Na Mpho ea ho Bua Lipuo Lisele ke Karolo ea Bokreste ba ’Nete?
KA MOR’A hore Bill le ba bang ba tšeletseng ba bokane ka pel’a moruti haufi le aletare ea kereke, o ile a re: “Ha ke ntse ke mo mametse a rapela ka lipuo lisele, ke ile ka utloa eka ho ba le moea oa nyakallo.” Na liphihlelo tse joalo li pheta tšebetso ea moea o halalelang e bileng teng lekholong la pele la lilemo? Na li khetholla bolumeli ba Bibele? Re ka fumana likarabo tse khotsofatsang ka ho hlahlobisisa Mangolo ka hloko.
Tlaleho ea Bibele e bontša hore ha mpho e ’ngoe le e ’ngoe ea mohlolo ea moea e ne e etsoa, bonyane e mong oa baapostola ba 12 kapa moapostola Pauluse o ne a le teng. Ketsahalo ea ho bua lipuo lisele ea pele ho tse tharo tse tlalehiloeng e etsahetse har’a barutuoa ba Jesu ba 120 ba neng ba bokane Jerusalema ka Pentekonta ea 33 C.E. (Liketso 2:1-4) Lilemo tse tharo le halofo hamorao, ha sehlopha sa batho ba sa bollang ba tsoang Italy se ne se mametse Petrose a bolela, se ile sa fumana moea ’me sa qala ho “bua lipuo lisele, [sa] boka Molimo.” (Liketso 10:44-48) Lilemo tse 19 ka mor’a Pentekonta, hoo e ka bang ka 52 C.E., Pauluse o ile a bua le sehlopha Efese ’me a beha barutuoa ba 12 matsoho. Le bona ba ile “ba bua lipuo [lisele], ’me ba profeta.”—Liketso 19:6.
Ke Hobane’ng ha ba ne ba Filoe Limpho tsa Lipuo Lisele?
Pele a nyolohela leholimong, Jesu o ile a bolella balateli ba hae: “Le tla fuoa matla mohla Moea o Halalelang o tlang ho lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, . . . le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Liketso 1:8) Ka hona, hlokomela hore o fane ka tšupiso ea kamoo mosebetsi ona o moholo haholo oa bopaki o neng o tla phethahatsoa ka teng—ka thuso ea moea o halalelang.
Theknoloji ea kajeno ea puisano e etsang hore re tsebe ho romela melaetsa lefatšeng lohle ka lipuo tse ngata e ne e le sieo morao koo. Litaba tse molemo li ne li lokela ho boleloa ka molomo, kahoo mpho ea mohlolo ea ho bua lipuo tsa melata e ne e tla ba thuso e khōlō. Sena ke se etsahetseng ha Bakreste ba lekholo la pele la lilemo ba ne ba bolela ho Bajode le basokolohi ba Jerusalema ka Pentekonta ea 33 C.E. Baphartha, Bamede, Baelame, Bakreta, Baarabia, baahi ba Mesopotamia, Judea, Cappadocia, Ponto, le setereke sa Asia, hammoho le ba jakileng Roma, ba ile ba utloa “limakatso tsa Molimo” ka lipuo tsa bona ’me ba utloisisa se neng se boleloa. Kapele ba likete li tharo ba ile ba fetoha balumeli.—Liketso 2:5-11, 41.
’Nete eo hangata e hlokomolohuoang ke hore ho bua lipuo lisele e ne e le o mong oa mesebetsi e robong ea moea o halalelang eo moapostola Pauluse a buileng ka eona lengolong la hae le eang ho Bakreste ba Korinthe. Le hoja Pauluse a ne a talima ho bua lipuo lisele joaloka mpho e tlaasana, e ne e le ea bohlokoa ho phutheho ea pele ho boleleng litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo oa leholimo. E ne e le e ’ngoe ea “limpho” tse tlatselitseng keketsehong ea palo le ho hahuoeng ha phutheho ea bongoana ea Bakreste.—1 Ba-Korinthe 12:7-11; 14:24-26.
Mesebetsi e sa tšoaneng ea moea o halalelang lekholong la pele la lilemo, ho akarelletsa ho bua lipuo lisele, e ne e le bopaki bo bonahalang ba hore Molimo ha o sa sebelisa phutheho ea Iseraele e lilemo li 1 500 joaloka batho ba oona ba khethehileng. Ntle ho pelaelo, kamohelo ea oona e ne e le phuthehong e ncha ea Bakreste, e thehiloeng ke Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši.—Bapisa le Ba-Heberu 2:2-4.
Lipontšo tsena tsa moea e ne e le meralo e ka sehloohong ea ho theha phutheho e ncha ea Bakreste le ho e thusa ho ba motho e moholo ea tiileng. Pauluse o ile a hlalosa hore ka mor’a ho phetha morero oa tsona, limpho tsena tsa mohlolo li ne li tla fela: “Athe ha e le boprofeta, bo tla fela; leha e le lipuo [lisele], li tla lesa ho ba teng.”—1 Ba-Korinthe 13:8.
E, Bibele e hlakisa hore limpho tsa lipuo lisele li tla fela. Empa li tla fela neng? Liketso 8:18 e senola hore limpho tsa moea li ne li fumanoa “ka peo ea matsoho a baapostola.” Ka hona, ho totobetse hore ha moapostola oa ho qetela a e-shoa, ho fetisoa ha limpho tsa moea ho ne ho tla fela—ho akarelletsa ho bua lipuo lisele. Kahoo, ha ba fumaneng limpho tsena ho baapostola le bona ba e-shoa, mpho ea mohlolo e ne e tla fela. Ka nako eo phutheho ea Bakreste e ne e tla be e bile le nako ea ho tiea ’me e ne e tla be e saballetse linaheng tse ngata.
“Lipuo tse sa Tsejoeng” le Tlhaloso ea Tsona
Ho boea sekoele ha ho bua lipuo lisele kajeno ho “nkoa ke ba bang e le ho hloka teka-tekano ea maikutlo ke batho ba sa tsitsang ba etsang mponeng, ha ba bang ba ho nka e le ho tšoanang le boemo ba ho bua lipuo lisele ha linako tsa Baapostola.” Libokeng tsa kajeno tsa likereke moo ho bua “lipuo tse sa tsejoeng” ho etsoang, hangata ho pheremetsa ka ho peteketsa melumo e sa utluoeng hoa ameha. Ka ho loketseng, motho e mong o ile a ipolela: “Ke sebelisa mpho ea ka ea lipuo lisele ha ke le boinotšing ke thuisa. . . . Ke ikutloa ke le lihlong ha ke le pel’a batho ba bang.” E mong o ile a tlaleha: “Ke utloa mantsoe a ka, ha ke a utloisise, empa ke utloa leleme la ka le susumelletsoa ho bua.”
Ke boitsebiso bofe ba bohlokoa bo fetisoang ke lipuo tse joalo tse sa tsejoeng, ’me ho thoe’ng ka tlhaloso ea bona? Ba bolelang hore ba hlalosa lipuo tsena ba fane ka litlhaloso tse fapaneng tsa puo e le ’ngoe e sa utluoeng. Ke hobane’ng ha li fapane? Liphapang tse joalo ba li bebofatsa ka ho hlalosa hore “Molimo o file motho e mong tlhaloso e ’ngoe ea puo ’me ho motho e mong tlhaloso e ’ngoe.” Motho e mong o ile a lumela: “Ke hlokometse linako tse ling moo tlhaloso e neng e fosahetse.” Bukeng ea hae The Gift of Tongues, D. A. Hayes, o bua ka ketsahalo eo ho eona monna a neng a hana ho hlalosa puo ea mosali ea buileng puo e sa tsejoeng hobane “puo e ne e le e nyonyehang ka ho fetisisa.” Ke phapang e khōlō hakaakang ho buoeng lipuo lisele ho neng ho etsoa lekholong la pele la lilemo ’me hoo ha e le hantle e neng e le molemong oa ho haha phutheho!—1 Ba-Korinthe 14:4-6, 12, 18.
Ba bang kajeno ba bolela hore ba utloile litlhaloso tse molemo, ’me ba ka lumela hore Molimo o sebelisa mpho ena ha o “lakatsa ho fana ka molaetsa o tobileng ho batho.” Empa ke molaetsa ofe o tsoang ho Molimo oo Jesu Kreste le baapostola ba sa kang ba re neha oona oo re o hlokang kajeno? Pauluse, ea neng a fuoe mpho ea moea o halalelang, o itse: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka; motho oa Molimo a tle a phethehe, ’me a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.”—2 Timothea 3:16, 17.
’Nete ke hore phutheho ea Bakreste ha e sa le bongoaneng, ’me ka hona litšenolo tsa bomolimo kapa limpho tsa mohlolo tsa moea ha li sa hlokahala ho tiisa tšebetso ea eona. Bibele ea hlokomelisa: “Leha e ka ba rōna, kapa lengeloi le tsoang leholimong, ha a ka le bolella Evangeli esele [“e fapaneng le,” The New English Bible] ho eo re seng re le boleletse eona, a neeloe anathema.”—Ba-Galata 1:8.
Ho bua lipuo lisele ha mohlolo ha ho sa hlokahala, ’me ha ho motheo oa Bibele bakeng sa ho lumela hore ke karolo ea Bokreste ba ’nete kajeno. Joalokaha Bibele e felletse ’me e fumaneha hohle, re na le sohle seo re se hlokang Lentsoeng la Molimo. E re nolofalletsa ho fumana tsebo e nepahetseng ka Jehova le Mora oa hae e lebisang bophelong bo sa feleng.—Johanne 17:3; Tšenolo 22:18, 19.
Esita le lekholong la pele la lilemo, moapostola Pauluse o ile a tlameha ho ngolla phutheho ea Korinthe ho lokisa pono ea eona ea hore na ke hobane’ng ha mpho ea lipuo lisele e ne e fuoe Bakreste ba pele. Kamoo ho bonahalang ka teng, ba bang ba ne ba khahloa ke mpho ea lipuo lisele, ’me ba ne ba itšoara joaloka bana ba banyenyane, ba sa hōlang ka ho lekaneng moeeng. “Lipuo lisele” li ne li nkoa e le tsa bohlokoa haholo. (1 Ba-Korinthe 14:1-39) Pauluse o ile a hatisa hore ha se Bakreste bohle ba lekholo la pele la lilemo ba neng ba bua lipuo lisele tsa mohlolo. E ne e se tsa bohlokoa pholohong ea bona. Esita le morao koo ha li ne li le teng, mpho ea lipuo lisele e ne e latela ho profeta ha mohlolo. Ho bua lipuo lisele e ne e se, ebile ha se, tlhokahalo ea hore Bakreste ba fumane bophelo bo sa feleng.—1 Ba-Korinthe 12:29, 30; 14:4, 5.
Matla a Susumelletsang Lipuo tse sa Tsejoeng Kajeno
Ba bang ba lumela hore matla a susumelletsang batho ba buang lipuo lisele kajeno ke baeta-pele ba likereke ba nang le matla a ho etsa mehlolo ba susumelletsang litho tsa mohlape oa bona ho ba le tsebo ena. Ka linako tse ling ho bakoa ke ho susumetsoa ke maikutlo le ho se leka-lekane. Ho Tongues of the Spirit, Cyril G. Williams o bolela hore e bile “letšoao la bophahamo har’a sehlopha mabakeng a mangata” ebile e fa motho “boemo le bolaoli har’a sehlopha le ho bona ka bobona.” Ka hona, tšusumetso e ka ba takatso ea ho ba e mong oa sehlopha se phahameng se buang puo e sa tsejoeng.
Ha Donald P. Merrifield e sa le mopresidente oa Univesithi ea Loyola o ile a hlokomela hore “lipuo lisele e ka ba phihlelo ea maikutlo a sa laoleheng, kapa, ho latela ba bang, ea bodiabolose.” Moruti Todd H. Fast o itse: “Lipuo lisele li baka khang. Diabolose o na le litsela tse ngata tsa ho leka ho re khelosa.” Bibele ka boeona ea re lemosa hore Satane le bademona ba hae ba tseba ho susumetsa batho le ho laola lipuo tsa bona. (Liketso 16:17, 18) Jesu o ile a leleka moea oa bodemona o neng o entse hore monna e mong a hoeletse le ho mo tabanya fatše. (Luka 4:33-35) Pauluse o ile a lemosa hore ‘Satane o tla ikhakanya ka sebōpeho se kang sa lengeloi la leseli.’ (2 Ba-Korinthe 11:14) Ba batlang mpho ea lipuo lisele tseo kajeno Molimo o seng o sa li tšollele ho batho ba oona kannete ba ipulela ho lahlehisoeng ke Satane, eo, re lemosoang ka eena, hore o tla sebelisa ‘matla ’ohle, le meeka, le mehlolo.’—2 Ba-Thessalonika 2:9, 10.
Lipuo Lisele—Le Bokreste ba ’Nete
Bakreste ba lekholo la pele la lilemo ba ileng ba fumana mpho ea ho bua lipuo lisele ba ne ba e sebelisetsa ho hlalosa lintho tse makatsang tsa Molimo. Ho ne ho hatisoa tlhoko ea ho hlalosa ka ho hlaka molaetsa o neng o fetisoa ka lipuo lisele hore li tle li utloisisoe ke bohle le ho matlafatsa ba bangata. (1 Ba-Korinthe 14:26-33) Pauluse oa khothatsa: “Ekare ha le sa hlahise puong tsa lōna taba e utloahalang, ana batho ba tla tseba joang se boleloang? Ekaba ke ho ipuella sebakeng.”—1 Ba-Korinthe 14:9.
Le hoja moea oa Molimo o file Bakreste ba pele mpho ea lipuo lisele, ha oa ka oa etsa hore ba peteketse ntho e sa utluoeng kapa e ke keng ea fetoleloa. Ho lumellana le keletso ea Pauluse, moea o halalelang o fane ka puo e bileng le phello ea hore litaba tse molemo “li boleloe pōpong eohle e tlas’a leholimo” kapele.—Ba-Kolosse 1:23, NW.
Mabapi le matsatsi ana a bofelo a tsamaiso ea joale, Jesu Kreste o ile a laela: “E ka khona Evangeli [ea ’Muso o hlonngoeng] e bolelloe lichaba tsohle pele.” (Mareka 13:10) Joaloka lekholong la pele la lilemo, pōpo eohle e tlameha ho utloa molaetsa oa ’Muso. Hona ho ka etsoa hobane Bibele e se e fetoletsoe, kaofela ha eona kapa karolo ea eona, ka lipuo tse ka bang 2 000. Moea o neng o susumelletsa Bakreste ba pele ho bua ba sa tšabe le ka sebete joale o tšehetsa mosebetsi oa boboleli o moholo le o makatsang oa phutheho ea kajeno ea Lipaki tsa Jehova. Ka ho bua ka molomo le ka ho sebelisa theknoloji ea kajeno ea khatiso ho etsa hore linnete tsa Mangolo li fumanehe ka lingoliloeng, li bua “puo e hloekileng.” Molaetsa ona o ea linaheng le lihleke-hlekeng tsa leoatle tse ka holimo ho 200. Lipaki tsa Jehova li hlahelletse e le tsona feela batho ba susumetsoang ke moea oa Molimo ho tsebahatsa lintho tse makatsang tsa Molimo ho bohle.—Sofonia 3:9, NW; 2 Timothea 1:13.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Ho paka ka ntlo le ntlo Japane
Ho paka ho tloha sekepeng se seng ho ea ho se seng Colombia
Ka tlaase: Thuto ea Bibele Guatemala
Tlaase-tlase: Ho paka libakeng tsa mahae Netherlands