Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 4/8 maq. 28-29
  • Ho Bua Lipuo Lisele—Na ho Tsoa ho Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bua Lipuo Lisele—Na ho Tsoa ho Molimo?
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hobane’ng Lipuo Lisele?
  • Ho Bua Lipuo Lisele Kajeno?
  • Lebaka ke Lona le Buang
  • Na Mpho ea ho Bua Lipuo Lisele ke Karolo ea Bokreste ba ’Nete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ho Bua Lipuo Lisele
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Ho Bua ka Maleme—Na ho Tsoa ho Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ho Bua Lipuo Lisele—Boemo bo Ntseng bo E-ja Setsi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Tsoha!—1987
g87 4/8 maq. 28-29

Pono ea Bibele

Ho Bua Lipuo Lisele—Na ho Tsoa ho Molimo?

“MATSOHO a ka a tšoaroa ke ntho e sa tloaelehang, e ne e eketsa boima ba eona! E ne e se e ka ke matla a motlakase a volt tse sekete, tse likete tse leshome, tse limillione . . . Ka bua puo eo ke sa e utloisiseng ka lihora tse peli.”

Phihlelo ena ke mohlala oa taba eo ho tsekoang haholo ka eona eo ba bangata ba e amanyang le borapeli ba Bokreste kajeno: ho bua lipuo lisele. Taba ena e ile ea khathatsa ka ho khethehileng lihlopha tsa Mapentakonta le mekhatlo e meng e folisang.

Ngaka Vinson Synan, oa Kereke ea Pentakonta e Halalelang o totobalitse khetho e boima eo barapeli ba tšepahalang ba tobaneng le eona mabapi le karolo e phethahatsoang ke lipuo lisele. O itse: “Ho bua lipuo lisele ke ntho e ferekanyang ho rōna.” Hobane’ng? Ngaka Synan o hlokometse hore ho bua lipuo lisele kajeno ho bonahala ho se na kelello ho rōna. O tsoela pele ka hore: “Le hoja ho makatsa, [ho bua lipuo lisele] ke neo e khethiloeng ke Molimo ka linako tse tobileng historing ka morero oa ho hōlisa le ho nchafatsa Kereke.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.

‘Nako e ’ngoe e tobileng’ e bile ketsahalong e sa tloaelehang morao koana ka lilemo tse 1 900 tse fetileng.

Hobane’ng Lipuo Lisele?

E ne e le ka Pentakonta ea 33 C.E. Ho ne ho atametse phetoho. Selekane se secha se ne se lokela ho nkela sa boholo-holo sa Bajode sebaka. Ka lebaka lefe? Ho bula tsela e molemo ea ho rapela Jehova Molimo. Batho ba ne ba tla bona joang hore tlhohonolofatso ea Molimo e holim’a phetoho eo ea borapeli? O ne a tla sebelisa mehlolo e mengata, ho kopanyeletsa ho bua lipuo lisele, ho susumetsa batho ba lipelo li sekametseng tokeng. Ba ne ba tla bona hore Molimo o matla ’ohle oa bo-ntat’a bona ka sebele o amohela barutuoa ba Jesu.

Neo ea ho bua lipuo lisele ea sebeletsa morero o mong ka Pentakonta. Mehleng ea Jesu, mekhoa ea likhatiso le liphatlalatso tsa moeeng e ne e le sieo, kahoo litlaleho tse ngotsoeng li ne li sa tloaeleha har’a batho feela. Kahoo, litaba tse molemo tsa morero le thato ea Molimo li ne li lokela ho boleloa ka lipuo tsa ba lumetseng. Barapeli ba Jehova ba ne ba tlile Moketeng oa Pentakonta Jerusalema ba tsoa linaheng tse ngata Afrika, Asia, le Europa, ’me ba ne ba bua lipuo tse ngata tse fapaneng. Barutuoa ba Jesu ba ka bang 120 le bona ba bokana Jerusalema. Ba filoe matla ke moea o halalelang oa Molimo, ba qala ho bua lipuo lisele. Ebile litaba tse molemo hakaakang tse neiloeng letšoele la barapeli! Ba ne ba “ba utloa ba bolela limakatso tsa Molimo ka puo ea bona.”—Liketso 2:5-11.

Mohlolo oo o bile le phello efe? Bamameli ba likete tse tharo ba fetoha balumeli letsatsing lona leo! (Liketso 2:41) Ha balumeli bao ba bacha ba khutlela mahaeng a bona a hōle, ba paka ka borapeli ba ’nete “ho isa pheletsong ea lefatše.”—Liketso 1:8.

Lilemo tse ka bang mashome a mabeli kamor’a Pentakonta, Pauluse a hlokomelisa hore neo ea ho bua lipuo e ne e tla qetella e felile. (1 Ba-Korinthe 13:8) Ke hobane’ng ha sena se utloahala? Hobane mehlolo ea Pentakonta, joaloka tiiso ea Bokreste ba pele, e ne e sebelelitse morero oa oona ’me o ne o se o sa hlokahale.

Re ka talima ka tsela e tšoanang se etsahetseng Thabeng ea Sinai lilemong tse 1 500. Mona Molimo oa etsa hore limakatso tsa tlhaho li bontše batho ba bokaneng hore selekane sa Molao se tsoa ho Molimo. Hang ha tokisetso ena e ncha e amohetsoe ke batho, mehlolo ena ea fela.—Exoda 19:16-19.

Ho Bua Lipuo Lisele Kajeno?

Kajeno ba bangata ba ikutloa hore ba thusoa ke moea o halalelang oa Molimo ho bua ka lipuo. Re ka paka joang ka Mangolo hore neo eo ea lipuo lisele e felile?

Ho bua lipuo lisele ho atisa ho tsamaisana le ho phasoloha le ho peteketsa melumo eo ho seng lea mong ea e utloisisang. Kahoo ha e tsoe ho Molimo. Jesu o boletse hore baikaketsi ba bolumeli ba ne ba tla leka ho amahanya lebitso la hae le “mehlolo” e joalo, empa Jesu a latola ‘basebetsi bao ba bokhopo.’ (Mattheu 7:21-23) Pauluse a hlokomelisa ka nako e tlang ha ho ne ho tla ba le mehlolo e mano, kapa “lipontšo le mehlolo ea bohata.” Kahoo, “thetso eohle ea bokhopo” ke mesebetsi ea mothetsi e moholo, Satane Diabolose.—2 Ba-Thessalonika 2:8-10.

Na u ne u tseba hore ho bua lipuo e ne e le karolo ea bolumeli bo bong ba bohetene Greece mehleng ea Pauluse? Litšebeletso tsa bona tsa ho bua lipuo li ne li kopanyeletsa mesebetsi e joaloka ho itšeha linama le ho tantša ho hlobotsoe. Mehlala eo ea histori e bontša ka ho hlakileng hore ho bua lipuo lisele ho ka etsahala tlas’a litšusumetso tse mpe.

Lebaka ke Lona le Buang

Haeba u qea-qea ka mohloli oa lipuo kajeno, nahana ka 1 Johanne 4:1, NW, e reng: “Baratuoa . . . lekang polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng ho bona hore na ke e tsoang ho Molimo.” E, leka ka botšepehi ho ithuta Lentsoe la Molimo, le ka thapelo bakeng sa thuso. (Liketso 17:11) Bona haeba malumeli a buang lipuo lisele a tsamaea “’neteng eohle.”—Johanne 16:13.

Ha Bakreste ba ne ba bua lipuo lisele lekholong la pele la lilemo, seo se ile sa matlafatsa bamameli. Molaetsa o bululetsoeng o ne o lokela ho hlaka le ho utloahala.—1 Ba-Korinthe 14:26-28.

Ba hlomphang ’nete ea Bibele joale ba bua mantsoe a fetang a tsoang lipuong tse bululetsoeng letsatsing la Pentakonta. Hobane’ng? Hobane ba tsebahatsa ’Muso oa Molimo ka Jesu ho bamameli ba bangata haholo ba tšepahalang le ka mokhoa o sa fetoheng. Molaetsa oa bona ke karolo ea tlaleho e ngotsoeng ea Bibele, ho fapana le Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba bua lipuo lisele, Bibele, kaofela kapa karolo ea eona, e fumaneha ka lipuo tse 1 800.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Bakreste ba lekholo la pele la lilemo ba ne ba filoe neo ea ho paka ka lipuo lisele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela