Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 5/15 maq. 22-26
  • “Le Letsoai la Lefatše”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Le Letsoai la Lefatše”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Tse Nokiloeng ka Letsoai”
  • “Le be le Letsoai ka ho Lōna”
  • “Letsoai la Lefatše”
  • Letsoai le Thibela ho Senyeha
  • Ho Lula Kamehla le Botšepehi
  • “Le Tsoa Batsoaling ba Hloekileng Tlhoeko”
    Tsoha!—2006
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Jesu o ne a Tla Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 5/15 maq. 22-26

“Le Letsoai la Lefatše”

“Le letsoai la lefatše; empa ekare na letsoai le tapa, le ka nokoa ka’ng?”—MATTHEU 5:13.

1. Letsoai ke eng?

LETSOAI ke ntho e makatsang. Le entsoe ka motsoako oa ntho e kang tšepe e sa tloaelehang e bitsoang “sodium” le gase e chefu e bitsoang “chlorine.” ’Nete ea hore lintho tsena tse peli tse kotsi li ka hlahisa motsoako o molemo tjena ke tokisetso e babatsehang ea ’Mōpi molemong oa batho.—Pesaleme ea 104:24.

2. Ho ka bontšoa joang hore letsoai le thibela ho bola?

2 Tabeng e ’ngoe, letsoai le hlile lea sebetsa bakeng sa ho thibela ho bola. Ka mohlala: Monna e mong o ile a nka makoko a linku tse peli tse hlabiloeng ’me a a kenya sebakeng sa koloi se bolokang liphahlo, a nka leeto le lelelele letsatsing le chesang la Afrika. Qetellong ha a bula, ha hlaha seputa se bohloko ’me makoko a mabeli a ne a nyeunya tšenyane! Leha ho le joalo, boea boo bo ile ba hlatsuoa, ’me ha tšeloa letsoai haholo. Phello? Ea e-ba liphate tse bonolo tse aloang pel’a bethe tse ileng tsa sebelisoa ka lilemo.

3. Ho ka thoe’ng ka molemo oa letsoai le ho ba teng ha lona?

3 Joale, ka ho hlakileng letsoai ke ntho ea bohlokoahali e bolokang lintho hore li se bole. Le boetse le na le molemo o mong. Ha e le hantle, Chaena ea boholo-holo le ne le hlahlama gauda ka theko. Lentsoe la Selatine bakeng sa “letsoai” ke sal, ’me mehleng ea ’muso o hatellang oa Roma, mabotho a ne a fumana karolo ea moputso (salarium) oa oona ka letsoai. Ho tsoa lentsoeng lena ho hlaha lentsoe la Senyesemane “salary” (moputso). Ha e le hantle, libakeng tse ngata kajeno, letsoai le batla le tloaelehile ’me le le theko e tlase. Maoatle a na le letsoai le ka koahelang sebaka sa “li-cubic” k’hilomithara tse limillione tse 19—le lekaneng ho tsetela United States eohle botebo ba lik’hilomithara tse 1,6! Leha Jesu Kreste a sa le lefatšeng, letsoai le ne le batla le ntse le le lengata. Ka mohlala, metsi a Leoatle le Shoeleng a ne a fana ka le lengata, ’me ho ne ho e-na le maralla a neng a e-na le letsoai haufi le sebaka seo ho sona mosali oa Lota a ileng a fetoha “seemahale sa letsoai.”—Genese 19:26.

4. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore letsoai ke la bohlokoa bophelong?

4 Letsoai le boetse le na le molemo oa ho phekola. ’Mele ea rōna e na le letsoai le ka etsang ligramo tse 230, leo ntle ho lona re neng re ka shoa. Kahoo letsoai ke la bohlokoa bakeng sa bophelo. Empa joalokaha le sebelisitsoe ka Bibeleng, letsoai le boetse le na le bohlokoa ba tšoantšetso bo itšetlehileng ka bophelo le liketso tsa Bokreste.

“Tse Nokiloeng ka Letsoai”

5. Lijong, letsoai le sebeletsa morero ofe?

5 Ha motho ea phehang a lebala ho noka lijo tseo a li phehang, lijo li ka ’na tsa latsoeha hampe hoo batho ba tla hana ho li ja. Joalokaha Jobo a itse: “Se tapileng a se ka jeoa ha ho se na letsoai?” (Jobo 6:1, 6) Letsoai le utloahatsa tatso ea lijo. Matla ana a tatso a letsoai le matla a Iona a ho thibela ho bola a sebelisoa ka tšoantšetso ka Mangolong. Letsoai le sebelisoa haholoholo ho hlalosa puo ea mofuta o nepahetseng.

6. Ba-Kolosse 4:6 e sebetsa joang tšebeletsong ea Lipaki tsa Jehova?

6 Moapostola Pauluse o ngotse: “Le polelo tsa lōna e be tse molemo ka mehla, tse nokiloeng ka letsoai, le tle le tsebe kamoo le tšoanetseng ho araba e mong le e mong.” Phetolelo e ’ngoe e baleha tjena: “Puisano ea lōna kamehla e be e mosa, ’me le kamohla e se ke ea hloka tatso.” (Ba-Kolosse 4:6, The New English Bible) Bakreste ba ’nete ba qeta lihora tse ngata ba bua le batho ka ’Muso oa Molimo. Ha e le hantle, hase Lipaki tsohle tsa Jehova tseo e leng libui tse phollatsi ka tlhaho. Empa, haeba li ananela molaetsa ka ho teba ’me li bua ka kholiseho le ka mofuthu, li ka sokollela lipelo tsa batho ba bangata ’neteng ea Lentsoe la Molimo. Ke habohlokoa hakaakang, he, hore puo ea bahlanka ba Jehova e be e mosa le e ipiletsang!

7. Mantsoe a “nokiloeng” a Mokreste a ka ba le phello efe e molemo?

7 Mantsoe a “nokiloeng” a Mokreste ha a etse feela hore momameli a khone ho fumana tatso e monate ea molaetsa oa Bibele empa a boetse a sekamela ho bolokeng bophelo ba ba o mamelang. Feela joalokaha letsoai e le la bohlokoa bophelong, puo ea bahlanka ba Jehova e ka bolela bophelo ho ba mamelang ka kananelo seo bahlanka ba hae ba se buang ka morero oa Molimo le ’Muso oa oona.—Bapisa Johanne 6:63, 68.

8. Ke hobane’ng ha mohau o lokela ho khetholla puo ea basebeletsi ba Bakreste?

8 Ka baka leo, mosa o lokela ho khetholla puo ea Bakreste ha ba bua le ba sa lumelang. Ka linako tse ling ba utloang molaetsa oa ’Muso ba arabela ka mokhoa o bohale kapa o tala. Empa bahlanka ba Jehova le kamohla ba se arabele ka tsela eo. Ho e-na le hoo, ba be mosa kamehla. Ho bolela eng ho ba ea mosa? Ho bolela ho ba bonolo, ho ba molemo, ho ba ea hlomphang, le ea hauhang. Tsela e mosa le e mamellang ea Mokreste ea ho arabela lipotso, likhang le likhanyetso, kapa mekhoa e mebe hangata e etsa phapang e khōlō. Joalokaha maele a re, “Karabo e bonolo e thethefatsa bohale.” (Liproverbia 15:1) Tšebeletsong ea Bokreste bonolo, tlhompho, le likarabelo tse bohlale li ka nolofatsa batho bao, le hoja ba le mekhoa e thata le e mebe, ka sebele ba nang le lipelo tse ntle.—Liproverbia 25:15.

9. Bakreste ba lokela ho qoqa le balumeli ’moho le bona joang, hona hobane’ng?

9 Joale, Bakreste ba lokela ho qoqa joang le balumeli hammoho le bona? Ka ho hloka mosa? Che! Hobane’ng? Hobane bahlanka bana ba inehetseng ba Jehova e boetse ke karolo ea “mohlape oa Molimo,” o lokelang ho tšoaroa ka bonolo.—Bapisa 1 Petrose 5:2-4; Liketso 20:29.

10. Ba-Efese 4:29-32 e lokela ho ba le kamano efe puong e sebelisoang ke bahlanka ba Jehova?

10 Na mohlanka oa Jehova o lokela ho sebelisa mahlapa ha a bua le basebetsi’-moho bao e ka ’nang eaba ba mo khopisitse? Na e ka ba ho loketseng hore foromane ea Mokreste e rohakane ha basebetsi ba e nyahamisa? Ha banna le basali ba Bakreste ba khopehile ka tsela e ’ngoe, na ba lokela ho rohakana kapa ho rohaka bana ba bona? Che! Pauluse o ngotse: “Polelo e lihlong, leha e le ’ngoe, e se ke ea tsoa melomong ea lōna; . . . Tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itšena, le komang, le ho seba, le lonya lohle, li falatsoe ho lōna. Le rekolohelane, le hauhelane, le tšoarelane, joale ka ha Molimo le oona o le tšoaretse ka Jesu Kreste.”—Ba-Efese 4:29-32.

“Le be le Letsoai ka ho Lōna”

11, 12. Ho Mareka 9:50 Jesu o ne a bua ka “letsoai” la mofuta ofe, ’me mantsoe ao a ne a tla hloka puo le liketso tsa mofuta ofe?

11 Kaha ha rea phethahala, bohle re na le linako tseo re buang ka mokhoa o sa tšoanelang Mokreste. Joalokaha morutuoa Jakobo a lumetse ka bonolo hore: “Bohle re khopjoa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa khopjoe lipuong, eo ke monna ea phethehileng, ea ka tsebang ho busa le ’mele kaofela.” (Jakobo 3:2, 8-10) Barutuoa ba Jesu ba pele e ne e se mekhelo ho sena, ’me ba ne ba tlameha ho khalemeloa bakeng sa ho hlōleha ho buisana ka mosa. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng barutuoa ba phehisana khang ka matla ka hore na e moholo har’a bona ke mang. Jesu a fa sehlopha sohle keletso e ntle khahlanong le ho khothometsa ba bang ’me kahoo ba ‘nokoe ka mollo,’ kapa ba timetsoe Gehenna. Eaba o qetella ka mantsoe ana: “Le be le letsoai ka ho lōna, ’me le ahisane ka khotso.”—Mareka 9:33-50.

12 Ka ho hlakileng, mono Jesu o ne a sa bue ka letsoai la sebele le lenyenyane le fumanoang ’meleng ea nama ea barutuoa ba hae. Ho e-na le hoo, o ne a bua ka hore ba nahanele, ba be bohlale, ba hahe, le ho thoba ka mantsoe le boitšoaro—ho itšoara hantle ho ba bang. Hona ke habohlokoa e le hore Bakreste ba ’nete ba ka ’na ba lulisana ka khotso.

“Letsoai la Lefatše”

13. Jesu o ne a bolela eng ha a re ho balateli ba hae, “Le letsoai la lefatše”?

13 Mabapi le balateli ba hae, Jesu o boetse a re: “Le letsoai la lefatše.” (Mattheu 5:13) Ka ho rialo, Jesu o ne a sa bolele hore barutuoa ba hae e ne e le letsoai la sebele. Ho e-na le hoo, letsoai ke ntho e bolokang ’me molaetsa oo balateli ba Jesu ba o isang ho batho o ne o tla boloka bophelo ba ba bangata. Ka sebele, barutuoa ba hae ba ne ba e-na le tšusumetso e bolokang ho ba neng ba mamela molaetsa oa bona, ba thibela ho bola ha moea le ha boitšoaro har’a batho ba joalo. Ho ne ho se pelaelo ka ’nete ea hore litaba tse molemo tse boletsoeng ke balateli ba Jesu li ne li tla boloka bophelo.—Liketso 5:20; 13:46-48.

Letsoai le Thibela ho Senyeha

14. Ho qhela tšilafalo ea lefatše, ho hlokahala eng?

14 Ho tsoa boemong bo phahameng le bo hloekileng boo Jehova Molimo a talimang lintho a le ho bona, tsamaiso ena eohle e khopo ea lintho e tlameha ho hlaha e tšoana le makoko a boletsoeng pejana. Pele a hloekisoa ’me ho sebelisoa letsoai, a ne a hlahisa monko o mobe ’me a ne a nyeunya tšenyane. Koana, ho isa boholeng bo itseng, e mong le e mong o angoa ke maemo a leng lefatšeng lena, ’me ho thibela tšilafalo e fihlang tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo, motho o hloka sebete ’me o tlameha ho boloka botšepehi ba hae ho Molimo. Ke ka tsela ena feela motho a ka ipolokang boitšoarong bo bolileng. Ha a hloke puo e mosa feela empa hape le tšoaneleho e bolokang e tla etsa hore a khone ho hana ho bola ka mekhoa eohle ea bona. Tabeng ena, ho hlokahala “letsoai” ka potlako.—1 Petrose 4:1-3.

15. Ke mehlala efe e metle e beiloeng ke Jesu le Daniele?

15 Mohlanka ea tšepahalang oa Jehova o tlameha ho tseba ho hana mekhoa e mebe le liteko tse mpe. Hopola hore Jesu o ile a hana ka makhetlo a mararo ha a ne a lekoa ke Satane lefeelleng. (Mattheu 4:1-10) Hape nahana mohlala o fanoeng ke moprofeta Daniele. O ile a ithuta ho hana a sa le lilemong tse tlase. Ha Daniele e sa le mohlankana lebaleng la ntlo ea borena Babylona, eena le metsoalle ea hae ba ne ba fuoa ‘ka tsatsi le leng le le leng lijo tse hlabosang tsa morena.’ Empa Daniele le metsoalle ea hae ba hana. Hona e ne e se taba ea ho hana mpho ea kamohelo e mofuthu. Ho e-na le hoo, bahlankana ba bane ba Baheberu ba tsitlallela lijong tsa meroho feela le metsi hobane ba ne ba laba-labela ho qoba lijo tseo Molao oa Jehova o li hanelang kapa tse silafalitsoeng ke litšebeletso tsa bohetene. Ho ne ho hlokahala sebete sa sebele ho nka tsela eo. Phello e bile e putsang, hobane qetellong ea nako e beiloeng ea teko, ponahalo ea bona ea ’mele e ne e shebahala hantle ho feta ea ba amohetseng lijo tsa borena. ’Me moeeng Baheberu bano ba ile ba thabela tlhohonolofatso le mohau tsa Jehova.—Daniele 1:5-17.

16. Ke hobane’ng ha ho ka thoe Daniele e ne e le mohlanka ea “nokiloeng hantle” oa Jehova?

16 Jehova Molimo a boloka Daniele le metsoalle ea hae hobane ba ne ‘ba e-na le letsoai ka ho bona.’ Empa, re ka ithuta ho hongata ho Daniele. O ile a khetheloa litulong tse phahameng ’musong oa Babylona. Tlas’a maemo a joalo e tlameha e he o ile a hana ka makhetlo a mangata, hobane o ne a pota-potiloe ke batho ba bahetene, ’me ha ho pelaelo hore lebala la ntlo ea borena le ne le tletse ka boitšoaro bo bobe, leshano, tjotjo, mano a lipolotiki, le mekhoa e meng e silafetseng. Daniele o bile tlas’a khatello e boima ka makhetlo a mangata. Empa le hoja a ne a le har’a “lefatše” la mehleng eo, ‘e ne e se oa lefatše.’ (Johanne 17:16) Daniele e ne e le mohlanka ea khabane le ea “nokiloeng hantle” oa Jehova. Koana, lira tsa Daniele, mohlomong li khopisitsoe ke hobane botšepehi ba hae le bokhabane ba hae bo ne bo li pepesa hampe, tsa leka ho mo bolaea! Leha ho le joalo, li ile tsa tlameha ho lumela hore “e be e le motho ea tšepehang, ’me ho no ho sa fumanoe tšito ho eena, leha e le bokhopo.” (Daniele 6:4, 5) Ke mohlala o motle hakaakang!

17. Ke liteko life tse thata tse tobaneng le bacha ba Bakreste kajeno?

17 Joaloka mohlankana Daniele le metsoalle ea hae, bacha ba Bakreste kajeno ba tobane le liteko tse thata. Haholo-holo sekolong, ba tlameha ho loana le lithethefatsi, koae, lino tse tahang, puo e litšila, boitšoaro bo bobe, ho qhekella, moea oa borabele, borapeli ba bohata, bochaba, metsoalle e mebe, lithuto tsa bohata tse kang ho iphetola ha lintho, le litšusumetso tse ling tse matla. Ke feela mocha oa Mokreste ea “nokiloeng hantle” ea ka lulang a bolokile botšepehi ka bohloeki ha a talimane le teko eo eohle.

18. (a) Batsoali ba Bakreste ba tla he ba etsa hantle ho nahana lipotso life? (b) Ho khothaletsoa eng ho batsoali ba fumanang ho le thata ho thusa bana ba bona?

18 Ka hona, batsoali ba Bakreste, nahanang ka hloko ka boemo ba lelapa la lōna. Na litho tsohle tsa lona li tsoela pele moeeng? Na le thibetse ho bola ha lefatše hore ho se tšoaetse bana ba lōna? Na le tseba seo ba se etsang le seo ba hlileng ba se nahanang le hore na ba ikutloa joang ka borapeli ba ’nete? Na ba hloile lintho tse litšila tsa lefatše lena kapa ba kotsing ea ho inehela ho tsona? (Amose 5:14, 15) Haeba, joaloka batsoali, ha le haufi-ufi ka ho lekaneng le bana ba lōna ho ba thusa, kapa le fumana hona ho le thata, ke hobane’ng ha le sa rapelle taba ee ka tieo ho Jehova? Ka sebele, a ka le thusa ho hlōla mokoallo ona.—1 Johanne 5:14.

19. Lintho tse ling tseo batsoali ba Bakreste ba lokelang ho li hana ke life?

19 Joaloka batsoali ba Bakreste, le bea mohlala oa mofuta ofe? Na ka tieo le hanela ho ja haholo ho kotsi le ho noa haholo le mekhoa e mengata ea boitšoaro bo bobe le litšila tse etsuoang ho le potoloha? Na le hana tjotjo, ho utsoa ho honyenyane, le mesoaso le lipuo tse lihlong tsa batho ba lefatše? Mosebetsing kapa baahelaning ba lōna, na le tsebahala le le batho ba hloekileng, ba tšepahalang, le ba tsitsitseng? Hore le be “letsoai la lefatše” ke habohlokoa hore le hane ka nako e nepahetseng.

Ho Lula Kamehla le Botšepehi

20. Letsoai le ne le sebelisoa joang kamanong le borapeli ba Jehova Iseraeleng ea boholo-holo?

20 Ha ho pelaelo hobane letsoai le ne le emela ho lokoloha tšilafalong, le ne le sebelisoa borapeling ba Baiseraele ba Jehova. Ka mohlala, linyehelo tsohle tse aletareng ii ne li tlameha ho nokoa. Molaong o fanoeng ka Moshe, ho ne ho boletsoe: “U ke ke ua lebala le ka mohla o le mong letsoai la selekane sa Molimo oa hao nyehelong ea hao; u tla kenya letsoai nyehelong e ’ngoe le e ’ngoe ee u e hlahisang.” ’Me ‘selekane sa letsoai’ se ne se nkoa e le se tlamang.—Levitike 2:13; Numere 18:19, NW; 2 Likronike 13:4, 5.

