Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/97 maq. 6-7
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
km 8/97 maq. 6-7

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Tlhahlobo ea libuka tse koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa la 5 May ho ea ho la 18 August, 1997. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang ka nako e lekanyelitsoeng.

[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]

Araba polelo e ’ngoe le e ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:

1. Kutloelo-bohloko ea Jesu, e hlalositsoeng ho Mareka 1:41, e fana ka tlhaloso e susumetsang ea kameho ea Jehova bakeng sa batho. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w96-SU 3/1 leq. 5.]

2. Litšobotsi tsa matsatsi a ho qetela li fumanoa feela ho Matheu 24, Mareka 13 le Luka 21. [kl-SU leq. 102 lebokose]

3. Potso ea Johanne Mokolobetsi e fumanoang ho Luka 7:19 e senola hore o ne a haelloa ke tumelo. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; w87-SU bona 1/1 leq. 16.]

4. Pasekeng ea ho qetela eo ho eona Jesu a neng a e-na le barutuoa ba hae, ke Petrose feela ea ileng a re ho eena: “Ha nka ke ka u latola.” [’Malo oa Bibele oa beke le beke]

5. Ha ho na bopaki ba Bibele bo bontšang hore moapostola Petrose e ne e le monna ea nyetseng. [’Malo oa Bibele oa beke le beke]

6. ’Muso oo Jesu a neng a bolela ka oona ke o tlatsetsang kapa oa bobeli, ho borena ba bokahohleng ba Molimo. [kl-SU leq. 91 ser. 4]

7. Ho ka etsahala hore Mareka o ile a ngola Kosepele ea hae bakeng sa Bajuda ka ho khetheha. [si-SU leq. 182 ser. 8]

8. Ha Jesu a ne a bolella Bafarisi hore ’Muso oa Molimo o har’a bona, o ne a bua ka eena ka boeena joaloka Morena oa nakong e tlang. (Luka 17:21) [kl-SU leq. 91 ser. 6]

9. Ha ho tlhaloso e utloahalang ea hore na ke hobane’ng ha buka ea Luka e e-na le mantsoe a sa tšoaneng a mangata ho feta Likosepele tse ling tse tharo li kopane. [si-SU leq. 187 ser. 2]

10. Ha ho litho tsa Sehlopha se Busang tse ileng tsa khona ho etela linaha tsa Europe Bochabela nakong eo mosebetsi oa rōna o neng o ntse o thibetsoe karolong eo ea lefatše. [jv-SU leq. 506 ser. 1]

Araba lipotso tse latelang:

11. Ke filimi efe e ileng ea lokolloa ke Mokhatlo ka 1954 e ileng ea fa batho kutloisiso ea boholo ba mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova? [jv-SU leq. 480 ser. 4]

12. Ke ka litsela life bahoeletsi ba bang ba hlōlang ka katleho phephetso ea ho fumana batho bao ba ka buisanang le bona tšebeletsong? [jv-SU leq. 516 lir. 1-3]

13. Ho lumela Boraro-bo-bong ho beha ba ho khomaretseng boemong bofe? [rs-SU leq. 110 ser. 1]

14. Jesu o ne a bolela eng ha a re: “E-bang le letsoai ka ho lōna, ’me le boloke khotso e mong mahareng a hae le e mong”? (Mar. 9:50) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w85-SU 5/15 leq. 24 ser. 12.]

15. Ke thuto efe ea bohlokoa eo re ka ithutang eona karabelong ea Jesu monehelong oa mosali oa mohlolohali ea futsanehileng? (Mar. 12:42-44) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w87-SU 12/1 leq. 29 ser. 7–leq. 30 ser. 1.]

16. Tse ling tsa litšobotsi tsa Petrose li bonoa joang mokhoeng oa Mareka oa ho ngola, ’me ke eng seo e ka ’nang eaba se ikarabella bakeng sa seo? [si-SU leq. 182 lir. 5-6]

17. Ha re bapisa Matheu 6:9, 10 le Luka 11: 2-4, ke hobane’ng ha re ka fihlela qeto ea hore thapelo ea mohlala e ne e sa rereloa ho phetoa lentsoe ka lentsoe? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w90-SU 5/15 leq. 16 ser. 6.]

18. Kholiseho ea rōna ho tšepahaleng ha Bibele e matlafatsoa joang ha re bala litemana tse kang Luka 3:1, 2? [si-SU leq. 188 ser. 7]

19. Ke mangolo afe ho Lipesaleme le ho Ba-heberu a bontšang hore Jesu ha aa ka a qala ho busa hang-hang ka mor’a hore a nyolohele leholimong? [kl-SU leq. 96 ser. 15]

20. Kaha rea tseba hore ha ho mohla Jesu a kileng a haelloa ke tumelo ho Molimo, ke hobane’ng ha a ile a hooa: “Molimo oa ka, Molimo oa ka, ke hobane’ng ha u ntlohetse?” (Mar. 15:34) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w87-SU 6/15 leq. 31.]

Fana ka (le)mantsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetella polelo ka ’ngoe ho tse latelang:

21. Bakreste ba ’nete kajeno ba khetholloa ka ․․․․․․․․ le ․․․․․․․․. [rs-SU leq. 128 ser. 1]

22. ․․․․․․․․ e ne e le oona feela motse lefatšeng lohle oo Jehova a ileng a beha lebitso la hae ho oona. Hape e ne e boetse e le motse-moholo oa ․․․․․․․․ o amohetsoeng ke Molimo. [kl-SU leq. 96 ser. 16]

23. Kaha moea o halalelang ke ․․․․․․․․, ha ho kae kapa kae ka Mangolong moo ho sebelisoang lebitso la ․․․․․․․․ bakeng sa oona. [rs-SU leq. 93 ser. 1]

24. Harold King le Stanley Jones ba ile ba romeloa ․․․․․․․․ ka 1947, e leng se ileng sa etsa hore naha eo e be ea pele linaheng tsa Bochabela moo baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade ba ileng ba romeloa teng. [jv-SU leq. 489 ser. 2]

25. Sibia le Light ke mabitso a ․․․․․․․․ tse ileng tsa sebelisoa ke baromuoa bakeng sa ho paka West Indies. [jv-SU leq. 463 ser. 1]

Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:

26. Bakeng sa ho finyella tlhokahalo ea baromuoa, Sekolo (sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo; sa Tšebeletso sa ’Muso; sa Gileade) se ile sa thehoa ka (1939; 1943; 1946). [jv-SU leq. 458 ser. 2]

27. Ho Bakolose 1:15, Jesu o bitsoa “letsibolo la pōpo eohle,” e leng ho bolelang hore (o tšoana le Molimo hape ha a na qalo; ke letsibolo ho bara ba Molimo ba lefatšeng; ke mora e moholo lelapeng la bara ba Jehova). [rs-SU leq. 93 ser. 7]

28. Bahalaleli bao ho buuoang ka bona ho Matheu 27:52 (ba ile ba tsosetsoa ’meleng ea nama ka nakoana; e ne e le litopo tse ileng tsa ntšoa ka mabitleng a tsona ke tšisinyeho ea lefatše; ba ile ba tsosetsoa bophelong ba leholimo pele ho Jesu). [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w90-SU 9/1 leq. 7.]

29. ’Muso oa lefatšeng oa Iseraele o ile oa qala ka (1943 B.C.E.; 1117 B.C.E.; 1513 B.C.E.) ’me o ile oa tsoela pele lelokong la Davida ho fihlela Jerusalema e timetsoa ka (537 B.C.E.; 607 B.C.E.; 1914 C.E.) ha ho qala “linako tse behiloeng tsa lichaba.” [kl-SU leq. 94 chate]

30. Joalokaha ho tlalehiloe ho (Matheu 10; Matheu 24; Luka 21), Jesu o ile a fana ka litaelo tse tobileng tsa tšebeletso ho bao a ileng a ba roma ho ea bolela. [si-SU leq. 180 ser. 31]

Nyalanya mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:

Mar. 7:20-23; 13:10; Luka 8:31; Joh. 8:17, 18; Lik. 17:11

31. Re lokela ho falimehela ho khetholla tšusumetso leha e le efe eo e seng ea bomolimo kapa e senyang e ka ’nang ea kena likelellong le lipelong tsa rōna ’me re lokela ho e tlosa le pele e mela. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 11/1 leq. 14 ser. 16.]

32. Bademona ba tla kopanela le Satane boemong ba ho se sebetse ho kang ha lefu nakong ea “lilemo tse sekete.” (Tšen. 20:3) [’Malo oa Bibele oa beke le beke]

33. Moea oa ho potlaka oa hlokahala hore mosebetsi oa lefatše lohle oa bopaki o phethoe ka nako e lekanyelitsoeng. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 10/1 leq. 27.]

34. Batho ba likete tse mashome ba rutiloe ho bala le ho ngola ke Lipaki tsa Jehova, sena se nehile batho monyetla oa ho ithuta Bibele ka bobona. [jv-SU leq. 466 lir. 3-4]

35. Ntate le Mora ke batho ba arohaneng ba sa tšoaneng. [rs-SU leq. 93 ser. 5]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela