Ho Bua Lipuo Lisele
Tlhaloso: Bohlale bo khethehileng boo moea o halalelang o neng o bo nea barutuoa ba bang ba phutheho ea pele ea Bokreste ho ba nolofaletsa ho bolela kapa ho tlotlisa Molimo ka tsela tse ling ka puo e ’ngoe ntle ho ea habo bona.
Na Bibele e re bohle ba neng ba tla ba le moea oa Molimo ba ne ba tla ‘bua lipuo lisele’?
1 Ba-Kor. 12:13, 30: “Bohle re kolobelitsoe Moeeng o le mong, . . . Na bohle ba na le lineo tsa pholiso? Na bohle ba bua lipuo?” (Le 1 Ba-Korinthe 14:26)
1 Ba-Kor. 14:5: “Ke rata ha le ka bua bohle ka lipuo, empa haholo-holo ke rata ha le ka profeta; hobane ea profetang o fetisa ea buang ka lipuo, ha e se ha eo a ka fetola, kereke e tle e fumane khahiso.”
Na puo e bontšang thabo e ngata ka puo eo motho a sa ithutang eona ke bopaki ba hore o na le moea o halalelang?
Na bohlale ba ho ‘bua lipuo lisele’ bo ka tsoa mohloling o mong ntle ho Molimo oa ’nete?
1 Joh. 4:1: “Baratuoa, le se ke la lumela meea eohle [KJ, RS; “polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng,” NW], le mpe le leke meea, hore na ke e tsoang ho Molimo.” (Bona le Mattheu 7:21-23; 2 Ba-Korinthe 11:14, 15.)
Har’a ba ‘buang lipuo lisele’ kajeno, ke Mapentekonta, Mabaptiste, le Maroma a K’hatholike, Maepiskopale, Mamethodiste, Malutere, le Mapresbitheriene. Jesu o boletse hore moea o halalelang o ne o tla ‘tsamaisa barutuoa ba hae ’neteng eohle.’ (Joh. 16:13) Na litho tsa malumeli aa ka bomong li lumela hore le aa a mang a ‘buang lipuo lisele’ a tataisitsoe ho ea “’neteng eohle”? Ho ka ba joalo joang, kaha ha a bonngoeng? Ke moea ofe o ba nolofaletsang hore ba ‘bue lipuo lisele’?
Polelo e kopanetsoeng ke Lekhotla la Evangeli la Kereke ea Chache le Fountain Trust e ile ea lumela: “Re boetse rea hlokomela hore ketsahalo e joalo e ka ’na ea etsahala tlas’a tšusumetso ea boloi/bodemona.” (Gospel and Spirit, April 1977, e phatlalalitsoeng ke Lekhotla la Evangeli la Kereke ea Chache le Fountain Trust, leq. 12) Buka, Religious Movements in Contemporary America (e hlophisitsoeng ke Irving I. Zaretsky le Mark P. Leone, e qotsa L. P. Gerlach) e tlaleha hore Haiti ‘ho bua lipuo lisele’ ke letšoao le khethollang malumeli a Pentekonta le Voodoo.—(Princeton, N.J.; 1974), leq. 693, bona le 2 Ba-Thessalonika 2:9, 10.)
Na ho ‘bua lipuo lisele’ ho etsoang kajeno ho tšoana le hoa Bakreste ba lekholo la pele la lilemo?
Lekholong la pele la lilemo, lineo tsa mohlolo tsa moea, ho akarelletsa bohlale ba ‘ho bua lipuo lisele,’ ho ne ho hlahlolla hore mohau oa Molimo o ne o tlohile tsamaisong ea Sejode ea borapeli ho ea phuthehong e theiloeng bocha ea Bokreste. (Ba-Heb. 2:2-4) Kaha sepheo seo se ile sa finyelloa lekholong la pele la lilemo, na ho sa hlokahala ho paka ntho eo nako le nako mehleng ea rōna?
Lekholong la pele la lilemo, bohlale ba ho ‘bua lipuo lisele’ bo ile ba matlafatsa mosebetsi oa machaba oa ho paka oo Jesu a neng a romile balateli ba hae hore ba o etse. (Lik. 1:8; 2:1-11; Matt. 28:19) Na ba ‘buang lipuo lisele’ ba sebelisa bohlale ba bona ka tsela e joalo kajeno?
Lekholong la pele la lilemo, ha Bakreste ba ne ba ‘bua lipuo lisele,’ ba ne ba bua ntho e utloahalang ho batho ba tsebang lipuo tseo. (Lik. 2:4, 8) Na hase ’nete hore kajeno ho ‘bua lipuo lisele’ ho atisa ho tsamaea le ho phasoloha ho peteketsa melumo e sa utluoeng?
Lekholong la pele la lilemo, Bibele e bontša hore liphutheho li ne li lokela ho lekanyetsa ‘ho bua lipuo lisele’ ho batho ba babeli kapa ba bararo ba neng ba ka ho etsa sebokeng sefe le sefe seo ba filoeng nako ho sona; ba ne ba lokela ho ho etsa “ka ho latelana,” ’me haeba ho se ea ka tolokang, ba ne ba lokela ho khutsa. (1 Ba-Kor. 14:27, 28) Na ke sona se etsoang kajeno?
Bona le maqephe 318, 319, tlas’a sehlooho “Moea [Spirit].”
Na ebe mohlomong moea o halalelang o tsamaisa malumeli a meea ho etsa mekhoa e fetang se fumanehang ka Mangolong?
2 Tim. 3:16, 17: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka; motho oa Molimo a tle a phethehe, ’me a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.” (Haeba motho a ipolela hore o na le molaetsa o bululetsoeng o hananang le litšenolo tsa moea oa Molimo ka Jesu le baapostola ba hae, na ho ka etsahala hore ebe o tsoa mohloling o tšoanang?)
Ba-Gal. 1:8: “Athe motho, leha e ka ba rōna, kapa lengeloi le tsoang leholimong, ha a ka le bolella Evangeli esele [‘e tlolisang,’ NW] ho eo re seng re le boleletse eona, a neeloe anathema.”
Na tsela eo litho tsa mekhatlo e hlophisitsoeng e thabelang ‘ho bua lipuo lisele’ li phelang ka eona e fana ka bopaki ba hore li na le moea oa Molimo?
E le sehlopha, na li bontša ka ho totobetseng litholoana tsa moea tse kang bonolo le boitšoaro? Na litšoaneleho tsee li bonahala habonolo ho batho ba eang libokeng tsa bona bakeng sa borapeli?—Ba-Gal. 5:22, 23.
Na ruri “hase ba lefatše”? Na ka lebaka lee ba ineetse ka ho feletseng ’Musong oa Molimo kapa ba kena-kenana le litaba tsa lefatše tsa lipolotiki? Na ba lutse ba hloekile molatong oa mali nakong ea ntoa? E le sehlopha, na ba na le botumo bo botle ka lebaka la ho qoba boitšoaro bo bobe ba lefatše?—Joh. 17:16; Esa. 2:4; 1 Ba-Thess. 4:3-8.
Na Bakreste ba ’nete kajeno ba khetholloa ka bohlale ba ho ‘bua lipuo lisele’?
Joh. 13:35: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.”
1 Ba-Kor. 13:1, 8: “Leha nka bua lipuo tsa batho le tsa mangeloi, ha ke se na lerato, ke joale ka koporo e llang, leha e le cymbala e molumo o moholo. Lerato ha le ka ke la timela le ka mohla o le mong. Athe ha e le boprofeta, bo tla fela; leha e le lipuo, li tla lesa ho ba teng.”
Jesu o itse moea o halalelang o ne o tla tšolohela ho balateli ba hae le hore ba ne ba tla mo pakela ho isa lipheletsong tsa lefatše. (Lik. 1:8) A ba laela hore ba ‘etse barutuoa ka batho ba lichaba tsohle.’ (Matt. 28:19) A boetse a profeta hore ‘litaba tsena tse molemo tsa ’muso li ne li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona e le bopaki ho lichaba tsohle.’ (Matt. 24:14, NW) Ke bafe kajeno, bao e le sehlopha hape leha e le motho ka mong, ba etsang mosebetsi oo? Tumellanong le se boletsoeng ke Jesu, na ha rea lokela ho sheba see e le bopaki ba hore sehlopha se na le moea o halalelang?
Na ‘ho bua lipuo lisele’ ho tla tsoela pele ho fihlela “phetheho” e fihla?
Ho 1 Ba-Korinthe 13:8 ho buuoa ka lineo tse ’maloa tsa mohlolo—boprofeta, lipuo, le tsebo. Temana ea 9 e bua ka tse peli lineong tsena—tsebo le boprofeta—e re: “Hobane re tseba ka nģa e le ’ngoe, ’me re profeta ka ’nģa e le ’ngoe.” Kapa, joalokaha RS e re: “Hobane tsebo ea rōna ha e-ea phethahala le boprofeta ba rōna ha boa phethahala.” Joale temana ea 10 e re: “Empa mohla ho hlahang phetheho, ke moo se leng ka ’nģa e le ’ngoe feela se tla felisoa.” Lentsoe “phetheho” le fetoletse teʹlei·on ea Segerike e fanang ka maikutlo a ho hōla ka botlalo, ho fella, kapa ho phetheha. Ro, By, le NW tsona li ngola “feletseng.” Hlokomela hore ha ho boleloe hore neo ea lipuo lisele ke eona e ‘sa phethehang,’ kapa e “ka ’nģa e le ’ngoe,” kapa e sa fellang. Ho boleloa joalo ka “boprofeta” le “tsebo.” Ka mantsoe a mang, le ka lineo tseo tsa mohlolo, Bakreste ba pele ba ne ba e-na le kutloisiso e sa fellang kapa e ka ’nģa e le ’ngoe ea morero oa Molimo. Empa “phetheho” kapa phello, e ne e tla tla ha boprofeta bo phethahala, ha morero oa Molimo o finyelloa. Ka hona, ho hlakile hore hona ho ne ho sa bue ka hore na ‘neo ea lipuo’ e ne e tla tsoela pele ho fihlela neng.
Leha ho le joalo, Bibele e-ea bontša hore ‘neo ea lipuo’ e ne etlaba karolo ea phihlelo ea Bokreste halelele hakae. Ho latela tlaleho, neo ena le lineo tse ling tsa moea kamehla li ne li fetisetsoa ho batho ka peo ea matsoho a baapostola ba Jesu Kreste kapa moo ba leng teng. (Lik. 2:4, 14, 17; 10:44-46; 19:6; bona le Liketso 8:14-18.) Ka hona, kamorao ho lefu la bona, leha batho ba neng ba amohetse lineo tseo ka tsela eo ba e-shoa, e tlameha ebe lineo tsa mohlolo tse hlahileng ka ho sebetsa hoa moea oa Molimo li ile tsa fela le tsona. Pono e joalo e lumellana le morero oa lineo tseo joalokaha o boletsoe ho Ba-Heberu 2:2-4.
Na Mareka 16:17, 18 (KJ) ha e bontše hore bohlale ba “ho bua lipuo tse ncha” e ne etlaba pontšo e khethollang balumeli?
Ho ke ho hlokomeloe hore litemana tsena ha li bue feela ka “ho bua lipuo tse ncha” empa hape li bua ka ho tšoara linoha le ho noa mahloko a bolaeang. Na bohle ba ‘buang lipuo lisele’ ba boetse ba khothalletsa mekhoa ee?
Bakeng sa litlhaloso tsa hore na ke hobane’ng ha litemana tsena li sa amoheloe ke liithuti tsohle tsa Bibele, bona maqephe 363, 364, tlas’a sehlooho “Pholiso.”
Haeba e Mong a Re—
‘Na u lumela ho bueng lipuo lisele?’
U ka ’na ua arabela: ‘Lipaki tsa Jehova li fela li bua lipuo tse ngata, empa ha re kopanele ho nkeheng “ho bua lipuo tse sa tsejoeng.” Empa na nka botsa, Na u lumela hore “ho bua lipuo lisele” ho etsoang kajeno ho tšoana le ho neng ho etsoa ke Bakreste ba lekholong la pele la lilemo?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Lintlha tse ling tse ka bapisoang ke tsena tseo ke fumaneng li thahasellisa haholo. (Mohlomong u ka sebelisa taba e maqepheng a 126, 127.)’
Kapa u ka re: ‘Re hlile rea lumela hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba “bua lipuo lisele” le hore hona ho ile hoa koala likheo tsa sebele nakong eo. Na u-ua tseba hore na ke likheo life?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Ho sebelelitse e le pontšo ea hore Molimo o ne o tlositse mohau oa oona tsamaisong ea Sejode ho o isa phuthehong e neng e sa tsoa theoa ea Bokreste. (Ba-Heb. 2:2-4)’ (2) ‘E ne e le mokhoa o sebetsang oa ho jala litaba tse molemo machabeng ka nako e khutšoaane. (Lik. 1:8)’