21. Joaloka “letsoai la lefatše,” ho hlokoa eng ho bahlanka ba Jehova kajeno?

21 E le Lipaki tsa Jehova, bahlanka ba hae kajeno ke “letsoai la lefatše.” Hona ho hloka hore e be ba sa silafalang, ba khabane, le ba tšepahalang. Ba tlameha ho hlaolela ka masene tholoana ea moea o halalelang—lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, tumelo, bonolo, le boitšoaro. (Ba-Galata 5:22, 23) Tholoana ea moea ke mohloli oa litšoaneleho tsa moea tse kang letsoai. Empa ’nete ea hore ba bang ba sebelelitse Jehova ka lilemo, ka boeona, ha se tiiso ea hore ba ke ke ba oa. (1 Ba-Korinthe 10:12) Jesu ka boeena o re lemositse ka sena.

22. Bohlokoa ba karolo ea ho qetela ea Mattheu 5:13 ke bofe?

22 Hopola hore hang hoba Jesu a re, “Le letsoai la lefatše,” o ile a phaella: “Empa ekare ha letsoai le tapa, le ka nokoa ka’ng? Ha le sa na mosebetsi, le se le ka mpa la lahleloa kantle, la hatoa ke batho.” (Mattheu 5:13) Le leng la letsoai le neng le sebelisoa ha Jesu a le lefatšeng le ne le tsoakiloe ka lintho tse ling. Kahoo haeba letsoai le hloekileng le ne le hohotsoe ke pula kapa ka tsela e ’ngoe, ho neng ho setse ho ne ho loketse feela hore ho lahleloe kantle, mohlomong ho hasanngoe tseleng ’me ho hatakeloe ke ba fetang ka tsela. Ntle leha letsoai le ne le ka bolokoa boemong bo nepahetseng, le ne le ka hloka thuso habonolo.

23. Re le Lipaki tsa Jehova, pono ea rōna e lokela ho ba efe ka mantsoe a Jesu, “Le letsoai la lefatše”?

23 Joaloka bahlanka ba tšepahalang ba Jehova le Mora oa hae Jesu Kreste, joale a re hlokomeleng hore le kamohla re se ‘ke ra tapa,’ kapa ra lahla litšoaneleho tse hloekileng tse kang tsa letsoai. Ho e-na le hoo, a re etseng boiteko bohle ho hlaolela tholoana ea moea oa Molimo. E se e ka kamehla re ka ba le puo e mosa, ka cheseho re bolele molaetsa oa ’Muso ’me kahoo re thusa ho boloka bophelo ba ba bang. E se e ka le kamohla re ke ke ra hlōloa ke lefatše lena le silafetseng, empa e se e ka re ka lula re hopotse botebo ba se boleloang ke mantsoe a Jesu, “le letsoai la lefatše,” le tokelo e khōlō e amanang le oona.

HIahloba Mohopolo oa Hao

◻ ‘Polelo tsa rōna e ka ba tse nokiloeng ka letsoai’ joang?

◻ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore Bakreste ‘ba be le letsoai ka ho bona’?

◻ Balateli ba Jesu ke “letsoai la lefatše” joang?

◻ Lintho tse ling tse qojoang ke Bakreste ba “nokiloeng hantle” ke life?

◻ Ho ea ka Mattheu 5:13, bahlanka ba Jehova ba lokela ho ba le pono efe kajeno?

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Bocheng, Daniele a ithuta ho hana

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela