. Ba ile ba bontša thahasello molaetseng oa ’Muso, ’me ka mong o ile a amohela kopi ea buka ea Tsebo. Mor’abo rōna e monyenyane o ile a nka liaterese tsa bona ’me a khutla matsatsi a mabeli hamorao, ’me a qalisa thuto ea Bibele le e mong le e mong oa bona.

23 Morali’abo rōna e mong o etsa litokisetso tsa ho khutla bekeng e latelang. Empa nakong ea letsatsi kapa a mabeli ka mor’a ketelo ea pele oa fapohela le ho neha mong’a ntlo makasine e tšohlang taba eo ba buisaneng ka eona nakong e fetileng. O bolella mong’a ntlo: “Ke ile ka bona sehlooho sena ’me ka nahana hore mohlomong u tla thabela ho se bala. Hona joale ha ke na sebaka sa ho bua, empa ke tla khutla ka Laboraro joalokaha re ne re hlophisitse. Na nako eo e sa ntse e u loketse?”

24 Ha motho a bontša thahasello ’neteng, re ka kholiseha hore o tla thulana le khanyetso ka tsela e itseng. Ho khutla kapele-pele ka mor’a ketelo ea pele ho tla mo matlafaletsa ho emelana le khatello leha e le efe eo a talimanang le eona e tsoang ho beng ka eena, metsoalle e haufi le ba bang.

25 Hlaolela Thahasello ho ba Fumanoang Libakeng Tsa Sechaba: Bongata ba rōna re thabela ho bolela seterateng, moo ho pakoang makoloi, lipalangoeng tsa sechaba, litsing tsa mabenkele, lirapeng tsa boikhathollo le libakeng tse ling. Ho phaella ho tsamaiseng lingoliloeng, ho hlokahala hore re hlaolele thahasello. Re e-na le boikemisetso boo, ho lokela hore ho etsoe boiteko ba ho fumana lebitso, aterese, ’me haeba ho khoneha le nomoro ea thelefono ea motho e mong le e mong ea thahasellang eo re kopanang le eena. Ha ho thata joalokaha u nahana ho fumana boitsebiso bona. Ha le lihella likhala puisanong ea lōna, ntša buka ea hao ea ho ngolla lintlha ’me u botse: “Na ho na le tsela leha e le efe eo ka eona re ka ntšetsang puisano ena pele nakong e tlang?” Kapa u ka re: “Ke rata hore u bale sehlooho seo ke tšepang hore u tla se thahasella. Na nka se tlisa lapeng kapa ofising ea hao?” Mor’abo rōna e mong oa botsa: “U fumaneha nomorong efe ea thelefono?” O tlaleha hore nakong ea likhoeli tse tharo batho bohle, haese ba bararo feela, ba ile ba thabela ho mo neha linomoro tsa bona tsa thelefono.

26 Sebelisa Thelefono ho Fumana le ho Ntšetsa Thahasello Pele: Morali’abo rōna e mong o sebelisa thelefono ho finyella batho ba lulang mehahong e sirelelitsoeng ka thata. O boetse o etsa maeto a ho boela ka tsela e tšoanang. Ha a letsa ka lekhetlo la pele o re: “Kea tseba hore ha u ntsebe. Ke etsa boiteko bo khethehileng ba ho iteanya le batho sebakeng sa lōna ho abelana le bona khopolo e tsoang Bibeleng. Haeba u na le nakonyana, ke rata ho bala tšepiso e fumanoang ho . . .” Ka mor’a ho bala lengolo, o re: “Na e ne e ke ke ea e-ba ntho e babatsehang ho bona nako eo e fihla? Ke thabetse ho u balla sena. Haeba le uena u se thabetse, ke tla thabela ho letsa hape le ho tšohla lengolo le leng.”

27 Ha a etsa leeto la ho boela ka thelefono, o hopotsa mong’a ntlo ka puisano ea bona ea nakong e fetileng ’me a bolele hore o rata ho bala Bibeleng kamoo maemo a tla ba kateng ha bokhopo bo felile. Joale o ba le puisano e khutšoanyane ea Bibele le mong’a ntlo. Lipuisanong tse ngata tsa thelefono, batho ba 35 ba ile ba mo memela matlong a bona ’me ho ile ha qalisoa lithuto tsa Bibele tse supileng! Na ka linako tse ling u thatafalloa ke ho etsa maeto a ho boela ho batho ba thahasellang nakong ea maemo a mabe a leholimo kapa ho kula? Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha u sa ikopanye le bona ka thelefono?

28 Latella Thahasello e Fumanoang Libakeng Tsa Khoebo: Ho ameha ho hongata mosebetsing oa tšimo ea mabenkele ho feta ho fana ka limakasine feela. Beng ba mabenkele ba bangata ba thahasella ’nete ka botšepehi, ’me thahasello eo e lokela ho hlaoleloa. Maemong a mang, ho ka khoneha ho ba le puisano ea Bibele kapa esita le thuto hona sebakeng sa mosebetsi. Maemong a mang, uena le motho ea thahasellang le ka khona ho kopana nakong ea phomolo ea motšehare kapa nakong e ’ngoe e loketseng.

29 Molebeli ea tsamaeang o ile a khutlela ho mong’a lebenkele le lenyenyane la korosari le ho ithaopela ho mo bontša kamoo ho tšoaroang thuto ea Bibele. Ha a botsoa hore na pontšo eo e tla nka nako e kae, molebeli ea tsamaeang o ile a re e tla nka feela metsotso e 15. Ka lebaka leo, mong’a lebenkele o ile a maneha monyako letšoao le reng: “Ke Tla Khutla Nakong ea Metsotso e 20,” ’me o ile a hula litulo tse peli ’me bobeli ba bona ba tšohla lirapa tse hlano tsa pele bukeng ea Tsebo. Monna enoa ea tšepahalang o ile a khahloa ke seo a ithutileng sona hoo a ileng a tla Sebokeng sa Phatlalatsa le Thutong ea Molula-Qhooa ka Sontaha seo ’me a lumela hore thuto e tsoele pele bekeng e latelang.

30 Bakeng sa ho nehelana ka thuto sebakeng sa khoebo, mohlomong u ka re: “Ho nka feela metsotso e 15 ho bontša hore na lenaneo la rōna la thuto ea Bibele le etsoa joang. Haeba ho loketse, ke tla thabela ho u bontša hore na le etsoa joang.” Joale, khomarela tekanyetso ea nako eo le lumellaneng ka eona. Haeba ho sa khonehe ho ba le puisano e telele sebakeng sa khoebo, mohlomong e ka ba ho loketseng ho khutlela ho mong’a lebenkele lapeng la hae.

31 Khutla le Haeba ho se Lingoliloeng Tse Tsamaisitsoeng: Tlhase e ’ngoe le e ’ngoe ea thahasello e tšoaneloa ke leeto la ho boela, ebang ho tsamaisitsoe lingoliloeng kapa che. Ha e le hantle, haeba ho hlaka hore mong’a ntlo ka sebele ha a thahaselle molaetsa oa ’Muso, ho molemo ho lebisa boiteko ba hao sebakeng se seng.

32 Mosebetsing oa ntlo le ntlo, morali’abo rōna e mong o ile a kopana le mosali ea neng a le botsoalle haholo empa eo ka tieo a ileng a hana mpho ea limakasine. Mohoeletsi oa ngola: “Ka matsatsi a mangata ke ile ka nahana ka eena ’me ka etsa qeto ea hore ke batla ho buisana le eena hape.” Qetellong, morali’abo rōna o ile a rapela, a iteta sebete ’me a kokota monyakong oa mosali eo. O ile a thaba ha mong’a ntlo a mo mema hore a kene. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele, ’me e ile ea khannoa hape letsatsing le latelang. Ha nako e ntse e tsamaea, mong’a ntlo o ile a amohela ’nete.

33 Lokisetsa Esale Pele Hore ho Finyelloe ho Hongata: Ho khothalletsoa hore ho qetoe nako e itseng maetong a ho boela bekeng e ’ngoe le e ’ngoe. Ho ka finyelloa ho hongata ka tokisetso e molemo. Hlophisa lipoelo tse leng sebakeng seo u tla beng u sebetsa ho sona ka ntlo le ntlo. Ha le sebetsa ka koloi, sehlopha se lokela ho bolokoa se le senyenyane hore e mong le e mong a fumane monyetla o feletseng oa ho etsa maeto a ho boela. Mokhanni o lokela ho tseba esale pele moo maeto a ho boela a tla etsoa teng bakeng sa ho qoba ho nyolosa le ho theosa ho sa hlokahaleng.

34 Ba atlehang ho etsa maeto a ho boela le ho qalisa lithuto tsa mahae tsa Bibele ba bolela hore ke habohlokoa ho bontša thahasello e tšepahalang ea botho ho batho le ho lula u nahana ka bona le ka mor’a hore poelo e etsoe. Hape ke habohlokoa ho tšohla taba ea Bibele e ipiletsang le ho rala motheo oa leeto la ho boela pele u tsamaea ketelong ea pele. Ho feta moo, ke habohlokoa ho khutla kapele-pele ho latella thahasello. Morero oa ho qalisa thuto ea Bibele o lokela ho hopoloa ka linako tsohle.

35 Tšobotsi ea bohlokoa e hlokahalang bakeng sa ho atleha mosebetsing oa maeto a ho boela ke sebete. Se fumanoa joang? Moapostola Pauluse o arabela ka ho bolela hore re ‘itete sebete’ ho bolella ba bang litaba tse molemo “ka Molimo oa rōna.” Haeba ho hlokahala hore u ntlafatse tšobotsing ena, rapella thuso ea Jehova. Joale, tumellanong le lithapelo tsa hao, latella thahasello eohle. Ka sebele Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao!

[Lebokose le leqepheng la 3]

Mokhoa oa ho Atleha ho Etseng Maeto a ho Boela

■ Bontša thahasello e tšepahalang ea botho ho batho.

■ Khetha sehlooho se ipiletsang sa Bibele seo le tla buisana ka sona.

■ Rala motheo oa ketelo e ’ngoe le e ’ngoe e latelang.

■ Lula u nahana ka motho eo le ka mor’a hore u tsamaee.

■ Khutla nakong ea letsatsi kapa a mabeli ho latella thahasello.

■ Hopola hore morero oa hao ke ho qalisa thuto ea Bibele.

■ Rapella thuso le ho iteta sefuba bakeng sa mosebetsi ona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela