Ba Hōlileng ba Bolela ba sa Khaotse
1 Ha batho ba ntse ba hōla, ba bangata ba bona ba lebella nako e tlang ea ho tlohela mosebetsi oa bona oa boipheliso le ea ho thabela bophelo ba sa ngongorehe lilemong tsa bona tse setseng. Ba ka ’na ba e-ba le maikutlo a hore ba sebelitse ka thata ka ho lekaneng ’me joale ba lokela ho phomola. Kapa ba ka ’na ba batla feela ho thabela bophelo, ho sa tsotellehe hore na ho setse bo bokae.—Luka 12:19.
2 Joaloka bahlanka ba inehetseng ba Jehova, re na le pono e sa tšoaneng ka bophelo. Rea tseba hore ha ho na ho tlohela mosebetsi tšebeletsong ea Molimo. Pono ea rōna ke e nepahetseng hobane re lula re e-na le “tebello ea bophelo bo sa feleng.” (Jude 21) Tsebo le phihlelo tse bokeletsoeng ka lilemo li ka ’na tsa ntlafatsa temoho ea motho le temohisiso ea hae. Sena se ka etsa hore motho a nolofalloe ke ho ba bohlale haholoanyane le ho ba ea leka-lekaneng le ho bonahatsa kananelo e tebileng bakeng sa bophelo. Litšobotsi tsena kaofela li tsoela motho molemo o moholo e le mosebeletsi oa litaba tse molemo.
3 Ho hōla hase feela taba ea ho tsofala; ho boetse ho akarelletsa le boikutlo ba kelello ba motho. Haeba u lebeletse ho phela nako e telele ’me u loanela ho lula u le monyenyane ponahalong ea hao, menyetla ea ho etsa lintho tseo ka bobeli e ka ’na ea eketseha. Batho ba hōlileng ba ka entša bophelo ba bona ka ho eketsa tsebo ea bona ea moea le ho e arolelana le ba bang.—1 Bakor. 9:23.
4 Mehlala ea Sebele Bophelong: Ha a le lilemo li 86, morali e mong oabo rōna o ile a re: “Ha ke thuisa ka lilemo tse 60 tse fetileng ho tloha ha ke ithuta ’nete, tšepiso e kholisang ea Molimo ea phophoma ka pelong ea ka. E, Jehova ea tlang ho sebetsa ka botšepehi ho ba tšepahalang o re lumella ho kotula thabo e khōlō.” (Pes. 18:25) Mora e mong oabo rōna ea hōlileng o hopola kamoo lefu la mosali oa hae le ileng la mo ama habohloko kateng, ’me ka morao ho moo a fokolloa ke bophelo hampe. O ile a re: “Empa, ka mosa o sa tšoanelang oa Jehova, ke ile ka hlaphoheloa ka ho lekaneng hore nka khona ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho lilemo tse peli hamorao. Ke leboha Jehova hakaakang hore ebe bophelo ba ka bo hlile bo ntlafetse ka ho eketsa tšebeletso ena ea ho bolela!”
5 Ke ntho e babatsehang hakaakang hore ebe ba hōlileng ba bangata hakaale ba ikemiselitse ho tsoela pele ho bolela ho sa tsotellehe hore na bophelo ba bona le matla a bona a ba lumella hakae—ba sa khaotse! Ba na le lebaka le letle la ho hooa: “Molimo, u nthutile e sa le le bocheng ba ka, ’me ke ntse ke tumisa mehlolo ea hao ho fihlela la kajeno.”—Pes. 71:17.