Litaba Tsa Puso ea Molimo
Afrika Boroa: Re thabela ho tlaleha hore ho tloha ka February ho ea ho May, ho ile ha neheloa Liholo tsa ’Muso tse robong, e leng: Bush Hill (Johannesburg), Khutsong (Carletonville), Klipgat (Pretoria), Mofolo West (Soweto), Morreesburg (Western Cape), Noordhoek (Cape Town), Rhini (Grahamstown), Suurbekom (Westonaria) le Waterfall (Pinetown).
Litlaleho tse mabapi le liholo tsena tsohle tse sa tsoa neheloa li bontša hore ho bolokiloe boemo bo phahameng haholo ba kaho ho pholletsa le naha. Re sa boetse re bolela kananelo ea rōna ho bohle ba amehang kahong ea Liholo tsa ’Muso. Ka kōpo tsoelang pele le sebetsa “ka soule eohle joalokaha eka le sebeletsa Jehova.”—Bakol. 3:23.